Khaolong ea 31
Nka Tsoela Pele Joang ka Bophelo ka Mor’a Hore re Arohane?
“’Na le mohlankana oa ka re ne re qetile lilemo tse hlano re le metsoalle ’me re qetile likhoeli tse tšeletseng re ratana. Ha a batla ho arohana le ’na, o ile a sitoa le ho mpolella. O ile a khaotsa ho mpuisa. Ke ne ke tsielehile ke bile ke khathetse matla. Ke ne ke lula ke ipotsa hore, ‘Ebe ke fositse hokae?’”—Rachel.
KAROHANO e ka u amoha thabo, ea etsa hore u lule u lla ke ho nyahama. Nahana ka Jeff le Susan ba qetileng lilemo tse peli ba ratana. Nakong eo, lerato la bona le ile la hōla. Jeff o ne a qeta letsatsi kaofela a romella Susan melaetsa ea lerato ka fono. Nako le nako, o ne a mo fa limpho e le ho bontša hore oa mo hopola. Susan o re: “Jeff o ne a ikitlaelletsa ho ’mamela le ho utloisisa seo ke se buang. O ne a etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”
Ka mor’a nakoana, Jeff le Susan ba ile ba qala ho buisana ka lenyalo le hore na ba tla lula hokae ha ba se ba nyalane. Jeff o ne a bile a batla ho rekela Susan reng. Empa ka tšohanyetso Jeff o ile a lahla Susan! Susan o ile a ferekana. O ne a phetha mesebetsi ea letsatsi le letsatsi, empa o ne a ferekane hoo a sitoang ho nahana hantle. O re: “Ke ne ke imetsoe kelellong ’me ke khathetse ’meleng.”a
Lebaka Leo ho Utloisang Bohloko
Haeba u kile ua ba boemong bo tšoanang le ba Susan, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na lintho li tla ke li khutlele setloaeling?’ Ke ho utloahalang hore ebe u sithabetse. Morena Solomone o ile a ngola a re: “Lerato le matla joaloka lefu.” (Sefela sa Lifela 8:6) Kahoo, karohano e ka ’na ea e-ba e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tse kileng tsa u hlahela. Ha e le hantle, ba bang ba re karohano e tšoana leha eka karolo e ’ngoe ea hao e shoele. U ka ba ua tleloa ke maikutlo a kang ana, mohlomong le a mang ao ka tloaelo batho ba shoetsoeng ba bang le ’ona:
Ho latola boemo. ‘Ho ke ke ha etsahala hore ebe ho felile. O tla inahana hape ka mor’a letsatsi kapa a mabeli.’
Ho halefa. ‘A ka nketsa tjee joang? Ha ke mo batle le moo a hatileng teng!’
Ho sithabela maikutlo. ‘Ha ke ratehe. Ha ho motho ea tla ke a nthate.’
Ho amohela boemo. ‘Ho tla loka. Karohano e bohloko, empa bohloko boo bo tla feta.’
Ho thabisang ke hore u ka khona ho amohela boemo boo. Empa hore na u tla nka nako e kae hore u bo amohele, ho itšetlehile ka mabaka a ’maloa, a akarelletsang hore na ke khale hakae le ratana le hore na le ne le se le le boemong bofe. Empa u ka etsa’ng ho kokobetsa bohloko boo u bo utloang hajoale?
Ho Itsoella Pele ka Bophelo
Mohlomong u kile ua utloa batho ba re, Nako e folisa tsohle. Ha le qeta ho arohana, mantsoe ao a ka ’na a se ke a u tšelisa. Lebaka ke hore hase nako feela e kokobetsang bohloko. Ka mohlala: Ha u tsoile leqeba, le tla fola ha nako e ntse e ea empa hona joale ua opeloa. Ho hlokahala hore u thibe mali hore a se ke a tsoa ’me u kokobetse bohloko. Hape u lokela ho le sireletsa. Hoa tšoana le ha u utloile bohloko maikutlong. Hona joale u utloile bohloko. Empa ho na le lintho tseo u ka li etsang ho kokobetsa bohloko e le hore u se ke ua lula u hloname. Nako e tla u thusa ho ea bohōleng bo itseng, empa ke’ng seo u ka se etsang? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang.
● Iphe nako ea ho sareloa. Hase phoso ho lla ha u utloile bohloko. Etsoe Bibele e re ho na le “nako ea ho lla” ebile ho na le “nako ea ho bokolla.” (Moeklesia 3:1, 4) Ho lla ha ho bolele hore ua fokola. Esita le Davida—eo e neng e le mohlabani ea sebete—ha a ne a utloile bohloko, o ile a lumela, a re: “Bosiu bohle ke etsa hore bethe ea ka e re te! ke metsi; ke etsa hore setulo sa ka se kang moalo se tlale ka meokho ea ka.”—Pesaleme ea 6:6.
● Itlhokomele ’meleng. Ho ikoetlisa le ho ja lijo tse nang le phepo e ntle ho tla u thusa hore u boele u be le matla ka mor’a ho utloisoa bohloko ke karohano. Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo.”—1 Timothea 4:8.
Ke lintlha life tse amanang le bophelo bo botle tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore u li ele hloko?
․․․․․
● Lula u phathahane. U se ke ua tlohela ho etsa lintho tseo u li ratang. Ena hase nako ea hore u itšehle thajana. (Liproverbia 18:1) Ho qeta nako u e-na le batho ba u tsotellang ho tla u thusa ho tsepamisa kelello linthong tse nepahetseng.
U ka ipehela lipakane life?
․․․․․
● Rapela Molimo u mo bolelle maikutlo a hao. Hoo ho ka ’na ha e-ba boima. Ka mor’a ho arohana, ba bang ba bile ba utloa eka Molimo o ba soetsitse. Ba re, ‘Ke rapetse ka makhetlo hore ke fumane motho, ’me bona hore na joale ho etsahetse’ng!’ (Pesaleme ea 10:1) Empa na re lokela ho nka hore Molimo ke eena ea batlelang batho balekane? Che, ebile hase eena ea ikarabellang ha motho e mong a se a sa batle ho tsoela pele ka kamano eo. Seo re se tsebang ka Jehova ke hore: “Oa [u] tsotella.” (1 Petrose 5:7) Kahoo, mo bolelle maikutlo a hao ka thapelo. Bibele e re: “Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.
Ke lintho life tseo ka ho toba u ka kōpang Jehova hore a u thuse ka tsona ha u ntse u sebetsana le bohloko bo bakoang ke karohano?
․․․․․
Talima Pele
Ha bohloko bo se bo kokobetse, u ka ’na ua rata ho nahanisisa ka se etsahetseng pakeng tsa hao le motho eo u arohaneng le eena. Ha u se u loketse ho etsa seo, ho ka ’na ha u thusa ho araba lipotso tse lebokoseng le reng, “Ke’ng Seo Nka Ithutang Sona ka Mor’a Hore re Arohane?” le leqepheng la 224.
Ke ’nete hore lintho ha lia tsamaea kamoo u neng u lebeletse kateng. Empa hopola sena: Ha motho a le puleng e nang ka sefefo, ho bonolo hore a nahane feela ka maru a matšo le ka pula e ntseng e tšoloha. Leha ho le joalo, qetellong pula ea emisa ’me maru aa apoha. Bacha ba qotsitsoeng qalong ea khaolo ena ba ile ba hlokomela hore ha nako e ntse e ea, ba khona ho itsoella pele ka bophelo. Kholiseha hore seo se ka etsahala le ho uena!
U ka etsa’ng hore u itšireletse ho batho ba hlekefetsang ba bang ka thobalano?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja batho ba qotsitsoeng khaolong ena e le baroetsana, melao-motheo e tšohliloeng mona e sebetsa le ho bahlankana.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“[Jehova] o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”—Pesaleme ea 147:3.
KELETSO
Susan eo ho builoeng ka eena qalong ea khaolo ena, o ile a thathamisa litemana ’me a li boloka haufi le eena e le hore a ka li bala ha a ikutloa a sithabetse. Mohlomong le uena u ka etsa se tšoanang ka litemana tse fanoeng khaolong ena.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ratanang ha ba nyalane, ’me haeba ba nyalana ba bangata ba bona ba qetella ba hlalane.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke itsoelle pele ka bophelo ka mor’a karohano, ke tla ․․․․․
Ntlha eo nka ntlafatsang ho eona e tla nthusa nakong e tlang ha ke e-ba le mohlankana ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● U ithutile eng ka uena ka mor’a hore u arohane le motho eo u neng u ratana le eena?
● U ithutile eng ka batho ba bong bo fapaneng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 227]
“Nako e u fa monyetla oa hore u be le pono e hlakileng haholoanyane. Ha nako e ntse e ea maikutlo aa kokobela, kahoo u ka nahana ka boemo boo ka kelello e hlaphohileng ’me u lebale ka bona. Hape, u ka ithuta haholoanyane ka hore na u motho oa mofuta ofe, u batla molekane ea joang le hore na u lokela ho itebela linthong life e le hore ka moso u se ke ua hlaheloa ke boemo bo tšoanang.”—Corrina
[Lebokose le leqepheng la 224]
Lintlha Tseo U li Ngotseng
Ke’ng Seo Nka Ithutang Sona ka Mor’a Hore re Arohane?
Na motho eo o u boleletse hore na ke hobane’ng ha a batla hore le arohane? Haeba o u boleletse lebaka, le ngole meleng e ka tlaase mona, ho sa tsotellehe hore na lea utloahala kapa che. ․․․․․
U nahana hore e ka ’na eaba mabaka a mang ke afe? ․․․․․
Ha u talima morao, na ho na le ntho eo u ka beng u e entse ho fetola se etsahetseng? Haeba e teng, ke’ng? ․․․․․
Na se u etsahaletseng se u bontšitse lintlha tseo u ka ratang ho ntlafatsa ho tsona moeeng kapa maikutlong? ․․․․․
Haeba ho na le ntho leha e le efe eo u ka e fetolang, u ka etsa’ng nakong e tlang ha u e-ba le mohlankana? ․․․․․
[Setšoantšo se leqepheng la 223]
Karohano e tšoana le leqeba—e bohloko hona joale, empa ha nako e ntse e ea bohloko boo bo tla kokobela