Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 10/1 leq. 7
  • Litaba Tse Molemo ho Batho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo ho Batho Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Reretsoe ho Tsoela Rōna le Batho ba Bang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Bokreste ba ’Nete Boa Hlōla!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Utloang Seo Moea o se Bolellang Liphutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 10/1 leq. 7

SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RUTA’NG?

Litaba Tse Molemo ho Batho Bohle

Tsoho ea Jesu e ile ea matlafatsa tumelo ea barutuoa ba hae ’me ba ba le cheseho. Ka ho khetheha moapostola Pauluse o ile a haola le Asia Minor le Mediterranean, a hlophisa liphutheho le ho matlafatsa Bakreste hore ba eme ba tiile ha ba tobana le khatello ea ho kopanela boitšoarong bo bobe le ha ba hanyetsoa ka mabifi. Ho sa tsotellehe mathata a joalo, batho ba bangata e ile ea e-ba Bakreste.

Pauluse le eena o ile a kenngoa chankaneng. Empa leha a ntse a le moo o ile a ngolla liphutheho tsa Bakreste mangolo a ba khothatsang le a ba fang likeletso. O ile a ba lemosa ka kotsi e khōlō ka ho fetisisa—e leng bokoenehi. A tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo, Pauluse o ile a bona esale pele hore “liphiri tse hatellang” tse buang “lintho tse sothehileng” li tla kena har’a bona ’me li ‘ikhulele barutuoa ka mor’a tsona.’—Liketso 20:29, 30.

Ho ea bofelong ba lekholo la pele la lilemo, bokoenehi bona bo ne bo se bo qalile. Ka eona nako eo, Jesu ea tsositsoeng o ile a fa moapostola Johanne Tšenolo e neng e tšoantšetsa bokamoso. Joalokaha Johanne a ile a ngola, ha ho bahanyetsi kapa mesuoe ea bohata e neng e ka thibela Molimo ho phethahatsa morero oa hae ka lefatše le batho. “Sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang” ba ne ba tla utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 14:6) Lefatše e tla ba Paradeise ’me mang kapa mang ea batlang ho etsa thato ea Molimo o tla phela ho lona!

Na tseo hase “litaba tse molemo”? Haeba ho joalo, ithute ho eketsehileng ka molaetsa oa Molimo o eang ho batho o fumanoang ka Bibeleng le kamoo o ka u tsoelang molemo hona joale le nakong e tlang.

U ka ipalla Bibele Inthaneteng ho www.jw.org/st. Websaeteng eo, u ka boela ua bala bukana ea Bibele—E na le Molaetsa Ofe? le ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! le buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? hammoho le lingoliloeng tse ling tse buang ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Bibele le hore na re ka sebelisa keletso ea eona joang bophelong ba rōna le ba malapa a rōna. Kapa u ka botsa e mong oa Lipaki Tsa Jehova ha u batla boitsebiso bo eketsehileng.

​—Sena se thehiloe ho Liketso, Baefese, Bafilipi, Bakolose, Filemone, 1 Johanne, Tšenolo..

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela