LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w17 January maq. 27-31
  • “Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • DAVIDA O ILE A TSHEHETSA SOLOMONE
  • THABELA HO KWETLISA BA BANG
  • ANANELA BA HODILENG
  • BOHLE RE NA LE KAROLO EO RE E PHETHANG
  • Ananela Batjha ba ka Phuthehong
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Nka Bara le Baradibabo Rona ba Hodileng e le ba Bohlokwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Bakreste ba Hodileng, Jehova o Ananela Botshepehi ba Lona
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 January maq. 27-31
Mora wabo rona ya hodileng o fana ka karabo dibokeng, o etsa leetso la bodisa le morabo rona ya motjha, mme o a mamela ha moholo ya motjha a fana ka tlhahiso

Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”

Dintho tsena o di behe ho banna ba tshepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tshwanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.”​—2 TIM. 2:2.

DIPINA: 123, 53

NA O SA HOPOLA?

  • Morena Davida o ile a etsang ha a utlwa hore mora wa hae ke yena ya tla haha tempele?

  • Ke hobaneng ha ba hodileng tsebong ba lokela ho kwetlisa ba bang?

  • Ba batjha ba lokela ho itshwara jwang ha ba fuwa mosebetsi o eketsehileng?

1, 2. Batho ba nka mosebetsi oo ba o etsang jwang?

HANGATA batho ba nka mosebetsi oo ba o etsang e le wona o ka ba hlalosang. Ba bang ba nka hore boemo ba bona mosebetsing ke bona bo ka bontshang hore ba bohlokwa kapa tjhe. Batho ba bang ha ba batla ho tseba motho, potso ya pele eo ba e botsang ke hore, “O sebetsa kae?”

2 Ka dinako tse ding Bibele ha e bua ka batho e bua le ka mesebetsi eo ba neng ba e etsa. E bua ka “Matheu mmokelli wa lekgetho”; “Simone . . . mosuhi wa matlalo”; le ka “Luka ngaka e ratwang.” (Mat. 10:3; Lik. 10:6; Bakol. 4:​14) Tshebeletso eo batho ba e etsetsang Modimo le yona e bontsha seo ba leng sona. Nahana ka Morena Davida, moprofeta Elia le moapostola Pauluse. Banna bana ba ne ba hlompha dikabelo tseo Modimo a neng a ba file tsona. Le rona re lokela ho hlompha dikabelo tseo re di filweng.

3. Ke hobaneng ha ho hlokahala hore ba hodileng ba kwetlise ba batjha? (Sheba setshwantsho se qalong.)

3 Re rata mosebetsi oo re o etsetsang Jehova, mme re ikemiseditse ho tswela pele re o etsa. Empa ka maswabi, re sitwa ho etsa seo hobane re a tsofala ebile re a shwa. (Moek. 1:4) Sena ke bothata bo boholo ho rona. Nako le nako mosebetsi wa batho ba Jehova o ntse o eketseha. Mokgatlo wa Jehova o sebedisa theknoloji ho isa ditaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang. Empa ka dinako tse ding ho ka ba thata ho ba seng ba hodile ho sebedisa theknoloji. (Luka 5:​39) Ha ba tshwane le ba batjha, hobane ba fokollwa le ke matla. (Liprov. 20:​29) Kahoo, ke ha bohlokwa ho ba seng ba hodile hore ba kwetlise ba batjha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng.​—Bala Pesaleme 71:18.

4. Ke hobaneng ha ho le thata ho ba bang ho abela ba bang mosebetsi? (Sheba lebokose le reng “Se Etsang Hore ba Bang ba se ke ba Abela ba Bang Mosebetsi.”)

4 Ho ka nna ha e ba thata ho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ho abela ba bang mosebetsi. Ba bang ba tshaba hore ba tla lahlehelwa ke dikabelo tseo ba di ratang, ebile ba nahana hore ba batjha ba ke ke ba kgona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ba bang bona ba re ha ba na nako ya ho kwetlisa motho e mong. Ka lehlakoreng le leng ba batjha ba lokela ho ba le mamello ha ba bona ba sa fuwe dikabelo.

5. Ke dipotso dife tse tla tshohlwa sehloohong see?

5 Ha re ke re hlahlobeng mahlakore a mabedi tabeng ena. La pele, ke jwang ba hodileng ba ka thusang ba batjha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng, hona ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa? (2 Tim. 2:2) La bobedi, ke hobaneng ha ba batjha ba lokela ho ikokobetsa ha ba kwetliswa? Ha re qale ka ho bona kamoo Morena Davida a ileng a kwetlisa mora wa hae kateng ho jara boikarabelo bo eketsehileng.

DAVIDA O ILE A TSHEHETSA SOLOMONE

6. Ke eng seo Morena Davida a neng a lakatsa ho se etsa, hona Jehova o ile a reng ho yena?

6 Ka mora ho phela jwaloka moleleri, hamorao Davida e ile ya eba morena mme a ba le ntlo e ntle. O ile a kgathatseha ha a hlokomela hore Jehova ha a na “ntlo,” kapa tempele, mme a lakatsa ho e aha. Kahoo a re ho moprofeta Nathane: “Bona! ke dula ka tlung ya dikedare, empa areka ya selekane sa Jehova e tlasa masela a tente.” Nathane a araba a re: “O etse ntho e nngwe le e nngwe e ka pelong ya hao, etswe Modimo wa nnete o na le wena.” Empa, Jehova ha aa ka a dumellana le seo. O ile a bolella Nathane hore a re ho Davida: “Hase wena ya tla nkahela ntlo eo ke tla dula ho yona.” Le hoja Davida a ne a kgodisehile hore Jehova o tla nne a mo hlohonolofatse, Jehova o ile a kgetha mora wa Davida e leng Solomone hore e be yena ya tla aha tempele. Davida o ile a etsang?​—1 Likron. 17:​1-4, 8, 11, 12; 29:1.

