Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 45 leq. 240-leq. 243 ser. 1
  • Lipapiso/Mehlala e Rutang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipapiso/Mehlala e Rutang
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Etsisa Mosuoe e Moholo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Sebelisa Temohisiso le Tšusumetso ha U Ruta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 45 leq. 240-leq. 243 ser. 1

Thuto 45

Lipapiso/Mehlala e Rutang

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Sebelisa mokhabo-puo, lipale kapa liphihlelo tsa sebele ka litsela tse tla u thusa ho finyella pakane ea hao joaloka mosuoe.

Ke Hobane’ng ha e le Tsa Bohlokoa?

Ha lithuso tsena tsa ho ruta li sebelisoa hantle li ka entša puo ea hao, tsa ama bophelo ba batho le ho etsa hore thuto e se ke ea lebaleha. Haeba li sa sebelisoe hantle, li ka faposa tlhokomelo ea batho thutong ea bohlokoa.

LIPAPISO le mehlala ke litsela tse matla tsa ho ruta. Hangata li hapa tlhokomelo ea motho ka mokhoa o atlehileng haholo. Li susumetsa monahano. Li tsosa maikutlo, kahoo li ka ama letsoalo le pelo. Ka linako tse ling, lipapiso li ka sebelisetsoa ho hlōla leeme. Hape ke tsela e atlehang ea ho thusa motho ho hopola lintho. Na ua li sebelisa ha u ruta?

Mokhabo-puo ke lipapiso tseo ka tloaelo li hlokang mantsoe a seng makae feela; leha ho le joalo li ka hlahisa litšoantšo tse hlakileng ka kelellong. Ha o khethiloe ka hloko, morero oa tsona oa iponahatsa. Empa mosuoe a ka hatisa molemo oa tsona ka ho eketsa ka tlhaloso e khutšoanyane. Bibele e na le mehlala e mengata eo u ka ithutang ho eona.

Qala ka Mantsoe a Bapisang le Puo ea Tšoantšetso. Mantsoe a bapisang ke karolo e bonolo ka ho fetisisa ea mokhabo-puo. Haeba u sa tsoa qala ho ithuta ho sebelisa lipapiso, ho ka ba molemo hore u qale ka ’ona. Hangata a kenyelletsoa ka lentsoe “joaloka” kapa “ho tšoana le.” Le hoja a bapisa lintho tse peli tse fapaneng haholo, mantsoe a bapisang a totobatsa ntho e itseng eo lintho tsena li tšoanang ka eona. Bibele e tletse mokhabo-puo o sebelisang lintho tse bōpiloeng—lijalo, liphoofolo le lihloliloeng tsa leholimo—hammoho le phihlelo ea motho. Ho Pesaleme ea 1:3, re bolelloa hore motho ea balang Lentsoe la Molimo kamehla o “joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi,” sefate se behang litholoana ’me se sa pone. Ho thoe motho ea khopo o “joaloka tau” e laletseng ho tšoara phofu ea eona. (Pes. 10:9) Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore peō ea hae e tla ba ngata “joaloka linaleli tsa maholimo” ’me e be “joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Gen. 22:17) Mabapi le kamano e haufi eo Jehova a ileng a e theha pakeng tsa hae le sechaba sa Iseraele, Molimo o ile a re: “Feela joalokaha lebanta le khomarela letheka la motho,” kahoo O entse hore Iseraele le Juda li Mo khomarele.—Jer. 13:11.

Puo ea tšoantšetso le eona e totobatsa ho tšoana ho teng pakeng tsa lintho tse peli tse fapaneng haholo. Empa puo ea tšoantšetso e matla haholo. E bua joalokaha eka ntho e ’ngoe e tšoana hantle le e ’ngoe ’me kahoo e fetisa tšoaneleho e itseng ho tloha nthong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” (Mat. 5:14) Ha a hlalosa tšenyo e ka bakoang ke ho bua ka mokhoa o sa laoleheng, morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Leleme ke mollo.” (Jak. 3:6) Davida o ile a binela Jehova, a re: “U lefika la ka le qhobosheane ea ka.” (Pes. 31:3) Hangata puo ea tšoantšetso e khethiloeng hantle e hloka hore u hlalose hanyenyane kapa u se ke ua hlalosa ho hang. Kaha e khutšoanyane sena se etsa hore e be matla. Puo ea tšoantšetso e ka thusa bamameli ba hao ho hopola ntlha e itseng ho feta kamoo ho hlalosa taba habonolo feela ho neng ho ka etsa kateng.

Pheteletso e lokela ho sebelisoa ka masene ho seng joalo e ka utloisisoa hampe. Jesu o ile a sebelisa mokhabo-puo ona ho hlahisa setšoantšo se sa lebaleheng ha a ne a botsa: “Ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao?” (Mat. 7:3) Pele u leka ho sebelisa mokhoa ona kapa mekhabo-puo e meng, ithute ho sebelisa mantsoe a bapisang le puo ea tšoantšetso.

Sebelisa Mehlala. Ho e-na le ho sebelisa mokhabo-puo, u ka ’na ua khetha ho sebelisa mehlala, ebang ke e inahaneloang kapa liphihlelo tsa sebele, e le lithuso tsa ho ruta. Mekhoa ena e atisa ho feteletsoa haholo, kahoo e lokela ho sebelisoa ka temoho. Mehlala e joalo e lokela ho sebelisetsoa feela ho tšehetsa lintlha tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa ’me e lokela ho neheloa ka tsela e tla etsa hore ntlha ea thuto e hopolehe, ho se ke ha hopoloa pale feela.

Le hoja e se tlamo hore mehlala kaofela e be ea liketsahalo tsa sebele, e lokela ho bonahatsa maikutlo kapa maemo a sebele bophelong. Kahoo, ha Jesu a ne a ruta kamoo baetsalibe ba bakileng ba lokelang ho talingoa kateng, o ile a bapisa ntlha ea hae ka ho bua ka thabo ea monna ea ileng a fumana nku ea hae e lahlehileng. (Luka 15:1-7) Ha a araba monna ea neng a sitoa ho utloisisa hantle seo Molao o neng o se bolela ka taelo ea hore motho a rate moahelani oa hae, Jesu o ile a pheta pale ea Mosamaria ea ileng a thusa monna ea lemetseng eo moprista le Molevi ba ileng ba hlōleha ho mo thusa. (Luka 10:30-37) Haeba u ithuta ho ba motho ea elang hloko maikutlo a batho le liketso tsa bona, u ka khona ho sebelisa mokhoa ona oa ho ruta ka katleho.

Moprofeta Nathane o ile a bua ka boemo bo itseng bo inahaneloang e le mokhoa oa ho khalemela Morena Davida. Pale eo e ile ea atleha hobane e ile ea etsa hore ho qojoe boemo bo ka beng bo entse hore Davida a itokafatse. Pale eo e ne e le mabapi le monna ea ruileng ea neng a e-na le linku tse ngata le monna ea futsanehileng ea neng a e-na le konyana e le ’ngoe feela e tšehali eo a neng a e hōlisa ka tlhokomelo e khōlō. Davida ka boeena e ne e kile ea e-ba molisa, kahoo o ne a ka khona ho utloisisa maikutlo a mong’a konyana eo. Davida o ile a arabela ka khalefo e lokileng khahlanong le monna eo ea ruileng ea ileng a nka konyana e ratehang ea monna eo ea futsanehileng. Eaba Nathane o bolella Davida sefahla-mahlo o re: “Monna eo ke uena!” Pelo ea Davida e ile ea finyelloa ’me o ile a bontša pako ea sebele. (2 Sam. 12:1-14) Haeba u itlhakisa, le uena u ka ithuta ho sebetsana le litaba tse amang maikutlo ka mokhoa o ipiletsang.

Mehlala e mengata ea bohlokoa bakeng sa ho ruta e ka nkoa liketsahalong tse tlalehiloeng ka Mangolong. Jesu o ile a etsa sena a sebelisa mantsoe a seng makae ha a ne a re: “Hopolang mosali oa Lota.” (Luka 17:32) Ha a qaqisa pontšo ea ho ba teng ha hae, Jesu o ile a bua ka “matsatsi a Noe.” (Mat. 24:37-39) Ho Baheberu khaolo ea 11, moapostola Pauluse o ile a bua ka mabitso a banna le basali ba 16 e le mehlala ea tumelo. Ha u ntse u tloaelana le Bibele hamolemonyana, u tla khona ho fumana mehlala e matla ho seo Mangolo a se bolelang ka liketsahalo le batho ba boletsoeng ka har’a eona.—Bar. 15:4; 1 Bakor. 10:11.

Ka linako tse ling ho ka ba molemo hore u hatise ntlha ea thuto ka phihlelo ea sebele, ea mehleng ena. Leha ho le joalo, ha u etsa sena, u be seli hore u sebelise feela liphihlelo tse netefalitsoeng le ho qoba tse ka hlabisang leha e le mang har’a bamameli ba hao lihlong ho sa hlokahale kapa tse ka tsosang khang ka taba e sa amaneng le seo u buang ka sona. Hape, hopola hore phihlelo e lokela ho ba le morero. U se ke ua pheta makolopetso a sa hlokahaleng a ka ’nang a tlosa tlhokomelo ho seo u rerileng ho se finyella ka nehelano ea hao.

Na e Tla Utloisisoa? Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa papiso kapa mohlala ofe, o lokela ho finyella pakane e itseng e tobileng. Na o tla finyella pakane eo haeba u sa bontše hore na o sebetsa joang tabeng e ntseng e tšohloa?

Hoba a bue ka barutuoa ba hae e le “leseli la lefatše,” Jesu o ile a fana ka litlhaloso tse seng kae tse eketsehileng tse bontšang kamoo lebone le sebelisoang kateng le hore na sena se ne se ba jarisa boikarabelo bofe. (Mat. 5:15, 16) O ile a phaella papiso ea hae ea nku e lahlehileng ka ho bua ka thabo e bang teng leholimong ka lebaka la moetsalibe ea bakang. (Luka 15:7) ’Me ka mor’a ho pheta pale ea hae ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani, Jesu o ile a botsa motho ea neng a mo mametse potso e tobileng eaba o phaella ka ho fana ka keletso e tobileng. (Luka 10:36, 37) Ho fapana le moo, Jesu o ile a hlalosetsa feela ba neng ba botsa ka boikokobetso ka papiso ea hae ea mefuta e sa tšoaneng ea mobu le ka papiso ea mofoka tšimong, empa ha aa ka a hlalosetsa matšoele. (Mat. 13:1-30, 36-43) Matsatsi a mararo pele ho lefu la hae, Jesu o ile a bua ka papiso ea balemi ba tšimo ea morara ba tletseng moea oa polao. Ha aa ka a bontša hore na e ne e sebetsa joang; ho ne ho sa hlokahale hore a etse joalo. “Baprista ba ka sehloohong le Bafarisi . . . ba elelloa hore o ne a bua ka bona.” (Mat. 21:33-45) Kahoo, mofuta oa papiso, boikutlo ba bamameli le pakane ea hao, kaofela ha tsona li lekanyetsa hore na hoa hlokahala hore u bontše hore na taba e sebetsa joang le hore, haeba ho hlokahala, u lokela ho etsa joalo ho isa bohōleng bofe.

Ho ba le bokhoni ba ho sebelisa lipapiso le mehlala ka katleho ho nka nako, empa seo se tšoanela boiteko. Lipapiso tse khethiloeng hantle li ipiletsa kelellong le maikutlong. Seo se fella ka ho etsa hore molaetsa o fetisoe ka tsela e matla eo hangata e ke keng ea finyelloa ka ho bua lintlha ka tsela e tloaelehileng feela.

KAMOO U KA FUMANANG LIPAPISO LE MEHLALA E LOKETSENG KATENG

Bala Bibele kamehla; hlokomela lipapiso tsa eona; thuisa ka bohlokoa ba mehlala ea eona.

Ha u ntse u ela hloko lefatše le u potolohileng, ka kelellong amahanya maikutlo le liketso tsa batho le litaba tseo u buang ka tsona.

Iketsetse pokello ea lipapiso le mehlala e atlehang. U ka ’na ua e nka boitsebisong boo u bo balang, lipuong tseo u li utloang kapa linthong tseo uena ka bouena u li hlokometseng. E boloke bakeng sa nako e tlang.

BOITLHAKISO: Sekaseka lipapiso tse leng mangolong a latelang: Esaia 44:9-20; Matheu 13:44; Matheu 18:21-35. Ka ’ngoe ea tsona e ruta eng? Ke hobane’ng ha e atleha?

Mekhabo-puo eo ke batlang ho e sebelisa ha ke ruta

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

Mehlala ea sebele eo ke batlang ho e hopola le ho e sebelisa

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela