Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 2 leq. 7
  • Tsela e Ikhethang eo Linotši li Lulang Fatše ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Ikhethang eo Linotši li Lulang Fatše ka Eona
  • Tsoha!—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2017
  • Leihlo la Kokoanyana
    Tsoha!—2008
  • Lifofane li Sireletsehile Hakae?
    Tsoha!—1999
  • Mohatla oa Mokholutsoane oa Agama
    Tsoha!—2013
Tsoha!—2017
g17 no. 2 leq. 7

NA E ENTSOE?

Tsela e Ikhethang eo Linotši li Lulang Fatše ka Eona

LINOTŠI li khona ho lula sebakeng se seng le se seng habonolo feela. Li khona joang?

Ak’u nahane: Linotši li fokotsa lebelo la tsona haholo pele li lula fatše. Hore li etse sena ho hlokahala hore li lekanye lebelo la tsona le sebaka seo li batlang ho lula ho sona. U ne u ka lebella hore linotši tsena li ke ke tsa khona ho etsa sena kaha ho lekanya sebaka ho hlola likokoanyana tse sa khoneng ho bona lintho tse hole.

Tsela eo linotši li bonang ka eona, e fapane le eo batho ba bonang ka eona kaha batho ba khona ho lekanya hore na lintho li hole hakae ka ho sheba feela ka mahlo. Ka lehlakoreng le leng, linotši tsona li hakanya sebaka ka hore ha li ntse li atamela ntho, e ntse e ba kholoanyane. Lipatlisiso tse entsoeng Univesithing ea Australia li bontša hore linotši li fokotsa lebelo la tsona ho latela tsela eo li bonang sebaka seo li tlang ho lula ho sona se holang ka eona. Ha li fihla fatše lebelo la tsona le se le fokotsehile hoo li nolofalloang ke ho lula fatše habonolo.

Koranta e ’ngoe e re: “Tsela e bonolo eo linotši li khonang ho lula fatše ka eona . . . e nolofalletsa baetsi ba liroboto tse fofang ho li etsa hore li nolofalloe ke ho lula fatše habonolo.”

U nahana’ng ka see? Na tsela e ikhethang eo linotši li lulang fatše ka eona e bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa e entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela