Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 26 maq. 137-141
  • Lebaka le Etsang Hore ho be Thata ho Etsa se Nepahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka le Etsang Hore ho be Thata ho Etsa se Nepahetseng
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Hanela Liteko
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu e Bileng Mosuoe e Moholo
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 26 maq. 137-141

Khaolo ea 26

Lebaka le Etsang Hore ho be Thata ho Etsa se Nepahetseng

SAULE o ne a thabisa mang ha a ne a etsa lintho tse mpe?— O ne a thabisa Satane Diabolose. Empa o ne a thabisa le baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda. Joale ha Saule e e-ba morutuoa oa Mosuoe e Moholo ’me a bitsoa Pauluse, baeta-pele bao ba bolumeli ba ile ba qala ho mo hloea. Na joale ua bona hore na ke hobane’ng ha ho le thata hore morutuoa oa Jesu a etse se nepahetseng?—

Ka lekhetlo le leng moprista e mong ea phahameng ea bitsoang Ananiase o ile a re batho ba otle Pauluse sefahlehong. Ananiase o ile a ba a leka ho koalla Pauluse chankaneng. Pauluse o ile a tobana le mathata a mangata ha e e-ba morutuoa oa Jesu. Ka mohlala, batho ba babe ba ile ba otla Pauluse ba ba ba leka ho mo bolaea ka majoe a maholo.—Liketso 23:1, 2; 2 Bakorinthe 11:24, 25.

Batho ba bangata ba tla leka ho etsa hore re etse lintho tse sa khahliseng Molimo. Kahoo potso ke hore, U rata ho etsa se nepahetseng hakae? Na u ho rata hoo le ha ba bang ba ka u hloea u tla ’ne u etse se nepahetseng? Akere hoo ho hloka sebete?—

U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha batho ba ka re hloea ha re etsa se nepahetseng? Na ha baa lokela hore ebe baa thaba?’ Ke ho utloahalang ho nahana joalo. Hangata batho ba ne ba rata Jesu ka lebaka la lintho tse molemo tseo a li etsang. Ka lekhetlo le leng, batho ba motse ba ile ba phutheha monyakong oa ntlo eo Jesu a neng a lula ho eona. Ba ne ba tlile hobane Jesu a ne a folisa batho ba kulang.—Mareka 1:33.

Empa ka linako tse ling batho ba bang ba ne ba sa rate seo Jesu a se rutang. Le hoja a ne a ruta ’nete kamehla, ba bang ba ne ba bontša hore ba mo hloile hobane a ne a bua ’nete. Sena se ile sa etsahala ka letsatsi le leng, Nazaretha, e leng motse oo Jesu a hōletseng ho oona. O ile a ea synagogeng, e leng sebaka seo Bajuda ba kopanang ho sona ho rapela Molimo.

Ha a le moo Jesu o ile a fana ka puo e monate ea Mangolo. Qalong batho ba ile ba e rata. Ba ile ba makatsoa ke mantsoe a monate a neng a tsoa molomong oa hae. Ba ne ba sa kholoe hore mohlankana enoa ke eena ea hōletseng motseng oa habo bona.

Empa Jesu o ile a bua ntho e ’ngoe hape. O ile a bua ka nako ea ha Molimo a ne a amohela ka tsela e khethehileng batho bao e seng Bajuda. Ha Jesu a bua sena, batho ba ka synagogeng ba ile ba halefa. Na u tseba lebaka la seo?— Ba ne ba nahana hore ke bona feela bao Molimo a ba amohelang ka tsela e khethehileng. Ba ne ba nahana hore ba molemo ho feta batho ba bang. Kahoo ba ile ba hloea Jesu ka lebaka la seo a se buileng. Na ua tseba hore na ba ile ba leka ho mo etsa’ng?—

Bibele e re: ‘Ba tšoara Jesu ba mo potlakisetsa ka ntle ho motse. Ba mo isa lintšing tsa thaba e le hore ba mo lihele ka selomong ’me ba mo bolaee! Empa Jesu a tloha ho bona.’—Luka 4:16-30.

Haeba seo se ne se ka u etsahalla, na u ne u ka khutlela ho batho bao ho buisana le bona ka Molimo?— Na seo se ne se sa tl’o u hloka hore u be sebete?— Leha ho le joalo, hoo e ka bang selemo hamorao, Jesu o ile a khutlela Nazaretha. Bibele e re: “A qala ho ba ruta ka synagogeng ea bona.” Jesu ha aa ka a khaotsa ho bua ’nete ka lebaka la ho tšaba batho ba sa rateng Molimo.—Matheu 13:54.

Ka letsatsi le leng, e le ka sabatha, Jesu o ne a le sebakeng seo ho sona ho neng ho e-na le monna ea omeletseng letsoho. Molimo o ne a file Jesu matla a ho folisa monna eo. Empa ba bang ba batho bao ba ile ba leka ho bakela Jesu mathata. Mosuoe e Moholo o ile a etsa’ng?— O ile a qala ka ho ba botsa: ‘Haeba nku ea hao e ka oela ka sekoting se seholo ka Sabatha, na u ne u ke ke ua e ntša ka moo?’

E, ba ne ba tla ntša nku eo, le haeba e ne e le ka Sabatha, e leng letsatsi leo ba neng ba lokela ho phomola ka lona. Kahoo Jesu a re: ‘Ho molemo le ho feta ho thusa motho ka Sabatha, hobane motho o bohlokoa ho feta nku!’ Ka sebele ho ne ho hlakile hore Jesu o lokela ho thusa monna eo ka ho mo folisa!

Jesu o ile a re monna eo a otlolle letsoho la hae. Le ile la fola hang-hang. Ka sebele monna eo o ile a thaba! Empa ho thoe’ng ka banna bao ba bang? Na le bona ba ile ba thaba?— Che. Ba ile ba hloea Jesu le ho feta. Ba ile ba tloha sebakeng seo ’me ba rera ho mo bolaea!—Matheu 12:9-14.

Boemo boa tšoana le kajeno. Ho sa tsotellehe hore na re etsa’ng, ha ho mohla re tla thabisa motho e mong le e mong. Kahoo re lokela ho khetha hore na re batla ho thabisa mang. Haeba re batla ho thabisa Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, joale kamehla re lokela ho etsa seo ba se rutang. Empa haeba re etsa seo ba se rutang, ke mang ea tla re hloea? Ke mang ea tla re thatafalletsa ho etsa se nepahetseng?—

Ke Satane Diabolose. Empa le bo-mang hape?— Batho bao Diabolose a ba thetsitseng hore ba lumele lintho tse fosahetseng. Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna.”—Johanne 8:44.

Ho na le batho ba bangata bao Diabolose a ba ratang. Jesu o ba bitsa “lefatše.” U nahana hore ke “lefatše” lefe leo Jesu a buang ka lona?— A re phetle ho Johanne khaolo ea 15, temana ea 19, re bone hore na ke lefe. Teng re bala mantsoe ana a Jesu: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”

Kahoo lefatše le hloileng barutuoa ba Jesu le akarelletsa batho bohle bao e seng balateli ba hae. Ke hobane’ng ha lefatše le hloile barutuoa ba Jesu?— Ak’u nahane ka sena. ’Musi oa lefatše ke mang?— Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Eo ea khopo ke Satane Diabolose.—1 Johanne 5:19.

Na joale ua bona hore na ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho etsa se nepahetseng?— Satane le lefatše la hae ba thatafatsa lintho. Empa ho na le lebaka le leng. Na u sa le hopola?— Khaolong ea 23 ea buka ena, re ithutile hore bohle re tsoetsoe re e-na le sebe. Na ho ke ke ha e-ba monate mohlang sebe, Diabolose le lefatše la hae ba seng ba le sieo?—

Bibele e tšepisa hore: “Lefatše lea feta.” Sena se bolela hore batho bohle bao e seng balateli ba Mosuoe e Moholo ba ke ke ba hlola ba e-ba teng. Ba ke ke ba lumelloa ho phela ka ho sa feleng. Na ua tseba hore na ke bo-mang ba tla phela ka ho sa feleng?— Bibele e tsoela pele ho re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) E, ke feela ba etsang se nepahetseng, ba etsang “thato ea Molimo,” ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Kahoo esita le haeba ho le thata, akere rōna re batla ho etsa se nepahetseng?—

A re bale hammoho mangolo ana a bontšang lebaka le etsang hore ho be thata ho etsa se nepahetseng: Matheu 7:13, 14; Luka 13:23, 24; le Liketso 14:21, 22.

[Setšoantšo se leqepheng la 137]

Pauluse o ile a etsahalloa ke’ng ha a ne a etsa se nepahetseng?

[Setšoantšo se leqepheng la 138]

Ke hobane’ng ha batho baa ba leka ho bolaea Jesu?

[Setšoantšo se leqepheng la 141]

Ha lefatše lee le feta, ho tla etsahala’ng ka ba etsang se nepahetseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela