Dillo Tsa Jeremia
א [ʼAleph]
2 Jehova bohaleng ba hae o koahela morali oa Sione ka leru hakaakang!
O lahletse botle ba Iseraele+ fatše ho tloha leholimong ho ea lefatšeng.+
’Me ha aa hopola setuloana sa hae sa maoto+ letsatsing la bohale ba hae.
ב [Behth]
2 Jehova o metsitse, ha aa bontša qenehelo holim ’a libaka tsa bolulo+ leha e le life tsa Jakobo.
Khalefong ea hae o qhaqhile libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ tsa morali oa Juda.
O mo kopantse le lefatše,+ o silafalitse ’muso+ le likhosana tsa hae.+
ג [Gimel]
3 Ka ho tuka ke bohale o pomme lenaka le leng le le leng la Iseraele.+
O khutlisitse letsoho la hae le letona ka pel’a sera;+
’Me ho Jakobo o ntse a tuka joaloka mollo o tukang o chesitseng ka hohle.+
ד [Daleth]
4 O hataketse seqha sa hae joaloka sera.+ Letsoho la hae le letona+ le otlolohile
Joaloka mohanyetsi,+ ’me o ’nile a bolaea bohle ba khahlehang mahlong.+
O tšolletse khalefo ea hae ka har’a tente+ ea morali oa Sione, feela joaloka mollo.+
ה [Heʼ]
5 Jehova o fetohile ea joaloka sera.+ O metsitse Iseraele.
O metsitse litora tsohle tsa eona tsa bolulo;+ o sentse libaka tsa eona tse etselitsoeng liqhobosheane.+
O etsa hore ho siama le sello li ate ho morali oa Juda.+
ו [Waw]
6 O tšoara lephephe+ la hae ka mabifi joaloka le leng serapeng.+ O sentse mokete oa hae.
Jehova o entse hore mokete+ le sabatha li lebaloe Sione,
Bohaleng ba hae ba nyatso ha a bontše tlhompho ho morena le moprista.+
ז [Zayin]
7 Jehova o lahlile aletare ea hae.+ O nyelisitse sehalalelo sa hae.+
O nehelane ka marako a litora tsa hae tsa bolulo letsohong la sera.+
Ba hoelelitse ka mantsoe a bona ka tlung ea Jehova, joaloka letsatsing la mokete.+
ח [Chehth]
8 Jehova o nahanne ho senya lerako+ la morali oa Sione.
O otlolotse khoele ea ho lekanya.+ Ha aa khutlisa letsoho la hae hore le se ke la metsa.+
O etsa hore ’mōtōmōtō le lerako li siame.+ Li nyametse hammoho.
ט [Tehth]
9 Liheke+ tsa eona li tetebetse tlaase lefatšeng. O sentse le ho roba mekoallo ea eona likoto.
Morena oa hae le likhosana tsa hae li har’a lichaba.+ Ha ho na molao.+
Baprofeta ba eona le bona ha baa fumana pono e tsoang ho Jehova.+
י [Yohdh]
10 Banna ba baholo ba morali oa Sione ba lula fatše, moo ba lulang ba khutsitse.+
Ba itšetse ka lerōle lihloohong.+ Ba itlamme ka lesela la mokotla.+
Baroetsana ba Jerusalema ba inamiselitse lihlooho fatše.
כ [Kaph]
11 Mahlo a ka a felile ke meokho.+ Mala a ka a lubehile.
Sebete sa ka se tšolletsoe fatše,+ ka lebaka la ho oa ha morali oa sechaba sa heso,+
Ka lebaka la ho tepella ha ngoana le ea anyang mapatlelong a motse.+
ל [Lamedh]
12 Ba ’na ba re ho bo-’m ’a bona: “Lijo-thollo le veine li hokae?”+
Ka lebaka la ho tepella ha bona joaloka ea bolailoeng mapatlelong a motse,
Ka lebaka la ho tšolleloa ha moea oa bona ka lifubeng tsa bo-’m ’a bona.
מ [Mem]
13 Ke tla u sebelisa u le paki ea eng? Ke tla u tšoantša le eng, Uena morali oa Jerusalema?
Ke tla u lekanya le eng, e le hore ke u tšelise, Uena morali oa Sione oa moroetsana?+
Etsoe ho senngoa+ ha hao ho hoholo feela joaloka leoatle. Ke mang ea ka u folisang?+
נ [Nun]
14 Baprofeta ba hao ba u bonetse lintho tse se nang thuso le tse sa khotsofatseng,+
’Me ha baa senola phoso ea hao e le hore ba khutlise kholeho ea hao,+
Empa ba ’nile ba u bonela liphatlalatso tse se nang thuso le tse khelosang.+
ס [Samekh]
15 Bohle ba fetang ka tsela ba u opetse liatla.+
Ba letselitse morali oa Jerusalema mololi+ ’me ba ’na ba mo sisinyetsa lihlooho+, ba re:
“Na ona ke motse oo ba neng ba ee ba re ka oona, ‘Ke botle bo phethahetseng, thabo e khaphatsehang bakeng sa lefatše lohle’?”+
פ [Peʼ]
16 Lira tsohle tsa hao li u ahlamiselitse melomo.+
Li letsitse meloli ’me tsa ’na tsa tsikitlanya meno.+ Li itse: “Re tla mo metsa.+
Ka sebele lena ke letsatsi leo re neng re le lebeletse.+ Re fumane! Re bone!”+
ע [ʽAyin]
17 Jehova o entse seo a neng a se hopotse.+ O phethahalitse polelo ea hae,+
Seo a neng a se laetse ho tloha matsatsing a khale.+ O qhaqhile ’me ha aa bontša qenehelo.+
O etsa hore sera se thabe ka lebaka la hao.+ O phahamisitse lenaka la bahanyetsi ba hao.
צ [Tsadheh]
18 Lipelo tsa bona li hoelelitse ho Jehova,+ Uena lerako la morali oa Sione.
Etsa hore meokho e theohe feela joaloka molapo o phoroselang bosiu le motšehare.+
U se ke ua ipha phomolo. Thaka ea leihlo la hao e se ke ea khutsa.
ק [Qohph]
19 Tsoha! U bokolle bosiu qalong ea litebelo tsa hoseng.+
Tšollela pelo+ ea hao joaloka metsi ka pel’a sefahleho+ sa Jehova.
Phahamisetsa liatla+ tsa hao ho eena ka lebaka la moea oa bana ba hao,
Ba tepellang ka lebaka la tlala mateanong a literata tsohle.+
ר [Rehsh]
20 Bona, Jehova, ’me u talime+ eo u sebetsaneng le eena ka thata ka mokhoa ona.
Na basali ba lokela ho tsoela pele ba ja litholoana tsa lipōpelo tsa bona, bana ba tsoetsoeng ba hōlile ka ho feletseng,+
Kapa na moprista le moprofeta ba lokela ho bolaoa ka sehalalelong sa Jehova?+
ש [Shin]
21 Moshanyana le monna-moholo+ ba robetse mobung oa literata.+
Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba oele ka sabole.+
U bolaile ka letsatsi la bohale ba hao.+ U bolaile;+ ha ua ka ua bontša qenehelo.+
ת [Taw]