Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
JESU KRESTE o ne a qetile tšebeletso ea hae ea lefatšeng. O ne a koetliselitse balateli ba hae mosebetsi oo ho seng o tšoanang le oo ba kileng ba o etsa pele. Ba ne ba ile ba hlokomela ha a paka ka Molimo le ka morero oa Hae hohle moo a neng a fumana batho teng—lebōpong la leoatle, mosikong oa thaba, tseleng, libakeng tsa khoebo, sebakeng sa tempele le malapeng. Ka sebele, e ne e le “paki e tšepahalang le ea ’nete” ea Jehova. (Tšen. 3:14) Hape o ne a ile a roma barutuoa ba hae ka bobeli e le hore ba fumane phihlelo mosebetsing ona oa ho paka.
Joale, pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a re ho bona: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema hammoho le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ke kabelo e khōlōhali hakaakang! Ba ne ba ka khona ho e etsa joang? Joalokaha Jesu a boletse, moea oa Jehova e ne e tla ba oona ntho e ka sehloohong.
Ka tšehetso ea moea o halalelang, ho paka ha bona ho ile ha fihla ka potlako ho batho ba Mesopotamia, ka boroa ho Europe le Afrika Leboea. Empa e ne e le hona likhōlō li tlang—likhōlō ka sebele! Jesu o ne a ile a bolela esale pele hore qetellong ea tsamaiso ea lintho, ha ’Muso oa Molimo oa Bomesia o ne o hlongoa leholimong, ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ (Mat. 24:14) Linnete li bontša hore sena ke sona se hlileng se etsoang.
Selemong sena se fetileng sa tšebeletso, ho ile ha fanoa ka bopaki ba ’Muso linaheng, lihlopheng tsa lihlekehleke le libakeng tse 233. Tlaleho e bontša hore ho ile ha neheloa lihora tse 1140621714 tšebetsong ena. Sena ke selemo sa bohlano ka ho latellana moo ho ileng ha neheloa lihora tse fetang limilione tse sekete tšebetsong ena ea bohlokoa.
Ka karolelano, ho bile le ba 5167 258 ba ileng ba kopanela khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho faneng ka bopaki ba phatlalatsa ka ’Muso oa Molimo. Tlhōrō ea ba 5413 769 e ile ea kopanela ka nako e ’ngoe selemong. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ka karolelano, ba 645 509 ba ile ba khona ho kopanela tšebeletsong e le bo-pula-maliboho. Joalokaha chate e leqepheng la 34-41 e bontša, ho bokelloa ha ba kang linku ho ntse ho tsoela pele ho hōla. Le hoja khōlo linaheng tse ling e ne e le tlaase ho feta lilemong tse ka pele, libakeng tse ling ho bile le keketseho e ikhethang. Rwanda e ile ea tlaleha karolo ea 61 lekholong; Albania, karolo ea 52 lekholong. Bosnia le Herzegovina, Latvia, Lithuania, Macedonia, Moldova le Russia li ile tsa bontša keketseho e fetang karolo ea 20 lekholong.
Thepa e Sebelisoang Tšebeletsong
Kofuto e ka sehloohong e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tsona ke Bibele e Halalelang. Li sebelisa liphetolelo tse ngata tsa Bibele. Empa ka tebello ea ho thusa batho hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, li buella ka ho khetheha ho ajoa ha New World Translation. Selemo le selemo, phetolelo eo e etsoa hore e fumanehe ka lipuo tse eketsehileng. Hona joale e ajoa (e le Mangolo a Segerike a Bakreste kapa e le Bibele e feletseng) ka lipuo tse 27 (ho phaella ho Braille ea Senyesemane le Braille ea Sepotoketsi).
Selemong sena se fetileng, New World Translation e feletseng e ile ea lokolloa ka Senorway. Ha ho etsoa tsebiso ena likopanong tsa setereke Norway ho ile ha hlajoa litlatse ’me ha e-ba le meokho ea thabo. Ho Lipaki tsa Norway, e bile ntlha e khōlō ea selemo. Khatiso e ntlafalitsoeng ea phetolelo ea Sefora ho akarelletsa le litšobotsi tsohle tsa Reference Bible le eona e ile ea hatisoa. ’Me ho e-na le ho beha khatiso ea tsona ea pele ea Sefora lishelefong, Lipaki tse likete tse mashome tsa Fora li ile tsa romela Libibele tseo e le limpho ho barab’abo tsona le baralib’abo tsona ba linaheng tse ling tse leshome, Haiti le linaha tsa Afrika, moo Sefora se buuoang haholo. Ho phaella moo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea lokolloa ka Sesotho le Sexhosa, ’me phetolelo eo e phethiloe ka lipuo tse ling tse peli tsa Afrika. Ho tla fihlela kajeno, ho se ho hatisitsoe likopi tse 91 403 319 tsa New World Translation ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho sebelisoa tšebeletsong hammoho le thutong ea botho, ho boetse ho lokisetsoa lingoliloeng tse ling tsa bohlokoa. Ka 1996 ho ile ha lokolloa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa le bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Leha ho le joalo, ho lokisetsoa ha lingoliloeng tse joalo ke qalo feela. Hore li fihle tšimong ea lefatše, ho hlokahala phetolelo. Selemong sa tšebeletso, mosebetsi oa phetolelo o ile oa phethoa libukeng tse 206 le libukaneng tse 226, o akarelletsang kakaretso ea lipuo tse 164. Buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng (e lokolotsoeng ka 1995) hona joale e teng ka lipuo tse 119. Buka ea Thabo ea Lelapa e se e fumaneha ka lipuo tse 86. Bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! (e lokolotsoeng ka 1982) e se e hatisitsoe ka lipuo tse 237; ’me bukana e ncha, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, e se e ntse e ajoa ka lipuo tse 113, ’me tse 99 ke hona li ntseng li le tseleng.
Har’a selemo, lipuo tse ncha tse 18 li ile tsa ekelletsoa lethathamong la tseo Mokhatlo o hatisang lingoliloeng tsa Bibele ka tsona. Lipampitšana le libukana tse seng li hatisitsoe ka lipuo tsena li thusa ho etsa hore molaetsa oa ’Muso o fumanehe ho tse ling tsa lihlopha tse nyenyane tsa lipuo sebakeng seo pele e neng e le Soviet Union, tse ngata Asia Boroa-bochabela, tse eketsehileng Afrika, tse ling Linaheng tsa Amerika—kakaretso ea batho ba fetang 25 000 000. Hoa tsoteha ho bona phello eo ho fumana lingoliloeng ka puo eo motho a tsoetsoeng ka eona ho bang le eona ho ba bangata ba batho bana.
Ho boetse ho sebelisoa livideo tšebeletsong ea rōna ea kajeno, ’me mothating ona ho lokela ho boleloa hore na ho entsoe eng hore li be teng. Li sebelisetsoa ho matlafatsa tumelo ka Bibeleng, ho ruta linnete tsa Bibele tsa motheo, le ho tloaelanya batho le mokhatlo o tšehetsang lebitso Lipaki tsa Jehova. Ho tla fihlela joale, ho se ho hlahisitsoe tse ka bang 7000000 ka lipuo tse 35. Ho phaella listudiong tse United States le mehahong e amanang le eo e seng e ntse e sebelisoa Denmark le Netherlands, ho ile ha kenngoa likamore tsa ho rekota lik’hasete/livideo Japane selemong sena se fetileng bakeng sa ho hlokomela lipuo tsa Asia.
Ka ho hlakileng, limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li hatisoa kamehla. Ho ameha boiteko bo boholohali le bo tsoelang pele ho etseng patlisiso, ho ngola, ho bokella le ho rera, joale ebe hoa fetoleloa le ho hatisa e le hore ho ka etsoa hore Molula-Qhooa o hlahe ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 113 (ho akarelletsa le tse eketsehileng tse 12 tse hlahang hamorao) le Tsoha! ka lipuo tse 55 (ho akarelletsa le tse ling tse 25 tse hlahang hamorao). Boiteko boo ke ba bohlokoa hobane sepheo se ka sehloohong sa limakasine tsena ke ho lebisa batho tšepong e le ’ngoe feela e tiileng bakeng sa bokamoso—’Muso oa Molimo. Selemong sena se fetileng, limakasine tsena li ile tsa hatisoa ’me tsa ajoa ka tekanyo e fetang hōle se kileng sa etsoa nakong e fetileng.
Tlhahiso ea khatiso United States e ile ea phahama ka karolo ea 7,1 lekholong, ho ea ho limakasine tse 235 981 300 selemong seo sa tšebeletso. Brithani e tlaleha hore khatisong ea eona, lipalo tsa limakasine tse hlahisitsoeng li eketsehile ka karolo ea 34 lekholong lilemong tse peli tse fetileng. Kaha khatiso e eketsehileng e holim’a ho atolosetsa mosebetsi oa bopaki tšimong ea khoebo le literateng, mono bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso ba fumana thabo e khōlō karabelong eo ba e fumanang ho ba bangata bao ba ba pakelang.
Lekala le Jeremane ha ho mohla le kileng la hatisa libuka le limakasine tse ngata joalokaha le entse selemong se fetileng sa tšebeletso. Kakaretso ea libuka e bile tse ka bang 18 500 000—keketseho ea karolo ea 46 lekholong ho feta ka 1995. Tlhahiso ea limakasine e ne e feta 169 500 000—keketseho ea karolo ea 35 lekholong. Ho likopi tse limilione tse 3,7 tsa tokollo ka ’ngoe e hatisoang Jeremane, hoo e ka bang likopi tse limilione tse 1,3 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li teng ka Serussia, ho tlatsetsa bopaking bo matla bo fanoang karolong eo ea tšimo ea lefatše.
Ukraine, limakasine tse 2073 011 li ile tsa fuoa batho ba lapetseng ’nete ka April. Hoo ho ile ha tšoaea keketseho ea karolo ea 68 lekholong kabong ea limakasine ka likhoeli tse tharo feela. Sehlekehlekeng sa Malta, kabo ea limakasine ka May e ne e phahame ka makhetlo a mabeli le halofo ho feta ka May selemong se fetileng. Likarolong tse ngata tsa lefatše, barab’abo rōna ba behella letsatsi ka thōko bakeng sa letsatsi le khethehileng haholo la limakasine. Ba bang ba bona ba bile le liboka tse tharo kapa tse ’nè tsa tšebeletso ea tšimo letsatsing leo. Ba ile ba thabela liphello.
Karolo ea bohlokoahali ea tšebeletso ena e ama ho latella thahasello e fumanoeng. Sena se bontšoa ke ’nete ea hore ho ile ha etsoa maeto a ho boela a 421 827 954 selemong se fetileng, ’me ka karolelano, ha khannoa lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 4855 030 khoeli ka ’ngoe. Tse ling tsa lithuto tsena, li ile tsa khannoa makhetlo a ’maloa ka beke ho sebelisoa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Mooki e mong Tanzania, Afrika Bochabela, le hoja a ne a sa khone ho qeta khaolo e feletseng thutong e ’ngoe le e ’ngoe, leha ho le joalo o ne a e-ba le thuto letsatsi le letsatsi ho fihlela a qetile buka eo ’me a loketse ho kolobetsoa. Siberia, Russia, moo ka nako e ’ngoe barab’abo rōna ba neng ba isoa botlamuoeng teng ka lebaka la tumelo ea bona, ho hlaha tlaleho ena: “Ho na le takatso e khōlō ea lithuto tsa Bibele hoo barab’abo rōna ba sa khoneng ho sebetsana le tsona kaofela. Kahoo ba tlameha ho ngola ba thahasellang lethathamong la ba letileng, ’me ba ba kōpa hore khabareng ba ’ne ba kopanele libokeng tsa phutheho.”
Bosiu bo Lokelang ho Hopoloa
Ketsahalo e ikhethang haholo almanakeng ea Bakreste selemo le selemo ke Sehopotso sa lefu la Kreste. Ka 1996 e ile ea oela ho la 2 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Taba ea pele, Sehopotso ke ketsahalo eo ho eona “mohlape o monyenyane,” bao e leng balateli ba tlotsitsoeng ka moea ba Kreste, ba jang bohobe le veine tsa tšoantšetso ka lebaka la ho utloa taelo eo ba e filoeng ke Morena bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae e le motho. (Luka 12:32; 1 Bakor. 11:23-25) Empa “linku tse ling” le tsona li ba teng e le bashebelli. (Joh. 10:16) Li ananela sehlabelo sa thekollo sa Kreste ka ho teba le taba ea hore se li nolofalletsa ho ba le tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng e le bafo ba ’Muso oa Molimo. Li khothalletsa ba bang hore ba kopanele le tsona e le hore ba ka ithuta ka tokisetso ena e babatsehang kapa ho tebisa kananelo ea bona ho eona. Ka lebaka leo, selemong sena ho ne ho e-na le ba 12921933 Sehopotsong, bao ho bona e bileng feela ba 8757 ba ileng ba e-ja.
Liphuthehong tse 10 643 Mexico, ba bileng teng ba bile 1518156 kaofela. Liphuthehong tse 6526 Brazil, ho bile teng ba 1075 039. United States, palo ea ba bileng teng e ile ea fihla ho ba 2024 476. Cuba, ba 145 337; Malawi, ba 105 630.
Mathoasong a March ho ile ha hlophisoa phutuho e khethehileng Albania hore ho fumanoe ba thahasellang ’me ho lokisetsoe hore lenaneo la Sehopotso le ka tšoareloa sebakeng seo ba tlang ho khona ho kopanela ho sona. Le hoja ho ne ho e-na le liphutheho tse 15 feela le lihlopha tse ka thōko tse 14 naheng eo, Sehopotso se ile sa tšoareloa libakeng tse 50. Phutheho e ’ngoe ea bahoeletsi ba 45 e ne e e-na le ba 400 Sehopotsong sebakeng se le seng; ’me setsing se seng sa thuto ea buka, ba bang ba 110 ba ile ba e-ba teng. Kahoo naheng ena eo ho eona ho neng ho tlaleha bahoeletsi ba 773 ka nako eo, ho ne ho e-na le ba 6523 Sehopotsong—palo e menang ea bahoeletsi ka makhetlo a fetang a robeli!
“Manģosa a Khotso ea Bomolimo” aa Bokana
Likarolong tsohle tsa lefatše, bahlanka ba Jehova ba lebella likopano tsa bona tsa setereke tsa selemo le selemo. Haeba ba sa bokane sebakeng sa moo, ba ikemisetsa ho tšela meeli ea lichaba e le hore ba ka ba teng moketeng ona oa moea oa selemo le selemo. Letoto la likopano tse ileng tsa qala selemong sena se fetileng le ne le e-na le sehlooho se reng “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.” Mantsoe aa ke ’nete hakaakang: “Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e kholo”!—Pes. 119:165.
Linaheng tse ngata likopano tse peli kapa tse tharo li ile tsa ba le sebaka sa e mong le e mong. United States le Brazil, ho ne ho hlokahala likopano tse ka holimo ho tse 190 e le hore ho ka ba le sebaka sa bohle ba ratang ho ba teng. Mexico e ile ea lokisetsa tse 181.
Kopano ea machaba e ile ea tšoaroa ka July Prague, Czech Republic. Litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang li ne li le teng ho tla buisana le ba fetang 21 000 ba neng ba bokane—boholo ba bona bo ne bo tsoa Czech Republic, empa hape ba likete tse ’maloa ba ne ba tsoa Austria, Canada, Japane, Jeremane, Poland, Slovakia, Switzerland le United States. Likopano tse ling tse peli tsa machaba li ne li tšoaretsoe Poland—e ’ngoe e le Lodz ’me e ’ngoe e le Warsaw—’me ba neng ba le teng ba ile ba hlokomela ka matla hore moea oa Jehova o ne o bonahala. Likopano tse ling tse peli tsa machaba li ne li tšoaretsoe Tallinn, Estonia, ka August. Ho tsena ho bile teng Maestonia, Malatvia, Malithuania le Marussia, hammoho le ba bang—ba tsoang linaheng tse 15 kaofela. Koranta ea sebaka seo e ile ea hlokomela: “Tallinn e tletse tsoete! ka borapeli ba Lipaki tsa Jehova.” ’Me e mong oa baeti ba tlileng kopanong o ile a phaella: “Ena e ne e le tlhase e bonahalang esale pele ea seo lefatše le lecha le tlang ho se tlisa.”
Hammoho le tse ling Europe e ka Bochabela, ho ne ho lokiselitsoe kopano ea machaba Bucharest, Romania. Empa Kereke ea Orthodox ea Romania e ile ea e hanyetsa hampe. Liplakate tse halefisang li ile tsa hlaha ho pholletsa le Bucharest. Ho ile ha sebelisoa likoranta, TV, le sea-le-moea ho rotetsa malakabe. Baokameli ba lihotele ba ile ba susumelletsoa ho roba litumellano. ’Muso le batsamaisi ba lebala la lipapali ba ile ba inehela, ’me tumellano ea lebala la lipapali e ile ea hlakoloa. Hore barab’abo rōna ba fete sena sohle, ba ile ba tšehetsoa ke litšepiso tse bululetsoeng tse kang tse fumanoang ho Esaia 51:7 le Jeremia 50:34. Empa na ba ne ba tla rua molemo lenaneong la kopano?
Likhoeli pejana, ha ho ntse ho etsoa litokisetso bakeng sa kopano ea setereke Budapest, Hungary, barab’abo rōna ha baa ka ba rera ho hira lebala la lipapali le leholohali leo ba neng ba ile ba le sebelisa ka 1991, ha ho ne ho tlile baeti ba tsoang linaheng tse 35. Ba ile ba nahana hore lekhetlong lena lebala la lipapali le ne le tla ba leholo haholo. Leha ho le joalo, mookameli o ile a ba fa lona ka tefello e tlaase hoo barab’abo rōna ba ileng ba ba ba le hira, ba nahanne hore ba tla sebelisa feela karolo e ’ngoe ea lona. Leha ho le joalo, ha mathata a ntse a roalellana Romania, lekala le Hungary le ile la fuoa litaelo tsa hore le lokisetse kopano ea machaba Budapest. E bile tataiso ea Molimo hakaakang hore ebe ba ne ba se ba ntse ba e-na le lebala la lipapali le neng le ka ba le sebaka sa letšoele le lekaalo! Sehlooho sa litaba koranteng e khōlōhali ea mantsiboea Budapest se ile sa phatlalatsa: “BUCHAREST: Che—BUDAPEST: E. Lipaki tsa Jehova Lebaleng la Lipapali la Nép.” Budapest, ho ile ha e-ba teng ba 23 893 ba tsoang linaheng tse 12. Likopano tse ling tse peli Hungary li ile tsa phahamisetsa kakaretso ea ba bileng teng ho ba 36 326.
Nakong ena, ho ne ho e-na le ho ntseng ho etsahala Romania. Ha a pheta se etsahetseng, Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Re ka bolela feela hore koloi ea leholimo ea Jehova e ne e tsamaea. E ka fetola lebelo la eona; e ka fetola motsamao oa eona, ea chencha tsela, ka nako leha e le efe. Se hlokahalang ke hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatšeng o boloke lebelo le eona!” (Ezek. 1:4-28) Beke feela pele ho nako eo kopano e neng e lokiselitsoe ho qala ka eona, barab’abo rōna ba ile ba khona ho saena tumellano bakeng sa lebala la lipapali le Cluj-Napoca, karolong e ka leboea-bophirimela ea Romania. Litokisetso tsa leeto tsa baeti ba likete li ile tsa tlameha ho fetoloa. Ho ile ha tlameha hore ho fumanoe marobalo bakeng sa ba 6000. Mosebetsi oohle oa tokisetso o ile oa tlameha ho petelletsoa matsatsing a seng makae. ’Me joale ha ho setse matsatsi a mabeli feela, ho ile ha fumanoa setša sa kopano ea bobeli, Brasov, karolong e ka bochabela bo hare ea naha. Litokisetso tse ileng tsa etsoa, li ne li ka etsoa feela ka moea oa Jehova. Phello ea e-ba efe? Kopanong ea Cluj-Napoca, ho bile le tlhōrō ea ba 22 004; Brasov ho ne ho e-na le ba 12 862, ho akarelletsa le ba 1056 ba tsoang Bulgaria. Kakaretso ea ba ileng ba kolobetsoa e bile 1631.
Ho sa le joalo Bucharest kereke e ne e bitsitse mokoloko oa boipelaetso letsatsing le qalang la kopano, empa ke mapolesa le monna-moholo a le mong feela ba ileng ba e-ba teng—’me barab’abo rōna ba ile ba ba fa lingoliloeng le bopaki bo botle. Joalokaha ho boletsoe ho Jeremia 1:19: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”
Ntoa e Tsoelang Pele ea Tokoloho
Lekholong la pele la lilemo, baapostola le barutuoa ba bang hangata ba ne ba kopana le khanyetso e bohale. Ha sena se ne se etsahala Filippi, ho seo e leng Greece hona joale, moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsana le taba eo ka tsela eo ka eona ba ileng ba ‘theha ka molao litaba tse molemo.’ (Bafil. 1:7) E le ho latela mohlala oo, ka 1936 Mokhatlo o ile oa theha Lefapha la Molao ntlo-khōlō ea oona ea lefatše. Ka tlas’a tataiso ea Komiti e Hatisang ea Sehlopha se Busang, Lefapha la Molao la Mokhatlo, leo hona joale le leng Setsing sa Thuto sa Watchtower Patterson, New York, ’me le thusoa ke mafapha a molao makaleng a mang a ’maloa, le tsoela pele ho thusa batho ba Jehova ntoeng ea kajeno ea tokoloho ea bolumeli.
Lintoa tsa molao bakeng sa tokoloho ea bolumeli li etsoa ka lebaka la boiteko ba Satane ba ho thibela ho hasoa ha litaba tse molemo ebang ke ka litlhaselo tse tobileng kapa ka ho nanarela bophelo ba ba kopanelang mosebetsing ona. (Tšen. 12:17) Bolokolohi ba ho utloa Lentsoe la Molimo mabapi le ho tela mali, ho hōlisa bana ka taeo le ka kelello e laoloang ke Jehova, le ho lula re sa jele paate litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše bo ama ho khona ha rōna ho kopanela mosebetsing oa bopaki. Litaba tsena kaofela e ’nile ea e-ba taba e bakang khang tabeng tsa molao. Selemong sa tšebeletso sa 1996, re ile ra bona bopaki bo bongata ba tlhohonolofatso ea Jehova ntoeng ea rōna bakeng sa tokoloho ena.
Ka mohlala, ka mor’a lilemo tse ka bang tse hlano ho tsekisanoa makhotleng a tlaase, Lekhotla le ka Holimo-limo la Japane le ile la fetisa qeto ea lona ea pele tsekong ea tokoloho ea borapeli mabapi le thuto ea sechaba. Qeto ena e ntsoe-leng, e tlalehiloeng ho Molula-Qhooa oa November 1, 1996, e tla tsoela Lipaki tsohle tsa Jehova tse Japane molemo.
United States e bile sebaka sa lintoa tse khōlō tsa molao makhotleng a maipiletso a naha. Ka August 1994, sepetlele se seng Connecticut se neng se bolela hore se amehile ka hore ngoana a ka hōlisoa a se na ’mè se ile sa fumana taelo ea lekhotla ka 3:30 hoseng e qobellang tšelo ea mali ho Nelly Vega. Lebaka la monna oa hae le ’muelli oa hae oa molao la hore o khaolitse ho tsoa mali le hore o boletse ka ho hlakileng hore o hana mali le ile la behelloa ka thōko. Leha ho le joalo, ka la 16 April, 1996, Lekhotla le ka Holimo-limo la Connecticut le ile la liha kahlolo le le ntsoe-leng hore taelo ea tšelo eo “e hataketse tokelo ea molao ea [Morali’abo rōna] Vega ea ho iketsetsa khetho.” Taelo eo ha ea ka ea fihla ka nako ho thibela tšelo eo ea mali, empa e tla tsoela ba bang molemo. Florida, tabeng e amang Tina Harrell, lekhotla la maipiletso le ile la khalemela sepetlele le lekhotla le neng le sebetsa nyeoe eo bakeng sa ho hanyetsa ho hana ha hae tšelo ea mali.
Sehlekehleke sa Puerto Rico e bile sebaka sa tlhōlō e ’ngoe ea lekhotla la maipiletso ho batho ba Jehova. Luz Quiles, ea ileng a amoheloa sepetlele bakeng sa ho buuoa ha boikhethelo, o ile a tšoaroa ka likhoka, baoki ba babeli le ngaka ba mo koebetella ’me ba mo tšela mali khahlanong le thato ea hae. Ho ile ha hlahleloa nyeoe molemong oa hae. Ka la 1 April, 1996, San Juan Circuit Court of Appeals e ile ea tiisa hore tokelo ea hae ea molao-motheo ea tokoloho ea borapeli le ho se kena-kenane le botho ba hae tse tiisitsoeng ke Bill of Rights of the Commonwealth ea Puerto Rico e hlile li hataketsoe.
Tsekisanong ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana, moahloli e mong oa lekhotla la linyeoe United States o ne a ile a ahlolela ka hore morali oa Teresa Palmer ea lilemo li tharo le halofo o ne a ke ke a ba teng libokeng kapa a kopanela tšebeletsong ea tšimo ho fihlela ha a le lilemo li supileng. Empa Lekhotla le ka Holimo-limo la Nebraska hona joale le beheletse ka thōko lithibelo tseo holim’a bolumeli. Lekhotla le ka Holimo-limo la Norway le lona le ile la tšehetsa tokelo ea batsoali ba Lipaki litsekisanong tsa tokelo ea molao ea ho nka ngoana. Ka la 29 March, 1996, lekhotla leo le ile la hlakisa hore qeto e mabapi le hore na ke motsoali ofe ea lokelang ho fuoa tokelo ea ho nka ngoana e lokela ho thehoa holim’a lithahasello tse molemong o moholo oa ngoana, eseng holim’a maikutlo a lekhotla a itšetlehileng ka litumelo tsa bolumeli tsa batsoali. Ho phaella moo, Belgium Lekhotla la Sebaka la Mons le ile la liha nyeoe ka hore ngoana ea lilemo li 11 o na le tokelo le matla a ho latela khetho ea hae ea ho khomarela tumelo le mekhoa ea Lipaki tsa Jehova. Qetong e ’ngoe ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana, Jeremane, Lekhotla le Phahameng la Sebaka Hamm le ile la qhela lebaka la hore lithuto tsa bolumeli tsa Lipaki tsa Jehova li ne li tla thibela khōlo ea ngoana. Nyeoeng e ’ngoe hape, e tsoang Austria, ho ile ha etsoa boipiletso ho European Court of Human Rights molemong oa Ingrid Hoffmann. Mohlala o ka lateloang o hlokomelehang oa molao o ile oa thehoa, ’me Morali’abo rōna Hoffmann hona joale ke eena a le mong ea filoeng tokelo ea molao ea ho nka bana ba hae.
Colombia, Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele li ile tsa fumana ho ngolisoa ka molao e le bolumeli. Sena e ne e le sa bohlokoa hobane, kantle ho hona, liphetoho tsa morao tjena molaong li ne li tla re thatafalletsa ho fumanela baromuoa tumello ea bolulo kapa ho se lefisoe lekhetho. Tabeng e ’ngoe ea bohlokoa bo tšoanang, lekala la Mokhatlo Nicaragua le ile la fumana boemo ba International Mission selemong sena sa tšebeletso. Litaba tse molemo li boetse tsa hlaha Tanzania, moo re ileng ra ngolisoa ka molao ka la 5 October, 1995, re le “Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova oa Tanzania.”
Ntoa e sa tloaelehang ea molao ea lilemo tse tšeletseng e ile ea felella ka tsela e khotsofatsang Brazil selemong sena sa tšebeletso. Ka November 1990, National Institute of Social Insurance ea Brazil e ile ea tsebisa ofisi ea lekala ea Mokhatlo hore ho tloha joale ho ea pele litho tse 853 (tse 1150 hona joale) tsa lelapa la moo la Bethele li ke ke tsa talingoa e le basebeletsi ba bolumeli ’me kahoo li ne li tla tlameha ho ba ka tlas’a melao ea naha ea basebetsi. Ho ile ha qala ntoa e telele ea molao. Ka thabo, ka la 7 June, 1996, Judicial Advisory of the Office of the Attorney General e Brasília e ile ea ntša qeto e tšehetsang boemo ba litho tsa lelapa la Bethele e le basebeletsi ba bolumeli ba sebetsang e le baithaopi ba nako e tletseng.
Ho ruta bahlanka ba ’muso ka sebōpeho sa ’nete sa mosebetsi le litšebetso tsa Lipaki tsa Jehova ho ipakile e le karolo ea bohlokoa ea ntoa ea tokoloho mehleng ea kajeno. Molula-Qhooa oa May 1, 1996, e bile oa bohlokoahali ntlheng ena, ha o hlalosa tataiso ea Jesu ea ho ‘lefa lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.’ (Luka 20:25) Ka mor’a hore ba amohele tokollo eo ea Molula-Qhooa, bahlanka ba ’muso Ukraine ba ile ba bolella barab’abo rōna hore: “Hangata haholo re ne re e-ba le lipuisano ka taba ena ’me re leka ho le utloisisa. Joale re balile makasine ea lōna ka hloko, ’me boemo ba lōna mabapi le tšebeletso ea sechaba bo behiloe ka ho hlakileng haholo.”
Ka linako tse ling ho hlokahala hore ho phatlalatsoe boitsebiso bo lokisang e le hore ho ka arabeloa liphutuho tsa boitsebiso bo fosahetseng bo qaliloeng ke lira tsa Lipaki tsa Jehova. Fora, ho ile ha ajoa likopi tse 11 000 000 tsa pampitšana e maqephe a mane e nang le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses—What You Should Know (Lipaki Tsa Jehova—Seo le Lokelang ho se Tseba) ho pholletsa le naha ka May le June 1996, ho ileng ha fella ka litlhaloso tse ngata tse molemo tse tsoang ho sechaba. E ile ea boetse ea ajoa haholo Guadeloupe le Martinique.
Ho retelehela liphatlalatsong tse sabaletseng hangata ho ipakile ho le molemo haholo ntoeng ea rōna ea kajeno ea tokoloho. Ka mor’a boiteko bo nyopileng ba ho tšehetsa litokelo tsa barab’abo rōna tsamaisong ea makhotla ea Singapore, Sehlopha se Busang se ile sa lumella hore bahlanka ba itseng ba ’muso ho pholletsa lefatše ba abeloe pampitšana e khethehileng e maqephe a mane ho ba tsebisa ka tšoaro e mpe ea barab’abo rōna Singapore. Sekoahelo sa pampitšana eo, e neng e e-na le sehlooho se reng Religious Persecution in Singapore (Mahloriso a Bolumeli Singapore), se ne se e-na le setšoantšo sa e mong oa ba bitsoang “linokoane” ba ileng ba tšoareloa ho ba le lingoliloeng tsa Watch Tower. Ka tlas’a setšoantšo sa morali’abo rōna ea tšepahalang, ea bososelang ho ne ho e-na le tlhaloso ena, “Paki e lilemo li 71 e bolella moahloli: ‘Ha ke tšokelo ’musong ona.’ Leha ho le joalo, o ile a ahloleloa ho ea teronkong.”
Eritrea, e sikileng le Leoatle le Lefubelu, barab’abo rōna, le hoja ba sa hlokofatsoe pepenene ka sehlōhō, ba lahlehetsoe ke mesebetsi, matlo le melemo e tsoang ’musong ka lebaka la boemo ba bona ba ho se nke lehlakore. Ka mor’a hore The New York Times e hatise sehlooho se thoholetsang tsoelo-pele ea moruo oa Eritrea e le “Pale ea Naha e Atlehileng ea Maafrika,” Lefapha la Molao la Mokhatlo le ile la e hopotsa ka sehloohoana se sehloohong sa bona se reng “Lipaki tsa Jehova li Utloa Bohloko ke Boiphetetso” ’me la botsa hore na kannete naha eo e ka bitsoa “naha e atlehileng.” Ha e arabela, The New York Times ea la 7 May, 1996, e ile ea hatisa lengolo la Mokhatlo, ’me Times ka boeona ea fana ka sehlooho se bontšang sebete se reng “E-reng Eritrea e Hlōlehile Mabapi le Litokelo.”
Joalokaha ho ka bonoa tlalehong ena, ho na le bopaki bo bongata ba hore Satane Diabolose o leka mekhoa eohle ea molao le eo e seng ea molao e ka nahanoang ho kena-kenana le tšebetso ea bahlanka ba Jehova. E se eka kaofela ha rōna re ka phehella ‘ntoeng e khahlanong le makhotla ao a moea a khopo’ a batlang ho thibela moloko oa batho hore o se ke oa utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Baef. 6:10-18) Ha re etsa joalo, mantsoe a moapostola Pauluse ke a tšelisang hakaakang ho Baroma 8:31: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?” Karabelo ke ena: Ha ho le ea mong ea boholong, hobane ha ho na motho ea ka thibelang morero oa Jehova.
Ho Ithaopela ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
Selemong se fetileng, ba fumaneng mangolo Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ba ile ba romeloa ho ea thusa ka mosebetsi oa kotulo ea moea masimong a mangata a behang. Banyalani ba ile ba abeloa linaheng tse 12 Afrika, linaheng tse 8 Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše (haholo-holo Amerika Bohareng le Boroa), linaheng tse 3 Europe e ka Bochabela, le tse 3 Asia.
Bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba iketsa ba fumanehang ho ea sebeletsa kae kapa kae moo ba neng ba hlokahala teng linaheng tsa habo bona. United States, selemong sena se fetileng, bo-pula-maliboho ba ithaopileng ba 1172 ba ile ba thusa ho ea paka libakeng tse sa abeloang liphutheho. Ba bang ba 1236 ba ile ba thusa ho paka tšimong e sebetsoang seoelo liphuthehong tse 294 tse neng li entse kōpo e khethehileng ho Mokhatlo bakeng sa thuso.
Brithani, bo-pula-maliboho ba bangata ba hlokometse hore masimo a behang a boromuoa a ha habo bona. Ana a akarelletsa bajaki ba faletseng ba tsoa linaheng tse ling lilemong tsa morao tjena. Bo-pula-maliboho Brithani esale ba tšoarehile ba ithuta lipuo tse 28 e le hore ba ka hlokomela tšimo ena eo kannete e leng ea machaba.
Ho Qaloa Sekolo sa Litho Tsa Likomiti Tsa Makala
Ha Setsi sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, se ne se ntse se reroa, lipolane li ne li akarelletsa mehaho eo ho eona ho tla koetlisetsoa litho tsa Likomiti tsa Makala. Bara bana babo rōna ba ile ba lokisetsoa lenaneo la thuto le khethehileng la sekolo. Sehlopha sa pele sa liithuti tse 24 se ile sa ngolisa ka Labohlano, la 24 November, 1995. Mantaha o latelang, mananeo a litlelase a ile a qala.
Selemong se fetileng sa tšebeletso, sekolo sena se bile le lihlopha tse tharo, sehlopha ka seng e le sa libeke tse robeli. Ho ne ho koetlisoa barab’abo rōna ba tsoang makaleng a Mokhatlo a 60. Makala ana a laola tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova tse fetang 2825000 ’me tšimong eo a e abetsoeng a na le baahi ba etsang karolo e fetang 45 lekholong ea baahi ba lefatše. Kahoo liphello tsa sekolo sena kapele-pele li ile tsa fihla likarolong tse ngata tsa lefatše.
Boikarabelo bo boima bo holim’a litho tsa Likomiti tsa Makala. Ho latela molao-motheo o boletsoeng ke Jesu ’me oa tlalehoa ho Luka 12:48b, ho batloa ho fetang ho tloaelehileng ho banna ba khethiloeng ke moea ba behiloeng boikarabelong ba lintho tse ngata. Ka lebaka lena mananeo a ho ba koetlisa nako le nako a molemo haholo.
Ke boikarabelo bofe bo bong bo oelang tlas’a tlhokomelo ea bara baa babo rōna? Ho hlokomela litho tsa lelapa la Bethele le mahae a Bethele. Ho hlokomela mosebetsi oa ofisi, o akarelletsang ho sebetsana le ngollano, liodoro tsa libuka, litaba tsa tšebeletso le phetolelo ea lingoliloeng tsa Mokhatlo. Mesebetsi ea khatiso—e meng e le e menyenyane ’me e meng e le e meholo. Ho romella libuka, limakasine le thepa e ’ngoe liphuthehong. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o etsoang ke bahoeletsi ba phutheho, bo-pula-maliboho le baromuoa. Ho etsa litokisetso bakeng sa balebeli ba tsamaeang hore ba etele liphutheho hammoho le lihlopha tse ka thōko kamehla. Ho lokisetsa likopano tsa potoloho le tsa setereke.
Nakong ea thupelo ea sekolo, tsena tsohle le tse ling tse eketsehileng, tse amang tsamaiso ea lekala le tlhophiso ea tšimo, li tšohloa ka mokhoa o batsi. Lithuto tsa Bibele li theha karolo ea bohlokoa ea thupelo ena. Molao oa Molimo le melao-motheo ea Mangolo tse laolang litšobotsi tsohle tsa bophelo ba Bokreste lia hlahlojoa. Hoseng ha Moqebelo o mong le o mong, barab’abo rōna baa thusoa ka tebello ea hore ba ntlafatse tsebo ea bona e le libui tsa phatlalatsa. Matichere ke barab’abo rōna ba nang le phihlelo ba tsoang tlhophisong ea ntlo-khōlō le ba tsoang tšimong hammoho le litho tsa Sehlopha se Busang. Mantsiboea a neheloa ho etseng lipatlisiso le ho lokisetseng likabelo bakeng sa nehelano e etsoang sehlopheng.
Basali ba tsamaeang le banna ba bona ho ea Patterson ba rua molemo botsoalleng le mosebetsing oo ba o abetsoeng hore ba o etse Lehaeng la Bethele le mafapheng a mang. Ba khona ho bona hore na lintho li sebetsoa joang ntlo-khōlō ea Mokhatlo. Hang ka beke e ’ngoe le e ’ngoe, mantsiboea a Labohlano, ba kopanela le banna ba bona holong ea thupelo ea sekolo ho ea mamela puo, eo ka tloaelo e fanoang ke setho sa Sehlopha se Busang. Linehelano tsena tse sekametseng litabeng tsa moea li ipakile e le tse khothatsang haholo le tse sebetsang ’me li ’nile tsa ananeloa haholo.
Litho tsa Likomiti tsa Makala li fumane thupelo ena ea sekolo e le e khathollang, e susumetsang le e hahang. Ha se bontša kananelo ka seo se se rutiloeng, sehlopha se seng se ile sa re: “Ho ba le sekolo sena Setsing sa Thuto sa Watchtower ho hatisitse ka ho rōna tsoelo-pele e babatsehang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho atolosa pono ea rōna ka mosebetsi o tsoelang pele oa ho bolela le oa ho ruta lefatšeng ka bophara.” Mabapi le lintlha tsa sehlooho tsa thupelo ena, liithuti tse ngata li ile tsa hlokomela hore ‘tšobotsi e ikhethang e bile boiteko bo khethehileng ka lehlakoreng la litho tsa Sehlopha se Busang hore li tlohe Brooklyn ’me li tl’o re ruta mananeong a lihlopha le ka ho re fa lipuo tse khethehileng. Tlhokomelo ena ke e thabisang. E fana ka bopaki ba thahasello ea bona e tebileng boiketlong ba batho ba Molimo lefatšeng lohle.’
Sehlopha sa bobeli sa sekolo se ile sa hlalosa boikemisetso ba sona ka tsela e latelang: “Re ikemiselitse ho sebelisa seo re ithutileng sona ka mantsoe le ka mohlala e le hore re ka boloka mokhatlo oa puso ea Molimo oa machaba o sebetsa ka tsela e phollatsi, tsohle e le thorisong ea Jehova Molimo le ho tsoeleng pele moeeng ha batho ba hae.” Ha sehlopha sa boraro se qeta lithuto tsa sona, se ile sa hlahloba melemo ea thupelo ea likhoeli tse peli ’me sa re: “Sekolo se re ruisitse haholo moeeng ’me ka nako e tšoanang se re susumelelitse hore kamehla re ipake re tšoanelehela boikarabelo boo re bo tšepetsoeng.”
Litho tsa Likomiti tsa Makala tsa sehlopha ka seng li ile tsa fana ka tlaleho e khutšoanyane lelapeng la Bethele la ntlo-khōlō ka tsoelo-pele ea mosebetsi oa ’Muso masimong a habo tsona. Mehaho ea Bethele e Brooklyn, Patterson le Wallkill (hape le Georgetown, Ont., Canada) e ne e hokahantsoe ka mehala bakeng sa mananeo ana. Boitsebiso le liphihlelo tse tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše li ile tsa fana ka bopaki bo tsotehang ba tlhohonolofatso ea Jehova boitekong bo tšepahalang le bo chesehang ba batho ba hae. Litlaleho li boetse tsa bontša lerato la boitelo hammoho le bonngoe ba monahano le ketso ka lehlakoreng la mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.—1 Pet. 2:17; 5:9.
Ha selemo sa tšebeletso se fela, sehlopha se seng se ne se ntse se tsoela pele. Sena se ne se akarelletsa baemeli ba tsoang makaleng a 47 a Mokhatlo.
Melemo ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi
Selemo se fetileng sa tšebeletso le sona se bile le tsoelo-pele e khōlō e entsoeng mabapi le Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ho bile le lihlopha tse 85 tse khannetsoeng linaheng tse 30 tse fapaneng, ka liithuti tse ngolisitsoeng tse tsoang linaheng tse 62. Lenaneo la thuto le ile la ntlafatsoa, ’me ho ile ha koetlisoa barupeli ba eketsehileng hore ba ka sebetsana le likabelo tsa nako e tlang.
Ha tšebetso ea ’Muso e ntse e eketseha selemo le selemo, ho thehoa liphutheho tse eketsehileng. Bakeng sa ho li hlokomela, ho hlokahala baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba ikemiselitseng ho sebelisoa moo ba hlokahalang haholo, hammoho le balebeli ba tsamaeang ba eketsehileng hore ba etele liphutheho. Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se thusa ho hlomella barab’abo rōna ho tlatsa likheo tsena.
Lekala le Ecuador le tlaleha hore ba bang ba ba koetlisitsoeng naheng eo ba ‘sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea ba hōlileng tsebong, ’me ba bang ba abetsoe libakeng tse thōko moo ho thehiloeng liphutheho tse ncha.’ Costa Rica “liphutheho li fetohile tse matla moeeng hobane bara bana babo rōna ba etella pele litšobotsing tsohle tsa mosebetsi oa ho bolela.” Baithuti ba qetileng thupelo El Salvador “ba sebeletsa e le mehlala ho ba bang,” ’me koetliso ea bona “e ba nolofalelitse ho ba matichere a molemonyana.” Mexico, moo ho ileng ha thehoa liphutheho tse 466 selemong sena se fetileng sa tšebeletso, tlaleho e bolela hore “baithuti ba qetileng thupelo ba molemo haholo ho thuseng ho hlophisa mosebetsi liphuthehong le ho tšehetsa tšebetso tšebeletsong ea tšimo.” Liphutheho tse Poland tse nang le baithuti ba qetileng thupelo ba abetsoeng ho tsona li khahloa ke “ho tšoareha ha bona ka ho feletseng tšebeletsong le tšusumetso ea ho tšehetsa eo baithuti ba qetileng thupelo ba nang le eona liphuthehong.”
Bochabela bo Hōle, ba ileng ba romeloa Philippines ba tsoa Malaysia bakeng sa koetliso ba tsoela pele naheng ea habo bona ’me ba “inehetse ’me ba hlokolosi ho phethahatsa kabelo ea bona.” Hoa hlokomeleha hore ba ntlafalitse tsebo ea bona ea ho bua. Barbados, Dominican Republic, Guadeloupe, Haiti, Martinique, Puerto Rico le Trinidad, hammoho le Guyana le French Guiana, kaofela li rua molemo tšebeletsong ena e molemo ea baithuti ba Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.
Bolivia, hoo e ka bang halofo ea balebeli ba tsamaeang ke baithuti ba sekolo sena. Ha lekala la Philippines le ne le hloka balebeli ba potoloho ba eketsehileng, le ile la nka ho banna ba teng ba tšoanelehang ba fetileng lihlopheng tsa sekolo sena pejana. Ke ’nete le ka linaha tse ling.
Lipolelo tse tlohang botebong ba pelo ka lehlakoreng la lihlopha tse sa tšoaneng tsa sekolo sena li bonahatsa kamoo tokisetso ena e ananeloang haholo kateng. Baithuti Peru ba ile ba bolela hore thupelo ena ‘e ba hlomeletse ho etsa tšebeletso e halalelang ea boleng bo phahameng.’ Sehlopha sa baithuti United States se ile sa ipotsa, tumellanong le se ngotsoeng ho Pesaleme ea 116:12, “[Re] tla busetsa’ng ho Jehova? Melemo eohle ea hae e ho [rōna].” Karolo ea karabelo ea bona e bile ho re, “Ke boikemisetso ba rōna ho ba balisa ba lerato le ba tsotellang, baevangeli ba mafolofolo le matichere a nang le tsebo, molemong oa barab’abo rōna.”
Barab’abo rōna ba masoha ba sebelelitseng e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang lilemo tse seng ka tlaase ho tse peli, ba leng lilemong tse pakeng tsa 23 le 50, ba phelang hantle ’meleng, ba hlileng ba ratang ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso le barab’abo bona hohle moo ba hlokahalang teng le bao ka litsela tse ling ba tšoanelehang ba ka memeloa sekolong sena. Linaheng tse ngata, barab’abo rōna ba bacha ba ho etsa pakane ho tšoanelehela sekolo sena. Ba fana ka bopaki ba hore ba nka ka ho teba mantsoe a Moeklesia 12:1: “U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”
Ho Haha ka Morero oa ho Ntšetsa Pele Borapeli ba ’Nete
Ho hahuoa ha mehaho ho fetohile tšebetso e hlaheletseng e amanang le borapeli ba ’nete. Ka 1512 B.C.E., ka tataiso ea Jehova sechaba sa Iseraele se ile sa haha tabernakele e nkehang hore e ka sebelisoa mabapi le borapeli ba sona ho Jehova. Empa e ne e se sebaka sa seboka seo sechaba se ka bokanang ho sona bakeng sa taeo. Se ne se kopanela ka ntle. Lilemo tse ka bang tse sekete hamorao, ho ile ha hahuoa lisynagoge e le libaka tsa liboka. Bakreste ba pele ba ile ba qala ka ho kopanela malapeng. Leha ho le joalo, e le hore ho ka phethahatsoa kabelo ea ho bolela le ho ruta eo Lentsoe la Molimo le e behetseng barapeli ba ’nete mehleng ea rōna, ho ipakile ho hlokahala ho ba le liofisi le libaka tsa khatiso hammoho le mafapha a hlokahalang a tšehetsang, hape le ho lokisetsa hore ho be le Liholo tse khōlō tsa Kopano le Liholo tse nyenyane tsa ’Muso. Hona ho kenyelelitse mosebetsi oa ho haha, ’me ho entsoe o moholo selemong sena se fetileng.
Selemong sa tšebeletso sa 1996, Mokhatlo o ne o ntse o haha mehaho e mecha kapa o atolosa e meng bakeng sa makala kapa liofisi tsa phetolelo/tšebeletso linaheng tse 37. E meng ea merero e meholoanyane e ne e le Mexico, Brazil, Russia, Japane, Fora, Spain, Afrika Boroa, United States, Venezuela le Australia. Mosebetsi o qalang o ne o ntse o etsoa mererong ea kaho bakeng sa linaha tse 22. Kantle ho ena, Liofisi tsa Mokhatlo tsa Boenjiniere le lithimi tsa kaho li ne li thusa ka mosebetsi Liholong tsa ’Muso, Liholong tsa Kopano le mahaeng a baromuoa likarolong tse ngata tsa lefatše moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khethehileng.
Selemong seo, ho ne ho ntse ho hahuoa Liholo tse ncha tsa Kopano libakeng tse kang Santa Cruz, Bolivia; Madrid, Spain; le Dakar, Senegal. Merero e ’meli ea Liholo tsa Kopano e ntse e tsoela pele United States, ’me ho qaloa tse ling tse hlano. Le hoja ho ne ho e-s’o qetoe Holo e ncha ea Kopano Maputo, Mozambique, e ile ea sebelisetsoa kopano ea setereke ka July, eo ho eona ho bileng teng ba 1938, le bakeng sa kopano e ’ngoe ka August, eo ho eona ho bileng teng ba 10 040. Selemong sena hape ho ile ha neheloa Holo ea Kopano Ouagadougou, Burkina Faso, e ’ngoe Daloa, Côte d’Ivoire, le holo ea bobeli Guatemala. Holo ea Kopano e phethiloeng Mauritius, sehlekehlekeng se Leoatleng la Indian, e na le mehaho e ka sebelisoang ha e tletse haholo e leng ho e etsang hore e lokele likopano tsa setereke tsa boholo bo itekanetseng. Polane e sebetsang ea Holo e ncha ea Kopano Nouméa, New Caledonia, e akarelletsa Liholo tse tharo tsa ’Muso, tse seng li ntse li sebelisoa kamehla ke liphutheho tse tšeletseng.
Japane, le hoja ho ne ho e-na le maikutlo a matla a khahlanong le bolumeli ka lebaka la liketso tsa bokhukhuni tse amanang le sehlotšoana se seng sa borapeli, Lipaki tsa Jehova li ile tsa khona ho haha Holo ea Kopano Tochigi, haufi le ntlo e mabothobotho ea moemphera. Ka mor’a hore mosebetsi o phethoe, lihlopha tse tsoang liofising tse sa tšoaneng tsa ’muso sebakeng seo li ile tsa bona mehaho ena. Bahlanka ba ’muso ba li tlisitseng ba ile ba bolela hore ba batla hore ba bang ba iponele ka bobona hore Lipaki tsa Jehova ha li tšoane le malumeli a mang. Ke eng e li etsang tse fapaneng? Letšoao le fumanoa ho seo John Barr, setho sa Sehlopha se Busang, a ileng a se bua nehelanong ea Liholo tsa Kopano e Tochigi le e Hokkaido ka 1996. O ile a buella qeto ea hore ho sebelisoe liholo tseo “ho ntšetsa pele taeo le thuto ea Bibele bakeng sa ho phela tumellanong le melao-motheo ea bomolimo e thathamisitsoeng Lentsoeng la Molimo.”
Libakeng tse ngata ho hahuoa ha Liholo tsa ’Muso tse entsoeng hantle tse itekanetseng ho ile ha e-ba ka sehloohong selemong sena se fetileng. Tšimong ea seo e kileng ea e-ba Jeremane Bochabela ho ile ha phethoa tse eketsehileng tse 27. Ho tla fihlela joale, ho hahiloe tse 47 Ukraine, ’me tse ling tse 56 li ntse li hahuoa. Ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ling tse ngata Russia. Ho eketseha ha palo ea Lipaki mono ho potlakile, empa hoo e ka bang karolo ea 85 lekholong ea liphutheho tse tlas’a lekala la Russia ha li na libaka tse tsitsitseng tsa liboka. Zimbabwe, moo ho nang le liphutheho tse fetang 800, ho ’nile ha hlokahala hore tse ngata tsa tsena li kopanele ka ntle ’mananeng. Sena se baketse hore ba bacha ba thahasellang ba se ke ba tla libokeng. Empa ka thuso ea Likomiti tse tharo tsa Kaho tsa Libaka, palo ea Liholo tsa ’Muso ka hare ho naha e eketsehile ho ba tse 37. Ka lebaka leo, libakeng tseo ho tsona ho neng ho e-na le phutheho e le ’ngoe, hona joale ho na le tse tharo kapa tse ’nè tse kopanelang holong. Ka ho hlakileng, ho hlokahala liholo tse eketsehileng tse ngata.
