DEUTERONOMA
1 Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bolella Baiseraele bohle lefeelleng sebakeng sa Jordane, lehwatateng ka pela Sufe, pakeng tsa Parane, Tofele, Labane, Hazerothe le Dizahabe. 2 Ho nka matsatsi a 11 ho tloha Horebe ho ya Kadeshe-barnea+ ka tsela ya Thaba ya Seire. 3 Ka letsatsi la pele kgweding ya bo11 selemong sa bo40,+ Moshe a bua le Baiseraele* mme a ba bolella sohle seo Jehova a mo laetseng hore a ba bolelle sona. 4 E ne e le ka mora hore a hlole Sihone+ morena wa Baamore ya neng a dula Heshbone le Oge+ morena wa Bashane ya neng a dula Ashtarothe, Edrei.+ 5 Moshe a hlalosa Molao+ ona sebakeng sa Jordane naheng ya Moabe a re:
6 “Jehova Modimo wa rona o buile le rona Horebe a re, ‘Le dutse nako e telele sebakeng sena se dithaba.+ 7 Tlohang mme le ye dithabeng tsa Baamore+ le ho baahisani bohle ba bona ba leng Araba+ dithabeng, Shefela, Negebe, lebopong la lewatle,+ naheng ya Bakanana, Lebanone*+ le ho fihlela nokeng e kgolo e leng noka ya Eufrate.+ 8 Ke behile naha ena ka pela lona. Kenang mme le nke naha eo Jehova a ikanneng ho bontata lona, Abrahama, Isaka+ le Jakobo+ hore o tla ba fa yona le ditloholo* tsa bona.’+
9 Ke ile ka re ho lona ka nako eo, ‘Ha ke kgone ho le etella pele ke le mong.+ 10 Jehova Modimo wa lona o le atisitse, kajeno ke lona bana le bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo.+ 11 E se eka Jehova Modimo wa baholoholo ba lona, a ka le atisa+ ka makgetlo a sekete ho feta ka moo le leng ka teng mme e se eka a ka le hlohonolofatsa feela jwalo ka ha a le tshepisitse.+ 12 Nka jara mathata a lona a boima le diqabang tsa lona jwang ke le mong?+ 13 Kgethang banna ba bohlale, ba nang le kutlwisiso le ba nang le boiphihlelo melokong ya lona mme ke tla ba beha hore ba le etelle pele.’+ 14 Yaba le a nkaraba le re, ‘Ntho eo o reng re e etse e molemo.’ 15 Ka hoo, ka nka banna bao e leng dihlooho melokong ya lona, banna ba bohlale le ba nang le boiphihlelo mme ka ba beha hore e be baetapele ba lona, balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba makgolo, balaodi ba ba mashome a mahlano, balaodi ba ba mashome le diofisiri tsa meloko ya lona.+
16 Ka nako eo, ka laela baahlodi ba lona ka re, ‘Ha le mamela taba eo batho ba e tlisang ebang ke pakeng tsa Baiseraele ba babedi kapa pakeng tsa Moiseraele le moditjhaba+ ya dulang le lona, le ahlole ka toka.+ 17 Le se ke la ba leeme* ha le ahlola.+ Le mamele motho ya maemong a tlase jwalo ka ha le mamela ya maemong a hodimo.+ Ho se ke ha eba le motho ya le tshosang+ ka ha kahlolo ke ya Modimo.+ Haeba nyewe e le boima haholo le e tlise ho nna mme ke tla e mamela.’+ 18 Ka nako eo, ke ile ka le laela hore na ke dintho dife tseo le lokelang ho di etsa.
19 Jwale ra tloha Horebe mme ra tsamaya lefeelleng+ leo le leholo le tshosang leo le le boneng ha le le tseleng e yang sebakeng se dithaba sa Baamore+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa rona a ne a re laetse mme qetellong ra fihla Kadeshe-barnea.+ 20 Yaba ke re ho lona, ‘Le fihlile sebakeng se dithaba sa Baamore, seo Jehova Modimo wa rona a re fang sona. 21 Jehova Modimo wa lona o le file naha ena. Nyolohang, e nkeng hore e be ya lona feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a le boleletse.+ Le se ke la tshoha kapa la haroha matswalo.’
22 Le ha ho le jwalo, kaofela ha lona le ile la tla ho nna mme la re, ‘A re romeleng banna hore ba re hlahlobele naha mme ba re bolelle hore na re tsamaye ka tsela efe le hore na re tlo kopana le metse e jwang.’+ 23 Tlhahiso eo e ne e utlwahala ho nna, ka hoo ka kgetha banna ba 12 ho lona, a le mong ho tswa lelokong ka leng.+ 24 Ba tloha mme ba nyolohela sebakeng se dithaba+ yaba ba fihla Kgohlong* ya Eshkole mme ba hlahloba naha. 25 Ba nka tse ding tsa ditholwana tsa naha eo yaba ba re tlisetsa tsona mme ba re tlalehela ba re, ‘Naha eo Jehova Modimo wa rona a re fang yona e ntle.’+ 26 Empa le ile la hana ho nyolohela naheng eo mme ha le a ka la mamela taelo ya Jehova Modimo wa lona.+ 27 La nna la korotla ditenteng tsa lona la re, ‘Jehova o re ntshitse naheng ya Egepeta ho nehelana ka rona ho Baamore hore ba re fedise hobane a re hloile. 28 Re ya sebakeng se jwang? Bana ba bo rona ba re nyahamisitse*+ ba re, “Re bone batho ba matla le ba balelele ho re feta le metse ya bona e meholo mme marako a yona a fihla mahodimong*+ hape re bone bara ba Baanake+ moo.”’
29 Ka hoo ka re ho lona, ‘Le se ke la tshoha kapa la ba tshaba.+ 30 Jehova Modimo wa lona o tla tsamaya ka pela lona mme o tla le lwanela+ feela jwalo ka ha le ile la bona ha a le lwanela naheng ya Egepeta.+ 31 Hape le bone ka moo Jehova Modimo wa lona a ileng a le hlokomela ka teng lefeelleng feela jwalo ka ha ntate a hlokomela mora wa hae, hohle moo le tsamaileng ho fihlela le fihla sebakeng sena.’ 32 Empa ho sa tsotellehe tsena tsohle, ha le a ka la tshepa Jehova Modimo wa lona+ 33 ya neng a le etella pele tseleng ho ya le batlela sebaka seo le ka hlomang ditente ho sona. O ne a le etella pele ka mollo bosiu le ka leru motshehare hore le bone tsela eo le tla tsamaya ka yona.+
34 Ka nako ena yohle Jehova o ne a utlwa seo le se buang, a halefa mme a hlapanya+ a re, 35 ‘Ha ho le ya mong wa banna bana ba moloko ona o kgopo ya tla bona naha e ntle eo ke hlapantseng hore ke tla e fa bontata lona.+ 36 Ke Kalebe feela mora wa Jefune ya tla e bona mme yena le bara ba hae ke tla ba fa naha eo a tsamaileng ho yona ka ha o latetse Jehova ka pelo yohle.*+ 37 (Le nna Jehova o ile a nkgalefela ka lebaka la lona mme a re, “Le wena o ke ke wa kena ho yona.+ 38 Joshua mora wa Nune ya emeng ka pela hao,+ ke yena ya tla kena naheng.+ Mo matlafatse*+ hobane o tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.”) 39 Ho feta moo, bana ba lona bao le itseng ba tla haptjwa+ le bara ba lona bao kajeno ba sa tsebeng se setle kapa se sebe, ke bona ba tla kena naheng mme ke tla ba fa yona hore e be ya bona.+ 40 Empa ha e le lona, kgutlang mme le ye lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.’+
41 Yaba le re ho nna, ‘Re sitetswe Jehova. Jwale re tla nyoloha mme re lwane feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa rona a re laetse!’ Ka hoo, e mong le e mong wa lona a nka dibetsa tsa hae tsa ntwa. Le ne le nahana hore e tla ba ntho e bonolo ho nyolohela thabeng.+ 42 Empa Jehova a re ho nna, ‘Ere ho bona: “Le se ke la nyoloha mme la lwana hobane nke ke ka ba le lona.+ Haeba le ya, dira tsa lona di tla le hlola.”’ 43 Ka hoo, ke ile ka bua le lona empa ha le a ka la mamela. Ho ena le hoo, le ile la fetohela taelo ya Jehova mme la leka ho nyolohela thabeng ka manganga. 44 Jwale Baamore ba neng ba dula thabeng eo ba tla ho lona jwalo ka dinotshi mme ba le lelekisa yaba ba le hasanya Seire ho ya fihla Horma. 45 Ka hoo, la kgutla mme la qala ho lla ka pela Jehova empa Jehova ha a ka a le mamela. 46 Ke ka lebaka leo le ileng la nna la dula Kadeshe nako e telele.
2 Jwale ra kgutla mme ra tsamaya ho ya lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu feela jwalo ka ha Jehova a ne a mpoleletse+ mme ra nka matsatsi a mangata re tsamaya Thabeng ya Seire. 2 Qetellong Jehova a re ho nna, 3 ‘Le potolohile thaba ena nako e telele. Jwale nkang tsela e yang leboya. 4 O re ho setjhaba: “Le tla feta pela moedi wa bana ba bo lona e leng ditloholo tsa Esau+ tse dulang Seire,+ ba tla le tshaba+ ka hoo le itlhokomele. 5 Le se ke la ba lwantsha* hobane nke ke ka le fa naha le ha e le efe ya bona, le ha e ka ba sebaka se lekanang le bohato ba leoto hobane ke file Esau Thaba ya Seire e le lefa la hae.+ 6 Le reke dijo tseo le tla di ja ho bona le be le patalle metsi ao le tla a nwa.+ 7 Jehova Modimo wa lona o le hlohonolofaditse dinthong tsohle tseo le di entseng. O ile a le hlokomela leetong la lona lefeelleng lena le leholo. Haesale Jehova Modimo wa lona a ena le lona ka dilemo tsena tse 40 mme ha le eso ka le haellwa ke letho.”’+ 8 Ka hoo, ra feta ho bana ba bo rona e leng ditloholo tsa Esau+ tse dulang Seire, ra qoba tsela ya Araba le ya Elathe le ya Ezione-gebere.+
Ka mora moo, ra nka tsela e nngwe mme ra tsamaya ka tsela ya lefeella la Moabe.+ 9 Jwale Jehova a re ho nna, ‘Le se ke la lwantsha Bamoabe hobane nke ke ka le fa naha le ha e le efe ya bona e le lefa ka ha ke file ditloholo tsa Lota+ motse wa Are e le lefa. 10 (Baemime+ ba ne ba dula moo pele. Ba ne ba le matla, ba le bangata ebile ba le balelele jwalo ka Baanake. 11 Barefaime+ le bona ba ne ba nkwa jwalo ka Baanake+ mme Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime. 12 Bahore+ ba ne ba dula Seire pele empa ditloholo tsa Esau di ile tsa ba leleka mme tsa ba fedisa yaba di dula sebakeng sa bona,+ e leng seo Baiseraele ba tla se etsa ka naha eo e leng lefa la bona, eo ka sebele Jehova a tla ba fa yona.) 13 Jwale tsamayang le tshele Kgohlo* ya Zerede.’ Ka hoo, ra tsamaya mme ra tshela Kgohlo ya Zerede.+ 14 Re tsamaile dilemo tse 38 ho tloha Kadeshe-barnea ho fihlela re tshela Kgohlo ya Zerede, ho fihlela moloko wohle wa banna ba ntwa o fedisitswe hara diahelo feela jwalo ka ha Jehova a ne a ikanne ho bona.+ 15 Letsoho la Jehova le ne le le kgahlanong le bona e le hore a ba fedise diahelong ho fihlela ba se ba fedile.+
16 Hang ha banna bohle ba ntwa ba se ba shwele hara setjhaba,+ 17 Jehova a boela a bua le nna a re, 18 ‘Kajeno le tla feta sebakeng sa Moabe, e leng Are. 19 Ha le le haufi le Baamone, le se ke la ba tshwenya kapa la ba qala hobane nke ke ka le fa naha le ha e le efe ya Baamone e le lefa ka ha ke e file ditloholo tsa Lota e le lefa.+ 20 Naha ena le yona e ne e nkwa e le ya Barefaime.+ (Barefaime ba ne ba dula moo pele mme Baamone ba ne ba ba bitsa Bazamzumime. 21 Ba ne ba le matla, ba le bangata ebile ba le balelele jwalo ka Baanake+ empa Jehova a ba fedisa ka pela Baamone mme Baamone ba ba leleka yaba ba dula sebakeng sa bona. 22 Ke seo a se etseditseng ditloholo tsa Esau, tseo hona jwale di dulang Seire,+ ha a fedisa Bahore+ ka pela tsona e le hore di ka ba leleka mme tsa dula sebakeng sa bona ho fihlela letsatsing lena. 23 Ha e le Baavime, ba ile ba dula metsaneng ho ya fihla Gaza+ le ho ya fihla ho Bakaftorime+ ba tswang Kaftore* mme Bakaftorime ba ba fedisa yaba ba dula sebakeng sa bona.)
24 Emang mme le tsamaye le tshele Kgohlo ya Arnone.+ Ke nehelane ka Sihone+ wa Moamore morena wa Heshbone matsohong a lona. Ka hoo, qalang ho nka naha ya hae mme le mo lwantshe. 25 Letsatsing lena ke tla tlisa tshabo ho batho bohle ba lefatsheng ba utlwang tlaleho ka lona. Ba tla ferekana mme ba tshohe* ka lebaka la lona.’+
26 Jwale ka romela baromuwa ba tswang lefeelleng la Kedemothe+ ho Morena Sihone wa Heshbone, ka mantswe ana a kgotso+ a reng, 27 ‘Ntumelle hore ke fete naheng ya hao. Ke tla tsamaya tseleng e kgolo feela mme nke ke ka kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.+ 28 Ke tla ja feela dijo tseo o tla nthekisetsa tsona mme ke nwe feela metsi ao o tla nthekisetsa ona, ha feela o ka ntumella hore ke fete 29 ho fihlela ke tshela Jordane ho ya naheng eo Jehova Modimo wa rona a re fang yona. Ditloholo tsa Esau tse dulang Seire le Bamoabe ba dulang Are ba ile ba re dumella ho tshela naheng ya bona.’ 30 Empa Morena Sihone wa Heshbone ha a ka a re dumella hore re fete hobane Jehova Modimo wa lona o ile a mo dumella hore a be manganga+ le hore pelo ya hae e thatafale e le hore a nehelane ka yena matsohong a lona jwalo ka ha a entse hona jwale.+
31 Yaba Jehova o re ho nna, ‘Bona, ke le file Sihone le naha ya hae. E nkeng hore e be ya lona.’+ 32 Ha Sihone a tswa le setjhaba sohle sa hae ho re kgahlanyetsa ka ntwa Jahaze,+ 33 Jehova Modimo wa rona a nehelana ka yena ho rona mme re ile ra mo hlola, ra hlola le bara ba hae le setjhaba sohle sa hae. 34 Re ile ra hapa metse yohle ya hae ka yona nako eo mme ra fedisa motse o mong le o mong ho akarelletsa le banna, basadi le bana. Ha ho na motho ya ileng a pholoha.+ 35 Re ile ra inkela feela mehlape ha mmoho le dintho tsa metseng eo re e hapileng. 36 Ho tloha Aroere+ e lebopong la Kgohlo ya Arnone (ha mmoho le motse o kgohlong) ho ya fihla Gileade, ha ho na motse oo re neng re sa fihle ho wona. Jehova Modimo wa rona o ile a nehelana ka yona kaofela ho rona.+ 37 Le ha ho le jwalo, ha le a ka la atamela naha ya Baamone,+ lebopo lohle la Kgohlo ya Jaboke+ le metse e sebakeng se dithaba kapa sebaka le ha e le sefe seo Jehova Modimo wa rona a neng a re thibetse ho ya ho sona.
3 Jwale ra nka tsela e nngwe mme ra nyoloha ka Tsela ya Bashane. Oge morena wa Bashane a tswa le batho ba hae ho tla re lwantsha Edrei.+ 2 Ka hoo, Jehova a re ho nna, ‘O se ke wa mo tshaba hobane ke tla nehelana ka yena le batho ba hae le naha ya hae letsohong la hao mme o tla mo etsa seo o ileng wa se etsa ho Sihone morena wa Baamore ya neng a dula Heshbone.’ 3 Ka hoo, Jehova Modimo wa rona a nehelana le ka Morena Oge wa Bashane le batho bohle ba hae matsohong a rona mme ra nna ra mo lwantsha ho fihlela batho bohle ba hae ba shwele. 4 Yaba re hapa metse yohle ya hae. Ha ho na motse oo re sa kang ra o nka ho bona. Re nkile metse e 60 sebakeng sohle sa Argobe e leng mmuso wa Oge o Bashane.+ 5 Metse ena kaofela e ne e sireleditswe ka marako, dikeiti le mekwallo. Re ile ra boela ra nka le metse e mengata e menyenyane. 6 Le ha ho le jwalo, ra e fedisa+ feela jwalo ka ha re ne re entse ho Morena Sihone wa Heshbone, ka ho fedisa motse o mong le o mong ho akarelletsa banna, basadi le bana.+ 7 Ra inkela le mehlape yohle le dintho tseo re di hapileng metseng eo.
8 Ka nako eo, re ile ra nka naha ya marena a mabedi a Baamore+ a neng a le sebakeng sa Jordane, ho tloha Kgohlong ya Arnone* ho ya fihla Thabeng ya Hermone+ 9 (thaba eo Basidone ba neng ba e bitsa Sirione mme Baamore ba e bitsa Senire), 10 metse yohle e sebakeng se phahameng,* Gileade yohle le Bashane yohle ho ya fihla Salka le Edrei+ e leng metse ya mmuso wa Oge o Bashane. 11 Morena Oge wa Bashane e ne e le wa ho qetela wa ba setseng ho Barefaime. Lekase* la hae le ne le entswe ka tshepe.* Le ntse le le Raba motseng wa Baamone. Le ne le le bolelele ba dimithara tse nne* mme le le bophara ba dimithara tse ka bang pedi* ho latela tekanyo e behilweng. 12 Ka nako eo, re ile ra nka naha ena: Ho tloha Aroere+ e pela Kgohlo ya Arnone* le halofo ya sebaka se dithaba sa Gileade mme metse ya yona ke e file Barubene le Bagade.+ 13 Karolo e nngwe kaofela ya Gileade le Bashane yohle ya mmuso wa Oge ke e file halofo ya leloko la Manase.+ Sebaka sohle sa Argobe e leng sa Bashane, se ne se tsejwa e le naha ya Barefaime.
14 Jaire+ mora wa Manase a nka sebaka sohle sa Argobe+ ho ya fihla moeding wa Bageshure le Bamakathe+ mme a rehella metsana eo ya Bashane ka yena. E ntse e bitswa Havothe-jaire*+ ho fihlela letsatsing lena. 15 Ke ile ka fa Makire Gileade.+ 16 Yaba ke fa Barubene le Bagade+ ho tloha Gileade ho ya Kgohlong ya Arnone.* Bohareng ba kgohlo ke moedi* le ho ya fihla Jaboke, e leng kgohlo eo e leng moedi wa Baamone. 17 Ka ba fa le Araba le Jordane le moedi wa yona ho tloha Kinerethe ho ya Lewatleng la Araba e leng Lewatle la Letswai,* qalong ya moepa wa Pisga ka botjhabela.+
18 Yaba ke le fa taelo ena: ‘Jehova Modimo wa lona o le file naha ena hore e be ya lona. Banna bohle ba lona ba sebete ba tla nka dihlomo mme ba tshele pele ho bana ba bo lona e leng Baiseraele.+ 19 Ke feela basadi ba lona, bana ba lona le mehlape ya lona (ke tseba hantle hore le na le mehlape e mengata) ba tlang ho tswela pele ba dula metseng eo ke le fileng yona 20 ho fihlela Jehova a fa bana ba bo lona phomolo jwalo ka ha a le file mme le bona ba nkile naha eo Jehova Modimo wa lona a tla ba fa yona ka nqane ho Jordane. Ka mora moo, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+
21 Ka nako eo ka fa Joshua+ taelo ena: ‘O bone ka mahlo hore na Jehova Modimo wa lona o entseng ho marena ana a mabedi. Jehova o tla etsa se tshwanang ka mebuso yohle eo le tla feta ho yona.+ 22 Le se ke la ba tshaba hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya le lwanelang.’+
23 Ka nako eo ka kopa Jehova ka re, 24 ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla,+ ke modimo ofe ya mahodimong kapa lefatsheng ya etsang diketso tse matla jwalo ka wena?+ 25 Ke kopa o ntumelle hore ke tshele mme ke bone naha e ntle e ka nqane ho Jordane, sebaka sena se setle se dithaba le Lebanone.’+ 26 Empa Jehova o ne a ntse a nkgalefetse ka lebaka la lona+ mme o ne a ke ke a mmamela. Ho ena le hoo, Jehova a re ho nna, ‘Ho lekane! O se ke wa hlola o bua le nna hape ka taba ena. 27 Nyolohela ka hodima Pisga,+ o shebe ka bophirimela, ka leboya, ka borwa le ka botjhabela mme o bone naha ka mahlo a hao ka ha o ke ke wa tshela Jordane+ ena. 28 Kgetha Joshua+ hore e be moetapele, o mo kgothatse mme o mo matlafatse hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele+ hore se kene naheng eo o tla e bona.’ 29 Dintho tsena tsohle di etsahetse ha re ne re dula kgohlong e ka pela Bethe-peore.+
4 Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona mme le di phethe e le hore le tle le phele+ mme le nke naha eo Jehova, Modimo wa baholoholo ba lona a le fang yona. 2 Le se ke la eketsa letho ditaelong tseo ke le fang tsona kapa la fokotsa+ empa le mamele ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le fang tsona.
3 Le bone seo Jehova a se entseng ka lebaka la Baale wa Peore. Jehova Modimo wa lona o ile a fedisa motho e mong le e mong hara lona ya neng a latela Baale wa Peore.+ 4 Empa lona bohle ba kgomaretseng Jehova Modimo wa lona le a phela kajeno. 5 Ke le rutile ditaelo le melao+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa ka a ntaetse e le hore le ka e mamela naheng eo le yang ho yona hore e be ya lona. 6 Le e mamele ka hloko+ hobane le tla bontsha hore le bohlale+ ebile le na le kutlwisiso+ ka pela ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle mme di tla re, ‘Ka sebele setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale le se nang le kutlwisiso.’+ 7 Ke setjhaba sefe se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona jwalo ka ha Jehova Modimo wa rona a le haufi le rona ha re kopa thuso ho yena?+ 8 Hape ke setjhaba sefe se seholo se nang le melao e lokileng le ditaelo tse jwalo ka Molao oo wohle oo ke le fang wona kajeno?+
9 Le itlhokomele mme le itebele e le hore le se ke la lebala dintho tseo le di boneng le hore di se ke tsa tloha dipelong tsa lona ha feela le ntse le phela. Hape le di tsebise bara ba lona le ditloholo tsa lona.+ 10 Letsatsing leo ka lona le ileng la ema ka pela Jehova Modimo wa lona Horebe, Jehova o ile a re ho nna, ‘Mpitsetse setjhaba hore se tlo utlwa mantswe a ka+ e le hore se ithute ho ntshaba+ ha se ntse se phela lefatsheng le hore se rute bara ba sona.’+
11 Ka hoo, la tla mme la ema botlaseng ba thaba. E ne e tuka mme mollo oo o fihla mahodimong. Ho ne ho le lefifi, ho ena le maru le botsho bo boholo.+ 12 Jehova a bua le lona a le hara mollo.+ Le ile la utlwa a bua empa ha le a ka la bona letho,+ le ne le utlwa lentswe feela.+ 13 A le bolella selekane* sa hae+ seo a le laetseng hore le se phethe e leng Melao e Leshome.*+ Ka mora moo, a e ngola matlapeng a mabedi a lejwe.+ 14 Ka nako eo, Jehova a ntaela hore ke le rute ditaelo le melao eo le lokelang ho e mamela naheng eo le tla kena ho yona hore le e nke e be ya lona.
15 Letsatsing leo Jehova a neng a bua le lona Horebe a le hara mollo ha le a ka la bona letho. Ka hona, le ele hloko 16 hore le se ke la itshilafatsa ka ho iketsetsa setshwantsho sa ntho le ha e le efe, ebang ke setshwantsho sa monna kapa sa mosadi,+ 17 sa phoofolo kapa sa nonyana e fofang sepakapakeng,+ 18 sa tlhapi e ka metsing+ kapa sa phoofolo le ha e le efe e hahabang. 19 Ha le phahamisetsa mahlo a lona mahodimong mme le bona letsatsi le kgwedi le dinaledi, e leng makgotla ohle a mahodimo, le se ke la lekeha hore le a sebeletse kapa le a inamele.+ Jehova Modimo wa lona o a file ditjhaba tsohle tse tlasa mahodimo ohle. 20 Empa ke lona bao Jehova a ba nkileng mme a le ntsha seboping se tjhesang tshepe, Egepeta, hore le be setjhaba sa hae*+ jwalo ka ha le le sona kajeno.
21 Jehova a nkgalefela ka lebaka la lona+ mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jordane kapa ho ya naheng e ntle eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa.+ 22 Ka ha ke tla shwella naheng ena, nke ke ka tshela Jordane+ empa lona le tla tshela mme le nke naha ena e ntle hore e be ya lona. 23 Le hlokomele hore le se ke la lebala selekane sa Jehova Modimo wa lona seo a se entseng le lona+ mme le se ke la iketsetsa setshwantsho se betlilweng sa ntho le ha e le efe eo Jehova Modimo wa lona a itseng le se ke la e etsa.+ 24 Ka ha Jehova Modimo wa lona o tshwana le mollo o fedisang,+ ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho yena feela.+
25 Haeba le eba le bara le ditloholo ebile le se le phetse nako e telele naheng mme le itshilafatsa ka ho etsa setshwantsho se betlilweng+ sa mofuta le ha e le ofe, hape le etsa ntho e sa thabiseng Jehova Modimo wa lona mme le mo halefisa,+ 26 kajeno ke nka mahodimo le lefatshe e le dipaki kgahlanong le lona hore ka sebele le tla fediswa ka potlako naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka hore e be ya lona. Le ke ke la dula nako e telele ho yona empa le tla fediswa ka ho felletseng.+ 27 Jehova o tla le hasanya hara ditjhaba+ mme ho tla phonyoha ba seng bakae+ ho lona ditjhabeng tseo Jehova a tla be a le leleketse ho tsona. 28 Moo le tla lokela ho sebeletsa medimo e entsweng ke batho+ ka patsi le lejwe, medimo e ke keng ya bona kapa ya utlwa kapa ya ja kapa ya fofonela.
29 Haeba le batla Jehova Modimo wa lona ha le le moo mme le mo batla ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ ka sebele le tla mo fumana.+ 30 Nakong e tlang ha le le mahlomoleng mme dintho tsena tsohle di le etsahalla, jwale le tla kgutlela ho Jehova Modimo wa lona mme le mamele lentswe la hae.+ 31 Hobane Jehova Modimo wa lona ke Modimo ya mohau.+ A ke ke a le lahla kapa a le fedisa kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng baholoholo ba lona.+
32 Jwale, botsisisang hona jwale ka matsatsi a pele le eba teng, ho tloha letsatsing la ha Modimo a bopa motho lefatsheng. Le batle ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho fihlela pheletsong e nngwe ya ona. Na ho na le ntho le ha e le efe e kgolo hakana e kileng ya etsahala kapa na ho na le ntho e jwalo ka yona e kileng ya utluwa?+ 33 Na ho na le setjhaba se seng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo le bua hara mollo jwalo ka ha le le utlwile mme sa nna sa phela?+ 34 Kapa na Modimo o kile a leka ho inkela setjhaba hara setjhaba se seng, a sebedisa dikotlo,* dipontsho, mehlolo,+ ntwa,+ letsoho le matla+ le diketso tse tshosang+ e le hore a se nke jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a entse bakeng sa lona Egepeta ka pela mahlo a lona? 35 Le bontshitswe dintho tsena e le hore le tsebe hore Jehova ke Modimo wa nnete,+ ha ho e mong ntle le yena.+ 36 O entse hore le utlwe lentswe la hae le tswa mahodimong e le hore a le kgalemele, lefatsheng o entse hore le bone mollo wa hae o moholo mme le utlwile mantswe a hae hara mollo.+
37 Ka ha o ratile baholoholo ba lona mme o kgethile ditloholo* tsa bona+ hore e be setjhaba sa hae, le ntshitswe Egepeta a le teng ka matla a hae a maholo. 38 O ile a leleka ditjhaba tse kgolo le tse matla ho le feta ka pela lona, e le hore a le kenye naheng ya tsona mme a le fe yona e le lefa jwalo ka ha a etsa letsatsing lena.+ 39 Ka hoo, letsatsing lena tsebang mme le hopole hore Jehova ke Modimo wa nnete mahodimong le lefatsheng.+ Ha ho e mong.+ 40 Le mamele ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke le fang yona kajeno, e le hore dintho di le tsamaele hantle le bara ba lona, e le hore le ka dula nako e telele naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona.”+
41 Ka nako eo, Moshe a kgetha metse e meraro ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.+ 42 Haeba motho a bolaya e mong a sa ikemisetsa ebile a ne a sa mo hloya,+ o lokela ho balehela ho e meng ya metse ena e le hore a nne a phele.+ 43 Bakeng sa Barubene ke motse wa Bezere+ o lefeelleng la sehlaba, bakeng sa Bagade ke motse wa Ramothe+ o Gileade mme bakeng sa Bamanase+ ke motse wa Golane+ o Bashane.
44 Jwale ona ke Molao+ oo Moshe a ileng a o beha ka pela setjhaba sa Iseraele. 45 Tsena ke dikgopotso, ditaelo le melao eo Moshe a e fileng Baiseraele ka mora hore ba tswe Egepeta,+ 46 sebakeng sa Jordane, kgohlong e shebaneng le Bethe-peore,+ naheng ya Morena Sihone wa Baamore ya neng a dula Heshbone,+ eo Moshe le Baiseraele ba ileng ba mo hlola ka mora hore ba tswe Egepeta.+ 47 Yaba ba nka naha ya hae le naha ya Morena Oge+ wa Bashane, e leng marena a mabedi a Baamore a neng a le sebakeng se ka botjhabela ho Jordane, 48 ho tloha Aroere+ e lebopong la Kgohlo ya Arnone, ho ya fihla Thabeng ya Sione, e boetseng e bitswa Hermone,+ 49 le Araba yohle sebakeng se ka botjhabela ho Jordane, le ho ya fihla Lewatleng la Araba,* qalong ya moepa wa Pisga.+
5 Jwale Moshe a bitsa Baiseraele bohle a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, le ithute tsona mme le di phethe. 2 Jehova Modimo wa rona o entse selekane le rona Horebe.+ 3 Jehova o entse selekane sena le rona kaofela ba phelang kajeno eseng le baholoholo ba rona. 4 Jehova o buile le lona ka ho toba* thabeng a le hara mollo.+ 5 Ka nako eo, ke ne ke eme pakeng tsa lona le Jehova+ ho le bolella mantswe a Jehova ka ha le ne le tshaba ho nyolohela thabeng ka lebaka la mollo.+ O ile a re:
6 ‘Ke nna Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ntlong ya bokgoba.+ 7 Le ka mohla o se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna.+
8 O se ke wa iketsetsa setshwantsho+ kapa ntho le ha e le efe e tshwanang le ntho e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe. 9 O se ke wa di inamela kapa wa di sebeletsa+ hobane nna Jehova Modimo wa hao, ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho nna feela,+ ya fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la diphoso tsa bontata bona, ho moloko wa boraro le moloko wa bone wa ba ntlhoileng.+ 10 Empa ke bontsha mosa* melokong e sekete ya ba nthatang mme ba mamela ditaelo tsa ka.
11 O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao hampe+ hobane Jehova o tla fana ka kotlo ho mang kapa mang ya sebedisang lebitso la hae hampe.+
12 Boloka letsatsi la Sabatha mme o le nke le halalela feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse.+ 13 O etse mosebetsi wohle wa hao ka matsatsi a tsheletseng+ 14 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao.+ O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe,+ ebang ke wena, mora wa hao, moradi wa hao, lekgoba la hao la monna kapa la mosadi, poho ya hao, tonki ya hao, phoofolo ya hao e ruilweng kapa moditjhaba wa hao ya dulang motseng* wa hao,+ e le hore lekgoba la hao la monna le la mosadi le ka phomola jwalo ka wena.+ 15 Hopola hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta le hore Jehova Modimo wa hao o ile a o ntsha teng ka letsoho le matla.+ Ke ka lebaka leo Jehova Modimo wa hao a o laetseng hore o boloke letsatsi la Sabatha.
16 Hlompha ntate wa hao le mme wa hao+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o laetse e le hore o ka phela nako e telele le hore o atlehe* naheng eo Jehova Modimo wa hao a o fang yona.+
20 O se ke wa bua leshano ha o fana ka bopaki ka motho e mong.+
21 O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong.+ O se ke wa lakatsa ntlo ya motho e mong, tshimo ya hae, lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, poho ya hae, tonki ya hae kapa ntho le ha e le efe ya motho e mong+ ka lebaka la boithati.’
22 Jehova o boleletse setjhaba sohle sa lona ditaelo* tsena thabeng ka lentswe le phahameng a le hara mollo, leru le botsho bo boholo+ mme ha a ka a eketsa letho. Ka mora moo, a di ngola hodima matlapa a mabedi a lejwe yaba o mpha ona.+
23 Empa hang ha le utlwile lentswe lefifing, ha thaba e ntse e tuka,+ dihlooho tsohle tsa maloko a lona le banna ba baholo ba tla ho nna. 24 Jwale la re, ‘Bona, Jehova Modimo wa rona o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae mme re utlwile lentswe la hae le tswa hara mollo.+ Letsatsing lena re bone hore Modimo a ka bua le motho mme a tswela pele a phela.+ 25 Jwale, ke hobaneng ha re lokela ho shwa? Haeba re tswela pele ho utlwa lentswe la Jehova Modimo wa rona, re tla shwa ka ha mollo ona o moholo o ka re tjhesa. 26 Ke mang ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang le bua hara mollo jwalo ka rona, le ha ho le jwalo a nna a phela? 27 Wena atamela mme o mamele sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla se bua, ke wena ya tla re bolella sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla o bolella sona, re tla mamela mme re se phethe.’+
28 Jehova o utlwile hore na le itseng ho nna mme Jehova o itse, ‘Ke utlwile hore na setjhaba sena se itseng ho wena. Sohle seo se se buileng se molemo.+ 29 Hoja se ne se ka dula se ntshaba+ mme se mamela ditaelo tsohle tsa ka,+ se ne se tla atleha ka ho sa feleng ha mmoho le bara ba sona.+ 30 Eya ho sona mme o re: “Kgutlelang ditenteng tsa lona.” 31 Empa wena o dule mona le nna, ke o bolelle ditaelo tsohle le melao eo o lokelang ho e ruta setjhaba le eo se tla e mamela naheng eo ke se fang yona hore e be ya sona.’ 32 Jwale le etse bonnete ba hore le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.+ 33 Le tsamaye ditseleng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le laetseng tsona+ e le hore le atlehe mme le phele nako e telele naheng eo le tla e nka hore e be ya lona.+
6 Jwale tsena ke ditaelo le melao eo Jehova Modimo wa lona a faneng ka yona ho le ruta e le hore le tle le e phethe ha le tshelela naheng eo le tla e nka hore e be ya lona. 2 Le tshabe Jehova Modimo wa lona ka matsatsi ohle a bophelo ba lona mme le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le bolellang tsona, lona le bara ba lona le ditloholo tsa lona+ e le hore le ka phela nako e telele.+ 3 Le mamele ka hloko lona Baiseraele e le hore le ka atleha mme la ba bangata naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a le tshepisitse.
4 Mamelang lona Baiseraele: Jehova Modimo wa rona ke Jehova a le mong.+ 5 O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya*+ wa hao wohle le ka matla a hao ohle.*+ 6 Mantswe ana ao ke o laelang ona kajeno a be pelong ya hao. 7 O a rute bana* ba hao+ ka ho phetapheta mme o bue ka ona ha o dutse ka tlung ya hao, ha o tsamaya tseleng, ha o yo robala le ha o tsoha.+ 8 O a tlame letsohong la hao e le hore o a hopole mme a be jwalo ka lebanta le rwalwang phatleng* ya hao.+ 9 O a ngole dikoseneng tsa menyako ya ntlo ya hao le dikeiting tsa hao.
10 Ha Jehova Modimo wa lona a le tlisa naheng eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla le fa yona+ e leng metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha,+ 11 matlo a tletseng dintho tsa mefuta yohle tse ntle tseo le sa kang la di sebeletsa, didiba tseo le sa kang la di tjheka, dirapa tsa morara le difate tsa mohlwaare tseo le sa kang la di lema mme le jele ebile le kgotsofetse,+ 12 le itlhokomele hore le se ke la lebala Jehova+ ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ka tlung ya bokgoba. 13 Le tshabe Jehova Modimo wa lona,+ ke yena eo le lokelang ho mo sebeletsa+ mme le hlapanye ka lebitso la hae.+ 14 Le se ke la latela medimo le ha e le efe ya ditjhaba tse le potolohileng+ 15 hobane Jehova Modimo wa lona ya hara lona ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho yena feela.+ Ho seng jwalo, Jehova Modimo wa lona o tla le halefela haholo+ mme a le fedise lefatsheng.+
16 Le se ke la leka+ Jehova Modimo wa lona ka tsela eo le ileng la mo leka ka yona Masa.+ 17 Le leke ka hohle ho phetha ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona le dikgopotso tsa hae le melao ya hae eo a le laetseng yona. 18 Le etse se nepahetseng le se setle ho Jehova e le hore le ka atleha mme la nka naha e ntle eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla ba fa yona,+ 19 ka ho leleka dira tsohle tsa lona ka pela lona feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse.+
20 Nakong e tlang ha ngwana wa hao a o botsa a re, ‘Ke hobaneng ha Jehova Modimo wa rona a le file dikgopotso, melao le diqeto tsee tsa boahlodi?’ 21 O re ho yena, ‘Re bile makgoba a Faro Egepeta empa Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla. 22 Ra bona ha Jehova a ntse a etsa dipontsho le mehlolo e meholo le e tshosang Egepeta,+ ho Faro le ho lelapa lohle la hae.+ 23 A re ntsha moo e le hore a re tlise mona le ho re fa naha eo a hlapanyeditseng baholoholo ba rona hore o tla ba fa yona.+ 24 Yaba Jehova o re laela hore re mamele melao ena yohle le hore re tshabe Jehova Modimo wa rona e le hore dintho di re tsamaele hantle ka dinako tsohle+ le hore re tswele pele re phela+ jwalo ka ha re phela kajeno. 25 Re tla nkwa re lokile haeba re latela ditaelo tsena tsohle ka hloko e le ho bontsha hore re mamela Jehova Modimo wa rona feela jwalo ka ha a re laetse.’+
7 Ha Jehova Modimo wa lona a le tlisa naheng eo le tlang ho kena ho yona hore e be ya lona,+ o tla boela a tlose ditjhaba tse nang le baahi ba bangata ka pela lona:+ Bahethe, Bagirgashe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ e leng ditjhaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho le feta.+ 2 Jehova Modimo wa lona o tla nehelana ka tsona ho lona mme le tla di hlola.+ Ka sebele le lokela ho di fedisa.+ Le se ke la etsa selekane le tsona kapa la di hauhela.+ 3 Le se ke la etsa selekane le ha e le sefe sa lenyalo* le ditjhaba tseo. Le se ke la fana ka baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale baradi ba tsona.+ 4 Ka ha ba tla kgelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela mme ba sebeletse medimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo mme o tla le fedisa ka potlako.+
5 Ho ena le hoo, le etse tjena ho ditjhaba tseo: Le heletse dialetare tsa tsona, le dihe dipilara tsa tsona tse halalelang,+ le kgaole dipalo tsa tsona tse halalelang*+ mme le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tse betlilweng.+ 6 Le setjhaba se halalelang ho Jehova Modimo wa lona mme Jehova Modimo wa lona o kgethile lona hore le be setjhaba sa hae, thepa ya hae e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle tse hodima lefatshe.+
7 Ha se hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle Jehova a ileng a le rata mme a le kgetha+ ka ha le ne le le setjhaba se senyenyane hara ditjhaba tsohle.+ 8 Ho ena le hoo, Jehova o ile a le ntsha ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ya bokgoba,+ matleng* a Faro morena wa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ya hae eo a e hlapanyeditseng baholoholo ba lona.+ 9 Le tseba hantle hore Jehova Modimo wa lona ke Modimo wa nnete, Modimo ya tshepahalang, ya phethang selekane sa hae le ya bontshang lerato* melokong e sekete ya ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae.+ 10 Empa ba mo hloileng o tla iphetetsa ka ho ba fedisa.+ A ke ke a dieha ho fana ka kotlo ho ba mo hloileng, o tla iphetetsa. 11 Ka hoo, le etse bonnete ba hore le mamela ditaelo le melao eo ke le laelang yona kajeno ka hore le e phethe.
12 Haeba le tswela pele ho mamela diqeto tsena tsa boahlodi mme le di latela, Jehova Modimo wa lona o tla phetha selekane sa hae mme a le bontshe lerato* jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona. 13 O tla le rata, a le hlohonolofatse mme a le atise. O tla le hlohonolofatsa ka bana ba bangata+ mme a eketse dihlahiswa tsa mobu wa lona, dijo tsa lona tsa masimong, veine ya lona e ntjha, oli ya lona,+ manamane a dikgomo tsa lona le dikonyana tsa dinku tsa lona naheng eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona.+ 14 Le tla hlohonolofatswa ka ho fetisisa ditjhabeng tsohle.+ Ha ho na monna kapa mosadi ya ke keng a ba le bana hara lona kapa mehlape ya lona e ke keng ya tswala.+ 15 Jehova o tla tlosa ho kula hohle hara lona mme a ke ke a le tlisetsa malwetse le ha e le afe a mabe ao le a boneng Egepeta.+ Ho ena le hoo, o tla a tlisetsa bohle ba le hloileng. 16 Le tla fedisa ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le fang tsona.+ Le* se ke la di utlwela bohloko+ mme le se ke la sebeletsa medimo ya tsona+ hobane seo e tla ba leraba ho lona.+
17 Haeba le ka re ka dipelong tsa lona, ‘Ditjhaba tsena di ngata ho re feta. Re tla di leleka jwang?’+ 18 Le se ke la di tshaba.+ Le hopole seo Jehova Modimo wa lona a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bohle+ 19 le dikotlo* tse kgolo tseo le di boneng le dipontsho+ le mehlolo le letsoho le matla leo Jehova Modimo wa lona a le ntshitseng ka lona.+ Ke seo Jehova Modimo wa lona a tla se etsa ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.+ 20 Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore di nyahame* ho fihlela ba neng ba siilwe+ le ba neng ba ipatetse lona ba fediswa. 21 Le se ke la tshoha ka lebaka la bona hobane Jehova Modimo wa lona o na le lona,+ Modimo e moholo le ya hlomphehang.+
22 Jehova Modimo wa lona o tla leleka ditjhaba tsena hore di be hole le lona butlebutle.+ Le ke ke la dumellwa hore le di fedise kapele e le hore diphoofolo tse hlaha di se ke tsa ba ngata mme tsa le lematsa. 23 Jehova Modimo wa lona o tla nehelana ka tsona ho lona mme le di hlole ho fihlela di fedisitswe.+ 24 O tla nehelana ka marena a tsona matsohong a lona+ mme ha ho na motho ya tla hopola mabitso a tsona.+ Ha ho na motho ya tla ema kgahlanong le lona+ ho fihlela le di fedisitse.+ 25 Le tjhese ditshwantsho tsa medimo ya tsona mollong.+ Le se ke la kgalla silevera le kgauta e ho tsona kapa la inkela yona+ e le hore e se ke ya le tshwasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Modimo wa lona.+ 26 Le se ke la tlisa ntho e nyonyehang ka matlung a lona yaba le fetoha ntho e lokelang ho fediswa jwalo ka yona. Le e hloye ka dipelo tsohle tsa lona hobane e lokela ho fediswa.
8 Le etse bonnete ba hore le latela taelo e nngwe le e nngwe eo ke le fang yona kajeno e le hore le ka tswela pele le phela+ mme la ata la nka naha eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla ba fa yona.+ 2 Le hopole tsela e telele eo Jehova Modimo wa lona a le tsamaisitseng ka yona ka dilemo tsena tse 40 lefeelleng+ hore a le kokobetse le hore a le leke+ e le hore a ka tseba se ka dipelong tsa lona+ hore na le tla mamela ditaelo tsa hae kapa tjhe. 3 Ka hoo, o entse hore le be le boikokobetso mme a le tlohela hore le lape+ yaba o le fepa manna,+ ao lona le bontate ba lona le neng le sa a tsebe e le hore le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Jehova.+ 4 Diaparo tseo le neng le di apere ha di a ka tsa taboha le ha e le hore maoto a lona a ile a ruruha ka dilemo tsena tse 40.+ 5 Le tseba hantle ka dipelong tsa lona hore Jehova Modimo wa lona o ne a le kgalemela feela jwalo ka ha ntate a kgalemela mora wa hae.+
6 Jwale le mamele ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona ka ho tsamaya ditseleng tsa hae le ka ho mo tshaba. 7 Jehova Modimo wa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ya melapo ya metsi* le didiba* tse phallang thoteng le dithabeng, 8 naha ya koro le harese, ya dirapa tsa morara, difate tsa feie* le dikgarenate,+ naha ya oli ya mohlwaare le mahe a dinotshi,+ 9 naha eo dijo di ke keng tsa haella le moo le ke keng la haellwa ke letho, naha eo majwe a yona e leng a tshepe le eo dithabeng tsa yona le tla rafa koporo.
10 Ha le se le jele mme le kgotsofetse, le rorise Jehova Modimo wa lona ka ho le fa naha e ntle.+ 11 Le hlokomele hore le se ke la lebala Jehova Modimo wa lona ka ho hloleha ho mamela melao le ditaelo tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 12 Ha le ja, le kgotsofala mme le haha matlo a matle ebile le dula ho ona,+ 13 mohlape wa lona wa dikgomo le wa dinku le dipodi o eketseha, le silevera le kgauta tsa lona di eketseha mme dintho tsohle tseo le nang le tsona di eba ngata, 14 le se ke la dumella dipelo tsa lona ho ikgohomosa+ yaba le lebala Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ka tlung ya bokgoba,+ 15 ya le tsamaisitseng lefeelleng+ le leholo le le tshabehang le nang le dinoha tse tjhefo, diphepheng le mobu o omelletseng o se nang metsi. O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng le thata.+ 16 A le fepa manna+ lefeelleng, ao bontate ba lona ba neng ba sa a tsebe, a etsa hore le be le boikokobetso+ mme a le leka e le hore a le etsetse se molemo nakong e tlang.+ 17 Haeba le ka re ka dipelong tsa lona, ‘Re fumane maruo ana ka matla a rona le ka bokgoni ba rona,’+ 18 le hopole hore ke Jehova Modimo wa lona ya le fang matla a hore le rue+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a se hlapanyeditseng baholoholo ba lona jwalo ka ha a etsa kajeno.+
19 Haeba le ka mohla le ka lebala Jehova Modimo wa lona mme la latela medimo e meng, la e sebeletsa la ba la e inamela, ke a le lemosa kajeno hore le tla fediswa.+ 20 Le tla fediswa jwalo ka ditjhaba tseo Jehova a di fedisang ka pela lona hobane le tla be le sa mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.+
9 Mamelang lona Baiseraele. Kajeno le tshela Jordane+ ho ya leleka ditjhaba tse kgolo le tse matla ho le feta,+ metse e meholo le eo marako a yona a fihlang mahodimong,+ 2 setjhaba se matla le se nang le batho ba balelele, bara ba Baanake,+ bao le ba tsebang le bao le ileng la utlwa ho thwe ka bona, ‘Ke mang ya ka emang ka pela bara ba Anake?’ 3 Ka hoo, tsebang kajeno hore Jehova Modimo wa lona o tla le etella pele.+ O tshwana le mollo o fedisang+ mme o tla ba fedisa. O tla ba kokobetsa ka pela lona e le hore le ka ba leleka ka potlako mme la ba fedisa feela jwalo ka ha Jehova a le tshepisitse.+
4 Ha Jehova Modimo wa lona a ba leleka, le se ke la re ka dipelong tsa lona, ‘Jehova o re tlisitse ho tla nka naha ena hobane re lokile.’+ Ho ena le hoo, Jehova o leleka ditjhaba tsena ka lebaka la bokgopo ba tsona.+ 5 Ha le tlo nka naha ya tsona hobane le lokile kapa le ena le dipelo tse lokileng. Ho ena le hoo, Jehova Modimo wa lona o leleka ditjhaba tsena ka pela lona+ ka hobane di le kgopo e le hore a phethe lentswe leo Jehova a le hlapanyeditseng baholoholo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ 6 Jwale tsebang hore ha se hobane le lokile Jehova Modimo wa lona a le fang naha ena e ntle hore le e nke mme e be ya lona hobane le setjhaba se manganga.*+
7 Le se ke la lebala ka moo le halefisitseng Jehova Modimo wa lona ka teng lefeelleng.+ Le fetohetse Jehova+ ho tloha letsatsing leo ka lona le tswileng naheng ya Egepeta ho fihlela le fihla sebakeng sena. 8 Le ha le le Horebe le ile la halefisa Jehova mme Jehova o ile a le halefela hoo a batlileng a le fedisa.+ 9 Ha ke nyolohela thabeng ho ya amohela matlapa a lejwe+ e leng matlapa a selekane seo Jehova a neng a se entse le lona,+ ke ile ka dula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40,+ ke sa je ebile ke sa nwe metsi. 10 Jwale Jehova a mpha matlapa a mabedi a lejwe a ngotsweng ka monwana wa Modimo mme ho ona ho ne ho ena le mantswe ohle ao Jehova a a buileng le lona thabeng hara mollo letsatsing leo le neng le kopane* moo.+ 11 Ha matsatsi a 40 le masiu a 40 a fela, Jehova a mpha matlapa a mabedi a lejwe e leng matlapa a selekane. 12 Yaba Jehova o re ho nna, ‘Ema mme o theohe kapele hobane setjhaba sa heno seo o se ntshitseng Egepeta se entse sebe.+ Se kgelohile kapele tseleng eo ke itseng se e latele. Se iketseditse setshwantsho sa tshepe.’*+ 13 Jehova a boela a re ho nna, ‘Ke bone hore setjhaba sena ke setjhaba se manganga.*+ 14 O se ke wa nthibela hore ke se fedise, ke hlakole lebitso la sona tlasa mahodimo mme ke o etse setjhaba se matla le se sengata ho se feta.’+
15 Yaba ke theoha thabeng ha thaba e ntse e tuka mollo+ ke nkile matlapa a mabedi a selekane.+ 16 Jwale ka bona hore le sitetswe Jehova Modimo wa lona. Le ne le iketseditse namane ya tshepe.* Le ne le kgelohile kapele tseleng eo Jehova a itseng le e latele.+ 17 Yaba ke phahamisa matlapa a mabedi, ke a lahlela fatshe mme ke a pshatla ka pela lona.+ 18 Ka kgumama* ka pela Jehova sefahleho sa ka se shebile fatshe jwalo ka pele, ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Ke ne ke sa je dijo le ha e le ho nwa metsi+ ka lebaka la dibe tsohle tseo le di entseng ka ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova le ho mo utlwisa bohloko. 19 Ke ne ke tshohile hobane Jehova o ne a le halefetse haholo+ hoo a neng a ikemiseditse ho le fedisa. Le ha ho le jwalo, le ka nako eo Jehova o ile a mmamela.+
20 Jehova o ne a halefetse Arone mme a ikemiseditse ho mo fedisa+ empa le ka nako eo ke ile ka etsetsa Arone thapedi. 21 Yaba ke nka namane eo le neng le e entse,+ eo le ileng la etsa sebe ka lebaka la ho e etsa, ka e tjhesa mollong. Ka e pshatla ka ba ka e sila ho fihlela e eba jwalo ka lerole mme ka e qhalla nokaneng e phallang ho tloha thabeng.+
22 Le ile la boela la halefisa Jehova ha le le Tabera,+ Masa+ le Kibrothe-hatava.+ 23 Ha Jehova a le ntsha Kadeshe-barnea+ mme a re, ‘Nyolohang mme le nke naha eo ka sebele ke tla le fa yona,’ le ile la boela la hana ho mamela taelo ya Jehova Modimo wa lona+ mme ha le a ka la bontsha tumelo ho yena+ le ho mo mamela. 24 Haesale le sa mamele Jehova ho tloha ha ke qala ho le tseba.
25 Ka hoo, ka nna ka kgumama ka pela Jehova sefahleho sa ka se shebile fatshe ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke ile ka kgumama ka tsela ena hobane Jehova a ne a itse o tlo le fedisa. 26 Ka etsa thapedi ho Jehova ka re, ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o se ke wa fedisa setjhaba sa hao. Ke setjhaba sa hao*+ seo o se lopolotseng ka matla a hao mme wa se ntsha Egepeta ka letsoho le matla.+ 27 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.+ O tshwarele manganga a setjhaba sena, bokgopo ba sona le sebe sa sona.+ 28 Ho seng jwalo, setjhaba seo o re ntshitseng naheng ya sona se ka re: “Jehova o ne a sa kgone ho se isa naheng eo a se tshepisitseng yona mme ka ha o se hloile, o se ntshitse hore a se bolaele lefeelleng.”+ 29 Ke setjhaba sa hao le lefa la hao.*+ Ke setjhaba seo o se ntshitseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.’+
10 Ka nako eo Jehova a re ho nna, ‘Ipetlele matlapa a mabedi a tshwanang le a pele.+ O iketsetse areka* ka patsi mme o nyolohele ho nna thabeng. 2 Matlapeng ao, ke tla ngola mantswe a neng a hlaha matlapeng a pele ao o a pshatlileng mme o a behe ka arekeng.’ 3 Ka hoo, ka etsa areka ka sefate sa leoka mme ka betla matlapa a mabedi a lejwe a tshwanang le a pele yaba ke nyolohela thabeng ka matlapa ao a mabedi ao ke neng ke a tshwere.+ 4 Jwale hodima matlapa ao, Jehova a ngola mantswe ao a neng a a ngotse pele+ e leng Melao e Leshome*+ eo Jehova a neng a le boleletse yona thabeng a le hara mollo+ letsatsing leo le neng le kopane*+ yaba o mpha ona. 5 Ka mora moo, ka theoha thabeng+ yaba ke beha matlapa ka hara areka eo ke neng ke e entse e leng moo a ntseng a le hona teng feela jwalo ka ha Jehova a ne a ntaetse.
6 Yaba Baiseraele ba tloha Beerothe Bene-jakane ba ya Mosera. Ke moo Arone a ileng a shwella teng a ba a patelwa teng+ yaba mora wa hae Eleazare o qala ho sebeletsa e le moprista sebakeng sa hae.+ 7 Ho tloha moo, ba ya Gudegoda mme ho tloha Gudegoda ba ya Jotbatha+ e leng naha e nang le dinokana tse phallang metsi.*
8 Ka nako eo, Jehova a kgetha leloko la Levi+ hore le jare areka ya selekane sa Jehova+ hore le eme ka pela Jehova e le hore le mo sebeletse le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae+ jwalo ka ha le etsa ho fihlela letsatsing lena. 9 Ke ka lebaka leo Levi a sa fuwang kabelo kapa lefa jwalo ka bana babo. Jehova ke lefa la hae feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a ne a mo boleletse.+ 10 Ke ile ka dula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40+ jwalo ka ha ke ile ka etsa pele mme le lekgetlong leo Jehova o ile a mmamela.+ Yaba Jehova o etsa qeto ya hore a se ke a le fedisa. 11 Ka mora moo, Jehova a re ho nna, ‘Itokisetse ho tsamaya mme o etelle setjhaba pele e le hore se nke naha eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba sona hore ke tla ba fa yona.’+
12 Lona Baiseraele, Jehova Modimo wa lona o batla eng ho lona?+ O batla sena feela: Le tshabe Jehova Modimo wa lona,+ le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae,+ le mo rate, le sebeletse Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle+ 13 le hore le latele ditaelo tsa Jehova tseo ke le laelang tsona kajeno molemong wa lona.+ 14 Bonang, mahodimo ke a Jehova Modimo wa lona, esita le mahodimo a mahodimo* le lefatshe le tsohle tse ho lona.+ 15 Empa ke baholoholo ba lona feela bao Jehova a ileng a ba rata mme o kgethile lona ditloholo tsa bona+ hara ditjhaba tsohle jwalo ka ha a entse letsatsing lena. 16 Le hlwekise* dipelo tsa lona+ mme le kgaotse ho ba manganga* hakana.+ 17 Hobane Jehova Modimo wa lona ke Modimo wa medimo+ le Morena wa marena, Modimo e moholo, ya matla, ya hlomphehang, ya sa tshwareng motho le ha e le ofe ka leeme+ le ya sa amoheleng tjotjo. 18 O etsa hore kgutsana* le mohlolohadi+ ba ahlolwe ka toka hape o rata moditjhaba,+ o mo fa dijo le diaparo. 19 Le lona le lokela ho rata baditjhaba ka ha le bile baditjhaba naheng ya Egepeta.+
20 Le tshabe Jehova Modimo wa lona, le mo sebeletse,+ le mo kgomarele mme le hlapanye ka lebitso la hae. 21 Ke yena eo le lokelang ho mo rorisa.+ Ke Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo le tse tshabehang tseo le di boneng.+ 22 Baholoholo ba lona ba ne ba le 70 ka palo ha ba theohela Egepeta,+ jwale Jehova Modimo wa lona o le entse hore le be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo.+
11 Le rate Jehova Modimo wa lona+ mme ka mehla le phethe boitlamo ba lona ho yena, ditaelo tsa hae le diqeto tsa hae tsa boahlodi. 2 Le a tseba hore kajeno ke bua le lona, eseng le bara ba lona ba sa kang ba tseba kapa ba bona kgalemelo ya Jehova Modimo wa lona,+ boholo ba hae+ le letsoho la hae le matla.+ 3 Ha ba a ka ba bona dipontsho tsa hae le diketso tsa hae tseo a di entseng Egepeta ho Faro morena wa Egepeta le naheng yohle ya hae+ 4 kapa seo a se entseng ho masole a Egepeta, ho dipere tsa Faro le dikariki tsa ntwa, tse ileng tsa kwahelwa ke metsi a Lewatle le Lefubedu ha a ntse a le lelekisa mme Jehova a a fedisa ka ho feletseng.+ 5 Ha ba a ka ba bona seo a le etseditseng* sona lefeelleng ho fihlela le fihla sebakeng sena. 6 Ha ba a bona seo a se entseng ho Dathane le Abirame bara ba Eliabe mora wa Rubene, ha lefatshe le ahlama mme le ba kwenya ha mmoho le malapa a bona le ditente tsa bona le ntho e nngwe le e nngwe e phelang e ileng ya ba latela, ka pela Baiseraele bohle.+ 7 Le bone diketso tsohle tse kgolo tseo Jehova a di entseng.
8 Le phethe ditaelo tsohle tseo ke le fang tsona kajeno e le hore le be matla mme le tshele ho ya nka naha hore e be ya lona 9 le hore le phele nako e telele+ naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona le ditloholo* tsa bona+ hore o tla ba fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+
10 Naha eo le yang ho e nka ha e tshwane le naha ya Egepeta eo le tswang ho yona, moo le neng le jala peo ya lona mme le e nosetsa ka maoto* a lona jwalo ka ha le nosetsa serapa sa meroho. 11 Empa naha eo le tshelelang ho yona ho ya e nka ke naha e dithaba le dithota.+ E nwa metsi a pula e tswang mahodimong.+ 12 Ke naha eo Jehova Modimo wa lona a e hlokometseng. Jehova Modimo wa lona o dula a e shebile ka mehla, ho tloha qalong ya selemo ho ya qetellong ya sona.
13 Haeba le mamela ka hloko ditaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno ebile le rata Jehova Modimo wa lona le ho mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 14 ke tla boela ke fe naha ya lona pula ka nako ya yona e behilweng, pula ya lehwetla le pula ya selemo mme le tla bokella dijo tsa lona tse kotutsweng, veine ya lona e ntjha le oli ya lona.+ 15 Ke tla etsa hore masimong a lona ho be le dimela bakeng sa mehlape ya lona hape le tla ja le be le kgotsofale.+ 16 Hlokomelang hore le se ke la thetswa mme la kgeloha yaba le rapela medimo e meng le ho e inamela.+ 17 Ho seng jwalo, Jehova o tla le halefela haholo mme o tla kwala mahodimo e le hore pula e se ke ya na+ le naha e se ke ya fana ka dihlahiswa tsa yona mme lona le tla fediswa ka potlako naheng e ntle eo Jehova a le fang yona.+
18 Le kenye mantswe ana a ka dipelong tsa lona le dikelellong tsa lona mme le a tlame e le kgopotso matsohong a lona, a be jwalo ka lebanta le rwalwang diphatleng tsa lona.*+ 19 Le a rute bana ba lona mme le bue ka ona ha le dutse ka matlung a lona, ha le tsamaya tseleng, ha le robala le ha le tsoha.+ 20 Le a ngole dikoseneng tsa menyako ya matlo a lona le dikeiting tsa lona 21 e le hore lona le bara ba lona le ka phela nako e telele+ naheng eo Jehova a hlapantseng hore o tla e fa baholoholo ba lona,+ ha feela mahodimo a ntse a le ka hodima lefatshe.
22 Haeba le mamela ka hloko ditaelo tseo ke le fang tsona mme le di latela e leng ho rata Jehova Modimo wa lona+ le ho tsamaya ditseleng tsohle tsa hae le bile le mo kgomarela,+ 23 Jehova o tla leleka ditjhaba tsena tsohle ka pela lona+ mme le tla leleka ditjhaba tse kgolo le tse ngata ho le feta.+ 24 Sebaka se seng le se seng seo le hatang ho sona e tla ba sa lona.+ Moedi wa lona o tla tloha lefeelleng ho ya fihla Lebanone, ho tloha Nokeng, e leng noka ya Eufrate ho ya lewatleng* le ka bophirimela.+ 25 Ha ho motho ya tla ema kgahlanong le lona.+ Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore naha yohle eo le tsamayang ho yona e le tshohe mme e le tshabe+ feela jwalo ka ha a le tshepisitse.
26 Kajeno ke beha tlhohonolofatso le thohako ka pela lona:+ 27 tlhohonolofatso haeba le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le bolellang tsona kajeno,+ 28 kapa thohako haeba le sa mamele ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona+ mme le kgeloha tseleng eo ke le laelang hore le e latele kajeno mme le latela medimo e meng eo le sa kang la e tseba.
29 Ha Jehova Modimo wa lona a le tlisa naheng eo le yang ho e nka hore e be ya lona, le fane ka tlhohonolofatso Thabeng ya Gerizime mme le fane ka thohako Thabeng ya Ebale.+ 30 Na dithaba tsee ha di ka lehlakoreng le ka nqela la Jordane ho elella ka bophirimela,* naheng ya Bakanana ba dulang Araba, e shebaneng le Gilgale ka thoko ho difate tse kgolo tsa More?+ 31 Jwale le tshela Jordane ho ya nka naha eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona.+ Ha le se le e nkile mme le dula ho yona, 32 le etse bonnete ba hore le mamela melao yohle le ditaelo tseo ke le fang tsona kajeno.+
12 Ena ke melao le ditaelo tseo le lokelang ho etsa bonnete ba hore le a di latela ha feela le ntse le phela naheng eo Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a tla le fa yona hore e be ya lona. 2 Le fedise dibaka tsohle tseo ditjhaba tseo le tla di leleka di neng di sebeletsa medimo ya tsona ho tsona+ ebang ke dithabeng tse telele kapa maralleng kapa tlasa sefate le ha e le sefe se setle se setala. 3 Le dihe dialetare tsa tsona, le pshatle dipilara tsa tsona tse halalelang,+ le tjhese dipalo* tsa tsona tse halalelang mollong hape le pshatle ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona+ mme le fedise mabitso a tsona sebakeng seo.+
4 Le se ke la rapela Jehova Modimo wa lona ka tsela eo.+ 5 Empa le ye sebakeng le ha e le sefe seo Jehova Modimo wa lona a tla kgetha ho beha lebitso la hae ho sona le ho dula teng hara meloko yohle ya lona.+ 6 Ke moo le tla tlisa dinyehelo tsa lona tsa setjheso,+ mahlabelo a lona, dikarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo wa lona,+ dinyehelo tsa lona tsa boitlamo, dinyehelo tsa lona tsa boithaopo+ le matsibolo a mohlape wa lona wa dikgomo, wa dinku le dipodi.+ 7 Le jelle moo le ba malapa a lona ka pela Jehova Modimo wa lona+ mme le thabele mesebetsi yohle eo le e entseng+ hobane Jehova Modimo wa lona o le hlohonolofaditse.
8 Le se ke la etsa seo re se etsang mona kajeno jwalo ka ha e mong le e mong a etsa se nepahetseng mahlong a hae* 9 hobane ha le eso fihle sebakeng seo le tlo dula ho sona+ le lefeng leo Jehova Modimo wa lona a tla le fa lona. 10 Ha le tshela Jordane+ mme le dula naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, ka sebele o tla le sireletsa direng tsohle tsa lona tse le potolohileng mme le tla dula le sireletsehile.+ 11 Le tla tlisa dintho tsohle tseo ke le laelang hore le di tlise sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a kgethang hore lebitso la hae le dule ho sona,+ e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, mahlabelo a lona, dikarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo wa lona le nyehelo e nngwe le e nngwe ya boitlamo eo le itlamang hore le tla e fa Jehova. 12 Le tla thaba ka pela Jehova Modimo wa lona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi le Balevi ba ka hara metse* ya lona hobane ha ba a fuwa karolo kapa lefa ha mmoho le lona.+ 13 Le hlokomele hore le se ke la etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso sebakeng le ha e le sefe seo le se bonang.+ 14 Le etsetse dinyehelo tsa lona tsa setjheso sebakeng feela seo Jehova a se kgethang ho se seng sa dibaka tsa maloko a habo lona mme le etse dintho tsohle tseo ke le laelang tsona moo.+
15 Empa neng kapa neng ha le lakatsa nama,+ le ka hlaba phoofolo mme la e ja ho ya ka moo Jehova Modimo wa lona a le hlohonolofaditseng ka teng metseng yohle ya lona.* Motho ya hlwekileng le ya sa hlwekang a ka e ja jwalo ka ha le ka ja tshephe kapa kgama. 16 Empa le se ke la ja madi.+ Le lokela ho a qhalla fatshe jwalo ka metsi.+ 17 Le ke ke la dumellwa ho jella dintho tse latelang ka hara metse ya lona:* Karolo ya leshome ya dijo tsa lona tse kotutsweng, ya veine ya lona e ntjha, ya oli ya lona ha mmoho le matsibolo a mohlape wa lona wa dikgomo le wa dinku le dipodi,+ dinyehelo le ha e le dife tsa lona tsa boitlamo kapa dinyehelo tsa lona tsa boithatelo kapa monehelo wa lona. 18 Dintho tsena le tla di jella ka pela Jehova Modimo wa lona sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a tla se kgetha,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, basebeletsi ba lona ba banna le ba basadi le Balevi ba ka hara metse* ya lona mme le tla thaba ka pela Jehova Modimo wa lona mesebetsing yohle eo le e entseng. 19 Le hlokomele hore le se ke la lebala Balevi+ ha feela le ntse le phela naheng ya lona.
20 Ha Jehova Modimo wa lona a atolosa meedi ya lona+ feela jwalo ka ha a le tshepisitse+ ebe le re, ‘Ke batla ho ja nama’ hobane le e lakatsa, le ka e ja neng kapa neng ha le e lakatsa.+ 21 Haeba sebaka seo Jehova Modimo wa lona a kgethang ho beha lebitso la hae ho sona+ se le hole le lona, jwale le hlabe o mong wa mohlape wa lona wa dikgomo kapa wa dinku le dipodi oo Jehova a le fileng wona feela jwalo ka ha ke le laetse mme le di jelle ka hara metse* ya lona neng kapa neng ha le lakatsa nama. 22 Le ka e ja jwalo ka ha le ne le ka ja tshephe le kgama,+ motho ya hlwekileng le ya sa hlwekang a ka e ja. 23 Le ikemisetse ka tiyo hore le se ke la ja madi+ hobane madi ke bophelo.+ Le se ke la jelella nama le bophelo. 24 Le se ke la a ja. Le a qhalle fatshe jwalo ka metsi.+ 25 Le se ke la a ja e le hore dintho di le tsamaele hantle le bana ba lona hobane le tla be le etsa dintho tse thabisang Jehova. 26 Ha le tla sebakeng seo Jehova a tla se kgetha, le nke feela dintho tsa lona tse halalelang le dinyehelo tsa lona tsa boitlamo. 27 Ke moo le tla fana ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso, nama le madi+ hodima aletare ya Jehova Modimo wa lona, madi a mahlabelo a lona a qhallwe pela aletare+ ya Jehova Modimo wa lona empa le ka ja nama.
28 Le etse bonnete ba hore le mamela mantswe ana ohle ao ke le laelang ona e le hore dintho di ka dula di le tsamaela hantle le bana ba lona hobane le etsa se molemo le se thabisang Jehova Modimo wa lona.
29 Ha Jehova Modimo wa lona a fedisa ditjhaba tseo le tlang ho di leleka+ mme le dula naheng ya tsona, 30 le itlhokomele hore le se ke la latela ditsela tsa tsona ka mora hore di fediswe ka pela lona. Le se ke la botsa ka medimo ya tsona la re, ‘Ditjhaba tsee di ne di sebeletsa medimo ya tsona jwang? Le rona re tla etsa se tshwanang.’+ 31 Le se ke la rapela Jehova Modimo wa lona ka tsela eo hobane ditjhaba tseo di etsetsa medimo ya tsona ntho e nngwe le e nngwe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho tjhesa bara le baradi ba tsona mollong bakeng sa medimo ya tsona.+ 32 Le etse bonnete ba hore le phetha mantswe ohle ao ke le laelang ona.+ Le se ke la eketsa kapa la fokotsa letho.+
13 Haeba ho hlaha moprofeta hara lona kapa motho ya bolelang diketsahalo esale pele ka ditoro mme a le fa pontsho kapa dimakatso 2 mme pontsho kapa dimakatso tseo a le boleletseng tsona di phethahala mme a re, ‘A re lateleng medimo e meng,’ medimo eo le sa kang la e tseba ‘mme re e sebeletse,’ 3 le se ke la mamela mantswe a moprofeta eo kapa a molori eo+ hobane Jehova Modimo wa lona o a le leka+ e le hore a tsebe hore na le rata Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle.+ 4 Le latele Jehova Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke ditaelo tsa hae, le mamele lentswe la hae, ke yena eo le lokelang ho mo sebeletsa mme le mo kgomarele.+ 5 Empa moprofeta eo kapa molori eo a bolawe+ hobane o le kgothaleditse hore le fetohele Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta mme a le lopolla ntlong ya bokgoba, ho le kgelosa tseleng eo Jehova Modimo wa lona a le laetseng hore le tsamaye ho yona. Le tlose se sebe hara lona.+
6 Haeba ngwaneno, mora wa mme wa hao, mora wa hao, moradi wa hao, mosadi wa hao ya ratehang kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo a leka ho o hohela sephiring a re, ‘A re ye mme re sebeletse medimo e meng,’+ medimo eo wena kapa baholoholo ba hao le sa kang la e tseba, 7 medimo ya ditjhaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya naha ho ya pheletsong e nngwe ya naha, 8 o se ke wa dumellana le yena kapa wa mo mamela+ kapa wa mo utlwela bohloko kapa wa mo qenehela kapa wa mo sireletsa. 9 Ho ena le hoo, ka sebele o lokela ho mo bolaya.+ E be wena wa pele ya mo tlepetsang ka majwe e le hore a shwe ebe ka mora moo setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe.+ 10 O mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa+ hobane o ne a batla hore o fetohele Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ka tlung ya bokgoba. 11 Jwale Baiseraele bohle ba tla utlwa mme ba tshohe mme le ka mohla ha ho na motho ya tla hlola a etsa ntho e mpe jwalo ka ena hara lona.+
12 Haeba le utlwa ho buuwa mantswe ana a latelang ho e meng ya metse ya lona eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona hore le dule ho yona, 13 ‘Ho na le banna ba se nang molemo ba tswileng hara lona e le hore ba kgelose baahi ba metse ya bona, ba re: “A re yeng mme re sebeletse medimo e meng,” medimo eo le sa kang la e tseba.’ 14 Le hlahlobe taba ena, le etse dipatlisiso mme le botsisise.+ Haeba e le nnete hore ntho ena e mpe e a etsahala hara lona, 15 le bolaye baahi ba motse oo ka sabole.+ Le fedise+ ntho e nngwe le e nngwe e ho wona ho akarelletsa le mehlape ya wona ka sabole. 16 Dintho tsohle tseo le di hapileng ho wona le di bokellele bohareng ba lebala la motse oo mme le tjhese motse oo ka mollo, dintho tsa wona tse hapuweng e tla ba nyehelo e feletseng ho Jehova Modimo wa lona. E tla ba motse o senyehileng ka ho sa feleng. Le ka mohla motse oo ha o a lokela ho hahwa botjha. 17 Le se ke la nka letho le tlo fediswa+ e le hore Jehova a ka tlohela ho halefa mme a le hauhele a be a le atise feela jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona.+ 18 Le mamele* Jehova Modimo wa lona ka ho latela ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno mme le etse dintho tse thabisang Jehova Modimo wa lona.+
14 Le bara ba Jehova Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa+ kapa la itsheha diphatleng* bakeng sa motho ya shweleng+ 2 ka ha le setjhaba se halalelang+ ho Jehova Modimo wa lona mme Jehova o le kgethile hore le be setjhaba sa hae, thepa ya hae e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle tse hodima lefatshe.+
3 Le se ke la ja ntho le ha e le efe e nyonyehang.+ 4 Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang:+ poho, nku, podi, 5 kgama, tshephe, letsa, podi ya naheng, hlwaele, nku ya naheng le phuthi. 6 Le ka ja phoofolo le ha e le efe e nang le tlhako e arohaneng ebile e thuisa. 7 Le ha ho le jwalo, le se ke la ja diphoofolo tse latelang tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng: Kamele, mmutla le pela hobane di a thuisa empa ha di na tlhako e arohaneng. Ha di a hlweka bakeng sa lona.+ 8 Le se ke la ja le kolobe hobane e na le tlhako e arohaneng empa ha e thuise. Ha e a hlweka bakeng sa lona. Ha le a lokela ho ja nama ya tsona kapa ho thetsa ditopo tsa tsona.
9 Le ka ja dintho tse latelang tse phelang ka metsing: Ntho le ha e le efe e nang le maphewana le makgakgapha le ka e ja.+ 10 Empa le se ke la ja eng kapa eng e se nang maphewana le makgakgapha. Ha e a hlweka bakeng sa lona.
11 Le ka ja nonyana le ha e le efe e hlwekileng. 12 Empa tsena ke tseo le sa lokelang ho di ja: Ntsu, phakwe e jang ditlhapi, lenong le letsho,+ 13 mmankgodi o mofubedu, mmankgodi o motsho, mefuta yohle ya mmankgodi, 14 mofuta o mong le o mong wa lekgwaba, 15 mpshe, sephooko, nonyana ya metsing, mofuta o mong le o mong wa phakwe, 16 sephooko se senyenyane, sephooko se ditsebe di telele, kgantshi, 17 letata le jang ditlhapi, lenong, seinodi, 18 mokotatsie, mofuta o mong le o mong wa kokolofitwe, popopo le mmankgane. 19 Dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo le tsona ha di a hlweka bakeng sa lona. Le se ke la di ja. 20 Le ka ja sebopuwa le ha e le sefe se hlwekileng se fofang.
21 Le se ke la ja phoofolo le ha e le efe e fumanweng e shwele.+ Le ka e fa moditjhaba ya ka hara metse* ya lona kapa la mo rekisetsa yona mme a ka e ja ka ha lona le setjhaba se halalelang ho Jehova Modimo wa lona.
Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.+
22 Le etse bonnete ba hore le fana ka karolo ya leshome ya dihlahiswa tsohle tsa peo ya lona tse tswang masimong selemo le selemo.+ 23 Le jelle karolo ya lona ya leshome ya dijo tse kotutsweng, ya veine ya lona e ntjha, ya oli ya lona, ya matsibolo a lona a mohlape wa dikgomo le wa dinku le dipodi ka pela Jehova Modimo wa lona, sebakeng seo a tla kgetha hore lebitso la hae le dule ho sona+ e le hore le ithute ho tshaba Jehova Modimo wa lona ka mehla.+
24 Empa haeba leeto le eba lelelele haholo bakeng sa lona mme le sa kgone ho nka dintho tsena tsohle ho ya sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a se kgethang bakeng sa lebitso la hae+ hobane se le hole haholo le lona (ka ha Jehova Modimo wa lona o tla le hlohonolofatsa), 25 jwale le ka rekisa dintho tseo mme le ye sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a tla se kgetha le nkile tjhelete eo. 26 Le ka reka eng kapa eng eo le e batlang ebang ke dikgomo, dinku, dipodi, veine le dino tse ding tse nang le jwala le ntho le ha e le efe eo le e thabelang mme le tla di jella moo ka pela Jehova Modimo wa lona mme le thabe le ba malapa a lona.+ 27 Hape le se ke la lebala Balevi ba ka hara metse ya lona+ hobane ha ba a fuwa kabelo kapa lefa ha mmoho le lona.+
28 Qetellong ya dilemo tse ding le tse ding tse tharo, le tlise karolo ya leshome ya dihlahiswa tsa lona tsa selemo seo mme le di behe ka hara metse ya lona.+ 29 Molevi ya sa fuwang kabelo kapa lefa ha mmoho le lona, moditjhaba, kgutsana* le mohlolohadi ba ka hara metse ya lona, ba tla tla mme ba je ba kgotsofale+ e le hore Jehova Modimo wa lona a ka le hlohonolofatsa dinthong tsohle tseo le di etsang.+
15 Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, le lokela ho hlakola dikoloto.+ 2 Ona ke mokgwa oo le lokelang ho hlakola sekoloto ka ona: Motho e mong le e mong ya kolotwang, o tla hlakola sekoloto sa moahisani wa hae. A se ke a qobella moahisani wa hae kapa ngwanabo hore a mo patale hobane sekoloto se hlakotsweng se tla bolelwa phatlalatsa ho Jehova.+ 3 Le ka qobella moditjhaba hore a patale+ empa le lokela ho hlakola sekoloto le ha e le sefe sa ngwanabo lona. 4 Le ha ho le jwalo, ha ho na motho ya lokelang ho futsaneha hara lona hobane Jehova o tla le hlohonolofatsa+ naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa 5 ha feela le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hloko mme le etsa bonnete ba hore le phetha ditaelo tsena tsohle tseo ke le fang tsona kajeno.+ 6 Jehova Modimo wa lona o tla le hlohonolofatsa feela jwalo ka ha a le tshepisitse mme le tla adima ditjhaba tse ngata tjhelete ya lona empa ho ke ke ha hlokahala hore le adime letho ho tsona.+ Le tla laola ditjhaba tse ngata empa tsona di ke ke tsa le laola.+
7 Haeba e mong wa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong wa metse ya lona naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona kapa la tima ngwanabo lona wa mofutsana.+ 8 Le fane+ mme le mo adime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang yona. 9 Le hlokomele hore le se ke la ba le monahano ona o mobe ka dipelong tsa lona wa hore ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa tokollo se haufi’+ yaba le a timana mme ha le fe ngwanabo lona wa mofutsana letho. Haeba a ka llela ho Jehova ka lebaka la lona, le tla be le entse sebe.+ 10 Le mo fe le thabile+ eseng le* belaela hobane ke yona ntho e tla etsa hore Jehova Modimo wa lona a le hlohonolofatse nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang.+ 11 Ho tla dula ho ena le bafutsana naheng.+ Ke ka lebaka leo ke le fang taelo ena, ‘Le lokela ho fa ngwanabo lona ya hloriswang le ya futsanehileng naheng ya habo lona le thabile.’+
12 Haeba o rekiseditswe e mong wa bana beno, ebang ke monna kapa mosadi wa Moheberu mme a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, jwale ka selemo sa bosupa o mo lokolle.+ 13 Haeba o mo lokolla, o se ke wa mo tsamaisa a sa nka letho. 14 O mo fe ho hong o thabile ho tswa mohlapeng wa hao, seotlong sa hao le sehatelong sa hao sa oli le sa veine. O mo fe feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa hao a o hlohonolofaditse. 15 Le hopole hore le ne le le makgoba naheng ya Egepeta le hore Jehova Modimo wa lona o ile a le lopolla. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena kajeno.
16 Empa haeba a re ho wena, ‘Ha ke batle ho tloha ha hao’ hobane a o rata a bile a rata le ba lelapa la hao ka ha a ntse a o sebeletsa a thabile,+ 17 o nke elese* o mo phunye tsebe ka yona mme e hlahelle lemating mme o tla dula e le lekgoba la hao bophelo bohle ba hae. O etse se tshwanang le ka lekgoba la hao la mosadi. 18 O se ke wa utlwa bohloko ha o lokolla lekgoba la hao mme le tsamaya hobane mosebetsi oo le o etseditseng ona ka dilemo tse tsheletseng o ka lekana le moputso oo mosebeletsi ya hirilweng a o fumanang ka makgetlo a mabedi mme Jehova Modimo wa hao o o hlohonolofaditse nthong e nngwe le e nngwe eo o e entseng.
19 Le halaletse letsibolo le leng le le leng le letona mohlapeng wa lona wa dikgomo le wa dinku le dipodi ho Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la sebedisa matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo* ho etsa mosebetsi le ha e le ofe kapa la kuta matsibolo a mehlape ya lona ya dinku le dipodi. 20 Lona le ba malapa a lona le lokela ho jella matsibolo ao ka pela Jehova Modimo wa lona selemo le selemo sebakeng seo Jehova a tla se kgetha.+ 21 Empa haeba matsibolo ao a ena le bokowa bo itseng ebang a holofetse, a foufetse kapa a ena le bothata le ha e le bofe, le se ke la etsetsa Jehova Modimo wa lona sehlabelo ka ona.+ 22 Le a jelle ka hara metse* ya lona. Motho ya hlwekileng le ya sa hlwekang a ka a ja jwalo ka ha le ja tshephe kapa kgama.+ 23 Empa le se ke la ja madi a ona.+ Le a qhalle fatshe jwalo ka metsi.+
16 Le boloke kgwedi ya Abibe* mme le keteke Paseka ya Jehova Modimo wa lona+ hobane Jehova Modimo wa lona o ile a le ntsha Egepeta bosiu ka kgwedi ya Abibe.+ 2 Le etsetse Jehova Modimo wa lona nyehelo ya sehlabelo sa Paseka+ ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi le mohlapeng wa dikgomo,+ sebakeng seo Jehova a kgethang hore lebitso la hae le dule ho sona.+ 3 Le se ke la se jelella le ntho le ha e le efe e nang le tomoso.+ Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng e leng bohobe ba mahloreho hobane le tswile naheng ya Egepeta ka potlako.+ Le etse sena ha feela le ntse le phela e le hore le hopole letsatsi leo le tswileng naheng ya Egepeta ka lona.+ 4 Ho se ke ha fumanwa hlama e bodila ho lona sebakeng sohle sa lona ka matsatsi a supileng.+ Hape ho se ke ha eba le nama le ha e le efe eo le tla etsa sehlabelo ka yona letsatsing la pele mantsiboya, e lokelang ho sala bosiu kaofela ho fihlela hoseng.+ 5 Le ke ke la dumellwa ho etsa nyehelo ya sehlabelo sa Paseka metseng le ha e le efe eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona. 6 Empa e lokela ho etsetswa sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a kgethang hore lebitso la hae le be ho sona. Le etse nyehelo ya sehlabelo sa Paseka mantsiboya hang ha letsatsi le dikela,+ ka letsatsi* leo le ileng la tswa Egepeta ka lona. 7 Le e phehe ebe le e jella+ sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a tla se kgetha+ mme hoseng le ka kgutlela ditenteng tsa lona. 8 Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a tsheletseng mme ka letsatsi la bosupa ho tla ba le seboka se hlomphehang sa Jehova Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe ka letsatsi lena.+
9 Le bale dibeke tse supileng. Le qale ho di bala ho tloha ha le qala ho kotula koro.*+ 10 Jwale le keteke Mokete wa Dibeke wa Jehova Modimo wa lona+ ka ho tlisa dinyehelo tsa boithaopo tse tswang ho lona. Le fane ka tsona ho ya ka moo Jehova Modimo wa lona a le hlohonolofaditseng ka teng.+ 11 Le thabe ka pela Jehova Modimo wa lona sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a kgethang hore lebitso la hae le be ho sona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi, Balevi ba ka hara metse* ya lona, baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi ba leng hara lona. 12 Le hopole hore le ne le le makgoba Egepeta+ mme le latele melao ena ka hloko.
13 Le keteke Mokete wa Maphephe*+ ka matsatsi a supileng ha le bokella dintho tse tswang seotlong sa lona le sehatelong sa lona sa oli le sa veine. 14 Le thabe nakong ya mokete wa lona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi, Balevi, baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi ba ka hara metse ya lona. 15 Le keteke mokete wa Jehova Modimo wa lona ka matsatsi a supileng+ sebakeng seo Jehova a se kgethang hobane Jehova Modimo wa lona o tla hlohonolofatsa dihlahiswa tsohle tsa lona le dintho tsohle tseo le di etsang+ mme le tla thaba.+
16 Hararo ka selemo, e mong le e mong e motona ho lona a hlahe ka pela Jehova Modimo wa lona sebakeng seo a se kgethang: Moketeng wa Mahobe a se Nang Tomoso,+ Moketeng wa Dibeke+ le Moketeng wa Maphephe*+ mme ho se ke ha eba le ya mong ho lona ya tlang ho Jehova a sa nka letho. 17 E mong le e mong a tlise mpho e lekanang le tlhohonolofatso eo Jehova Modimo wa lona a mo fileng yona.+
18 Le kgethe baahlodi+ le balaodi bakeng sa maloko ohle a metseng* eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona mme ba ahlole setjhaba ka toka. 19 Le se ke la sotha toka,+ la ba leeme+ kapa la amohela tjotjo hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ mme e sotha mantswe a ba lokileng. 20 Le phehelle toka+ feela, e le hore le ka tswela pele le phela mme la nka naha eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona.
21 Haufi le aletare ya Jehova Modimo wa lona eo le iketseditseng yona, le se ke la lema sefate sa mofuta le ha e le ofe hore le etse palo e halalelang ka sona.*+
22 Hape le se ke la iketsetsa pilara e halalelang+ e leng ntho eo Jehova Modimo wa lona a e hloileng.
17 Le se ke la etsetsa Jehova Modimo wa lona sehlabelo ka poho kapa nku e nang le bokowa kapa bothata bo itseng hobane e tla ba ntho e nyonyehang ho Jehova Modimo wa lona.+
2 Haeba ho e meng ya metse ya lona eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang dintho tse sa thabiseng Jehova Modimo wa lona mme a tlola selekane sa hae+ 3 ebile a kgeloha mme a rapela medimo e meng mme a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa kgwedi kapa makgotla ohle a mahodimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang+ 4 mme le boleletswe kapa le utlwile ka taba ena, jwale le batlisise ka yona. Haeba ho tiiswa hore ke nnete+ hore ntho ena e nyonyehang e entswe Iseraele, 5 le ntshetse monna kapa mosadi ya entseng ntho ena e mpe ka ntle ho dikeiti tsa motse mme a tlepetswe ka majwe ho fihlela a shwa.+ 6 Motho eo a bolawe ha feela ho ena le dipaki tse pedi kapa tse tharo.+ Empa a se ke a bolawa haeba ho ena le paki e le nngwe.+ 7 Dipaki tseo e lokela ho ba tsona tsa pele tse mo tlepetsang ka majwe e le hore a shwe, ebe ka mora moo setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe. Le tlose se sebe hara lona.+
8 Haeba ho hlaha qoso hara metse ya lona eo ho leng thata ho e ahlola, ebang ke qoso ya ho bolaya+ kapa ya molao, ya ntwa kapa ya mabaka a mang a ho se utlwane, le eme mme le ye sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a se kgethang.+ 9 Le ye ho baprista ba Balevi le ho moahlodi+ ya leng teng ka nako eo, le botse mme ba tla le etsetsa qeto.+ 10 Jwale le etse ho ya ka qeto eo ba e entseng sebakeng seo Jehova a se kgethang. Le etse bonnete ba hore le etsa dintho tsohle tseo ba le laelang tsona. 11 Le latele molao oo ba le bontshang wona le qeto eo ba le bolellang yona.+ Le se ke la kgeloha qeto eo ba tla le fa yona, ebang ke ka ho ya ka ho le letona kapa le letshehadi.+ 12 Motho ya ikgohomosang ka ho se mamele moprista ya sebeletsang Jehova Modimo wa lona kapa ka ho se mamele moahlodi, o lokela ho shwa.+ Le tlose se sebe Iseraele.+ 13 Setjhaba sohle se tla utlwa, se tshohe mme se ke ke sa hlola se ikgohomosa.+
14 Ha le kena naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona mme le se le e nkile ebile le dula ho yona, ebe le re, ‘A re ikgetheleng morena jwalo ka ditjhaba tsohle tse re potolohileng,’+ 15 boemong boo, le etse bonnete ba hore le kgetha morena eo Jehova Modimo wa lona a mo kgethang.+ Le kgethe morena hara bana ba bo lona. Ha le a dumellwa ho kgetha moditjhaba e leng motho eo e seng ngwanabo lona. 16 Empa morena a se ke a ba le dipere tse ngata+ kapa a etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta e le hore a fumane dipere tse ding tse ngata+ ka ha Jehova o itse ho lona, ‘Le ka mohla le se ke la kgutlela Egepeta.’ 17 Hape a se ke a ba le basadi ba bangata e le hore pelo ya hae e se ke ya kgeloha+ kapa hona ho ipatlela silevera le kgauta e ngata.+ 18 Ha a dula teroneng ya mmuso wa hae, a nke Molao o bolokilweng ke baprista ba Balevi mme a ikopiletse wona bukeng.*+
19 E tla dula ho yena mme a e bale bophelo bohle ba hae+ e le hore a ka ithuta ho tshaba Jehova Modimo wa hae le hore a latele mme a phethe mantswe ohle a Molao ona le ditaelo tsena ka ho di phetha.+ 20 Ka hoo, a ke ke a ikgohomosetsa bana babo mme a ke ke a kgeloha ditaelo tsena, ebang ke ka ho ya ka ho le letona kapa le letshehadi e le hore a ka phela nako e telele mmusong wa hae, yena le bara ba hae hara Iseraele.
18 Baprista ba Balevi le leloko lohle la Levi, ba ke ke ba fuwa kabelo kapa lefa le Iseraele. Ba tla ja dinyehelo tse tjheseditsweng Jehova, tseo e leng lefa la hae.+ 2 Ka hoo, ba se ke ba eba le lefa hara bana ba bo bona. Jehova ke lefa la bona feela jwalo ka ha a buile le bona.
3 Jwale tsena ke dintho tseo setjhaba se lokelang ho di fa baprista: Mang kapa mang ya etsang sehlabelo ebang ke ka poho kapa ka nku, a fe moprista sephaka, mehlahare le mohodu. 4 Le mo fe dihlahiswa tsa pele tsa dijo tsa lona tse kotutsweng, tsa veine ya lona e ntjha, tsa oli ya lona le boya bo kutilweng pele mohlapeng wa lona wa dinku le dipodi.+ 5 Jehova Modimo wa lona o kgethile yena le bara ba hae ho tswa melokong yohle ya lona hore ba sebeletse ka lebitso la Jehova ka mehla.+
6 Empa haeba Molevi a tloha ho o mong wa metse ya lona e Iseraele moo a neng a dula teng+ mme a lakatsa ho ya sebakeng seo Jehova a se kgethang,*+ 7 a ka sebeletsa moo ka lebitso la Jehova Modimo wa hae jwalo ka bana babo bohle ba Balevi, ba sebeletsang moo ka pela Jehova.+ 8 A fumane karolo ya dijo e lekanang le ya bona+ ho ekelletsa ho seo a se fumanang ha a rekisa thepa ya baholoholo ba hae.
9 Ha le se le kene naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la etsisa ditjhaba tseo yaba le etsa dintho tse nyonyehang.+ 10 Hara lona ho se ke ha eba le motho le ha e le ofe ya etsang sehlabelo ka ho tjhesa ngwana wa hae,+ ya sebedisang bonohe,+ ya sebedisang boselamose,+ ya batlang dipontsho tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ya betsang ba bang ka mantswe a boloi, ya batlang keletso ho mang kapa mang ya reng o buisana le badimo,+ ya reng o bolela diketsahalo esale pele*+ kapa ya botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ya etsang dintho tsena o a nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa dintho tsena tse nyonyehang, Jehova Modimo wa lona o lelekela ditjhaba tseo hole le lona. 13 Le hlweke ka ho feletseng ka pela Jehova Modimo wa lona.+
14 Ditjhaba tsena tseo le di lelekang di ne di mamela ba sebedisang boselamose+ le dinohe+ empa Jehova Modimo wa lona ha a le dumella ho etsa jwalo. 15 Jehova Modimo wa lona o tla le kgethela moprofeta ya tshwanang le nna hara bana ba bo lona. Le mo mamele.+ 16 Ena ke karabo ya seo le se kopileng ho Jehova Modimo wa lona Horebe letsatsing leo le neng le kopane*+ ha le ne le re, ‘Le ka mohla o se ke wa re dumella hore re utlwe lentswe la Jehova Modimo wa rona kapa re bone mollo ona o moholo e le hore re se ke ra shwa.’+ 17 Yaba Jehova o re ho nna, ‘Ntho eo setjhaba se e buileng e a utlwahala. 18 Ke tla se fa moprofeta ya tshwanang le wena hara bana ba bo sona+ mme ke tla mo bolella mantswe ao a lokelang ho a bua+ mme o tla se bolella sohle seo ke mo laelang sona.+ 19 Motho ya sa mameleng mantswe a ka ao a tla a bua ka lebitso la ka,+ o tla ikarabella ho nna.
20 Haeba moprofeta le ha e le ofe a sa ntlhomphe ka hore a bue mantswe ao ke sa mo laelang ona ka lebitso la ka kapa a bua ka lebitso la medimo e meng, moprofeta eo o lokela ho shwa.+ 21 Empa haeba le ka re: “Re tla tseba jwang hore ha se Jehova ya buileng mantswe ao?” 22 Ha moprofeta a bua ka lebitso la Jehova mme mantswe ao a sa phethahale, jwale Jehova ha se yena ya buileng mantswe ao. Moprofeta eo o iqapetse mantswe ao ka boikgohomoso. Le se ke la mo tshaba.’
19 Ha Jehova Modimo wa lona a fedisa ditjhaba tseo Jehova Modimo wa lona a le fang naha ya tsona mme le di lelekile ebile le se le dula metseng ya tsona le matlong a tsona,+ 2 le kgethe metse e meraro naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona hore e be ya lona.+ 3 Le arole naha eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona hore e be dikarolo di tharo mme le lokise ditsela e le hore mmolai le ha e le ofe a ka balehela ho o mong wa metse eo.
4 Jwale, mmolai a etse tjena e le hore a nne a phele: Haeba a bolaile wa habo a sa ikemisetsa ebile a sa mo hloya+ 5 jwalo ka ha motho a ka ya le wa habo morung ho ya rwalla patsi ebe ha a re o kapa patsi ka selepe, hlooho ya selepe seo e be e tswa e otla wa habo ebe o a shwa, mmolai o lokela ho balehela ho o mong wa metse ena e le hore a phele.+ 6 Empa haeba motse o ne o le hole haholo, motho ya amanang le motho ya bolailweng*+ o ne a ka mo lelekisa mme a mo bolaya ka lebaka la ho halefa haholo. Le ha ho le jwalo, mmolai o ne a sa lokela ho shwa ka ha o ne a sa hloya wa habo.+ 7 Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le kgethe metse e meraro.
8 Haeba Jehova Modimo wa lona a atolosa sebaka sa lona jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona+ mme a le file naha yohle eo a e tshepisitseng baholoholo ba lona+ 9 mme le mamela ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, e leng ho rata Jehova Modimo wa lona le ho tsamaya ditseleng tsa hae ka mehla,+ jwale le eketse metse e meng e meraro ho ena e meraro.+ 10 Ka tsela ena, ha ho na motho ya se nang molato ya tla bolawa+ naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa mme le ke ke la eba le molato wa madi.+
11 Empa haeba motho a ne a hloile wa habo+ mme a ne a mo lalletse e le hore a mo hlasele ebe o mo lematsa hoo a shwang, jwale a balehela ho e meng ya metse ena, 12 banna ba baholo ba motse wa habo ba mo laele hore a latwe moo mme a iswe ho motho ya amanang le motho ya bolailweng hore a mo bolaye.+ 13 Le* se ke la utlwela motho eo bohloko hobane haeba le sa mo bolaye, Iseraele e tla ba le molato wa madi+ mme le ke ke la atleha.
14 Ha le fumana lefa naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la tjhetjhisa matshwao a moedi a moahisani wa lona+ sebakeng seo baholoholo ba sehileng meedi ho sona.
15 Motho a ke ke a behwa molato ka lebaka la phoso kapa sebe seo a se entseng haeba ho ena le bopaki ba motho a le mong.+ Bopaki* ba batho ba babedi kapa ba bararo ke bona bo tla tiisa taba.+ 16 Haeba motho a fana ka bopaki ba leshano kgahlanong le e mong mme a mo qosa ka ho etsa phoso e itseng,+ 17 batho bana ba babedi ba nang le qabang ba tla ema ka pela Jehova, ka pela baprista le baahlodi ba tla beng ba le teng ka nako eo.+ 18 Baahlodi ba tla batlisisa+ mme haeba motho ya faneng ka bopaki a buile leshano mme a qositse ngwanabo ka leshano, 19 le mo etse seo a neng a rerile ho se etsa ho ngwanabo,+ le tlose se sebe hara lona.+ 20 Ba setseng ba tla utlwa mme ba tshohe mme le ka mohla ha ba sa tla hlola ba etsa ntho le ha e le efe e mpe jwalo ka ena hara lona.+ 21 Le* se ke la mo utlwela bohloko:+ Le fane ka bophelo bakeng sa bophelo, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.+
20 Haeba le yo lwantsha dira tsa lona mme le bona dipere tsa tsona, masole le dikariki tsa tsona tsa ntwa di le ngata ho feta tsa lona, le se ke la di tshaba hobane Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta o na le lona.+ 2 Ha le le haufi le ho lwana, moprista a tle mme a bue le masole.+ 3 A re, ‘Mamelang lona Baiseraele, le haufi le ho lwantsha dira tsa lona. Le se ke la tshoha kapa la thothomela ka lebaka la tsona 4 ka ha Jehova Modimo wa lona o tsamaya le lona e le hore a le lwanele ho dira tsa lona le ho le pholosa.’+
5 Balaodi le bona ba bue le masole ba re, ‘Ke mang ya hahileng ntlo e ntjha mme a eso dule ho yona? A ke a kgutlele ntlong ya hae. Ho seng jwalo, ho ka etsahala hore a shwelle ntweng mme monna e mong o tla dula ho yona. 6 Ke mang ya lemmeng serapa sa morara mme a eso se kotule? A ke a kgutlele ntlong ya hae. Ho seng jwalo, ho ka etsahala hore a shwelle ntweng mme monna e mong o tla se kotula. 7 Ke mang ya lebeleditseng mosadi mme a eso mo nyale? A ke a kgutlele ntlong ya hae.+ Ho seng jwalo, ho ka etsahala hore a shwelle ntweng mme monna e mong o tla mo nyala.’ 8 Hape balaodi ba lokela ho botsa masole ba re, ‘Ke mang ya letswalo le ya boi?+ A ke a kgutlele ntlong ya hae e le hore a se ke a nyahamisa bana babo jwalo ka ha a nyahame.’*+ 9 Ha balaodi ba qetile ho bua le masole, ba kgethe banna ba tla etella masole ao pele.
10 Haeba le atamela motse e le hore le o lwantshe, le boele le bolelle batho ba motse oo seo ba lokelang ho se etsa e le hore ho be le kgotso.+ 11 Haeba ba dumellana le lona mme ba le bulela keiti ya motse, batho bohle ba fumanwang moo e tla ba ba lona e le hore ba etse mosebetsi o boima* mme ba tla le sebeletsa.+ 12 Empa haeba ba hana ho etsa kgotso le lona, ho ena le hoo ba le lwantsha, le ba thibelle. 13 Jehova Modimo wa lona o tla nehelana ka motse oo ho lona mme le bolaye monna e mong le e mong ka sabole. 14 Le ha ho le jwalo, le ka inkela basadi, bana, mehlape le ntho e nngwe le e nngwe e motseng ha mmoho le dintho tsohle tseo le di hapileng+ ho wona mme le tla ja dintho tse hapuweng tsa dira tsa lona, tseo Jehova Modimo wa lona a le fileng tsona.+
15 Ke seo le tla se etsa metseng yohle e hole haholo le lona eo e seng ya ditjhaba tsena tse haufi le lona. 16 Empa le bolaye batho bohle*+ ba dulang metseng e naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa. 17 Le fedise Bahethe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a le laetse 18 e le hore ba se ke ba le ruta ho etsa dintho tsohle tse nyonyehang tseo ba neng ba di etsetsa medimo ya bona mme ba etsa hore le sitelwe Jehova Modimo wa lona.+
19 Haeba le thibella motse e le hore le o hape, motse oo le neng le ntse le o lwantsha ka matsatsi a mangata, le se ke la kgaola difate tsa wona ka selepe. Le se ke la kgaola difate tseo empa le ka ja ditholwana tse ho tsona.+ Na le lokela ho hlasela sefate sa naha jwalo ka ha le hlasela motho? 20 Le ka kgaola feela sefate seo le tsebang hore ha se behe ditholwana tse jewang. Le ka se kgaola mme la se sebedisetsa ho thibella motse o le lwantshang ho fihlela motse oo o wa.
21 Haeba ho ena le motho ya fumanwang a bolailwe tshimong e naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona hore e be ya lona mme ho sa tsebahale hore na o bolailwe ke mang, 2 banna ba baholo le baahlodi ba habo lona+ ba tswe mme ba lekanye sebaka se pakeng tsa setopo le metse e haufi le sona. 3 Jwale banna ba baholo ba motse o haufi le moo setopo se fumanweng teng, ba nke kgomo e nyenyane mohlapeng wa dikgomo, e eso kang e jara joko kapa e etsa mosebetsi le ha e le ofe. 4 Banna ba baholo ba motse oo, ba theolele kgomo eo e nyenyane kgohlong* e phallang metsi eo ho eso kang ho lengwa kapa ho jalwa peo ho yona mme ba e robe molala hona moo kgohlong.+
5 Baprista ba Balevi ba lokela ho ba teng hobane Jehova Modimo wa lona o kgethile bona hore ba mo sebeletse+ le hore ba hlohonolofatse ka lebitso la Jehova.+ Ba tla bolela hore na diqabang tse akareletsang ntwa di rarollwe jwang.+ 6 Jwale banna bohle ba baholo ba motse o haufi le setopo, ba hlapele matsoho+ hodima kgomo e nyenyane e ileng ya rojwa molala kgohlong 7 mme ba re, ‘Ha se rona ba bolaileng motho enwa ebile ha re a bona ha a bolawa. 8 Jehova, o se ke wa beha setjhaba sa hao sa Iseraele seo o se lopolotseng+ molato. O se ke wa se beha molato ka lebaka la motho ya se nang molato ya bolailweng.’+ Ka hoo, setjhaba se ke ke sa eba le molato wa polao. 9 Ha le etsa sena le thabisa Jehova. Le tla tlosa molato wa motho eo ya bolailweng ho lona.
10 Haeba le yo lwantsha dira tsa lona mme Jehova Modimo wa lona a di hlola bakeng sa lona mme le di hapa,+ 11 ebe hara batho bao le ba hapileng o bona mosadi e motle, ya o kgahlileng mme o batla hore e be mosadi wa hao, 12 o ka mo tlisa ka tlung ya hao. Mosadi eo a kute moriri wa hae, a kute manala a hae, 13 a hlobole diaparo tseo a tlileng a di apere mme a dule ka tlung ya hao. O tla llela ntate wa hae le mme wa hae kgwedi kaofela.+ Ka mora moo, o ka etsa thobalano le yena. O tla ba monna wa hae mme yena e be mosadi wa hao. 14 Le ha ho le jwalo, haeba a se a sa o kgahle, o mo tlohele+ hore a ye moo a batlang. Empa o se ke wa mo rekisa kapa wa mo tshwara hampe ka ha o mo tlotlolotse.
15 Haeba monna a ena le basadi ba babedi mme a rata e mong ho feta e mong,* ka bobedi ba mo tswalletse bara mme mora wa letsibolo e le wa mosadi ya sa ratweng,+ 16 letsatsing leo ka lona a fanang ka mafa a hae ho bara ba hae, a ke ke a dumellwa ho tshwara mora wa mosadi ya ratwang jwalo ka ha eka ke letsibolo empa letsibolo e le mora wa mosadi ya sa ratweng. 17 O lokela ho hlokomela hore mora wa mosadi ya sa ratweng ke yena letsibolo ka hore a mo fe dikarolo tse pedi tsa ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona hobane ke yena ngwana wa hae wa pele. Tokelo ya ho ba letsibolo ke ya hae.+
18 Haeba motho a ena le mora ya manganga ebile e le lerabele, a sa mamele ntate wa hae kapa mme wa hae+ mme ba lekile ho mo kgalemela empa a hana ho ba mamela,+ 19 ntate wa hae le mme wa hae ba mo tshware mme ba mo ise ho banna ba baholo keiting ya motse wa habo. 20 Ba re ho banna bao, ‘Mora enwa wa rona o manganga ebile ke lerabele. O hana ho re mamela. O ja ho feta tekano+ ebile ke letahwa.’+ 21 Jwale batho bohle ba motse wa habo ba lokela ho mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa. Le lokela ho tlosa se sebe hara lona mme Baiseraele bohle ba tla utlwa mme ba tla tshoha.+
22 Haeba motho a entse sebe se lokelwang ke kahlolo ya lefu mme le se le mo bolaile,+ le mo fanyehile palong,+ 23 setopo sa hae ha se a lokela ho dula palong bosiu kaofela.+ Ho ena le hoo, le etse bonnete ba hore le mo pata letsatsing lona leo hobane motho ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo+ mme le se ke la silafatsa naha eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa.+
22 Haeba o bona poho kapa nku ya ngwaneno e lahleha, o se ke wa e tlohela ka boomo.+ O e kgutlisetse ho ngwaneno. 2 Empa haeba ngwaneno a sa dule haufi le wena kapa o sa mo tsebe, o tlise phoofolo eo ha hao mme e dule ha hao ho fihlela ngwaneno a tla a ntse a batlana le yona. Jwale o e kgutlisetse ho yena.+ 3 O etse ntho e tshwanang ka tonki ya hae, diaparo tsa hae le ka ntho le ha e le efe eo ngwaneno a e lahlileng mme o e thotse. O se ke wa e tlohela.
4 Haeba o bona tonki kapa poho ya ngwaneno e wela tseleng, o se ke wa e tlohela ka boomo. O mo thuse ho e phahamisa.+
5 Mosadi ha a lokela ho apara diaparo tsa banna le monna ha a lokela ho apara diaparo tsa basadi. Mang kapa mang ya etsang dintho tsena, o a nyonyeha ho Jehova Modimo wa lona.
6 Haeba o thola sehlaha sa nonyana tseleng se ena le madinyane kapa mahe ebang se le sefateng kapa fatshe mme mma ona a fuame madinyane kapa mahe, o se ke wa nka madinyane ha mmoho le mma ona.+ 7 O tlohele mma ona hore a tsamaye empa o ka inkela madinyane. O etse sena e le hore o ka atleha mme o phele nako e telele.
8 Haeba o haha ntlo, o etse le lebota le lekgutshwanyane* ho potoloha marulelo a hao+ e le hore wena le ba lelapa la hao le se ke la eba le molato wa madi hobane motho a wele a le ho yona.
9 Le se ke la jala peo ya mofuta o mong dirapeng tsa lona tsa morara.+ Ho seng jwalo, dihlahiswa tsa peo eo le tsa dirapa tsa morara di tla nkwa di iswe sehalalelong.
10 Le se ke la pana poho le tonki ha mmoho ha le lema.+
11 Le se ke la apara diaparo tse entsweng ka ulu e kopaneng le line.+
12 Le etse ditjobo* dikhoneng tse nne tsa diaparo tsa lona.+
13 Haeba monna a nyala mosadi mme a etsa thobalano le yena empa a se a sa mo batle* 14 mme a mo qosa ka ho etsa boitshwaro bo bobe a bile a mo senya lebitso a re, ‘Ke nyetse mosadi enwa empa ha ke robala le yena ha ke a fumana bopaki ba hore ke morwetsana,’ 15 ntate le mme wa ngwanana ba lokela ho fana ka bopaki ba hore moradi wa bona e ne e le morwetsana mme ba bo tlise ho banna ba baholo keiting ya motse. 16 Ntate wa ngwanana eo o tla re ho banna ba baholo, ‘Ke file monna enwa moradi wa ka hore e be mosadi wa hae empa ha a sa mo batla* 17 ebile o mo qosa ka ho etsa boitshwaro bo bobe, o re: “Ke fumane hore moradi wa hao ha a na bopaki ba hore ke morwetsana.” Jwale bopaki ba borwetsana ba moradi wa ka ke bona.’ Ba ale lesela ka pela banna ba baholo ba motse. 18 Banna ba baholo ba motse oo,+ ba tla nka monna eo mme ba mo shape.+ 19 Ba mo patadise dikotwana tsa silevera tse etsang boima bo ka hodimonyana ho khilokramo* mme ba di fe ntate wa ngwanana hobane monna eo o sentse lebitso la morwetsana wa Iseraele.+ Le ha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae ha feela a ntse a phela. Monna eo a ke ke a dumellwa ho mo hlala.
20 Le ha ho le jwalo, haeba qoso eo e le nnete mme ho se na bopaki ba hore ngwanana eo e ne e le morwetsana, 21 banna ba baholo ba tlise ngwanana eo monyako wa ntlo ya ntate wa hae mme banna ba motse wa habo ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa hobane o entse ntho e hlabisang dihlong+ Iseraele ka ho etsa thobalano* a ntse a dula ka tlung ya ntate wa hae.+ Le tlose se sebe hara lona.+
22 Haeba monna a fumanwa a robetse le mosadi wa monna e mong, ka bobedi ba lokela ho bolawa.+ Le tlose se sebe Iseraele.
23 Haeba morwetsana a lebeleditswe ke monna mme monna e mong a kopana le yena motseng ebe o robala le yena, 24 ka bobedi le ba tlise keiting ya motse oo mme le ba tlepetse ka majwe ho fihlela ba shwa. Ngwanana eo a bolawe hobane ha a ka a hweletsa ho kopa thuso motseng le monna eo a bolawe hobane o tlotlolotse mosadi wa monna e mong.+ Le tlose se sebe hara lona.
25 Le ha ho le jwalo, haeba monna a kopana le ngwanana ya lebeleditsweng tshimong mme a mo beta, monna eo o tla bolawa a le mong. 26 Le se ke la etsa ngwanana eo letho hobane ha a etsa sebe se lokelwang ke lefu. Ketso ena e tshwana le ya monna ya hlaselang motho e mong mme a mo bolaya.+ 27 O kopane le yena tshimong mme ngwanana ya lebeleditsweng o ile a hweletsa ho kopa thuso empa ho ne ho se na motho ya mo pholosang.
28 Haeba ho etsahala hore monna a kopane le ngwanana wa morwetsana ya sa lebeletswang, a mo nka a robala le yena mme ba fumanwa,+ 29 monna eo a fe ntate wa ngwanana eo dikotwana tsa silevera tse etsang boima ba dikramo tse 570* mme e tla ba mosadi wa hae+ hobane o mo tlotlolotse. Ha feela monna eo a ntse a phela, a ke ke a dumellwa hore a mo hlale.
30 Ho se ke ha eba le monna ya nkang mosadi wa ntate wa hae e le hore a se ke a tlotlolla ntate wa hae.+
23 Ho se ke ha eba le monna ya pshatlehileng makwalata kapa ya kgaotsweng setho sa hae sa botona eo e ka bang karolo ya phutheho ya Jehova.+
2 Ho se ke ha eba le mora ya hlahileng batswadi ba hae ba sa nyalana* eo e ka bang karolo ya phutheho ya Jehova,+ esita le bana ba hae le ditloholo tsa hae ho isa molokong wa leshome e ke ke ya eba karolo ya phutheho ya Jehova.
3 Ho se ke ha eba le Moamone kapa Momoabe eo e ka bang karolo ya phutheho ya Jehova.+ Ho se ke ha eba le ya mong wa bana ba bona eo le ka mohla e ka bang karolo ya phutheho ya Jehova, esita le ditloholo tsa bona ho isa molokong wa leshome 4 hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le metsi ha le ne le le tseleng e tswang Egepeta.+ Hape ba ile ba le hirela Balame mora wa Beore ya tswang Pethore e Mesopotamia hore a le bitsetse bomadimabe.+ 5 Empa Jehova Modimo wa lona o ile a hana ho mamela Balame.+ Ho ena le hoo, Jehova Modimo wa lona o ile a fetola bomadimabe hore e be tlhohonolofatso ho lona+ hobane Jehova Modimo wa lona o le ratile.+ 6 Le ka mohla le se ke la ba thusa hore dintho di ba tsamaele hantle le hore ba atlehe ha feela le ntse le phela.+
7 Le se ke la hloya Baedomo hobane ke bana ba bo lona.+
Le se ke la hloya Baegepeta hobane le ne le le baditjhaba naheng ya bona.+ 8 Bana bao ba ba tswalang ba moloko wa boraro, e ka ba karolo ya phutheho ya Jehova.
9 Ha le ntse le le ditenteng le yo lwantsha dira tsa lona, le se ke la itshilafatsa.+ 10 Haeba monna a silafala ka lebaka la ho tswa peo bosiu,+ a tswele ka ntle ho diahelo mme a se ke a kgutlela ka hare. 11 Ha e eba mantsiboya, a itlhatswe ka metsi mme a kgutlele diahelong ha letsatsi le dikela.+ 12 Le kgethe sebaka* seo le tla se sebedisa ka ntle ho diahelo mme le ye moo. 13 Le be le kepa dithulusing tsa lona. Ha le yo ithusa ka ntle, le tjheke sekoti ka yona mme le kwahele mantle a lona. 14 Jehova Modimo wa lona o sebakeng seo le dulang ho sona+ mme o nehelana ka dira tsa lona ho lona. Ka hoo, sebaka seo le hlommeng ditente ho sona se lokela ho halalela+ e le hore a se ke a bona letho le sa hlompheheng ho lona yaba o tlohela ho tsamaya le lona.
15 O se ke wa kgutlisetsa lekgoba ho monga lona ha le balehetse ho wena. 16 Lekgoba leo le ka dula le wena sebakeng le ha e le sefe seo le se kgethang ho o mong wa metse ya heno, hohle moo le ratang teng. O se ke wa le tshwara hampe.+
17 Ho se ke ha eba le ya mong wa baradi ba Iseraele eo e bang letekatse la tempele+ le ha e le hore mang kapa mang wa bara ba Iseraele a fetohe letekatse la tempele.+ 18 Le se ke la tlisa tjhelete e patetsweng* letekatse la mosadi kapa la monna* ka tlung ya Jehova Modimo wa lona e le ho phetha boitlamo ba bona hobane ba le babedi ke ntho e nyonyehang ho Jehova Modimo wa lona.
19 Le se ke la lefisa bana ba bo lona phaello+ ebang ke phaello ya tjhelete, ya dijo kapa ya ntho le ha e le efe e ka batlang phaello. 20 Le ka lefisa baditjhaba phaello+ empa bana ba bo lona le se ke la ba lefisa yona+ e le hore Jehova Modimo wa lona a ka le hlohonolofatsa nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang naheng eo le yang ho e nka hore e be ya lona.+
21 Haeba o etsa kano ho Jehova Modimo wa hao,+ o se ke wa dieha ho e phetha+ hobane Jehova Modimo wa hao o lebeletse hore o e phethe, ho seng jwalo o tla be o entse sebe.+ 22 Empa haeba o kgetha ho se etse kano, o tla be o sa etse sebe.+ 23 O phethahatse seo o se buileng+ hobane kano eo o e entseng ke nyehelo ya boithaopo ho Jehova Modimo wa hao.+
24 Haeba o kena serapeng sa morara sa moahisani wa hao, o ka ja morara hore o kgotsofale empa o se ke wa tshela o mong ka mokotleng wa hao.+
25 Haeba o kena tshimong ya koro ya moahisani wa hao, o ka kga e butswitseng empa o se ke wa hela koro ya moahisani wa hao ka sekele.+
24 Haeba monna a nyetse mosadi empa a se a sa mo batle hobane a fumane hore o itshwere ka tsela e sa hlompheheng, a mo ngolle lengolo la tlhalo,+ a mo fe lona mme a mo leleke.+ 2 Ha mosadi eo a se a tsamaile ntlong ya hae, a ka nyalwa ke monna e mong.+ 3 Haeba monna wa hae wa bobedi a se a sa mo batle* mme a mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo fa lona mme a mo leleka ntlong ya hae kapa haeba monna eo a shwa, 4 monna wa hae wa pele ya ileng a mo leleka a ke ke a dumellwa hore a mo nyale hape ka mora hore a silafatswe hobane ho etsa jwalo ke ntho e nyonyehang ho Jehova. Le se ke la tlisa sebe naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa.
5 Haeba monna a qeta ho nyala, a se ke a ya sesoleng kapa a fuwa mosebetsi le ha e le ofe. A qete selemo a se na boikarabelo le ha e le bofe, a dule hae mme a thabise mosadi wa hae.+
6 Ho se ke ha eba le motho ya nkelang e mong lelwala la letsoho kapa tshilwana e le bopaki ba hore o tla patala sekoloto sa hae*+ hobane ho etsa jwalo e tla be e le ho nka ntho eo a iphedisang ka yona.*
7 Haeba ho fumanwa motho ya kwetetseng e mong wa bana babo ba Iseraele, a ile a mo tshwara hampe mme a mo rekisa,+ motho ya mo kwetetseng o lokela ho shwa.+ Le tlose se sebe hara lona.+
8 Haeba ho ena le lefu la lepera,* le etse bonnete ba hore le latela ditaelo tsohle tseo baprista ba Balevi ba le fang tsona.+ Le etse feela jwalo ka ha ke ba laetse. 9 Le hopole seo Jehova Modimo wa lona a se entseng ho Miriame ha le ne le le tseleng le tswa Egepeta.+
10 Haeba o adima moahisani wa hao ntho le ha e le efe,+ o se ke wa kena ka tlung ya hae e le hore o inkele ntho eo a itseng e tla ba bopaki ba hore o tla o patala. 11 O eme ka ntle mme motho ya o kolotang e lokela ho ba yena ya tlisang ntho eo e tlang ho ba bopaki ba hore o tla o patala. 12 Haeba motho eo e le mofutsana, o se ke wa robala o ena le ntho eo a o fileng yona e le bopaki ba hore o tla o patala.+ 13 O e kgutlisetse ho yena hang ha letsatsi le dikela. O tla robala ka seaparo sa hae+ mme o tla o hlohonolofatsa. Jehova Modimo wa hao o tla nka hoo e le ketso e lokileng.
14 O se ke wa etsetsa mosebeletsi ya futsanehileng bolotsana ebang ke e mong wa bana beno kapa ke moditjhaba ya naheng ya heno ka hara metse* ya lona.+ 15 O mo fe moputso wa hae letsatsing lona leo,+ pele letsatsi le dikela hobane ke mofutsana ebile o hloka moputso oo e le hore a nne a phele. Ho seng jwalo, o tla llela ho Jehova ka lebaka la hao mme o tla be o entse sebe.+
16 Bontate ha ba a lokela ho bolaelwa dibe tsa bana ba bona le bana ha ba a lokela ho bolaelwa dibe tsa bontate ba bona.+ Motho e mong le e mong o lokela ho bolaelwa sebe sa hae.+
17 Le se ke la ahlola moditjhaba kapa kgutsana*+ ka mokgwa o se nang toka hape le se ke la nka seaparo sa mohlolohadi e le bopaki ba hore o tla patala.*+ 18 Le hopole hore le ne le le makgoba Egepeta mme Jehova Modimo wa lona o ile a le lopolla teng.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena.
19 Ha o kotula tshimong ya hao mme o lebetse ngata tshimong, o se ke wa kgutla ho ya e nka. E lokela ho salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi+ e le hore Jehova Modimo wa hao a ka o hlohonolofatsa dinthong tsohle tseo o di etsang.+
20 Ha o kotula sefate sa hao sa mohlwaare, o se ke wa kgutlela morao wa yo se kotula hape. Se setseng se tla salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi.+
21 Ha o bokella morara o serapeng sa hao sa morara, o se ke wa kgutla ho ya bokella o setseng. O lokela ho salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi. 22 Le hopole hore le ne le le makgoba naheng ya Egepeta. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena.
25 Haeba batho ba babedi ba qabana, ba itlhahise ka pela baahlodi.+ Ba tla ba ahlola mme ba bolele hore na ke ofe ya se nang molato le hore na ke ofe ya molato.+ 2 Haeba ya molato a lokela ho shapuwa,+ moahlodi o tla re a paqame ebe o shapuwa moahlodi a ntse a le teng. Makgetlo ao a tla shapuwa ka ona a lokela ho lekana le ketso ya hae e kgopo. 3 A ka shapuwa ka makgetlo a 40+ empa eseng ho feta moo. Haeba a shapuwa ho feta moo, ngwanabo lona o tla tlotloleha ka pela mahlo a lona.
4 O se ke wa tlama poho molomo ha e pola.+
5 Haeba bara ba motho ba dula motseng o le mong mme e mong wa bona a shwa a se na mora, mosadi wa monna ya shweleng a se ke a nyalwa ke motho eo eseng wa lelapa. Ngwanabo monna wa hae o lokela ho ya ho yena, a etse seo a lokelang ho se etsa e leng ho nyala mosadi wa ngwanabo.+ 6 Ngwana wa letsibolo eo mosadi eo a tla ba le yena, o tla nkwa e le wa* monna wa hae ya shweleng+ e le hore lebitso la monna eo le se ke la hlakolwa Iseraele.+
7 Jwale haeba monna eo a sa batle ho nyala mosadi wa ngwanabo, mohlolohadi eo o lokela ho ya ho banna ba baholo keiting ya motse mme a re, ‘Ngwanabo monna wa ka o hanne ho boloka lebitso la ngwanabo Iseraele. O hanne ho nnyala.’ 8 Banna ba baholo ba motse wa habo ba mo bitse mme ba bue le yena. Haeba a phehella a re, ‘Ha ke batle ho mo nyala,’ 9 jwale mohlolohadi wa ngwanabo o lokela ho tla ho yena ka pela banna ba baholo, a mo rodise seeta,*+ a mo tshwele ka mathe sefahlehong mme a re, ‘Sena ke se lokelang ho etswa ho monna ya sa haheng ntlo ya ngwanabo.’ 10 Ka mora moo, lebitso la lelapa la hae* le tla tsebahala Iseraele e le ‘Ntlo ya ya rodisitsweng seeta.’
11 Haeba banna ba babedi ba lwana mme mosadi wa e mong a kenella e le hore a sireletse monna wa hae ebe o tshwara monna eo ka ditho tsa botona, 12 le mo kgaole letsoho. Le* se ke la mo qenehela.
13 Le se ke la ba le majwe a mabedi a sa lekaneng ka boima ka mekotleng ya lona,+ le leholo le le lenyenyane. 14 Le se ke la eba le dijana tse pedi tse methang* tse sa lekaneng ka matlung a lona,+ se seholo le se senyenyane. 15 Le lokela ho ba le boima ba ho metha bo nepahetseng le ditekanyo tse nepahetseng e le hore le tle le phele nako e telele naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona.+ 16 Motho e mong le e mong ya sa tshepahaleng ya etsang dintho tsena, o a nyonyeha ho Jehova Modimo wa lona.+
17 Le hopole seo Baamaleke ba le entseng sona tseleng ha le ne le tswa Egepeta+ 18 ka moo ba ileng ba le kgahlanyetsa ka teng tseleng mme ba hlasela bohle ba neng ba saletse morao ha le ne le kgathetse mme le tepeletse. Ha ba a ka ba tshaba Modimo. 19 Ha Jehova Modimo wa lona a se a le file phomolo direng tsohle tsa lona ho potoloha naha eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa,+ le fedise Baamaleke e le hore ba se ke ba hopolwa tlasa mahodimo.+ Le se ke la lebala.
26 Qetellong ha le kena naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa mme le se le dula ho yona, 2 le nke tse ding tsa dihlahiswa* tsohle tsa lona tsa pele tseo le tla di bokella ho tswa naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le di tshele basketeng mme le ye sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a kgethang hore lebitso la hae le dule ho sona.+ 3 Le ye ho moprista ya tla beng a le teng ka nako eo mme le re ho yena, ‘Kajeno ke tlalehela Jehova Modimo wa hao hore ke kene naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba rona hore o tla re fa yona.’+
4 Moprista a nke baskete letsohong la hao mme a e behe ka pela aletare ya Jehova Modimo wa hao. 5 Jwale o re ka pela Jehova Modimo wa hao, ‘Moholoholo wa ka e ne e le Moarame ya lelerang*+ yaba o theohela Egepeta+ mme o dula moo e le moditjhaba, a ena le ba seng bakae ka tlung ya hae.+ Empa o ile a fetoha setjhaba se seholo moo, se matla le se sengata.+ 6 Baegepeta ba ile ba re tshwara hampe, ba re hatella mme ba re hlorisa jwalo ka makgoba.+ 7 Ka hoo, ra qala ho hweletsa ho Jehova Modimo wa baholoholo ba rona mme Jehova a utlwa mantswe a rona yaba o bona matshwenyeho a rona, mathata a rona le kgatello eo re leng ho yona.+ 8 Qetellong Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla,+ ka diketso tse tshosang le ka dipontsho le mehlolo.+ 9 Yaba o re tlisa mona mme o re fa naha ena e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ 10 Jwale ke tlisitse dihlahiswa tsa pele tsa naha eo Jehova a mphileng yona.’+
Le di behe ka pela Jehova Modimo wa lona mme le iname ka pela Jehova Modimo wa lona. 11 Le tla thaba ka lebaka la sohle se molemo seo Jehova Modimo wa lona a se fileng lona le ba malapa a lona, ha mmoho le Balevi le baditjhaba ba hara lona.+
12 Ha le qetile ho ntsha karolo yohle ya leshome+ ya dihlahiswa tsa lona ka selemo sa boraro e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, le e fe Molevi, moditjhaba, kgutsana* le mohlolohadi mme ba tla ja ba kgore ba le ka hara metse* ya lona.+ 13 Le tla re ho Jehova Modimo wa lona, ‘Ke ntshitse dintho tsena tse halalelang ka tlung ya ka mme ke di file Molevi, moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi+ feela jwalo ka ha o ntaetse. Ha ke a tlola ditaelo tsa hao kapa hona ho se di tsotelle. 14 Ha ke a di ja nakong eo ke neng ke utlwile bohloko* kapa hona ho tlosa le ha e le efe ya tsona ha ke ne ke sa hlweka kapa ka fana ka le ha e le efe ya tsona bakeng sa motho ya shweleng. Ke mametse lentswe la Jehova Modimo wa ka mme ke entse dintho tsohle tseo o ntaetseng tsona. 15 Jwale sheba tlase o le sebakeng sa hao se halalelang, mahodimong mme o hlohonolofatse setjhaba sa hao sa Iseraele le naha eo o re fileng yona+ feela jwalo ka ha o hlapanyeditse baholoholo ba rona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.’+
16 Letsatsing lena Jehova Modimo wa lona o le laela hore le phethe melao le diqeto tsena tsa boahlodi. Le di boloke mme le di phethe ka dipelo tsa lona tsohle+ le ka moya* wa lona wohle. 17 Kajeno Jehova o le file kgodiseho ya hore e tla ba Modimo wa lona ha feela le tsamaya ditseleng tsa hae, le phetha melao ya hae,+ ditaelo tsa hae+ le diqeto tsa hae tsa boahlodi+ le bile le mamela lentswe la hae. 18 Kajeno le kgodisitse Jehova hore le tla ba setjhaba sa hae, thepa ya hae e kgethehileng*+ feela jwalo ka ha a le tshepisitse le hore le tla mamela ditaelo tsohle tsa hae. 19 Jwale o tla le phahamisetsa ka hodima ditjhaba tse ding tsohle tseo a di entseng+ feela jwalo ka ha a tshepisitse, a le fe thoriso, botumo le kganya haeba le bontsha hore le setjhaba se halalelang ho Jehova Modimo wa lona.”+
27 Moshe ha mmoho le banna ba baholo ba Iseraele ba laela setjhaba ba re: “Mamelang taelo e nngwe le e nngwe eo ke le fang yona kajeno. 2 Letsatsing leo ka lona le tshelang Jordane ho ya naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le emise majwe a maholo mme le a dile ka letsopa.*+ 3 Ka mora moo, le ngole mantswe ohle a Molao ona hodima ona ha le se le tshetse e le hore le kene naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi jwalo ka ha Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a le tshepisitse.+ 4 Ha le se le tshetse Jordane, le emise majwe ana Thabeng ya Ebale+ mme le a dile ka letsopa* feela jwalo ka ha ke le laela kajeno. 5 Hape le hahele Jehova Modimo wa lona aletare moo, e be aletare ya majwe. Le se ke la betla majwe ao ka dithulusi tsa tshepe.+ 6 Le hahe aletare ya Jehova Modimo wa lona ka majwe a sa betlwang mme le etsetse Jehova Modimo wa lona dinyehelo tsa setjheso ho yona. 7 Le nyehele mahlabelo a kopanetsweng+ mme le a jelle moo+ mme le tla thaba ka pela Jehova Modimo wa lona.+ 8 Hape le ngole ka ho hlaka mantswe ohle a Molao ona hodima majwe.”+
9 Yaba Moshe le baprista ba Balevi ba bua le Baiseraele bohle, ba re: “Tholang mme le mamele lona Baiseraele. Letsatsing lena le fetohile setjhaba sa Jehova Modimo wa lona.+ 10 Le mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona mme le phethe ditaelo tsa hae+ le melao ya hae eo ke le laelang yona kajeno.”
11 Letsatsing leo Moshe a laela setjhaba a re: 12 “Maloko a latelang a tla ema Thabeng ya Gerizime+ ho hlohonolofatsa setjhaba ha le se le tshetse Jordane: Simeone, Levi, Juda, Isakare, Josefa le Benjamine. 13 Ba latelang ke ba tla ema Thabeng ya Ebale+ e le hore ba fane ka thohako: Rubene, Gade, Ashere, Zabulone, Dane le Nefthali. 14 Jwale Balevi ba tla bua ka lentswe le phahameng ho setjhaba sohle sa Baiseraele mme ba re:+
15 ‘Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho+ kapa seemahale sa tshepe*+ ebile a se beha moo ho patehileng e leng ntho e nyonyehang ho Jehova,+ ntho e entsweng ke setsebi sa mosebetsi wa matsoho.* (Setjhaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’*)
16 Ho rohakwe motho ya tellang ntate wa hae kapa mme wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
17 Ho rohakwe motho ya tjhetjhisang letshwao la moedi wa moahisani wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
18 Ho rohakwe motho ya etsang hore ya foufetseng a lahlehelwe ke tsela.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
19 Ho rohakwe motho ya etsang hore moditjhaba, kgutsana* kapa mohlolohadi+ a se ke a ahlolwa ka toka.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
20 Ho rohakwe motho ya robalang le mosadi wa ntate wa hae hobane o tlotlolotse ntate wa hae.*+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
21 Ho rohakwe motho ya etsang thobalano le phoofolo.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
22 Ho rohakwe motho ya robalang le kgaitsedi ya hae ebang ke moradi wa ntate wa hae kapa wa mme wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
23 Ho rohakwe motho ya robalang le matsale wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
24 Ho rohakwe motho ya bolayang moahisani wa hae sephiring.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
25 Ho rohakwe motho ya amohelang tjotjo e le hore a bolaye motho ya se nang molato.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
26 Ho rohakwe motho ya sa mameleng mantswe a Molao ona ebile a sa a phethe.’+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
28 Haeba le etsa bonnete ba hore le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le mamele ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, ka sebele Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore le phahamele ditjhaba tse ding tsohle tsa lefatshe.+ 2 Ka ha le ntse le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona, le tla fumana ditlhohonolofatso tsena tse ngata:+
3 Le tla hlohonolofatswa metseng ya lona mme le hlohonolofatswe le masimong a lona.+
4 Le tla hlohonolofatswa ka bana ba bangata,+ ka diphoofolo tse ngata+ le masimo a lona a hlahise dijo tse ngata.
5 Le tla hlohonolofatswa ka hore dibaskete tsa lona di tlale+ le ka hore dikotlolo tsa lona tseo le dubelang ho tsona di tlale.+
6 Le tla atleha nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang.
7 Jehova o tla etsa hore le hlole dira tsa lona tse le lwantshang.+ Di tla le hlasela di hlaha lehlakoreng le le leng empa di tla le baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng.+ 8 Jehova o tla hlohonolofatsa matlo a lona a polokelo*+ le ntho e nngwe le e nngwe eo le e etsang mme le tla hlohonolofatswa naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona. 9 Jehova o tla le etsa setjhaba sa hae se halalelang+ feela jwalo ka ha a ile a ikana ho lona+ hobane le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona mme le tsamaya ditseleng tsa hae. 10 Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hore le bitswa ka lebitso la Jehova+ mme di tla le tshaba.+
11 Jehova o tla etsa hore le be le bana ba bangata, mehlape e mengata le hore masimo a lona a hlahise dijo tse ngata+ naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona.+ 12 Jehova o tla le bulela ntlo ya hae e tletseng ya polokelo e leng mahodimo, ho fa naha ya lona pula ka nako ya yona+ le ho hlohonolofatsa dintho tsohle tseo le di etsang. Le tla adima ditjhaba tse ngata tjhelete ya lona le hoja ho ke ke ha hlokahala hore le adime letho ho tsona.+ 13 Haeba le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le laelang tsona kajeno ebile le di boloka, Jehova o tla etsa hore le phahamele batho ba bang mme a ke ke a dumella hore ba le hatelle. Le tla ba phahamela+ mme le ke ke la ba ka tlase ho bona. 14 Le se ke la kgeloha mantswe ohle ao ke le laelang ona kajeno mme la ya ka ho le letona kapa le letshehadi,+ ka ho latela medimo e meng e le hore le e sebeletse.+
15 Empa haeba le sa mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, dikotlo tsena tsohle di tla le tlela mme dintho tsena tsohle tse mpe di tla le hlahela:+
16 Le ke ke la atleha metseng ya lona mme le masimo a lona a ke ke a hlahisa dijo.+
17 Dibaskete tsa lona le dikotlolo tseo le dubelang ho tsona di ke ke tsa eba le dijo.+
18 Le ke ke la ba le bana*+ mme masimo a lona a ke ke a hlahisa dijo le mehlape ya lona e ke ke ya tswala manamane le dikonyana.+
19 Le ke ke la atleha nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang.
20 Jehova a ke ke a atlehisa ntho e nngwe le e nngwe eo le e etsang mme le tla fuwa kotlo ho fihlela le fediswa ka potlako ka lebaka la diketso tsa lona tse mpe le ka hobane le ntahlile.+ 21 Jehova o tla etsa hore le be le bolwetse bo sa feleng ho fihlela a le fedisitse naheng eo le yang ho e nka hore e be ya lona.+ 22 Jehova o tla le otla ka lefuba, feberu,+ ho ruruha, motjheso wa feberu, sabole,+ komello le phori*+ mme di tla le lelekisa ho fihlela le fedisitswe. 23 Ke tla kwala mahodimo e le hore pula e se ke ya na* mme ke etse hore lefatshe le se ke la hlahisa dijo.*+ 24 Jehova o tla etsa hore pula ya naha ya lona e be mobu le lerole mme di tla theoha ho tswa mahodimong ho fihlela le fedisitswe. 25 Jehova o tla etsa hore dira tsa lona di le hlole.+ Le tla di hlasela le hlaha lehlakoreng le le leng empa le tla di baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng. Mebuso yohle ya lefatshe+ e tla tshoha ha e bona dintho tsohle tse mpe tse le hlahelang. 26 Ditopo tsa lona e tla ba dijo tsa dinonyana tsohle tsa lehodimo le diphoofolo tsohle tsa naha mme ha ho motho ya tla di leleka.+
27 Jehova o tla le otla ka mathopa a Egepeta, ho ruruha ha methapo ya ka morao, bolwetse ba letlalo le makgopho a masesaane mme di ke ke tsa fola. 28 Jehova o tla le otla ka bohlanya, bofofu+ le ho ferekana.* 29 Le tla phopholetsa hara motshehare feela jwalo ka ha motho ya foufetseng a phopholetsa lefifing+ mme le ke ke la atleha nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang. Le tla dula le etsetswa bolotsana ebile le nkelwa dintho, ho se ya le pholosang.+ 30 Le tla lebeletsa basadi empa banna ba bang ba tla ba beta. Le tla haha matlo empa le ke ke la dula ho ona.+ Le tla lema morara empa le ke ke la o ja.+ 31 Dipoho tsa lona di tla hlajwa ka pela mahlo a lona empa le ke ke la di ja. Ditonki tsa lona di tla utsuwa le ntse le shebile empa di ke ke tsa kgutlela ho lona. Dinku tsa lona di tla fuwa dira tsa lona empa ho ke ke ha eba le motho ya le pholosang. 32 Bara le baradi ba lona ba tla fuwa batho ba bang+ le ntse le shebile mme le tla dula le ba hlolohelwa empa le ke ke la kgona ho etsa letho. 33 Ditholwana tsa naha ya lona le dijo tsohle tsa lona di tla jewa ke batho bao le sa ba tsebeng+ mme le tla dula le etsetswa bolotsana le bile le hloriswa. 34 Le tla hlantshwa ke seo mahlo a lona a se bonang.
35 Jehova o tla le otla ka mathopa a bohloko le a sa foleng mangoleng le maotong, ho tloha ka tlasa leoto ho ya hara hlooho. 36 Lona ha mmoho le morena eo le mo kgethileng, Jehova o tla le lelekela setjhabeng seo lona le baholoholo ba lona le sa kang la se tseba+ mme moo le tla sebeletsa medimo e meng e leng medimo e entsweng ka patsi le lejwe.+ 37 Ha le fihla dibakeng tseo Jehova a le leleketseng ho tsona,+ batho ba moo ba tla le makalla mme ba le tshehe ka lebaka la dintho tse le etsahalletseng.
38 Le tla jala peo e ngata tshimong empa le ke ke la kotula dijalo tse ngata+ hobane ditsie di tla di ja. 39 Le tla lema morara mme le o hlaolele empa le ke ke la nwa veine ya wona kapa la o kotula+ hobane diboko di tla o ja. 40 Le tla ba le difate tsa mohlwaare naheng yohle ya lona empa le ke ke la itlotsa ka oli ya tsona hobane di tla hlohloreha. 41 Le tla tswala bara le baradi empa ba ke ke ba dula e le ba lona hobane ba tla ya botlamuweng.+ 42 Dikokwanyana tse ngata* di tla ja difate le ditholwana tsohle tsa lona. 43 Baditjhaba ba dulang hara lona ba tla ba matla ho le feta mme lona le tla fokola le ho feta. 44 Ditjhaba di tla le adima dintho tseo di nang le tsona empa le ke ke la di adima letho.+ Di tla le phahamela mme lona le tla ba ka tlasa tsona.+
45 Le tla tlelwa ke dikotlo tsena tsohle+ ho fihlela le fedisitswe+ hobane ha le a ka la mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona le ditaelo tseo a le laetseng tsona.+ 46 Di tla tlela lona le bana ba lona e le pontsho le temoso ka ho sa feleng+ 47 hobane ha le a ka la sebeletsa Jehova Modimo wa lona ka pelo e thabileng ha le ne le ena le dintho tse ngata.+ 48 Jehova o tla romela dira ho lona mme le tla di sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyorilwe, le se na diaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ya tshepe melaleng ya lona ho fihlela a le fedisitse.
49 Jehova o tla romela setjhaba se tswang hole,+ se tswang qetellong ya lefatshe hore se le hlasele, se tla le fofela jwalo ka ntsu,+ setjhaba seo le ke keng la utlwisisa puo ya sona,+ 50 setjhaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ya tsofetseng kapa e motjha.+ 51 Se tla ja mehlape ya lona le ditholwana tsa naha ya lona ho fihlela le fedisitswe. Se ke ke sa le siela dijo, veine e ntjha kapa oli, manamane kapa dikonyana ho fihlela se le fedisitse.+ 52 Se tla le thibella, se le kwalle ka hara metse* ya lona naheng ya lona ho fihlela marako a lona a phahameng a le sireleditseng a wa. Se tla le thibella ka hara metse ya lona eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona.+ 53 Ka ha le tla be le thibeletswe ebile le hateletswe ke dira tsa lona, le tla lokela ho ja bana* ba lona e leng bara le baradi ba lona+ bao Jehova Modimo wa lona a le fileng bona.
54 Esita le monna ya bonolo le ya phelang ha monate hara lona a ke ke a qenehela ngwanabo, mosadi wa hae ya ratehang kapa bara ba hae ba setseng. 55 A ke ke a ba arolela nama ya bara ba hae eo a tla e ja hobane ha a sallwa ke letho ka lebaka la ho thibellwa ka thata le kgatello eo dira tsa lona di le tlisetsang yona ka hara metse ya lona.+ 56 Mosadi ya bonolo le ya phelang ha monate hara lona ya neng a ke ke a nahana ho beha leoto la hae fatshe hobane a phela ha monate,+ a ke ke a qenehela monna wa hae ya ratehang, mora kapa moradi wa hae, 57 esita le thari e tswang pakeng tsa maoto a hae le bara ba hae bao a ba tswalang hobane o tla ba jella sephiring ka lebaka la ho thibellwa ka thata le kgatello eo dira tsa lona di le tlisetsang yona ka hara metse ya lona.
58 Haeba le sa mamele mantswe ohle a Molao ona a ngotsweng bukeng ena+ mme le sa hlomphe lebitso lena le kganyang le le hlomphehang+ la Jehova+ Modimo wa lona, 59 Jehova o tla tlisetsa lona le bana ba lona dikotlo tse bohloko e leng dikotlo tse boima le tse sa feleng+ le malwetse a bohloko a sa foleng. 60 O tla le tlisetsa malwetse ohle a Egepeta ao le neng le a tshaba mme le ke ke la fola. 61 Hape, Jehova o tla le tlisetsa malwetse ohle kapa dikotlo tse sa ngolwang bukeng ena ya Molao ho fihlela le fedisitswe. 62 Le hoja le le bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo,+ ho tla sala feela palo e fokolang ya lona+ hobane ha le a ka la mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.
63 Feela jwalo ka ha Jehova a ne a thabela ho le hlohonolofatsa le ho le atisa, ka ho tshwanang Jehova o tla thabela ho le fedisa mme le tla tloswa naheng eo le yang ho e nka hore e be ya lona.
64 Jehova o tla le hasanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya pheletsong e nngwe ya lefatshe+ mme moo le tla lokela ho sebeletsa medimo e entsweng ka patsi le lejwe, eo lona kapa baholoholo ba lona ba sa kang ba e tseba.+ 65 Le ke ke la eba le kgotso hara ditjhaba tseo+ kapa la eba le sebaka sa bodulo. Ho ena le hoo, Jehova o tla etsa hore le tshwenyehe,+ mahlo a lona a fifale le be le nyahame.+ 66 Bophelo ba lona bo tla ba kotsing mme le tla dula le tshohile bosiu le motshehare. Le ke ke la tseba hore na le tla pholoha kapa tjhe. 67 Hoseng le tla re, ‘Hoja ebe ke mantsiboya!’ mme mantsiboya le tla re, ‘Hoja ebe ke hoseng!’ ka lebaka la ho tshoha le ka lebaka la seo mahlo a lona a tla se bona. 68 Jehova o tla le kgutlisetsa Egepeta ka sekepe, ka tsela eo ke itseng ha le sa tla hlola le e bona mme moo le tla lokela ho ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba a banna le a basadi empa ho ke ke ha eba le motho ya le rekang.”
29 Ana ke mantswe a selekane seo Jehova a laetseng Moshe hore a se etse le setjhaba sa Iseraele naheng ya Moabe, ho ekelletsa ho selekane seo a se entseng le bona Horebe.+
2 Moshe a bitsa Baiseraele bohle yaba o re ho bona: “Le bone dintho tsohle tseo Jehova a di entseng ka pela lona naheng ya Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha yohle ya hae,+ 3 dikotlo* tseo le di boneng, dipontsho tse kgolo le mehlolo.+ 4 Empa Jehova ha a le fa matla a ho utlwisisa,* mahlo a bonang le ditsebe tse utlwang ho fihlela letsatsing lena.+ 5 ‘Ha ke ntse ke le tataisa ka dilemo tse 40 lefeelleng,+ diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha le dieta* tsa lona ha di a ka tsa fela.+ 6 Ha le a ka la ja bohobe mme ha le a ka la nwa veine kapa dino tse ding tse tahang e le hore le ka tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona.’ 7 Qetellong le ile la fihla sebakeng sena yaba Sihone morena wa Heshbone+ le Oge morena wa Bashane+ ba a re futuhela empa ra ba hlola.+ 8 Ka mora moo, ra nka naha ya bona mme ra e fa Barubene, Bagade le halofo ya moloko wa Bamanase+ e le lefa. 9 Ka hoo, le mamele mantswe a selekane sena mme le a phethe e le hore ntho e nngwe le e nngwe eo le e etsang e le tsamaele hantle.+
10 Kajeno kaofela ha lona le eme ka pela Jehova Modimo wa lona, lona le dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba baholo ba lona, balaodi ba lona, monna e mong le e mong wa Iseraele, 11 bana ba lona, basadi ba lona+ le baditjhaba+ ba dulang hara lona, ho tloha ho ya le rwallelang patsi ho ya ho ya le kgellang metsi. 12 Le tlile mona e le hore le etse kano ya ho kena selekaneng sa Jehova Modimo wa lona, selekane seo Jehova Modimo wa lona a se etsang le lona kajeno+ 13 e le hore a ka tiisa kajeno hore le setjhaba sa hae+ le hore e ka ba Modimo wa lona+ feela jwalo ka ha a le tshepisitse le feela jwalo ka ha a hlapanyeditse baholoholo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+
14 Ha ke etse kano ya ho kena selekaneng sena le lona feela 15 empa ke e etsa le ba emeng le rona mona kajeno ka pela Jehova Modimo wa rona le ba siyo ho rona mona kajeno. 16 (Ka ha le tseba hantle ka moo re neng re phela ka teng naheng ya Egepeta le ka moo re ileng ra feta hara ditjhaba tse ngata ka teng ha re ne re le tseleng.+ 17 Le ne le tlwaetse ho bona dintho tsa tsona tse nyonyehang e leng ditshwantsho tsa tsona tse rapelwang tse nyonyehang*+ tse entsweng ka patsi le lejwe, silevera le kgauta, tseo di neng di le hara tsona.) 18 Le hlokomele hore kajeno ho se ke ha eba le lelapa kapa leloko, monna kapa mosadi hara lona eo pelo ya hae e furallang Jehova Modimo wa rona ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo+ e le hore ho se ke ha eba le motso hara lona o behang ditholwana tse tjhefo le lengana.+
19 Empa haeba motho e mong a utlwa mantswe a kano ena mme a ithorisa ka pelong ya hae a re, ‘Ha ho na letho le tla nketsahalla le ha nka tswela pele ke phela ka tsela eo ke e batlang’ mme seo se etsa hore motho e mong le e mong* ya haufi le yena a bolawe, 20 Jehova a ke ke a tshwarela+ motho eo. Ho ena le hoo, Jehova o tla mo halefela haholo mme o tla tlelwa ke dikotlo tsohle tse ngotsweng ka bukeng ena+ mme ka sebele Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa mahodimo. 21 Jehova o tla mo kgetholla melokong yohle ya Iseraele e le hore a fumane kotlo ho latela dikotlo tsohle tse ngotsweng bukeng ena ya Molao.
22 Ha moloko o tlang wa bara ba lona le baditjhaba ba tswang naheng e hole ba bona dikotlo tsa naha le malwetse ao Jehova a a tlisitseng naheng, 23 ba bona naha yohle e fediswa ka sebabole, letswai le mollo ebile e sa jalwa kapa e sa beha kapa ho se na dimela le ha e le dife tse melang ho yona, hoo e shebahalang jwalo ka Sodoma le Gomora,+ Adma le Zeboime+ tseo Jehova a ileng a di fedisa ka bohale ba hae, 24 bona le ditjhaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Keng e entseng hore a halefe hakana?’ 25 Jwale ba tla re, ‘Ke hobane ba tlohetse selekane sa Jehova,+ Modimo wa baholoholo ba bona, seo a se entseng le bona ha a ba ntsha naheng ya Egepeta.+ 26 Empa ba ile ba tsamaya mme ba sebeletsa medimo e meng, ba e inamela, medimo eo ba sa kang ba e tseba le eo a neng a sa ba dumella hore ba e rapele.*+ 27 Jwale Jehova a halefela naha eo ka ho e tlisetsa dikotlo tsohle tse ngotsweng bukeng ena.+ 28 Ka hoo, Jehova a ba tlosa naheng ya bona ka bohale+ mme a ba isa naheng e nngwe, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno.’+
29 Dintho tse patilweng ke tsa Jehova Modimo wa rona+ empa dintho tse senotsweng ke tsa rona le bana ba rona ka ho sa feleng e le hore re ka phetha mantswe ohle a Molao ona.+
30 Ha mantswe ana ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomadimabe tseo ke di behileng ka pela lona+ mme le ikgopotsa*+ ona le le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 mme le kgutlela ho Jehova Modimo wa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentswe la hae ho ya ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+ 4 Le haeba batho ba habo lona ba hasantswe ho ya fihla qetellong ya lefatshe, Jehova Modimo wa lona o tla le bokella mme a le kgutlise.+ 5 Jehova Modimo wa lona o tla le tlisa naheng eo bontate ba lona ba ileng ba e nka mme o tla etsa hore le atlehe a be a le atise ho feta bontate ba lona.+ 6 Jehova Modimo wa lona o tla hlwekisa* dipelo tsa lona le dipelo tsa ditloholo tsa lona+ e le hore le rate Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle mme le phele.+ 7 Jehova Modimo wa lona o tla tlisa bomadimabe bona bohle ho dira tsa lona, tse neng di le hloile ebile di le hlorisa.+
8 Le tla kgutla mme le mamele lentswe la Jehova le be le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 9 Jehova Modimo wa lona o tla le atlehisa haholo mosebetsing o mong le o mong oo le o etsang,+ a atise bana ba lona, mehlape ya lona le dihlahiswa tsa lona hobane Jehova o tla boela a thabele ho le atlehisa, feela jwalo ka ha a ile a thabela ho atlehisa baholoholo ba lona.+ 10 Le tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona mme le boloke ditaelo tsa hae tse ngotsweng bukeng ena ya Molao mme le tla kgutlela ho Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle.+
11 Taelo ena eo ke le laelang yona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utlwisisa kapa la e phetha.*+ 12 Ha e mahodimong hoo le ka reng, ‘Ke mang ya tla nyolohela mahodimong hore a re latele yona e le hore re ka e utlwa mme ra e phetha?’+ 13 Le ha e le hore e ka lehlakoreng le leng la lewatle, hoo le ka reng, ‘Ke mang ya tla tshelela ka lehlakoreng le leng la lewatle mme a re latele yona e le hore re ka e utlwa mme ra e phetha?’ 14 Ka ha lentswe leo le haufi haholo le lona, le melomong ya lona mme le ka dipelong tsa lona+ e le hore le ka le phetha.+
15 Bonang, kajeno ke beha ka pela lona bophelo le tlhohonolofatso, lefu le bobe.+ 16 Haeba le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le laelang tsona kajeno, ka ho rata Jehova Modimo wa lona,+ ka ho tsamaya ditseleng tsa hae le ka ho boloka ditaelo tsa hae le diqeto tsa hae tsa boahlodi, le tla phela+ le ngatafale mme Jehova Modimo wa lona o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho e nka.+
17 Empa haeba dipelo tsa lona di kgeloha,+ le sa mamele mme le susumetswa hore le inamele medimo e meng le ho e sebeletsa,+ 18 kajeno ke a le bolella hore ka sebele le tla shwa.+ Le ke ke la phela nako e telele naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka hore e be ya lona. 19 Kajeno ke nka mahodimo le lefatshe e le dipaki tsa lona hore ke behile bophelo le lefu ka pela lona, tlhohonolofatso le bomadimabe,+ le kgethe bophelo e le hore lona le bana ba lona+ le phele+ 20 ka hore le rate Jehova Modimo wa lona,+ le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele+ hobane ke yena ya le fang bophelo mme ka yena, le tla phela nako e telele naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla ba fa yona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+
31 Jwale Moshe a tswa mme a bolella Baiseraele bohle mantswe ana, 2 a re ho bona: “Kajeno ke dilemo di 120.+ Ha ke sa tla hlola ke le etella pele* hobane Jehova o itse ho nna, ‘O ke ke wa tshela Jordane ena.’+ 3 Jehova Modimo wa lona ke yena ya tshelang pele ho lona, o tla fedisa ditjhaba tsena ka pela lona mme le tla di leleka.+ Joshua ke yena ya tla le etella pele hore le tshele+ feela jwalo ka ha Jehova a buile. 4 Jehova o tla di fedisa feela jwalo ka ha a fedisitse Sihone+ le Oge+ e leng marena a Baamore le naha ya bona.+ 5 Jehova o tla etsa hore le di hlole mme le di etse ho ya ka ditaelo tsohle tseo ke le fileng tsona.+ 6 Le be sebete mme le be matla.+ Le se ke la tshoha kapa la haroha matswalo ka pela tsona+ hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela.”+
7 Jwale Moshe a bitsa Joshua mme a re ho yena ka pela Baiseraele bohle: “O be sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya setjhaba sena naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba sona hore o tla se fa yona mme wena o tla se fa yona e le lefa.+ 8 Jehova ke yena ya tsamayang ka pela lona mme o tla dula a ena le lona.+ A ke ke a le lahla kapa a le tlohela. Le se ke la tshoha kapa la thothomela.”+
9 Moshe a ngola Molao ona+ mme a o fa baprista ba Balevi ba jarang areka ya selekane sa Jehova le banna bohle ba baholo ba Iseraele. 10 Moshe a ba laela a re: “Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, ka nako e behilweng ya selemo sa tokollo,+ nakong ya Mokete wa Maphephe,*+ 11 ha Baiseraele bohle ba tla ka pela Jehova+ Modimo wa lona sebakeng seo a se kgethang, le ba balle Molao ona e le hore ba o utlwe.+ 12 Bokellang setjhaba,+ banna, basadi, bana* le baditjhaba ba dulang metseng* ya lona e le hore ba mamele mme ba ithute ka Jehova Modimo wa lona le ho mo tshaba le hore ba phethe mantswe ohle a Molao ona. 13 Jwale bara ba bona ba sa kang ba tseba Molao ona, ba tla mamela+ mme ba ithute ho tshaba Jehova Modimo wa lona ka matsatsi ohle ao ka ona le tla dula naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka.”+
14 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Nako ya hore o shwe e atametse.+ Bitsa Joshua mme le ye tenteng ya pokano e le hore ke mo kgethe hore e be moetapele.”+ Ka hoo, Moshe le Joshua ba tsamaya mme ba ya tenteng ya pokano. 15 Jehova a hlaha tenteng ka leru* mme leru la ema pela monyako wa tente.+
16 Jehova a re ho Moshe: “O haufi le ho shwa.* Setjhaba sena se ke ke sa ntshepahalla ebile se tla rapela medimo ya naha eo se yang ho yona.+ Se tla mphuralla+ mme se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+ 17 Ka nako eo, ke tla se halefela haholo+ mme ke se lahle,+ ke se patele sefahleho sa ka+ ho fihlela se fedisitswe. Ka mora hore se hlahelwe ke ditlokotsi tse ngata le mathata,+ se tla re, ‘Na ha re hlahelwe ke mathata aa hobane Modimo wa rona a se hara rona?’+ 18 Empa letsatsing leo, ke tla pata sefahleho sa ka ka lebaka la bobe bohle boo se bo entseng ka hore se rapele medimo e meng.+
19 Ingolleng pina ena+ mme le e rute Baiseraele.+ Ba ithute yona* e le hore e ka ba bopaki ba ka kgahlanong le setjhaba sa Iseraele.+ 20 Ha ke ba tlisa naheng eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba bona hore ke tla ba fa yona,+ e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ ba jele ba kgotsofetse mme ba atlehile,*+ ba tla sebeletsa medimo e meng mme ba ke ke ba ntlhompha ebile ba tla tlola selekane sa ka.+ 21 Ha ba hlahelwa ke ditlokotsi tse ngata le mathata,+ pina ena e tla ba bopaki ho bona (ka ha bana ba bona ha ba a lokela ho e lebala) hobane ke se ke ntse ke tseba hore na ba batla ho etsang+ le pele ke ba tlisa naheng eo ke hlapantseng hore ke tla ba fa yona.”
22 Jwale Moshe a ngola pina ena letsatsing leo yaba o e ruta Baiseraele.
23 Modimo a laela Joshua+ mora wa Nune a re: “O be sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya Baiseraele naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba fa yona+ mme ke tla dula ke ena le wena.”
24 Hang ha Moshe a qetile ho ngola mantswe ohle a Molao ona bukeng,+ 25 Moshe a laela Balevi ba jarang areka ya selekane ya Jehova a re: 26 “Nkang buka ena ya Molao+ le e behe lehlakoreng la areka+ ya selekane sa Jehova Modimo wa lona mme e tla ba bopaki kgahlanong le lona. 27 Ke tseba hantle borabele ba lona+ le ka moo le leng manganga* ka teng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mora lefu la ka. 28 Mpitsetseng banna bohle ba baholo ba maloko a lona le balaodi ba lona, ke bue mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa mme mahodimo le lefatshe e tla ba dipaki.+ 29 Ke tseba hantle hore ka mora lefu la ka le tla etsa bobe+ mme le ke ke la mamela ditaelo tseo ke le fileng tsona. Le tla tlelwa ke tlokotsi+ nakong e tlang hobane le tla etsa dintho tse sa thabiseng Jehova mme le tla mo sitelwa ka diketso tsa lona.”
30 Yaba Moshe o bua mantswe a pina ena ho tloha qalong ho fihlela qetellong moo Baiseraele bohle ba ntseng ba utlwa:+
32 “Mamelang lona mahodimo mme ke tla bua,
Lefatshe le ke le utlwe mantswe a tswang molomong wa ka.
2 Tayo ya ka e tla na jwalo ka pula,
Mantswe a ka a tla rotha jwalo ka phoka
Jwalo ka pula ya medupe hodima jwang
Le jwalo ka pula e nang haholo hodima dimela.
3 Ke tla bolela lebitso la Jehova.+
Buang ka boholo ba Modimo wa rona!+
4 Ke Lefika, dintho tsohle tseo a di etsang di phethahetse+
Hobane ditsela tsohle tsa hae di na le toka.+
Ha se bana ba hae mme ke molato wa bona.+
Ke moloko o sa lokang le o kgopo!+
Na ha se yena Ntate wa lona ya le bopileng,+
Ya le entseng setjhaba se tiileng?
7 Hopolang matsatsi a kgale,
Hopolang se etsahalletseng meloko e fetileng.
Botsang ntate wa lona mme a ka le bolella,+
Le botse banna ba baholo ba lona mme ba tla le bolella.
8 Ha Ya Phahameng ka ho Fetisisa a ne a fa ditjhaba lefa la tsona,+
Ha a ne a arola bara ba Adama,*+
O ile a behela ditjhaba moedi+
Ho ya ka hore na bara ba Iseraele ba bakae ka palo.+
A mo sireletsa ka hore a mo potapote, a mo hlokomela,+
Le ho mo sireletsa jwalo ka thaka ya leihlo la hae.+
11 Feela jwalo ka ha ntsu e ruta madinyane a yona ho fofa,
E fofafofa hodima ona,
E emisa mapheo a yona, e nka madinyane a yona,
E a jara ka masiba a yona,+
O ne a mo fepa mahe a dinotshi a tswang lefikeng
Le oli e tswang lefikeng le thata,
14 Botoro e tswang lebeseng la mohlape wa dikgomo le lebese le tswang mohlapeng wa dinku le dipodi
Ha mmoho le dinku tse ntle ka ho fetisisa,*
Le diramo tsa Bashane le dipodi tse tona
Ha mmoho le koro e ntle ka ho fetisisa+
Mme o ile wa nwa veine ya morara o tutsweng.*
15 Ha Jeshurune* a nona, o ile a fetohela monga hae mme a mo raha.
O nonne, o motenya ebile o pipitletswe.*+
Ka hoo, a lahla Modimo ya mo entseng+
A hloya Lefika la poloko ya hae.
16 Ba ile ba mo halefisa ka medimo e meng,+
Ba ne ba mo utlwisa bohloko ka ho etsa dintho tse nyonyehang.+
17 Ba ne ba etsetsa bademona mahlabelo, eseng Modimo,+
Medimo eo ba sa kang ba e tseba,
E metjha e sa tswa hlaha,
Medimo eo baholoholo ba lona ba neng ba sa e tsebe.
18 Le lebetse Lefika le ileng la le tswala+
Mme ha le a ka la hopola Modimo ya ileng a le fa bophelo.+
21 Ba nkgalefisitse* ka ntho eo eseng modimo,+
Ba nkutlwisitse bohloko ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse se nang thuso.+
Ka hoo, ke tla etsa hore ba halefele batho bao eseng setjhaba,+
Ke tla ba kgopisa ka setjhaba se se nang kelello.+
22 Kgalefo ya ka e tsositse mollo+
O tla tuka ho fihlela botebong ba Lebitla*+
O tla tjhesa lefatshe le dihlahiswa tsa lona
O tla tjhesa metheo ya dithaba.
23 Ke tla eketsa ditlokotsi tsa bona,
Metsu ya ka e tla fella hodima bona.
Ke tla romela meno a diphoofolo ho bona+
Le tjhefo ya dihahabi tsa lefatshe.
25 Ka ntle, sabole e tla ba amoha bana,+
Ka hare ke tshabo,+
Ho mohlankana le morwetsana,
Lesea ha mmoho le motho ya moriri o moputswa.+
26 Nka be ke itse: “Ke tla ba hasanya,
Ke tla etsa hore batho ba ba lebale,”
27 Hoja ebe ke ne ke sa tshabe hore na sera sa ka se tla reng+
Hobane bahanyetsi ba ka utlwisisa sena ka tsela e fosahetseng.+
Ba ka nna ba re: “Re hlotse ka matla a rona,+
Ha se Jehova ya entseng sena sohle.”
29 Haeba ba ne ba le bohlale,+ ba ne ba tla nahanisisa ka sena.+
Ba ne ba tla nahana ka se tla ba etsahalla.+
Ntle le haeba Lefika la bona le ba rekisitse+
Mme Jehova a nehelane ka bona.
Merara ya bona ke merara e tjhefo,
Masihla a yona a a baba.+
33 Veine ya bona ke tjhefo ya dinoha
Tjhefo e bolayang ya bo masumu.
35 Phetetso ke ya ka le kotlo ke ya ka,+
Ka nako e behilweng ha maoto a bona a thella+
Hobane letsatsi la koduwa ya bona le haufi
Mme se ba emetseng se tla tla ka potlako.’
36 Ka ha Jehova o tla ahlola batho ba hae+
Mme o tla utlwela bahlanka ba hae bohloko*+
Ha a bona hore ha ba sa na matla
Mme ho setse feela ba hlokang thuso le ba fokollwang ke matla.
37 Jwale o tla re, ‘Medimo ya bona e hokae,+
Lefika leo ba batlileng setshabelo ho lona,
38 E neng e ja mafura a mahlabelo* a bona,
E nwa veine ya dinyehelo tsa bona tsa dino?+
E ke e eme mme e le thuse.
E ke e be setshabelo sa lona.
Ke a bolaya ebile ke a phedisa.+
41 Haeba ke leotsa sabole ya ka e benyang
Mme ke itokisetsa ho ahlola,+
Ke tla iphetetsa ho bahanyetsi ba ka+
Mme ke otle ba ntlhoileng.
42 Ke tla etsa hore metsu ya ka e tahwe ke madi
Mme sabole ya ka e tla ja nama
Le madi a ba bolailweng le a batlamuwa
Le dihlooho tsa baetapele ba sera.’
43 Thabang lona ditjhaba ha mmoho le batho ba hae+
Hobane o tla pheteletsa madi a bahlanka ba hae,+
O tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae,+
O tla etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe* naheng ya batho ba hae.”
44 Ka hoo, Moshe a tla mme a bua mantswe ohle a pina ena moo setjhaba se ntseng se mo utlwa+ ha mmoho le Hoshea*+ mora wa Nune. 45 Ha Moshe a se a boleletse Baiseraele bohle mantswe ana ohle, 46 a re ho bona: “Mamelang mantswe ana ohle ao ke a buang+ e le hore le ka laela bara ba lona hore ba phethe mantswe ohle a Molao ona.+ 47 Ka ha mantswe ana ke a bohlokwa, a bolela bophelo ba lona.+ Ka mantswe ana le ka phela nako e telele naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka.”
48 Jehova a bua le Moshe letsatsing lona lena a re: 49 “Nyolohela thabeng ena ya Abarime+ e leng Thaba ya Nebo+ e naheng ya Moabe, e shebileng Jeriko mme o shebe naha ya Kanana, eo ke e fang Baiseraele hore e be ya bona.+ 50 Jwale o tla shwela* thabeng eo o tlo nyolohela ho yona feela jwalo ka ha abuti wa hao Arone a shweletse Thabeng ya Hore+ 51 hobane ka bobedi ba lona ha le a ka la ntshepahalla hara Baiseraele metsing a Meriba+ ya Kadeshe lefeelleng la Zine mme ha le a ka la nkgalaletsa ka pela setjhaba sa Iseraele.+ 52 O tla bona naha o le hole empa o ke ke wa kena naheng eo ke e fang setjhaba sa Iseraele.”+
33 Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka wa Modimo wa nnete a ileng a e bolella Baiseraele pele ho lefu la hae.+ 2 A re:
“Jehova o tlile a tswa Sinai+
A ba tjhabela a le Seire.
O ile a kganya a le sebakeng se dithaba sa Parane.+
O ne a ena le dimiriade tse halalelang,*+
Letsohong la hae le letona e le masole a hae.+
5 Modimo ya eba morena wa Jeshurune,*+
Ha dihlooho tsa setjhaba di bokane ha mmoho+
Le meloko yohle ya Iseraele.+
7 O ile a bolella Juda tlhohonolofatso ena:+
“Jehova, utlwa lentswe la Juda,+
E se eka o ka mo kgutlisetsa ho batho ba habo.
Matsoho a hae a lwanetse seo e leng sa hae,
E se eka o ka mo thusa ho bahanyetsi ba hae.”+
“Thumime ya hao* le Urime ya hao+ ke tsa motho ya o tshepahallang,+
Eo o mo lekileng Masa.+
O ile wa qala ho mo lwantsha pela metsi a Meriba,+
9 Motho ya ileng a re ka ntate wa hae le mme wa hae, ‘Ha ke a ka ka ba tsotella.’
Le bana babo ha a ka a ba tsotella,+
Le bara ba hae ha a ka a ba tsotella.
Ba mametse lentswe la hao
Ebile ba bolokile selekane sa hao.+
11 Jehova, hlohonolofatsa matla a hae,
E se eka o ka thabiswa ke mosebetsi wa matsoho a hae.
Roba maoto* a ba mo lwantshang
E le hore ba mo hloileng, ba se ke ba hlola ba ema.”
“Ya ratwang wa Jehova a ke a dule a sireletsehile pela hae,
Ha a ntse a mo sireleditse letsatsi lohle,
O tla dula pakeng tsa mahetla a hae.”
“E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa naha ya hae+
Ka dintho tse ntle tsa lehodimo,
Ka phoka le ka metsi a tswang didibeng tse tlasa lefatshe,+
14 Ka dintho tse ntle tse hlahisitsweng ke letsatsi
Le ka tse ntle tse hlahang kgwedi le kgwedi,+
15 Ka dintho tse ntle ka ho fetisisa tse tswang dithabeng tsa kgale*+
Le ka dintho tse ntle tsa maralla a teng ka ho sa feleng,
16 Ka dintho tse ntle tsa lefatshe le tsohle tseo le di hlahisang+
Le ka tumello ya ya dutseng dihlahleng tse meutlwa.+
E se eka di ka tla hloohong ya Josefa,
Hloohong ya ya kgethilweng hara bana babo.+
17 Matla a hae a jwalo ka a letsibolo la poho,
Manaka a hae ke manaka a poho e hlaha.
O tla sutumetsa* ditjhaba ka tsona
Kaofela ha tsona ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.
Ke ba dikete tse mashome ba Efraime,+
Ke ba dikete ba Manase.”
19 Ba tla bitsetsa ditjhaba dithabeng.
Di tla fana ka mahlabelo a ho loka moo.
Di tla ja leruong le lengata la* mawatle
Le matlotlo a patilweng lehlabatheng.”
“Ho hlohonolofatswe ya atolosang meedi ya Gade.+
O botha moo jwalo ka tau,
A ikemiseditse ho harola letsoho le hlooho.
Dihlooho tsa setjhaba di tla bokana ha mmoho.
O tla phethisa ho loka ha Jehova
Le diqeto tsa hae tsa boahlodi mabapi le Iseraele.”
“Dane ke ledinyane la tau.+
O tla tlola a tswa Bashane.”+
“Nefthali o kgotsofaditswe ke ho amohelwa ke Jehova,
O tletse tlhohonolofatso ya hae.
Nka bophirimela le borwa.”
“Ashere o hlohonolofaditswe ka bara.
E se eka a ka amohelwa ke bana babo,
A ke a kenye* maoto a hae ka hara oli.
25 Tshepe le koporo ke diloko tsa dikeiti tsa hao,+
O tla dula o sireletsehile bophelo bohle ba hao.*
26 Ha ho le ya mong ya kang Modimo wa nnete+ wa Jeshurune,+
Ya o thusang a le lehodimong
Le eo ka lebaka la matla a hae a dutseng hodima maru.+
27 Haesale Modimo e le setshabelo ho tloha kgale,+
Matsoho a hae a tla dula a le tlasa hao ka ho sa feleng.+
O tla leleka sera ka pela hao,+
O tla re, ‘Ba fediseng!’+
28 Iseraele e tla dula e sireletsehile,
Sediba sa Jakobo se tla ikgetha
Naheng ya dijo tsa masimong le ya veine e ntjha.+
Mahodimo a hae a tla rotha phoka.+
Ke mang ya kang wena,+
Setjhaba se thabelang poloko ya Jehova,+
Thebe ya hao e sireletsang,+
Le sabole ya hao e kgolo?
Dira tsa hao di tla thothomela ka pela hao.+
O tla hata mekokotlo ya tsona.”*
34 Jwale Moshe a tloha lehwatateng la Moabe a nyolohela Thabeng ya Nebo+ ka hodima Pisga,+ e shebaneng le Jeriko.+ Yaba Jehova o mo bontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane,+ 2 Nefthali yohle le naha ya Efraime le Manase le naha yohle ya Juda ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela.*+ 3 A mo bontsha le Negebe+ le Setereke+ sa Jordane le thota ya Jeriko e leng motse o nang le difate tsa dipalema le ho ya fihla Zoware.+
4 Yaba Jehova o re ho yena: “Ena ke naha eo ke e hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa ditloholo* tsa hao.’+ Ke o dumelletse hore o e bone empa o ke ke wa tshelela ho yona.”+
5 Ka mora moo, Moshe mohlanka wa Jehova a shwella moo naheng ya Moabe feela jwalo ka ha Jehova a buile.+ 6 O ile a mo pata kgohlong e naheng ya Moabe ka pela Bethe-peore mme ha ho na motho ya tsebang hore na lebitla la hae le hokae ho fihlela letsatsing lena.+ 7 Moshe o ne a le dilemo di 120 ha a shwa.+ Ka nako eo, o ne a ntse a bona hantle ebile a le matla. 8 Setjhaba sa Iseraele sa llela Moshe lehwatateng la Moabe ka matsatsi a 30.+ Yaba matsatsi a ho llela Moshe a fela.
9 Joshua mora wa Nune o ne a le bohlale haholo* hobane Moshe o ne a mo kgethile.*+ Baiseraele ba qala ho mo mamela mme ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 10 Empa ha ho eso ka ho eba le moprofeta ya kang Moshe Iseraele,+ eo Jehova a neng a mo tseba hantle.*+ 11 Moshe o ile a etsa dipontsho tsohle le mehlolo eo Jehova a ileng a mo romela hore a e etse naheng ya Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha yohle ya hae+ 12 ka letsoho le matla le diketso tse makatsang ka pela mahlo a Baiseraele bohle.+
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Ho bonahala ho buuwa ka dithaba tsa Lebanone.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “le kgethollo.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ba entse hore dipelo tsa rona di nyahame.”
E leng ho sireletswa ka marako a phahameng haholo.
Ka Seheberu: “ka ho feletseng.”
Kapa mohlomong: “Modimo o mo entse hore a be matla.”
Kapa: “la ba qala.”
Sheba Tlhaloso.
E leng Kreta.
Kapa: “ba be le mahlaba a kang a pelehi.”
Kapa: “Phuleng ya Arnone.”
Kapa: “sehlabeng.”
Ka Seheberu: “Mojaro wa hae wa bafu.”
Kapa mohlomong: “lejwe le letsho.”
Ka Seheberu: “ditswe tse robong.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”
Kapa: “Phula ya Arnone.”
E bolelang “Metsana ya ditente ya Jaire.”
Kapa: “Phuleng ya Arnone.”
Sheba Ntlha ya B4 le B6.
E leng Lewatle le Shweleng.
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Mantswe a Leshome.” Ao hape a tsejwang e le Melao e Leshome.
Kapa: “lefa la hae.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “diteko.”
Ka Seheberu: “peo.”
E leng Lewatle la Letswai kapa Lewatle le Shweleng.
Ka Seheberu: “difahleho di tadimane.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka hara dikeiti.”
Kapa: “dintho di o tsamaele hantle.”
Ka Seheberu: “mantswe.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka mafolofolo a hao ohle; ka sohle seo o nang le sona.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a hao.”
Kapa: “la nyallana.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “letlotlo la bohlokwa.”
Ka Seheberu: “letsohong.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”
Kapa: “diteko.”
Kapa mohlomong: “tshohe.”
Kapa: “diphula tsa metsi.”
Kapa: “mehlodi e tebileng ya metsi.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”
Kapa: “phuthehile.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”
Kapa: “qhibidihisitsweng.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.
Kapa: “Ke lefa la hao.”
Kapa: “le thepa ya hao.”
Kapa: “lebokose.”
Ka Seheberu: “Mantswe a Leshome.” Ao hape a tsejwang e le Melao e Leshome.
Kapa: “phuthehile.”
Kapa: “diphula tsa metsi.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mahodimo a hodimodimo.”
Ka Seheberu: “Le bolotse matlalo a.”
Ka Seheberu: “mme le se hlole le satalatsa melala ya lona.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Kapa: “a le entseng.”
Ka Seheberu: “peo.”
E leng mokgwa wa ho sebedisa maoto ho hata lebidi la metsi kapa ka ho bula le ho kwala metjha ya metsi.
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a lona.”
E leng Lewatle le Leholo la Mediterranean.
Kapa: “bophirimatsatsi.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “seo a nahanang hore se nepahetse.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Ka Seheberu: “ka hara dikeiti tsohle tsa lona.”
Ka Seheberu: “ka hara dikeiti tsa lona.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Le mamele lentswe la.”
Ka Seheberu: “la kuta pakeng tsa mahlo.”
Kapa: “letlotlo la bohlokwa.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Ka Seheberu: “dipelo tsa lona.”
Thulusi e motsu e phunyang masoba a manyenyane.
Ka Seheberu: “dipoho.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Sheba Ntlha ya B15.
Kapa: “nako e behilweng.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka hara dikeiti tsohle tsa lona.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moqolong.”
E leng sebaka seo Jehova a se kgethang bakeng sa borapedi.
Kapa: “lethuela.”
Kapa: “phuthehile.”
Kapa: “mopheteletsi wa madi.”
Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”
Ka Seheberu: “Molomo.”
Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”
Kapa: “a etsa hore dipelo tsa bana babo di nyahame jwalo ka ha ya hae e nyahame.”
Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”
Kapa: “ntho le ha e le efe e phelang.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “basadi ba babedi, e mong a ratwa mme e mong a hloilwe.”
Kapa: “lehora.”
Kapa: “ditjellane.”
Kapa: “a mo hloya.”
Kapa: “o mo hloile.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 100.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ka ho etsa botekatse.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ngwana wa matsheo.”
E leng ntlwana.
Kapa: “moputso wa.”
Ka Seheberu: “kapa ntja.”
Kapa: “a mo hloile.”
Kapa: “e le tebeletso.”
Kapa: “ho nka bophelo ba hae.”
Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “lepera” le ka bolela dintho tse ngata mme le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tshwaetsanwang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanwang diaparong le ka matlung.
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Kapa: “e le tebeletso.”
Ka Seheberu: “o tla ntshetsa pele lebitso la.”
Ka Seheberu: “moqathatso.”
Ka Seheberu: “lebitso la hae.”
Ka Seheberu: “Mahlo a lona a.”
Ka Seheberu: “efa le efa.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditholwana.”
Kapa mohlomong: “ya shwang.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
E leng ho utlwa bohloko ka lebaka la ho shwelwa.
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “letlotlo la hae la bohlokwa.”
Kapa: “le a sweufatse ka kalaka.”
Kapa: “le a sweufatse ka kalaka.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Kapa: “motho ya sebetsang ka patsi le tshepe.”
Kapa: “Ha ho be jwalo.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Ka Seheberu: “o phetlile mose wa ntate wa hae.”
Kapa: “ditoro tsa lona.”
Ka Seheberu: “ditholwana tsa dimpa tsa lona.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Mahodimo a hodima dihlooho tsa lona a tla fetoha koporo.”
Ka Seheberu: “lefatshe le ka tlasa lona le fetohe tshepe.”
Kapa: “ho ferekana ha pelo.”
Kapa: “Dikokwanyana tse etsang modumo.”
Ka Seheberu: “dikeiti.”
Ka Seheberu: “ditholwana tsa dimpa tsa lona.”
Kapa: “diteko.”
Ka Seheberu: “fa dipelo tse utlwisisang.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “motho ya noseditsweng le ya omeletseng.”
Ka Seheberu: “eo a neng a sa ba abela yona.”
Ka Seheberu: “le a kgutlisetsa dipelong tsa lona.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bolotsa.”
Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ha e hole haholo.”
Ka Seheberu: “ke tswa le ho kena.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bana ba banyenyane.”
Ka Seheberu: “dikeiting.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu: “patwa jwalo ka baholoholo ba hao.”
Ka Seheberu: “Le e behe melomong ya bona.”
Ka Seheberu: “ba nonne.”
Ka Seheberu: “satalatsa molala.”
Kapa mohlomong: “moloko wa batho.”
E leng Jakobo.
Ka Seheberu: “mafura a dinku.”
Ka Seheberu: “madi a morara.”
E bolelang “Ya Lokileng,” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.
Kapa: “o kgotshe haholo.”
Kapa: “Ba entse hore ke be mona.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “ha se utlwe keletso.”
Kapa: “o tla ikutlwa a swabile.”
Kapa: “e ja mahlabelo a bona a matle ka ho fetisisa.”
Kapa: “o tla hlwekisa.”
Lebitso la Joshua la pele. Hoshea ke kgutsufatso ya Hoshaia e bolelang “Ho Pholoswa ke Jah; Jah o Pholositse.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka batho ba habo.”
Kapa: “o ne a ena le dikete tse mashome tsa bahalaledi.”
E bolelang “Ya Lokileng,” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.
“Ya hao” le “o” temaneng ena di bolela Modimo.
Ka Seheberu: “dinkong tsa hao.”
Kapa: “dinoka.”
Kapa mohlomong: “dithabeng tsa botjhabela.”
Kapa: “hlaba.”
Ka Seheberu: “ho tsweng ha hao.”
Ka Seheberu: “Di tla monya leruo le lengata la.”
Kapa: “a hlatswe.”
Ka Seheberu: “Mme matla a hao a tla ba jwalo ka matsatsi a hao.”
Kapa mohlomong: “dibaka tse phahameng.”
E leng Lewatle le Leholo la Mediterranean.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “bohlale boo matla a Modimo a mo fileng bona.”
Ka Seheberu: “a mo behile matsoho.”
Ka Seheberu: “eo Jehova a neng a mo tseba difahleho di tadimane.”