1 Dikronike
15 A tsoela pele ho ikahela matlo+ Motseng oa Davida; a tsoela pele ho lokisetsa areka ea Molimo oa ’nete sebaka+ le ho e hlomela tente. 2 E bile nakong eo Davida a ileng a re: “Ha ho ea lokelang ho jara areka ea Molimo oa ’nete haese Balevi, etsoe ke bona bao Jehova a ba khethileng hore ba jare areka ea Jehova+ le ho mo sebeletsa+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” 3 Joale Davida a phutha Baiseraele bohle Jerusalema hore ho nyolleloe areka+ ea Jehova sebakeng sa eona seo a neng a e lokiselitse sona.
4 Davida a bokella bara ba Arone+ le Balevi; 5 ho bara ba Kohathe, Uriele mookameli le barab’abo, ba le lekholo le mashome a mabeli; 6 ho bara ba Merari, Asaia mookameli le barab’abo, ba le makholo a mabeli le mashome a mabeli; 7 ho bara ba Gershome,+ Joele mookameli le barab’abo, ba le lekholo le mashome a mararo; 8 ho bara ba Elizafane,+ Shemaia mookameli le barab’abo, ba le makholo a mabeli; 9 ho bara ba Hebrone, Eliele mookameli le barab’abo, ba le mashome a robeli; 10 ho bara ba Uziele,+ Aminadabe mookameli le barab’abo, ba le lekholo le leshome le metso e ’meli. 11 Ho feta moo, Davida a bitsa baprista Tsadoke+ le Abiathare,+ le Balevi Uriele, Asaia le Joele, Shemaia le Eliele le Aminadabe, 12 eaba o tsoela pele ho re ho bona: “Ke lōna lihlooho tsa bo-ntate ba Balevi. Ikhalaletseng,+ lōna le barab’abo lōna, ’me le nyollele areka ea Jehova Molimo oa Iseraele sebakeng seo ke e lokiselitseng sona. 13 Kahobane ka lekhetlo la pele ha lea ka la etsa joalo,+ Jehova Molimo oa rōna o ile a re qhalakanya,+ etsoe ha rea ka ra mo batla ho ea ka tloaelo.”+ 14 Kahoo baprista le Balevi ba ikhalaletsa hore ba nyolle areka ea Jehova Molimo oa Iseraele.
15 Joale bara ba Balevi ba qala ho jara+ areka ea Molimo oa ’nete mahetleng ka melamu,+ feela joalokaha Moshe a ne a laetse ka lentsoe la Jehova. 16 Joale Davida a re baokameli ba Balevi ba emise barab’abo bona ba libini ka liletsa tsa bona tsa pina,+ liletsa tse likhoele+ le liharepa+ le licymbala, ba li letsetsa holimo ho tsosa molumo oa thabo.
17 Ka lebaka leo Balevi ba emisa Hemane mora oa Joele, ’me ho barab’abo, ba emisa Asafe+ mora oa Berekia; ho bara ba Merari barab’abo bona, ba emisa Ethane mora oa Kushaia; 18 hammoho le bona ba emisa barab’abo bona ba sehlopha sa bobeli, Zakaria, Bene le Jaziele le Shemiramothe le Jehiele le Uni, Eliabe le Benaia le Maseia le Matithia le Elifelehu le Mikneia, le Obed-edomo le Jeiele balebeli ba liheke, 19 le libini Hemane, Asafe le Ethane, ka licymbala tsa koporo hore ba li letsetse holimo; 20 le Zakaria le Aziele le Shemiramothe le Jehiele le Uni le Eliabe le Maseia le Benaia ka liletsa tse likhoele tse letsoang ka ho ipapisa le Alamothe,+ 21 le Matithia le Elifelehu le Mikneia le Obed-edomo le Jeiele le Azazia ka liharepa+ tse letsoang ka ho ipapisa le Sheminithe,+ hore ba sebetse e le batsamaisi; 22 le Kenania mookameli oa Balevi ba jarang, a fana ka taelo ea ho jara, etsoe e ne e le setsebi; 23 le Berekia le Elkana balebeli ba liheke bakeng sa Areka; 24 baprista Shebania le Joshafate le Nethaniele le Amasai le Zakaria le Benaia le Eliezere ba letsetsa literompeta holimo ka pel’a areka ea Molimo oa ’nete, le Obed-edomo le Jehia balebeli ba liheke bakeng sa Areka.
25 Davida+ le banna ba baholo ba Iseraele+ le balaoli+ ba ba likete ea e-ba bona ba tsamaeang hammoho ho ea nyolla areka ea selekane sa Jehova ntlong ea Obed-edomo ka thabo.+ 26 Eitse ha Molimo oa ’nete a thusitse+ Balevi ha ba ntse ba jere areka ea selekane sa Jehova ba etsa sehlabelo ka lipohoana tse supileng le lipheleu tse supileng.+ 27 Davida o ne a apere seaparo se se nang matsoho sa lesela la boleng bo botle, le Balevi bohle ba jereng Areka le libini le Kenania mookameli oa libini+ tse jarang; empa Davida o ne a apere efoda+ ea line. 28 Baiseraele bohle ba ne ba nyolla areka ea selekane sa Jehova ka mohoo+ oa thabo le ka ho letsa lenaka+ le ka literompeta le ka licymbala, ba letsetsa holimo ka liletsa tse likhoele le liharepa.+
29 Eitse ha areka ea selekane+ sa Jehova e fihla Motseng oa Davida, Mikale,+ morali oa Saule, a talima tlaase ka fensetere ’me a bona Morena Davida a tlōla-tlōla a keteka;+ a qala ho mo nyelisa+ ka pelong ea hae.