Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g22 no. 1 maq. 10-12
  • 3 | Boloka Likamano Tsa Hao li le Ntle le Batho Bao u ba Ratang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 3 | Boloka Likamano Tsa Hao li le Ntle le Batho Bao u ba Ratang
  • Tsoha!—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO E LENG SA BOHLOKOA
  • Seo U Lokelang ho se Tseba Hona Joale
  • Seo U ka se Etsang Hona Joale
  • Metsoalle e Metle—Metsoalle e Mebe
    Tsoha!—2004
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle
    Tsoha!—2004
  • Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2022
g22 no. 1 maq. 10-12
Banyalani ba babeli ba seng ba holile ba tšoarane ka tsela e bontšang lerato.

KE’NG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

3 | Boloka Likamano Tsa Hao li le Ntle le Batho Bao U ba Ratang

SEO E LENG SA BOHLOKOA

Ka lebaka la ho tšoenyeha ka lefatše lee le tletseng mathata, batho ba bangata ha ba sa boloka kamano ea bona le batho bao ba ba ratang.

  • Batho ba ikarola ho metsoalle ea bona.

  • Banyalani ba phelisana ka tsela e sa bontšeng mosa.

  • Batsoali ha ba ele hloko lintho tseo bana ba bona ba tšoenyehileng ka tsona.

Seo U Lokelang ho se Tseba Hona Joale

  • Metsoalle ke ea bohlokoa haholo hobane e re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le maikutlong haholo-holo linakong tse thata.

  • Ho tšoenyeha ka lebaka la lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng, ho ka bakela lelapa la hao mathata.

  • Ha bana ba utloa kapa ba bona lintho tse tšosang litabeng, ba ka tšoha haholo ho feta kamoo u nahanang ka teng.

Seo U ka se Etsang Hona Joale

Seo Bibele e se buang: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho ena le mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

Metsoalle e ka re thusa ea ba ea re eletsa. Metsoalle eo, e ka re thusa hore re be le matla a ho mamella mathata a letsatsi ka leng.

U KA THUSOA KE’NG? Lintho Tse ka U Thusang

Linakong tsa mathata, boloka likamano tsa hao li le ntle le batho bao u ba ratang ka hore

MATLAFATSA LENYALO LA HAO

Banyalani ba babeli ba seng ba holile ba tšoarane ka tsela e bontšang lerato.

U matlafatse lenyalo la hao

Seo Bibele e se buang: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong. . . Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.” (Moeklesia 4:​9, 10) Banyalani ba lokela ho sebetsa hammoho mahetla a bapile, e seng e mong khahlanong le e mong.

  • Le ka mohla le se ke la tšoarana hampe ka lebaka la mathata ao le nang le ’ona. Le be le mamello.

  • Bonyane ha ’ngoe ka beke, buisanang ka mathata ao le nang le ’ona. Ha le sebetsana le bothata, le se ke la tšoaeana liphoso.

  • Behang nako ea ho etsa lintho tseo le li ratang le le babeli.

  • Ikhopotseng ka lintho tse monate tseo le li entseng hammoho joaloka ho sheba linepe tsa lona tsa lenyalo kapa liketsahalo tse ling tse le thabisang.

David o re: “Le hoja banyalani ba ke ke ba lumellana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, seo ha se bolele hore ba ke ke ba khona ho sebelisana ’moho. Banyalani ba ka etsa qeto ’me ba sebetsa hammoho hore qeto eo e atlehe.”

MATLAFATSA SETSOALLE SA HAO

  • Bo-ausi ba tsoang merabeng e fapaneng ba thabetse ho ba hammoho.

    U sireletse setsoalle sa hao

    Joalokaha metsoalle ea hao e u tšehetsa, le uena u tšehetse batho ba bang. Ka ho matlafatsa batho ba bang, le uena oa imatlafatsa.

  • Kamehla buisana le e meng ea metsoalle ea hao ho utloa hore na e ntse e-ea joang.

  • Botsa metsoalle ea hao hore na e khonne joang ho mamella mathata a tšoanang le ao u nang le ’ona.

Nicole o re: “Ha u ba le mathata a mangata, metsoalle e ka u thusa ho sebetsana le ’ona leha e ka ba ka ho u hopotsa lintho tseo u seng u ntse u li tseba. Metsoalle e ea u khathalla ’me le eona e ea tseba hore oa e khathalla.”

E-BA MOTSOALI EA NAHANELANG

Lelapa le thabetse ho bona botle ba popo.

U be motsoali ea nahanelang

Seo Bibele e se buang: ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’ (Jakobo 1:​19) Hangata bana ba ka thatafalloa ke ho bua ka lintho tse ba tšosang kapa tseo ba tšoenyehileng ka tsona empa ha u ba mamela u sa fele pelo u tla ba thusa hore ba ntše maikutlo a bona.

  • Etsa hore bana ba hao ba ikutloe ba phutholohile e le hore ba ka ntša maikutlo a bona. Bana ba bang ba khona ho ntša maikutlo a bona ha ba ntse ba tsamaea kapa ba palame koloi ho feta ha ba lutse ba shebane mahlong le batsoali ba bona.

  • Etsa bonnete ba hore bana ba hao ha ba shebelle litaba tse ngata tse ka ba tšosang.

  • Tsebisa bana ba hao hore na u etsa’ng hore lelapa le lule le bolokehile.

  • Itokisetseng hammoho le bana ba hao hore na le tla etsa’ng ha maemo a tšohanyetso a hlaha.

Bethany o re: “Buisana le bana ba hao, u ba lumelle ho ntša maikutlo a bona. Ho ka etsahala hore ho na le lintho tseo ba li patileng tse ba utloisang bohloko, tse ba tšoenyang le tse ba koatisang. Ba bolelle hore le uena u ntse u ikutloa ka tsela e tšoanang u be u ba bolelle hore na u etsa’ng ho sebetsana le boemo boo.”

Setšoantšo se hlahang videong ea “Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao.” Banyalani ba tšoarane ka matsoho ’me ba tsamaea hammoho.

BAKENG SA HO ITHUTA LINTLHA TSE LING. Sheba video e nang le sehlooho se reng: Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela