Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w23 June leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Amohela Tataiso ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
w23 June leq. 31

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba ile ba lula Bethlehema ho e-na le ho khutlela Nazaretha ka mor’a hore Jesu a hlahe?

Bibele ha e bue ka taba ena. Leha ho le joalo, e na le lintlha tse thahasellisang tse bontšang mabaka ao e ka ’nang eaba a ile a etsa hore Josefa le Maria ba se ke ba khutlela Nazaretha ka nako eo.

Lengeloi le ile la bolella Maria hore o ne a tla ima ’me a tsoale mora. Ha lengeloi le ne le fana ka molaetsa ona, Josefa le Maria ba ne ba lula motseng oa Nazaretha o Galilea. (Luka 1:26-31; 2:4) Hamorao ha ba tloha Egepeta, ba ile ba khutlela Nazaretha. Jesu o ile a holela moo ’me ea e-ba Monazaretha. (Mat. 2:19-23) Ke kahoo re nahanang ka Jesu, Josefa le Maria ha ho buuoa ka Nazaretha.

Maria o ne a amana le Elizabetha ea neng a lula Juda. Elizabetha e ne e le mosali oa moprista Zakaria ’me e ile ea e-ba ’mè oa Johanne Mokolobetsi. (Luka 1:5, 9, 13, 36) Maria o ile a chakela Elizabetha motseng oa Juda ’me a lula moo ka likhoeli tse tharo. Ka mor’a moo Maria o ile a khutlela Nazaretha. (Luka 1:39, 40, 56) Ke kahoo Maria a neng a tseba sebaka seo sa Juda.

Hamorao Josefa o ile a mamela taelo ea hore ba ngolisoe. Kahoo, Josefa o ile a tloha Nazaretha a ea Bethlehema e neng e bitsoa ‘motse oa Davida.’ Boprofeta bo ile ba bontša hore Mesia o ne a tla tsoalloa Bethlehema. (Luka 2:3, 4; 1 Sam. 17:15; 20:6; Mik. 5:2) Ka mor’a hore Maria a belehe Jesu, Josefa ha aa ka a batla hore ba nke leeto le lelelele ka lesea. Ba ile ba lula Bethlehema e neng e le bohole ba lik’hilomithara tse robong ho tloha Jerusalema. Ho ne ho tla ba bonolo hore ba ise lesea la bona tempeleng ’me ba fane ka nyehelo eo Molao o neng o re ba lokela ho fana ka eona.—Lev. 12:2, 6-8; Luka 2:22-24.

Lengeloi le ile la bolella Maria hore mora oa hae o ne a tla fuoa ‘terone ea Davida’ ’me e be “Morena.” Mohlomong Josefa le Maria ba ne ba nahana hore ke habohlokoa hore Jesu a tsoalloe motseng oa Davida. (Luka 1:32, 33; 2:11, 17) E ka ’na eaba ba ile ba bona e le habohlokoa hore ba lule moo ho fihlela Molimo a ba bolella hore na ba etse’ng.

Ha re tsebe hantle hore na ba ne ba se ba lutse nako e kae Bethlehema ha balepi ba linaleli ba fihla. Ka nako eo, Josefa le Maria ba ne ba lula ntlong ’me mora oa bona e ne e se e se lesea. (Mat. 2:11) Ho e-na le hore ba khutlele Nazaretha, ho bonahala ba ile ba lula Bethlehema nako e telele ’me ea e-ba lehae la bona.

Heroda o ile a fana ka taelo ea hore “ho bolaoe bana bohle ba bashanyana Bethlehema . . . ho tloha ka ba lilemo li peli ho ea tlase.” (Mat. 2:16) Lengeloi le ile la bolella Josefa le Maria ka taelo eo ’me ba ile ba balehela Egepeta le Jesu eaba ba lula moo ho fihlela Heroda a shoa. Hamorao Josefa o ile a isa lelapa la hae Nazaretha. Ke hobane’ng ha ba sa ka ba khutlela Bethlehema? Lebaka ke hobane mora oa Heroda e leng Arkelause ea neng a le khopo o ne a busa motse oa Judea. Lengeloi le ile la boela la lemosa Josefa hore a se ke a ea moo. Nazaretha e ne e le sebaka se sireletsehileng seo Josefa a neng a tla holisetsa Jesu ho sona hore e be mohlanka oa Molimo.—Mat. 2:19-22; 13:55; Luka 2:39, 52.

Ho ea kamoo ho bonahalang kateng, Josefa o ile a shoa pele Jesu a bulela batho monyetla oa hore ba ee leholimong. Kahoo, Josefa o tla tsosetsoa lefatšeng. Batho ba bangata ba tla ba le monyetla oa ho kopana le eena ’me ba utloe hore na ke hobane’ng ha eena le Maria ba ile ba khetha ho lula Bethlehema ka mor’a hore Jesu a hlahe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela