LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 1 maq. 5-7
  • Ho Tshwenyeha ke Eng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Tshwenyeha ke Eng?
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO TSHWENYEHA HO KA O TSWELA MOLEMO KAPA HA O NTSHA KOTSI
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • Na o Tshwenyehile?
    Fadimehang!—2020
  • O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?
    Fadimehang!—2020
Fadimehang!—2020
g20 No. 1 maq. 5-7
Rakgwebo o hlwa ditepisi a matha a ya mosebetsing.

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Ho Tshwenyeha ke Eng?

Ho tshwenyeha ke tsela eo mmele wa hao o arabelang ka yona maemong a itseng. Boko bo etsa hore o be le di hormone mmeleng wa hao. Di hormone tsena di ka eketsa tsela eo pelo ya hao e otlang ka teng, tsa eketsa kapa tsa fokotsa phallo ya hao ya madi, tsa bula kapa tsa kwala matshwafo, tsa ba tsa etsa hore mesifa ya hao e be bohloko. Le pele o hlokomela hore ho etsahalang, mmele wa hao o se o ntse o itwanela. Ha ho tshwenyeha ho se ho fedile, mmele wa hao o kgutlela “setlwaeding.”

HO TSHWENYEHA HO KA O TSWELA MOLEMO KAPA HA O NTSHA KOTSI

Ho tshwenyeha ho qala bokong mme ke karolo ya bophelo. Ho ka o thusa ho sebetsana le kgatello kapa maemo a kotsi. Ho tshwenyeha ho molemo ho o thusa ho nka bohato ka potlako. Hape ho ka o thusa hore o finyelle seo o se batlang kapa o sebetse hantle dithutong tsa hao tsa sekolo, ha o hlahlobelwa mosebetsi kapa diketsahalong tsa bohlokwa.

Le ha ho le jwalo, ho tshwenyeha ho feta tekanyo ho ka o ntsha kotsi. Ho dula o tshwenyehile ho ka o ama mmeleng, maikutlong le kelellong. Sena se ka fetola boitshwaro ba hao le tsela eo o tshwarang batho ba bang ka yona. Ho tshwenyeha haholo ho ka lebisa tshebedisong e mpe ya dithethefatsi le ho etsa dintho tse ding tse mpe. Dintho tsena di ka etsa hore o be le kgatello ya kelello, o imelwe mme o nahane ho ipolaya.

Le hoja ho tshwenyeha ho sa re tshware ka ditsela tse tshwanang, ho ka etsa hore re tshwarwe ke mafu a sa tshwaneng mme ho ka ama mmele ya rona.

HO TSHWENYEHA HO KA AMA MMELE WA HAO JWANG?

Ho ka ama methapo ya hao ya kutlo.

Rakgwebo o hlwa ditepisi a matha a ya mosebetsing.

Methapo ya hao ya kutlo e ka etsa hore o be le di hormone tse kang adrenaline le cortisol. Sena se ka etsa hore pelo ya hao e otle ka potlako, sa eketsa phallo ya madi mme sa eketsa tswekere mmeleng wa hao, dintho tsena kaofela di ka o thusa hore o lemohe kotsi ka potlako. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • tenehe, o kgathatsehe, o be le kgatello ya kelello, o tshwarwe ke hlooho, o sokole boroko

Ho ka ama mesifa le masapo a hao.

Mesifa ya hao e ka o thusa hore o se ke wa fumana kotsi. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • opelwe mmeleng, o tshwarwe ke hlooho, mesifa ya hao e honyele ka tsela e sa tlwaelehang

Ho ka ama tsela eo o hemang ka yona.

Motho ya tshwenyehileng o hema ka pele. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • heme ka thata, o dule o tshohile mme sena se etsahala haholo ho batho ba nang le bothata ba ho tshoha

Ho ka ama pelo ya hao.

Pelo ya hao e otla ka pele mme sena se etsa hore madi a phalle ka se kgahla dikarolong tse fapaneng tsa mmele. Methapo ya hao ya madi e ya buleha kapa e ya kwaleha hore e kgone ho fetisetsa madi moo mmele o hlokang madi haholo teng, jwalo ka mesifeng. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • be le kgatello e phahameng ya madi, lefu la pelo le setorouku

Ho ka ama ditho tsa hao tse ka hare.

Tshwelesa e etsa hore o be le di hormone tse kang adrenaline le cortisol, tse thusang mmele wa hao ho sebetsana le ho tshwenyeha. Sebete se eketsa tswekere e mading a hao ho o fa matla a eketsehileng. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • be le lefu la tswekere, masole a mmele a fokole mme seo se etsa hore motho a kule, a ferekane maikutlo, le hore boima ba mmele bo eketsehe

Ho ka ama tshilo ya hao.

Mmele wa hao ha o sa kgona ho sila dijo hantle. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • nyekelwe ke pelo, o hlatse, o tsholle, mme o soke

Ho ka ama ditho tsa botona le botshehadi.

Ho tshwenyeha ho ka ama takatso ya hao ya ho etsa thobalano. Ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore o

  • hloke matla a ho etsa thobalano mme ho ka sitisa batho ba bomme ho ya matsatsing

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share