Khaolo ea 48
U ka Phela Lefatšeng le Lecha la Molimo la Khotso
MOLIMO o ile a beha Adama le Eva tšimong ea Edene. Le hoja ba sa ka ba mamela eaba baa shoa, Molimo o ile a etsa hore bana ba bona, ho akarelletsa le rōna kajeno, ba be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Bibele e tšepisa hore: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla [phela] ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Bibele e bua ka “maholimo a macha” le “lefatše le lecha.” (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13) “Maholimo” a hona joale ke mebuso ea kajeno ea batho, empa Jesu Kreste le ba tla busa le eena leholimong e tla ba “maholimo a macha.” E tla ba ho thabisang hakaakang ha maholimo ana a macha, e leng puso ea Molimo e lokileng ea khotso, a se a busa lefatše lohle!
Joale, “lefatše le lecha” ke’ng?— Lefatše le lecha e tla ba batho ba molemo ba ratang Jehova. U tla utloisisa hore ka linako tse ling ha Bibele e bua ka “lefatše,” e bua ka batho ba phelang ho lona, eseng mobu ka booona. (Genese 11:1; Pesaleme ea 66:4; 96:1) Kahoo batho ba etsang lefatše le lecha ba tla phela hona mona lefatšeng.
Lefatše la hona joale la batho ba khopo le ke ke la hlola le e-ba teng. Hopola hore Moroallo oa mehleng ea Noe o ile oa felisa lefatše la batho ba khopo. ’Me joalokaha re ithutile, lefatše lena le khopo le tla felisoa ka Armagedone. Joale a re ke re bone hore na ho tla ba joang ho phela lefatšeng le lecha la Molimo ka mor’a Armagedone.
Na u batla ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng le lecha la Molimo la khotso?— Ha ho ngaka e ka etsang hore re phele ka ho sa feleng. Ha ho pilisi e ka thibelang hore re se ke ra shoa. Ho atamela ho Molimo ke hona feela ho ka etsang hore re phele ka ho sa feleng. ’Me Mosuoe e Moholo o re bolella kamoo re ka atamelang ho Molimo kateng.
A re nke Libibele tsa rōna ’me re phetle ho Johanne khaolo ea 17, temana ea 3. Moo re fumana mantsoe a Mosuoe e Moholo a reng: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”
Ka hona, Jesu o ile a re re lokela ho etsa’ng e le hore re phele ka ho sa feleng?— Ntlha ea pele, re lokela ho tseba Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova le Mora oa hae, ea ileng a re tella bophelo ba hae. Sena se bolela hore re lokela ho ithuta Bibele. Buka ena e reng, Ithute ho Mosuoe e Moholo, e re thusa ho etsa seo.
Empa ke joang ho ithuta ka Jehova ho ka re thusang ho phela ka ho sa feleng?— Feela joalokaha re hloka lijo letsatsi le leng le le leng, re lokela ho ithuta ka Jehova letsatsi le leng le le leng. Bibele e re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka mantsoe ’ohle a tsoang molomong oa Jehova.’—Matheu 4:4.
Hape re lokela ho ithuta ka Jesu Kreste hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ho tla tlosa libe tsa rōna. Bibele e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong.” Bibele e boetse e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Liketso 4:12; Johanne 3:36) Joale, ‘ho bontša tumelo’ ho Jesu ho bolela’ng?— Ho bolela hore re hlile re lumela ho Jesu ’me rea tseba hore re ke ke ra phela ka ho sa feleng kantle ho eena. Na re lumela seo?— Haeba re lumela seo, re tla tsoela pele ho ithuta ho Mosuoe e Moholo kamehla, ’me re tla etsa seo a reng re se etse.
Tsela e ’ngoe e molemo ea ho ithuta ho Mosuoe e Moholo ke ka ho bala buka ena ka makhetlo a mangata le ho sheba litšoantšo kaofela le ho nahanisisa ka tsona. Leka ho araba lipotso tse tsamaisanang le litšoantšo tseo. Hape, bala buka ena le ’mè oa hao kapa ntate oa hao. Haeba batsoali ba hao ba le sieo, e bale le batho ba bang ba baholo le bana ba bang. Na e ne e ke ke ea e-ba ho thabisang haeba u ne u ka thusa ba bang ho ithuta ho Mosuoe e Moholo seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo?—
Bibele e re bolella hore: “Lefatše lea feta.” Empa Bibele e boetse e hlalosa kamoo re ka phelang ka ho sa feleng kateng lefatšeng le lecha la Molimo. E re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Kahoo, re ka phela ka ho sa feleng joang lefatšeng le lecha la Molimo?— E, ka ho ithuta ka Jehova le ka Mora oa hae ea ratoang, Jesu. Empa re boetse re lokela ho etsa, kapa ho sebelisa seo re ithutang sona. E se eka ho ithuta ha hao buka ena ho ka u thusa ho etsa lintho tsena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 251]
Ha u bala ho Esaia 11:6-9 le Esaia 65:25, u ithuta ka liphoofolo tse phelang ka khotso. Sheba setšoantšo sena. Bona konyana, potsanyane, lengau, namane, tau e khōlō le bana ba nang le tsona. Na u ka bolela mabitso a liphoofolo tse ling tseo Bibele e buang ka tsona moo?— Ak’u bone moshemane eloa ea bapalang le masumu! Ha ho le ea mong ea phelang lefatšeng le lecha ea lokelang ho tšaba. (Hosea 2:18) U re’ng ka seo?—
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]
Joale, hlokomela khotso e teng bathong ba mefuta eohle. Bohle baa ratana, joalokaha Jesu a itse balateli ba hae ba ne ba tla ratana. (Johanne 13:34, 35) Libetsa tsa ntoa li fetoloa lithulusi tsa ho hlokomela lefatše. Bibele e bua ka khotso e hlollang le tšireletseho eo batho ba tla e thabela lefatšeng le lecha la Molimo. Re ka bala ka sena mangolong a kang Pesaleme ea 72:7; Esaia 2:4; 32:16-18; le Ezekiele 34:25.
Sheba batho ba leqepheng lena. Ba hlokomela lefatše, ba le etsa hore e be sebaka se setle. Bona ntlo ela e ntle eo ba e hahang le litholoana le meroho eohle e bontšitsoeng mona. Lefatše le fetohile paradeise e kang tšimo ea Edene. Re ka bala ka lintho tsena tse hlollang ho Pesaleme ea 67:6; 72:16; Esaia 25:6; 65:21-24; le Ezekiele 36:35.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 254]
Joalokaha u bona mona, motho e mong le e mong o phela hantle ’meleng ’me o thabile. Batho ba ka tlōlela holimo joaloka khama. Ha ho ea holofetseng, ea foufetseng, kapa ea kulang. ’Me ak’u bone batho bana ba tsositsoeng bafung! Bibele e bua ka lintho tsena ho Esaia 25:8; 33:24; 35:5, 6; Liketso 24:15; le Tšenolo 21:3, 4.