Poland e tlaleha ho neheloa ha Liholo tsa ’Muso tse 64 selemong sena! Slovakia, ho haha kapa ho tsosolosa mehaho ho etsa hore ho be le Liholo tsa ’Muso tse 95, ka sebele e bile ho ikhethang. Bahlanka ba bang ba ’muso Slovakia ba ile ba sebelisana le rōna haholo. Leha ho le joalo, ketsahalong e ’ngoe, ramotse e mong o ile a phatlalatsa hore hafeela e ntse e le ramotse, Lipaki tsa Jehova ha ho mohla li tla ba le Holo ea ’Muso motseng oa hae. Leha ho le joalo, hoo e ka bang halofo ea selemo hamorao o ile a tlosoa setulong seo, ’me tsamaiso e ncha e ile ea etsolla qeto ea hae. E, barab’abo rōna ba ile ba thaba ka bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova!—Zak. 4:6.
Palo ea ba bileng teng Sehopotsong Togo e batla e mena palo ea bahoeletsi ka makhetlo a mane. Mohoeletsi a le mong o khanna lithuto tsa Bibele tse fetang tse peli. ’Me ho na le tlhokahalo e khōlō haholo ea Liholo tsa ’Muso tseo ho lokelang ho kopaneloa ho tsona. E le ho thusa ho khahlametsa tlhokahalo eo ka mehaho e loketseng, Mokhatlo o fumane mochine oa foromo ho nolofalletsa barab’abo rōna ho iketsetsa litene tsa mobu le mochine o mong bakeng sa ho etsa lithaele tsa ho rulela. Ea pele ea liholo tsena e se e qetiloe, ’me tse eketsehileng li ntse li hahuoa.
Liketsahalong tse fokolang, ho ne ho bonahala eka tsela feela ea ho haha sebakeng se itseng e ne e le ka tšebelisano-’moho ea machaba. Ho bile joalo Popondetta, Papua New Guinea, moo ho neng ho hlokahala lehae la boromuoa le Holo ea ’Muso. Tsela feela ea ho fihla Popondetta ke ka seketsoana kapa ka sefofane; boholo ba thepa bo ile ba tlameha ho tlisoa ka seketsoana. Baithaopi ba machaba ba tsebang mesebetsi ea ho haha ba ne ba e-tsoa Australia. Bahoeletsi ba sebaka seo, ho akarelletsa ba banyenyane le baralib’abo rōna, ba ile ba sebetsa ka thata. Ha ba ntse ba sebetsa hammoho, maqhama a bara ba motho ba machaba a ile a tiisoa. Lehlabathe le tsoang nōkeng le ile la sefuoa ho tlosa majoe a maholo. Eaba le methoa ka libakete. Bonyane libakete tse 27 000 tsa lehlabathe, samente le metsi li ile tsa fetisetsanoa ka matsoho ka mokoloko oa baithaopi ho ea mochineng o lubang samente. Butle-butle mehaho e ile ea e-ba le sebōpeho. Ha nako e fihla ea hore ho lekoe mechine ea lihōlisa-lentsoe ’me molumo oa Kingdom Melodies o tlala Holo ea ’Muso e bulehileng mahlakoreng, ba bangata ba ile ba ameha maikutlo ’me likeleli tsa theoha ka bolokolohi ha ba eme ba hloletsoe. Joale ha phahama temana ea selemo; ho latelang, ea e-ba letšoao la Holo ea ’Muso. Ka June, ba 362 ba ile ba bokana holong ena bakeng sa kopano—bopaki ba hore ho na le tšimo e khōlō bakeng sa kotulo sebakeng sena moo ho nang le phutheho e le ’ngoe feela ha hajoale.
E meng ea merero ea mohaho e amang libaka tsa khatiso, liofisi le mahae a Bethele tse sebelisoang ke Mokhatlo e ile ea qetoa ’me mananeo a nehelano a ile a tšoaroa selemong seo.
Qalong ea selemo sa tšebeletso, ka la 18 September, ho bile le lenaneo la nehelo le sa tloaelehang ntlo-khōlō ea lefatše, lenaneo le ileng la bonahatsa keketseho e potlakileng ea katoloso ea machaba ea mokhatlo oohle o hlophisitsoeng. Nako e ne e fihlile ea hore ho khakoloe mohaho o mocha oa Bethele oa bolulo o mekato e 30 Brooklyn. Ho ile ha fihleloa qeto ea hore e ne e tla ba ho loketseng ho akarelletsa lenaneong lena nehelano ea mehaho e meng e 22. E 18 ea eona e ne e le mehaho ea bolulo e ’nileng ea nchafatsoa kapa e hahiloeng bocha ’me e sebelisetsoa bolulo ba lelapa la Bethele la ntlo-khōlō, e ’meli e ne e le mehaho e ileng ea emisoa bakeng sa ho lokisa makoloi, ’me e meng e ’meli e ne e le mehaho e meholo ea fektheri. E ne e le mantsiboea a thabisang ha libui li hlahloba bopaki ba hore ke Jehova ea etellang pele le ba tlhohonolofatso ea hae ho se entsoeng. Ba ileng ba utloa lenaneo leo ba ne ba sa bokana feela Brooklyn empa le mehahong e meng ea Mokhatlo Patterson le Wallkill, New York, le Georgetown, Ontario, Canada. Makolopetso a fumanoa ho Molula-Qhooa oa April 15, 1996.
Ho na le baithaopi ba 5581 ba sebeletsang kamehla ntlo-khōlō ea lefatše; bohle ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng. Ka kakaretso, ho na le litho tsa lelapa la Bethele tse 16 966 lefatšeng lohle. Li fuoa bolulo mehahong ea Mokhatlo.
Mananeo a nehelo hape a ile a tšoareloa ho a mang a makala a Mokhatlo. La pele ho ana le ne le le Amerika Boroa.
PARAGUAY: Nakong ea lilemo tse 30 ho tloha ha ho neheloa lekala la pele Paraguay, palo e khōlō ea Lipaki naheng eo e ile ea hōla ho tloha ho tse ka bang 500 ho ea ho tse fetang 5000—sena ho sa tsotellehe thibelo ea lilemo tse 12 tšebetsong ea tsona. Ho ne ho hlokahala mehaho e mecha ea lekala. E le ho koala sekheo seo, ho ile ha neheloa mehaho e supileng ka la 13 January, 1996, sebaka se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse leshome ho tloha Asunción, motse-moholo. Ba bileng teng e ne e le bahlanka ba bangata ba khale ba Jehova, ho akarelletsa le baromuoa ba kileng ba sebeletsa Paraguay le baeti ba bang ba tsoang mose.
Puong ea hae ea nehelo, Lloyd Barry, oa Sehlopha se Busang, o ile a bua ka mosebetsi o tsoileng matsoho oa Sehahi se Seholo, Jehova Molimo. Moloko oa batho o hloka ho ithuta ka eena; ke mosebetsi oa rōna ho o thusa. Ka mor’a ho supa hore mehaho e mecha e tla sebelisoa ho tšehetsa mosebetsi oo, Mor’abo rōna Barry o ile a botsa: “Na le batla ho e fa Jehova?” Bamameli ba ile ba lumela ka pelo eohle.
IRELAND: Lenaneo la ho nehela mehaho e mecha ea lekala Ireland le ile la tšoaroa ka la 4 May, 1996. Ka lilemo tse fetang 100, ho ’nile ha e-ba le baboleli ba litaba tse molemo Ireland. Empa lilemong tse leshome tse fetileng ho bile le khōlo e potlakileng ka ho khethehileng. Hona joale ho na le bahoeletsi ba ka bang 4400 liphuthehong tse 114 Ireland. E le ho ba hlokomela, mehaho e mecha e hahiloe sebakeng se ka thōko se setle hoo e ka bang lik’hilomithara tse 30 ka boroa ho Dublin, moeling oa motse oa Newcastle, County Wicklow. Ho na le mehaho e meraro e kopaneng—mohaho oa bolulo o nang le likamore tse 20, liofisi tsa morao-rao hammoho le kichine le mechine ea ho hlatsoa, le sebaka sa ho lokisetsa makoloi le thomello ea lingoliloeng.
Baithaopi ba thabileng ba ile ba fana ka tsebo eohle ea mohaho e hlokahalang ho etsa mosebetsi ona. Basebetsi ba tsoang mose ho maoatle ba ile ba kopana le bara le barali babo rōna ba sebaka seo bao ka boithaopo ba ileng ba ikitlaetsa ho seo ho bona e neng e le tšobotsi e ncha ea tšebeletso ea ’Muso. Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe Ireland e bile le karolo mosebetsing ona. Lipaki tse tsoang liphuthehong tse hōle li ile tsa siea mahae a tsona esale hoseng e le hore li ka ba setšeng li loketse ho sebetsa ka 8:00 hoseng ka Moqebelo, ’me joale tsa sebetsa letsatsi le feletseng la lihora tse robeli kahong. Ha ho ea ileng a belaela ka maemo a leholimo kapa ka likabelo tsa mosebetsi. Ka boithaopo ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi.—Pes. 110:3.
Gerrit Lösch, oa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea nehelo, a tšohla boprofeta bo tsoang ho Esaia bo bolelang esale pele ho tsosolosoa ha batho ba Molimo le katoloso har’a bona. Batho ba Jehova Ireland ba ile ba kopanela phethahatsong ea boprofeta boo ka litsela tse ngata, ’me ba ntse ba tsoela pele ho etsa joalo.
INDONESIA: Ho neheloa ha mehaho ea Bethele ka sebele e bile sehlohlolo sa selemo sa tšebeletso ho Lipaki tsa Jehova Indonesia. Ka lebaka la boemo ba molao ba ho se ratehe ha tšebetso ea Lipaki tsa Jehova naheng ena, tšepo leha e le efe bakeng sa tokisetso e joalo ka nako e telele e ne e bonahala e le toro feela. Leha ho le joalo, ho hlokahala ha mehaho e joalo esale e le ntho e potlakileng ho tloha ka 1990.
Ka tumello le ka tataiso e mosa ea Sehlopha se Busang, qetellong ho ne ho lokela ho hahuoa mehaho e mecha. Empa barab’abo rōna ba sebaka seo ba ne ba sa tloaelana le mosebetsi oa kaho; kahoo o ne o tla etsoa joang? Karabelo e ile ea tla ka kameho ea rōna ea bara ba motho ea machaba. Ofisi ea Kaho ea Brooklyn le Ofisi ea Boenjiniere ea Libaka Australia li ile tsa etsa litokisetso tse hlokahalang. Bahlanka ba machaba ba ka bang 100 le baithaopi ba ile ba fana ka botsebi bo hlokahalang. Ba ile ba koetlisa barab’abo rōna ba 40 ba sebaka seo ’me ba sebetsa mahetla a bapile le bona nakong ea lilemo tse peli tsa kaho. Ke ka moea oa Jehova feela barab’abo rōna ba ileng ba khona ho hlōla litšitiso tse ngata le tse sa tšoaneng tseo ba kopaneng le tsona nakong ea morero oa kaho.
Kahoo, e ne e le letsatsi le thabisang ka ho khethehileng le la histori ho barab’abo rōna ha John Barr a nehela mehaho e mecha ka la 19 July. Har’a bamameli ba 285 ho ne ho e-na le ba 118 bao e neng e le baemeli ba makala kapa bao e kileng ea e-ba baromuoa ba tsoang mose ho maoatle. Balebeli ba potoloho le ba setereke, hammoho le litho tse 59 tsa lelapa la Bethele le bona ba ne ba le teng ho tla kopanela thabong ena ea ketsahalo ena.
Ka mehaho ea bona e mecha, barab’abo rōna ba ka sebetsa ka ho behang litholoana le ka ho atlehang ho sebeletseng bahoeletsi ba fetang 12 000 karolong ena ea tšimo ea lefatše. Ba na le ho hongata hoo ba lokelang ho ho etsa hobane batho ba ka bang limilione tse 200 ba buang lipuo tse sa tšoaneng ba hasane lihlekehlekeng tse likete sehlopheng sena se seholohali sa lihlekehleke ’me ba ntse ba lokela ho finyelloa ka molaetsa oa ’Muso.
Letsatsi la nehelo e ne e boetse e le la ho kopana hape ha ba tsebanang le botsoalle tse thabisang. Matsatsing a mabeli a latelang, baeti ba ile ba thabela Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” hammoho. Ba e-na le setho sa Sehlopha se Busang har’a bona, hape ba e-na le litumeliso, litlaleho tse khethehileng, le liphihlelo tse tlisitsoeng ke baeti ba mose ho maoatle le baemeli, moea oa kameho ea bara ba motho oa machaba o ne o phunyelletsa le kopano eohle. E, beke ea nehelo kannete e ne e le e khethehileng ho batho ba Jehova hape e le histori mosebetsing oa ’Muso naheng ena.
ALBANIA: Ho boleloa ha litaba tse molemo Albania ho etsoa tlas’a tlhokomelo e akaretsang ea lekala la Italy. Empa litlhoko tsa karolo eo ea tšimo li entse hore ho be molemo ho ba le ofisi hona Albania. Kahoo, ka la 12 May, 1996, Milton Henschel, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a buisana le bamameli ba 1534 ba neng ba bokane Tiranë, motse-moholo, bakeng sa ho neheloa ha mehaho e ’meli eo hona joale e sebeletsang e le ofisi ea Mokhatlo le Lehae la Bethele Albania.
Lenaneo le ile la qala ha baeti ba neng ba tsoa linaheng tse 14 ba bolelloa: “Rea le leboha ka ho tla kopanela le rōna nehelanong ea Bethele ea rōna e ncha. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa. Lea amoheloa Albania!” Kamohelo eo e mofuthu e ne e nehelanoa ka puo ea sehlopha se seng le se seng sa tse etileng.
Lenaneo le ile la fana ka monyetla oa ho tseba bahlanka ba tšepahalang ba nako e telele ba Jehova Albania hammoho le ba bacha. Har’a ba ileng ba pheta liphihlelo e bile Linda DiGregorio. Eena le monna oa hae, Michael, bao e neng e le baromuoa Dominican Republic, ba ne ba rerile ho etela beng ka monna Albania selemo ka 1992. Leha ho le joalo, Sehlopha se Busang se ile sa ba kōpa hore ba eketse leeto la bona la matsatsi a mararo Albania ho ba likhoeli tse peli kapa tse tharo. O ile a re: “Leeto lena la matsatsi a mararo le ile la fetoha lehae la rōna le lecha!” Ka mor’a hore mosebetsi o ngolisoe ka molao ka May 1992, ba ile ba qala ho bolela phatlalatsa ka ntlo le ntlo. Linda o ile a hlalosa: “Batho ba mofuthu, ba amohelang baeti ba ile ba qala ho bulela matlo a bona le lipelo tsa bona molaetsa oa Bibele. Re ne re e-na le lipampitšana le limakasine tse seng kae, ho se Libibele kapa libuka. Empa batho ba ile ba arabela ’neteng. Ba amohela limemo tsa ho tla libokeng ’me ba bang ba bona hona joale ba kolobelitsoe!”
Likhoeli tse hlano hamorao, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Italy ba ile ba fihla. Ba bang ba tlile ba e-tsoa Greece. Mokhatlo o ile oa hlophisa thupelo ea puo ho ba thusa. Empa maemo a tsa nama a ne a le boima haholo. Motlakase o ne o haella ’me metsi a fokola. Ho ne ho le thata ho fumana lijo le lintho tse hlokahalang. Ba ne ba lokela ho ema meleng lihora-hora bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 100 ba tsoang linaheng tse ling esale ho tloha ka nako eo ba kopane le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Albania ba 15. Kaofela, hona joale ba sebeletsa metseng e meholo le litoropong tse fetang 40 naheng eo. Ba fepeloa hantle ka lingoliloeng, ho akarelletsa le Molula-Qhooa, o tsoang habeli ka khoeli, ka Sealbania. Ho tloha ka August 1996, Albania e ne e fihletse tlhōrō ea eona ea bo40 ka ho latellana, ka bahoeletsi ba 908—karolo ea 52 lekholong ho feta selemong se fetileng. E bile ho thabisang haholo ho bona ho amohela ba 6523 Sehopotsong ka April ngoahola. Ho sa na le ho hongata ho lokelang ho etsoa tšimong ena e behang litholoana haholo.
Ona e mpa e le mohlala feela oa se etsahetseng lefatšeng ka bophara selemong se fetileng. Lebelo leo se etsahalang ka lona ke le hlollang. Mosebetsi oo Jesu Kreste a o boletseng esale pele ka sebele oa phethahala, ’me tlas’a tataiso ea hae o tla phethoa ka katleho pele bofelo bo fihla.
Ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse 90
Selemong se fetileng ho fetolelletsoe libuka le libukana lipuong tse 164
Khatiso le kabo ea limakasine e fihlile boemong bo phahameng ka ho fetisisa
Hona joale livideo li hlahisoa ka lipuo tse 35
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
1. Bamameli Cluj-Napoca, Romania
2, 3. Ba bang ba ba 1631 ba kolobelitsoeng Cluj-Napoca le Brasov, Romania
4. Letšoele le chesehang Népstadion, Hungary
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Sekolo sa litho tsa Likomiti tsa Makala se tšoareloa Setsing sa Thuto sa Watchtower
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
1. Mohaho oa sekolo
2. Morupeli le liithuti ka mor’a hore sehlopha se tsoe
3. Kamore ea sehlopha sa sekolo
4. Liithuti li ea likamoreng ho ea ithuta
5. Lebala
6. Mohaho oa bolulo
7. Seithuti se pheta liphihlelo borapeling ba hoseng
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
1. Lekala la Ireland
2, 3. Ponahalo ea lekala la Paraguay
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
1. Lekala la Indonesia
2. Ofisi Albania