Khaolong ea 32
Nka Itšireletsa Joang ho Batho ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano?
Selemo le selemo, batho ba limilione baa betoa kapa ba hlekefetsoa ka tsela e itseng ka thobalano, ’me liphuputso li bontša hore bacha ke bona ba shebiloeng haholo. Ka mohlala, ho hakanyetsoa hore United States, hoo e batlang e le halofo ea batho bohle ba betoang, ke bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 18. Kaha tlhekefetso e atile haholo, ke habohlokoa hore u nahane ka taba ena.
“O ile a nqhautsa eaba o ntahlela fatše le pele ke hlokomela se etsahalang. Ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang hore ke mo thibele. Ka ntša senyanyatsi se llisang mahlo, empa a se lahlela koana. Ka leka ho hoeletsa, empa lentsoe la sitoa ho tsoa. Ke ile ka mo sutumetsa, ka mo raha, ka mo otla ka lifeisi le ho mo ngoapa. Mothating oo, ke ha ke utloa a ntlhaba ka thipa. Eaba joale ke felloa ke matla.”—Annette.
BATHO ba hlekefetsang ba bang ka thobalano ba atile kajeno, ’me hangata ba shebile bacha. Bacha ba bang ba kang Annette, ba hlaseloa ke batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba hlaseloa ke baahelani. Seo ke se ileng sa etsahalla Natalie, eo ha a le lilemo li leshome feela a ileng a hlekefetsoa ka thobalano ke mocha e mong ea neng a lula pel’a habo. O re: “Qalong ke ne ke tšohile ke bile ke hlajoa ke lihlong hoo ke sa kang ka bolella motho leha e le ofe.”
Bacha ba bangata ba ’nile ba hlekefetsoa ke litho tsa malapa abo bona. Mosali e mong ea bitsoang Carmen o re: “Ha ke le pakeng tsa lilemo tse 5 le tse 12, Ntate o ne a ntlhekefetsa ka thobalano. Qetellong ke ile ka mo toba ka taba eo ha ke le lilemo li 20. O ile a re o kōpa tšoarelo, empa likhoeli tse ’maloa ka mor’a moo, a ntebela lapeng.”
Kajeno ho hlekefetsoa ka thobalano ke moahelani, motsoalle, kapa setho sa lelapa ho atile ka tsela e tšosang.a Empa ho hlekahlekoa ha bacha hase ntho e ncha. Esita le nakong eo ho neng ho ngoloa Bibele, lintho tse nyarosang joalo li ne li ntse li etsahala. (Joele 3:3; Matheu 2:16) Kajeno re phela linakong tse mahlonoko. Batho ba bangata ha ba na “lerato la tlhaho,” ’me ho tloaelehile hore banana (esita le bashanyana) ba hlekefetsoe ka thobalano. (2 Timothea 3:1-3) Le hoja ho se na mohato oo ho ka tiisoang hore o tla u sireletsa, ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang hore u itšireletse. Nahana ka likeletso tse latelang:
E-ba seli. Ha u tsamaea ka ntle, ela hloko lintho tse etsahalang ka pele, ka morao le ka mahlakoreng. Hoa tsebahala hore libaka tse ling li kotsi, haholo-holo bosiu. Etsa ka hohle kamoo u ka khonang hore u qobe ho tsamaea libakeng tse joalo kapa bonyane u tiise hore ha u tsamaee u le mong.—Liproverbia 27:12.
U se ke ua fana ka maikutlo a fosahetseng. Qoba ho bonya kapa ho apara ka tsela e tsosetsang ba bang takatso. Ho etsa joalo, ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore u ka rata ho kopanela liphate—kapa hore bonyane u ke ke ua hana.—1 Timothea 2:9, 10.
Buisanang ka ho ipehela meeli. Haeba u na le mohlankana, buisana le eena ka boitšoaro bo loketseng le bo sa lokelang.b Hang ha le se le behile meeli, qoba ho ipeha maemong ao ho ka bang bonolo hore u hlekefetsoe.—Liproverbia 13:10.
U se ke ua tšaba ho bua. Ha ho letho le fosahetseng haeba u bua ka tieo u re, “U se ke ua etsa joalo!” kapa “Tlosa letsoho la hao ho ’na!” U se ke ua tšaba hore mohlankana oa hao o tla u lahla. Haeba a u lahla ka lebaka lena, o ne a ntse a sa u lokela! Etsoe u tšoaneloa ke monna oa sebele, ea hlomphang ’mele oa hao le melao-motheo eo u phelang ka eona.c
E-ba hlokolosi ha u sebelisa Inthanete. Le ka mohla u se ke ua fana ka boitsebiso ba botho kapa lifoto tse bontšang hore na u lula haufi le hokae.d Ha u fumana molaetsa o buang pepenene ka litaba tsa thobalano, hangata ntho e molemo eo u ka e etsang ke hore u se ke ua o araba. Ho se arabe melaetsa e joalo ho etsa hore batho ba bangata ba hlekefetsang ba bang ka thobalano, ba sebelisang Inthanete ba khathale matla.
Mehato e boletsoeng ka holimo e ka fokotsa menyetla ea hore u hlaseloe. (Liproverbia 22:3) Leha ho le joalo, bonneteng hase kamehla u ka laolang ka ho feletseng maemo ao u leng ho ’ona. Ka mohlala, ka linako tse ling u ka ’na ua hloka motho eo u tsamaeang le eena kapa ua sitoa ho qoba libaka tse kotsi. Ebile e ka ’na eaba u lula sebakeng se kotsi.
Mohlomong u tseba ka phihlelo e bohloko e u hlahetseng hore lintho tse mpe li ka etsahala leha u ka leka ho qoba mathata. Joaloka Annette, eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae qalong, motho a ka ’na a u tsometsa a ba a u hlōla ka matla. Kapa joaloka Carmen, e ka ’na eaba u ile ua hlekahlekoa u sa le ngoana, ’me kahoo u sa khone ho laola boemo—kapa mohlomong u bile u sa utloisise ka ho feletseng hore na ho etsahala’ng. U ka sebetsana joang le boikutlo ba ho ba molato, bo atisang ho tšoenya batho ba hlekefelitsoeng ka thobalano?
Ho Sebetsana le Boikutlo ba ho ba Molato
Annette o ntse a loantšana le ho ikutloa a le molato ka se mo etsahaletseng. O re: “Ke ’na ea ithatafalletsang lintho le ho feta. Ke lula ke nahana ka se ileng sa etsahala bosiung boo. Ke lakatsa eka nka be ke ile ka mo loantša ka matla ho feta kamoo ke entseng kateng. ’Nete ke hore ha a qeta ho ntlhaba, ke ne ke tšohile hoo ke neng ke sa khone ho etsa letho. Ke ne ke sitoa ho etsa ntho leha e le efe, empa ke nahana hore ke ne ke lokela hore ebe ke entse ho hong.”
Natalie le eena o ikutloa a le molato. O re: “Ke ne ke sa lokela hore ebe ke tšepa batho hakaalo. Batsoali ba ka ba ne ba re behetse molao oa hore ’na le ausi oa ka, ha re le ka ntle re bapale hammoho, empa ha kea ka ka mamela. Kahoo, ke nka hore ke ile ka fa moahelani eo monyetla oa hore a nkutloise bohloko. Se ileng sa nketsahalla se ile sa ama ba lelapa leso, ’me ke nka hore ke ’na ea ba baketseng masisa-pelo ao. Ke eona ntho e nthatafallang ka ho fetisisa.”
Haeba u ikutloa joaloka Annette kapa Natalie, u ka sebetsana joang le boikutlo boo ba ho ba molato? Ntlha ea pele, leka ho hopola hore u betiloe, ha ua kopanela ketsong eo ka ho rata. Batho ba bang ba bebofatsa taba ena, ba beha lebaka le kang, “bashanyana e tla lula e le bashanyana” le hore ke molato oa banana bao hore ebe ba betiloe. Empa ha ho motho ea lokelang ho betoa. Haeba u bile lehlatsipa la ketso e joalo e sōtō, hase molato oa hao!
Ke ’nete hore ho bonolo ho bala mantsoe a reng “hase molato oa hao”; empa ho ka ’na ha e-ba thata ho a lumela. Ba bang ba ipipetsa ka se ba etsahaletseng ’me ba hlokofatsoa ke ho ikutloa ba le molato le ho ba le maikutlo a mang a nyahamisang. Empa ha u thōla, seo se tsoela mang molemo—uena kapa motho ea u hlekefelitseng? E ka ba hantle hore u bue ka taba eo.
Ho Bua ka se U Etsahaletseng
Bibele e re bolella hore ha monna ea lokileng Jobo, a ne a aparetsoe ke mathata, o ile a re: “Ke tla bonahatsa ho tšoenyeha ha ka ka ’na. Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!” (Jobo 10:1) U tla rua molemo ha u etsa se tšoanang. Ho buisana le motsoalle eo u mo tšepang ka se u etsahaletseng, ho ka u thusa hore ha nako e ntse e ea u amohele se etsahetseng ’me u imolohe maikutlong a sithabetsang.
Ha e le hantle, haeba u Mokreste, ke habohlokoa hore u buisane le moholo oa phutheho ka se u etsahaletseng. Mantsoe a tšelisang a molisa ea lerato a ka u tiisetsa hore u mohlaseluoa, kahoo sebe se entsoeng ke motho e mong ha se u silafatse. Ke seo Annette a ileng a se hlokomela. O re: “Ke ile ka buisana le motsoalle e mong oa ka ea haufi, ’me a nkhothalletsa hore ke buisane le baholo ba ’maloa ba Bakreste phuthehong ea heso. Kea thaba hore ebe ke ile ka etsa seo. Ba ile ba buisana le ’na ka makhetlo a ’maloa ’me ba mpolella seo ke neng ke lokela ho se utloa—e leng hore se etsahetseng hase molato oa ka. Ho hang e ne e se molato oa ka.”
Ha u bua ka se u etsahaletseng le ho bolela kamoo u ikutloang kateng, hoo ho ka u thusa hore u se ke ua lula u halefile ebile u hloname. (Pesaleme ea 37:8) Ho ka ’na ha boela ha u thusa hore u ikutloe u imolohile, mohlomong ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ngata. Ke seo Natalie a ileng a se hlokomela, ka mor’a hore a bolelle batsoali ba hae hore o hlekefelitsoe. O re: “Ba ile ba ntšehetsa. Ba nkhothalletsa hore ke bue ka taba eo, ’me seo se ile sa nthusa hore ke se ke ka hlonama haholo le ho ikutloa ke tlallane ke bohale.” Natalie o ile a boela a tšelisoa ke thapelo. O re: “Ho buisana le Molimo ho ile ha nthusa, haholo-holo nakong eo ke neng ke sa khone ho phetlela motho e mong sefuba. Ha ke rapela, ke khona ho bua ka bolokolohi. Ke ikutloa ke le khotsong ke bile ke e-na le khutso.”e
Le uena u ka hlokomela hore ho na le ‘nako ea ho fola.’ (Moeklesia 3:3) Itšetlehe ka metsoalle e tla u tšehetsa, e kang baholo bao ho hlalosoang hore ba tšoana le “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esaia 32:2) Itlhokomele ’meleng le maikutlong. Phomola ka ho lekaneng. Habohlokoa le ho feta, tšepa Jehova, Molimo oa matšeliso ’ohle, eo haufinyane a tla tlisa lefatše le lecha leo ho lona “baetsi ba bobe ba tla felisoa, empa ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Maemong a mang, ngoanana o betoa ke moshanyana eo a ratanang le eena, o mo qobella hore a lumele ho robala le eena kapa o mo taha ka sethethefatsi.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 4, Bukeng ea 2.
c Ha e le hantle, keletso ena ea sebetsa le haeba ngoanana a hatella moshanyana hore a robale le eena.
d Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 11, Bukeng ea 2.
e Ka linako tse ling, batho ba hlekefelitsoeng ba ba le bothata ba ho tepella maikutlo haholo. Boemong bo joalo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ee ngakeng. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka sebetsanang le maikutlo a sithabetsang kateng, sheba Khaolo ea 13 le ea 14 bukeng ena.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-3.
KELETSO
Haeba u kile ua hlekefetsoa ka thobalano, iketsetse lethathamo la litemana tse ka u tšelisang. Li ka ’na tsa akarelletsa Pesaleme ea 37:28; 46:1; 118:5-9; Liproverbia 17:17; le Bafilipi 4:6, 7.
NA U NE U TSEBA . . . ?
United States, bacha ba fetang karolo ea 90 lekholong ba hlekefelitsoeng ka thobalano, ba tseba motho ea ba hlekefelitseng.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Ha ke ikutloa ke le molato ka se nketsahaletseng, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Melemo ea hore u bue ka tlhekefetso ke efe?
● Ke’ng se ka u etsahallang hammoho le ba bang haeba u thōla ka taba eo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 232]
“Ho thata haholo ho bua ka tlhekefetso, empa ho bua ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Ho bua ka taba eo ho u thusa hore u khaotse ho hlonama le ho u kokobetsa bohale ’me u boele u fumane matla.”—Natalie
[Lebokose le leqepheng la 230]
“Haeba ua Nthata . . . ”
Batho ba bang ba hlekefetsang banana ka thobalano, ha ba ba bete empa ba ba qhekella ka bohlale. Joang? Ka ho bua lintho tse kang, “Batho bohle ba kopanela liphate,” “Ha ho na motho ea tla tseba,” kapa joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 24 ea buka ena ba re, “Haeba ua nthata, u tla lumela.” U se ke ua thetsoa ke moshanyana ea batlang hore u kopanele liphate le eena, ea reng seo se bontša hore lea ratana. ’Nete ke hore motho leha e le ofe ea nahanang ka tsela eo, o mpa feela a batla ho ikhotsofatsa. Ha a u nahanele ebile ha a nahane ka boiketlo ba hao. Ho fapana le hoo, mohlankana oa sebele o tla etelletsa pele lintho tseo u li thahasellang ’me o tla bontša hore o na le matla a ho khomarela melao ea Molimo ea boitšoaro. (1 Bakorinthe 10:24) Mohlankana oa sebele a ke ke a tšoara banana joalokaha eka ke lisebelisoa feela tsa ho ikhotsofatsa. Ho e-na le hoo, o tla talima ‘basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hae ka tlhoeko eohle.’—1 Timothea 5:1, 2.
[Setšoantšo se leqepheng la 233]
Maikutlo ao u bang le ’ona ka mor’a hore u hlekefetsoe, a ka ’na a e-ba boima haholo hore u a jare u le mong. Ho ka ba molemo hore u kōpe motho e mong ho u thusa