Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb12 maq. 3-5
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
yb12 maq. 3-5

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Basebetsi-’moho le Rōna ba Ratehang:

Lōna bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, bao hona joale le fetang limilione tse supileng, ruri hoa re thabisa hore re le ngolle lengolo lena. Ha u kopana le molumeli-’moho le uena ea tsoang naheng e ’ngoe, hang-hang le ba le kamano e ikhethang e bontšang hore lea ratana. (Joh. 13:34, 35) Ha ho pelaelo hore ha u ntse u bala Bukeng ena ea Selemo, litlaleho tse hapang maikutlo tse bontšang tumelo le botšepehi ba bara le barali beno ba linaha tse ling, li tla boela li u lemose hore re na le kamano e ikhethang.

Litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle li bontša hore boholo ba lōna le lomahantse meno ha ho tluoa lenaneong la Borapeli ba Lelapa. Ba nang le bana ba banyenyane ba qapile mekhoa e mengata e thahasellisang e le hore bana ba thabele ho ithuta. (Baef. 6:4) Manyalo aa tiea ha banyalani ba ithuta hammoho. (Baef. 5:28-33) Ka sebele batho ka bomong le malapa ba rua molemo tokisetsong ena ea ho ithuta Lentsoe la Molimo ka botebo.—Josh. 1:8, 9.

Re lla le lōna bohle ba lahlehetsoeng ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho tse bileng teng morao tjena. Re leboha ba bangata ba sa kang ba tsilatsila ho kenya letsoho mosebetsing oa liphallelo linakong tseo tsa tlokotsi. (Lik. 11:28-30; Bagal. 6:9, 10) Ho phaella moo, phuthehong ka ’ngoe, ho na le ba lemohang ha barab’abo rōna ba hloka ’me ba ithaopela ho ba thusa. Joaloka Dorkase oa boholo-holo, le tletse “liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” (Lik. 9:36) Kholisehang hore Jehova o bona sena le hore o tla le buseletsa.—Mat. 6:3, 4.

Linaheng tse ling, litokelo tsa lōna li hatakeloa ke ba sothang melao e le hore ba ‘rere khathatso ka molao-taelo.’ (Pes. 94:20-22) Kaha lea tseba hore Jesu o boletse esale pele hore le tla hlorisoa ka tsela eo, le mamella ka sebete ’me le etsa Jehova setšabelo sa lōna. (Joh. 15:19, 20) Baratuoa, kholisehang hore re le rapella kamehla ha le ntse le tsoela pele “ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna.”—1 Pet 3:13-15.

Lōna ba limilione bao selemo le selemo le lulang le hloekile boitšoarong ho sa tsotellehe hore ka bolotsana Satane o lula a khothalletsa boitšoaro bo litšila, ka sebele rea le babatsa. Nakong ena ea ha lefatše le ntse le tetebela boitšoarong bo bobe, le “fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.” (Baef. 6:10) Le ‘apere lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,’ kahoo le eme le tiile khahlanong le “maqiti a Diabolose.” (Baef. 6:11, 12) Tsebang hore Jehova o sebelisa mohlala oa lōna hore a fane ka karabo e hlakileng ho ea mo nyelisang, e leng Satane!—Liprov. 27:11.

Re ile ra nyakalla ha re utloa hore ka 2011, ba 19 374 737 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Morena oa rōna. E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa etsa hore ho be le batho ba bangata hakaalo, ke hore le ile la arabela hantle ha le khothalletsoa ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April selemong se fetileng. Baahi ba lefatše ba limilione ba ile ba utloa mohoo oo o momahaneng o rorisang Jehova o tsoang ho Lipaki tsa hae tse tšepahalang! (Bar. 10:18) Ebang u ne u le e mong oa bo-pula-maliboho ba thusang ba 2 657 377 khoeling eo kapa u ile ua ikitlaelletsa ho eketsa tšebeletso ea hao ka tsela e itseng, kaofela ha lōna le ile la re hlatsoa lipelo kaha le ithaopetse ho etsa mosebetsi ka cheseho.—Pes. 110:3; Bakol. 3:23.

Selemong se fetileng batho ba bang ba 263 131 ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova. Re leboha Jehova ka sena, ’me re le leboha kaofela ka ho sebetsa le rōna ha re isetsa ba bang memo e reng: “‘Tloo!’ Mang kapa mang ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Haholo-holo ka mor’a hore likopanong tsa rōna tsa setereke tsa 2011 re tšohle litšobotsi tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng, re tebisa maikutlo le ho feta ha re re, “’Muso oa hao o ke o tle!” Kaha re hlasimolotsoe ke tšepiso e tiileng ea Jesu e reng, “Ke tla kapele,” ka lipelo tsohle re tlatsa moapostola Johanne ha a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”—Tšen. 22:20.

Kholisehang lōna bara le barali babo rōna ba ratehang ba ratang Jehova “ka ketso le ’nete,” hore ha le ntse le falimehetse ho bona ketsahalo eo e hlollang, re le rata haholo!—1 Joh. 3:18.

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela