Banna ba Bararo ba Ileng ba Batla ’Nete Lilemong Tsa Bo-1500—Ba Ile ba Fumana Eng?
“’NETE ke’ng?” Ena ke potso eo Ponse Pilato, ’musisi oa Judea oa Moroma oa lekholong la pele la lilemo, a ileng a e botsa Jesu ea neng a tlisitsoe ka pel’a hae. (Johanne 18:38) Ho hlakile hore Pilato o ne a sa batle ho tseba ’nete. Ho e-na le hoo, o ne a botsa hobane a e-na le lipelaelo ka Jesu. Ho ea ka Pilato, ’nete e ne e le eng kapa eng eo motho a batlang ho e lumela kapa seo a rutiloeng hore a se lumele; ho ne ho se kamoo batho ba ka tsebang hore na ’nete ke eng. Le kajeno batho ba bangata ba ikutloa ka tsela eo.
Batho ba neng ba tsamaea kereke Europe, lilemong tsa bo-1500, ba ne ba tobane le qaka ea hore na ’nete ke eng. Kaha ba ne ba hōlisitsoe hore ba lumele ho mopapa le lithuto tse ling tsa kereke, ho ile ha e-ba le lithuto tse ncha tse ileng tsa nama ha batho ba fetohela lithuto tsa K’hatholike, e leng ntho e ileng ea ata haholo Europe mehleng eo. Ba ne ba lokela ho lumela eng? Ba ne ba tla tseba joang hore na ’nete ke eng?
Nakong eo, ho ne ho e-na le banna ba bararo, har’a batho ba bangata, ba neng ba ikemiselitse ho batla ’nete.a Ba ile ba tseba joang seo e neng e le ’nete le seo e neng e le leshano? Ba ile ba fumana eng? A re ke re bone.
‘KAMEHLA BIBELE. . . E LOKELA HO BA KA SEHLOOHONG’
Wolfgang Capito, e ne e le mohlankana ea neng a inehetse lithutong tsa bolumeli. Capito o ne a ithutetse bongaka, molao le thuto ea bolumeli, ka 1512 e ile ea e-ba moprista ’me hamorao e ile ea e-ba moruti oa sesole sa moarekabishopo oa Mainz.
Qalong Capito o ile a leka ho fokotsa cheseho ea Bafetoheli ba Lithuto Tsa K’hatholike. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae Capito ka boeena o ile a qala ho fetohela lithuto tsa K’hatholike. O ile a etsa’ng? Rahistori James M. Kittelson o bolela hore ha Capito a botsoa ka lithuto tse fapaneng, o ile a re, “tsela feela eo ba ka hlahlobang mosebetsi oa bona oa ho bolela ke ka Bibele, kaha ke eona feela e buang ’nete.” Capito o ile a fihlela qeto ea hore lithuto tsa kereke tse bolelang hore bohobe le veine li fetoha ’mele le mali a Jesu ka mohlolo le ho fa bahalaleli tlhompho ea borapeli, li ne li sa lumellane le Bibele. (Sheba lebokose le reng, ‘Bona Hore na Lintho Tsena li Joalo Kapa Che.’) Capito o ile a tlohela mosebetsi oa boruti ka 1523 eaba o lula motseng oa Strasbourg, oo e neng e le setsi sa bafetoheli ba lithuto tsa K’hatholike mehleng eo.
Lehae la Capito le Strasbourg, e ile ea e-ba sebaka seo bahanyetsi ba bolumeli ba neng ba kopana ho sona ’me ho totobetse hore ba ne ba buisana ka bolumeli le lithuto tsa Bibele. Le hoja Bafetoheli ba bang ba ne ba ntse ba buella thuto ea Boraro-bo-bong, seo Capito a ileng a se ngola bukeng ea The Radical Reformation, se bontša hore “ha aa ka a bua letho ka Boraro-bo-bong.” Hobane’ng? Capito o ne a khahliloe ke kamoo setsebi sa bolumeli sa Mosepanishe, Michael Servetus, a ileng a sebelisa litemana tsa Bibele kateng ho hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong.b
Capito o ne a le hlokolosi ha a buella maikutlo a hae, kaha motho o ne a ka bolaoa haeba a ne a hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong phatlalatsa. Leha ho le joalo, libuka tseo a li ngotseng li bontša hore o ne a belaella thuto ea Boraro-bo-bong ka lekunutu, le pele a kopana le Servetus. Hamorao, moprista oa K’hatholike o ile a ngola hore Capito le metsoalle ea hae “ba ile ba tsoela pele ba buisana ba le bang lekunutung—ka liphiri tse tebileng tsa bolumeli; [’me] ba hanyetsa Boraro-bo-bong bo Halalelang.” Lilemo tse lekholo hamorao, Capito o ile a ba har’a bahanyetsi ba pele ba ka sehloohong ba thuto ea Boraro-bo-bong.
Wolfgang Capito o ne a lumela hore ntho e ka sehloohong e etsang hore kereke e hlōlehe ke hore e “hlokomoloha Mangolo”
Capito o ne a lumela hore ke Bibele feela e rutang batho ’nete. O ile a re: “Kamehla Bibele le molao oa Kreste li lokela ho ba ka sehloohong thutong ea bolumeli.” Ho latela Rafilosofi Kittelson, Capito “o ne a tsitlella hore ntho e ka sehloohong e etsang hore litsebi tsa thuto ea bolumeli li hlōlehe ke hore li hlokomoloha Mangolo.”
Martin Cellarius, (ea tsejoang hape e le Martin Borrhaus) eo e neng e le mohlankana ea neng a lula lelapeng la Capito ka 1526, le eena o ne a e-na le takatso e matla ea ho ithuta ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo.
“TSEBO KA MOLIMO OA ’NETE”
Leqephe le qalang la buka ea Martin Cellarius e bitsoang, On the Works of God, moo a ileng a bapisa lithuto tsa kereke le tsa Bibele
Cellarius o hlahile ka 1499 ’me e ne e le seithuti sa thuto ea bolumeli le filosofi. O ile a fumana mosebetsi oa botichere motseng oa Wittenberg, Germany. Kaha Wittenberg e ne e le moo Bofetoheli bo qalileng teng, Cellarius o ile a tsebana le Martin Luther le ba bang ba neng ba batla ho fetola lithuto tsa kereke. Cellarius o ne a ka khetholla seo e neng e le lithuto tsa batho feela le ’nete ea Bibele joang?
Ho latela buka ea Teaching the Reformation, Cellarius o ne a lumela hore a ka utloisisa ’nete “ha a khothalla ho bala Mangolo, a bapisa Lengolo ka Lengolo kamehla, hape a rapela le ho baka.” Cellarius o ile a fumana eng ha a ntse a hlahloba Bibele?
Ka July 1527, Cellarius o ile a ngola lintho tseo a li fumaneng bukeng e bitsoang On the Works of God. O ile a ngola hore bohobe le veine tseo kereke e bolelang hore li fetoha ’mele le mali a Jesu ka mohlolo, ke ntho ea tšoantšetso. Ho latela Moprofesa Robin Barnes, buka ea Cellarius e boetse e “bua ka boprofeta ba mangolo moo ho boleloang hore ho tla tla nako ea tlokotsi le mahlomola e neng e tla lateloa ke hore lefatše le leholimo li be ncha.”—2 Petrose 3:10-13.
E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo Cellarius a ileng a bua ka tsona ka bokhutšoanyane ke tse mabapi le hore na Jesu Kreste ke mang. Le hoja Cellarius a ne a sa hanyetse thuto ea Boraro-bo-bong ka ho toba, o ile a bontša hore “Ntate oa Leholimo” hase motho a le mong le “Mora oa hae Jesu Kreste” ’me a ngola hore Jesu e ne e le e mong oa melimo le bara ba Molimo ea Matla ’Ohle.—Johanne 10:34, 35.
Bukeng ea hae ea Antitrinitarian Biography (1850), Robert Wallace o ile a hlokomela hore Cellarius o ne a sa latele thuto ea Boraro-bo-bong, e neng e ratoa haholo lilemong tsa bo-1500.c Kahoo, litsebi tse ling li fihletse qeto ea hore e tlameha ebe Cellarius o ne a hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong. O ’nile a hlalosoa e le motho eo Molimo a ileng a mo sebelisa “hore a rute batho ka Molimo oa ’nete le ka Kreste.”
TŠEPO EA HORE KEREKE E TLA LOKISA
Setsebi sa thuto ea bolumeli, Johannes Campanus, eo ho neng ho nkoa e le e mong oa litsebi tse hlaheletseng ka ho fetisisa mehleng eo, o ile a lula Wittenberg hoo e ka bang ka 1527. Le hoja Campanus a ne a le motseng oo e neng e le setsi sa bofetoheli ba bolumeli, o ne a sa khotsofalla lithuto tsa Martin Luther. Hobane’ng?
Campanus o ile a hanyetsa thuto ea hore bohobe le veine li fetoha ’mele oa Kreste le ea hore ’mele oa Kreste le mali a hae li ba teng bohobeng le veineng.d Ho latela mongoli, André Séguenny, Campanus o ne a lumela hore, “Bohobe ha bo fetohe, empa ha bo jeoa e le selallo bo emela nama ea Kreste.” Sebokeng se ileng sa tšoareloa Marburg ka 1529, se neng se reretsoe hore ho buisanoe ka lipotso tseo, Campanus ha aa ka a lumelloa ho bua ka seo a ithutileng sona ka Bibeleng. Hamorao Bafetoheli-’moho le eena ba Wittenberg, ba ile ba khaotsa ho buisana le eena.
Bukeng ea hae e bitsoang, Restitution, Johannes Campanus o ile a thuto ea Boraro-bo-bong
Se ileng sa halefisa Bafetoheli haholo ke seo Campanus a neng a se lumela mabapi le Ntate, Mora le moea o halalelang. Bukeng ea hae e bitsoang Restitution, e ileng ea hatisoa ka 1532, Campanus o ile a ruta hore Jesu le Ntate oa hae ke batho ba babeli ba fapaneng. Ntate le Mora, ‘ba bang,’ joalokaha monna le mosali e le “nama e le ’ngoe”—ba bonngoeng, empa e ntse e le batho ba babeli. (Johanne 10:30; Matheu 19:5) Campanus o ile a hlokomela hore Bibele e sebelisa papiso e tšoanang ho bontša hore Ntate o phahametse Mora, papiso eo e re: “Hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.”—1 Bakorinthe 11:3.
Moea o halalelang oona ke’ng? Campanus o ile a boela a bontša ho tsoa ka Bibeleng ha a ngola a re: “Ha ho na Lengolo le bolelang hore Moea o Halalelang ke motho oa boraro . . . Molimo o sebelisa moea ona ha a etsa lintho tsohle.”—Genese 1:2.
Luther o ile a re Campanus ke monyefoli le sera sa Mora oa Molimo. Mofetoheli e mong o ile a re Campanus a bolaoe. Empa Campanus ha aa ka a tšosoa ke seo. Buka ea The Radical Reformation, e re: “Campanus o ne a kholisehile hore ntho e entseng hore Kereke e hlōlehe, ke ho lahla kutloisiso ea qalong ea baapostola le ea Bibele mabapi le hore Molimo hase karolo ea Boraro-bo-bong.”
Campanus o ne a sa ikemisetsa ho bula kereke ea hae. O ile a re o ne a batla ’nete “har’a lihlopha tsa bakhelohi” empa ha aa ka a e fumana. O ne a tšepile hore Kereke ea K’hatholike e ne e tla lokisa ’me e boele e rute lithuto tsa Bokreste. Leha ho le joalo, qetellong ba ka sehloohong kerekeng ea K’hatholike ba ile ba ahlolela Campanus ho hlola teronkong ’me e ka ’na eaba o hlotse moo lilemo tse fetang tse 20. Bo-rahistori ba lumela hore o shoele hoo e ka bang ka 1575.
“NEPISISANG LINTHO TSOHLE”
Kaha Capito, Cellarius, Campanus le ba bang ba ne ba khothalletse ho ithuta Bibele, ba ile ba khetholla seo e leng ’nete le seo e leng leshano. Le hoja e se kamehla ba neng ba fihlela liqeto tse lumellanang le Bibele, ka boikokobetso banna bana ba ne ba ithuta Mangolo ’me ba rata ’nete eo ba neng ba ithuta eona.
Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ’moho le eena, a re: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) E le hore li u thuse ho fumana ’nete, Lipaki Tsa Jehova li hatisitse buka e nang le sehlooho se loketseng se reng, Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
a Sheba lebokose le reng, “Li Leseng tse Peli, li Hōle Hammoho, ho be ho Fihle Kotulo,” leqepheng la 44 bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo—e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Sheba sehlooho se reng, “Michael Servetus—O Ile a Batla ’Nete a le Mong,” ho Tsoha! ea May 2006 e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c Ha buka eo e bua ka tsela eo Cellarius a sebelisang lentsoe “molimo” ka eona ha a bua ka Kreste, e re: “Le ngotsoe e le deus [lentsoe molimo ka Selatine] eseng Deus e sebelisoang feela ha ho buuoa ka Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.”
d Martin Luther o ne a ruta hore ’mele oa Kreste le mali a hae li ba teng bohobeng le veineng ha ho jeoa Selallo.