LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 1 maq. 14-15
  • Ho Tshwenyeha ho Tla Fela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Tshwenyeha ho Tla Fela
  • Fadimehang!—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • Tlasa Mmuso wa Modimo “Kgotso e Tla ba Ngata”
    Fadimehang!—2019
  • O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?
    Fadimehang!—2020
  • Na o Tshwenyehile?
    Fadimehang!—2020
Fadimehang!—2020
g20 No. 1 maq. 14-15
Mora o bapala le Ntate wa hae lewatleng mme Mme le moradi ba ba shebile ha ba ntse ba bapala.

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Ho Tshwenyeha ho Tla Fela

Bibele e ka re thusa ho qoba ho tshwenyeha ho sa hlokahale. Batho ba ke ke ba kgona ho fedisa dintho tse re tshwenyang. Empa Mmopi wa rona yena a ka kgona. Ebile o kgethile Jesu Kreste hore a re thuse. O tla re etsetsa dintho tse ntle ho feta tseo a ileng a di etsa nakong e fetileng ha a ne a le lefatsheng. Ka mohlala:

JESU O ILE A FODISA BA KULANG NAKONG E FETILENG MME O TLA BOELA A ETSE SEO HAPE.

‘Ba mo tlisetsa bohle ba mahlomoleng a sa tshwaneng . . . , mme a ba phekola.’​—MATHEU 4:24.

JESU O TLA FA BATHO BOHLE DIJO LE MATLO.

“Ka sebele ba tla [batho ba tla buswa ke Kreste] haha matlo mme ba dule ho wona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng, ba ke ke ba lema mme e mong a je.”​—ESAIA 65:21, 22.

BOBUSI BA JESU BO TLA TLISA KGOTSO LE TSHIRELETSEHO LEFATSHENG LOHLE.

“Matsatsing a hae ya lokileng o tla atleha, kgotso e tla ba ngata ho fihlela kgwedi e se e le siyo. O tla ba le bafo ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng. Le ho tloha Nokeng ho ya dipheletsong tsa lefatshe. . . . Dira tsa hae di tla nyeka lerole.”​—PESALEME YA 72:7-9.

JESU O TLA FEDISA HO HLOKA TOKA.

‘O tla utlwela ya tlaase bohloko le ya futsanehileng, o tla pholosa meya ya ba futsanehileng. O tla ba lopolla kgatellong le pefong.’​—PESALEME YA 72:13, 14.

JESU O TLA BOELA A FEDISE HO KULA LE LEFU.

“Lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—TŠENOLO 21:4.

‘DINAKO TSE MAHLONOKO LE TSE THATA’

Mongodi e mong ya bitswang Mohamed S. You nis o re: “Kajeno batho ba tshwenyehile mme ba hlahelwa ke dintho tse bohloko ho feta le ha e le neng pele.”

Ke hobaneng ha ho tshwenyeha ho etsahalla batho bohle? Bibele e fana ka karabo e utlwahalang. 2 Timothea 3:⁠1 e re: ‘Matsatsing a ho qetela ho tla ba le dinako tse mahlonoko le tse thata.’ Bibele e bontsha lebaka la hore ke hobaneng ha ho tshwenyeha ho etsahalla batho bohle, e bontsha hore batho ba phelang kajeno ba tla ba meharo, ba be manganga, baikaketsi, ba bohale bo tshosang, ba sa rateng malapa a bona le ba hlokang boitshwaro. (2 Timothea 3:2-5) Matsatsi a ho qetela a tla fela ha Morena wa Mmuso wa Modimo, e leng Jesu Kreste a se a busa lefatsheng.​—Daniele 2:44.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share