7. Davida o ile a etsang ha a utlwa taelo eo Jehova a neng a fane ka yona?

7 Davida o ile a tshehetsa Solomone ho aha tempele, a sa tsotelle hore na thoriso e tla ya ho mang. Mme ka sebele mohaho oo o ile wa tsebahala e le tempele ya Solomone, e seng ya Davida. Le hoja dintho di sa ka tsa tsamaya ka tsela eo Davida a neng a lebelletse ka yona, Davida o ile a tshehetsa Solomone. Davida o ile a thusa ka hore a hlophise basebetsi le ho bokella tshepe, koporo, silevera, kgauta, le patsi. Ho ekelletsa moo, o ile a kgothatsa Solomone a re ho yena: “Jwale, mora wa ka, e se eka Jehova a ka ba le wena, mme o atlehe mme o hahe ntlo ya Jehova Modimo wa hao, feela jwalokaha a buile malebana le wena.”​—1 Likron. 22:​11, 14-​16.

8. Ke hobaneng ha e ka nna yaba Davida o ile a nahana hore Solomone ha a tshwanelehe, hona o ile a etsang?

8 Bala 1 Likronike 22:5. E ka nna yaba Davida o ile a nahana hore Solomone a ke ke a kgona ho phetha kabelo eo ya bohlokwa. Etswe tempele e ne e “lokela ho ba e hlollang ka mokgwa o fetisisang ka botle” mme ka nako eo Solomone o ne a sa le ‘motjha mme a se na boiphihlelo.’ Leha ho le jwalo, Davida o ne a tseba hore Jehova o tla tshehetsa Solomone. Kahoo Davida o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa Solomone, ka ho hlophisa dintho tsohle tse hlokahalang.

THABELA HO KWETLISA BA BANG

Morabo rona ya seng a hodile o thabile ha a bona morabo rona e motjha eo a mo kwetlisitseng a kganna thuto ya Tora ya ho lebela

Ho a thabisa ho bona ba batjha ba nka boikarabelo bo eketsehileng (Sheba serapa sa 9)

9. Ke jwang ba hodileng ba ka thabang ha ba fetisetsa dikabelo tsa bona ho ba bang? Fana ka mohlala.

9 Bara babo rona ba hodileng ha ba a lokela ho tswafa ho fetisetsa dikabelo tsa bona ho ba batjha ha ho hlokahala. Ha e le hantle, ke ha bohlokwa hore ba batjha ba kwetlisetswe mosebetsi o eketsehileng. Bara bana babo rona ba hodileng ba lokela ho thaba ha ba batjha bao ba ba kwetlisitseng ba tshwaneleha ho amohela mosebetsi o eketsehileng. Ka mohlala, nahana ka ntate ya rutang mora wa hae ho kganna koloi. Ha mora a ntse a le monyenyane, o shebella ntate wa hae feela ha a ntse a kganna. Ha mora a se a hodile, ntate o qala ho mo hlalosetsa hore na ho kgannwa jwang. Ka mora hore mora a fumane lengolo la ho kganna, ntate wa hae o ntse a tswela pele ho mo tataisa. Ba ka nna ba thusana ka ho kganna, empa mora e qetella e le yena ya kgannelang ntate wa hae ya seng a hodile. Ntate ya bohlale o tla thabela ho bona ha mora wa hae a se a ­kganna, mme ha a be le maikutlo a hore mora o se a mo nketse boikarabelo. Ka ho tshwanang, banna ba hodileng ba ba motlotlo ha ba kwetlisitse ba batjha ho fumana boikarabelo ka phuthehong.

10. Moshe o ne a ikutlwa jwang ka ho tlotliswa le ho fuwa matla a bolaodi?

10 Ba hodileng ba lokela ho ikela hloko hore ba se ke ba jewa ke mona. Hlokomela seo Moshe a ileng a se etsa ha Baiseraele ba bang ba qala ho itshwara jwaloka baprofeta. (Bala Numere 11:​24-​29.) Joshua o ne a batla hore Moshe a ba thibe. Ho yena ho ne ho bonahala eka Baiseraele bao ba nkela Moshe bolaodi. Empa Moshe o ile araba a re: “Na o a mpoulella? Tjhe, ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta, hobane Jehova o ne a tla beha moya wa hae ho bona!” Moshe o ile a bona hore e ne e le Jehova ya bakang sena. Ho e na le hore Moshe a ipatlele thoriso, o ile a bontsha hore o batla ha ba bang le bona ba ka fuwa dikabelo. Jwaloka Moshe, na le rona ha re thabe ha re bona ba bang ba fuwa dikabelo tseo e ka nnang yaba re ne re lebeletse hore di tla fuwa rona?

11. Morabo rona e mong o ile a ikutlwa jwang ha kabelo ya hae e fuwa e mong?

11 Kajeno, ho na le mehlala e mengata ya bara babo rona ba ileng ba sebetsa ka thata ka dilemo tse ngata, le ba ileng ba kwetlisa ba bang ho nka boikarabelo bo eketsehileng. Ka mohlala, mora wabo rona ya bitswang Peter o bile tshebeletsong ya nako e tletseng dilemo tse ka bang 74, mme a qeta dilemo tse 35 a le ofising ya lekala e Europe. O qetile nako e telele e le molebedi wa Lefapha la Tshebeletso. Hona jwale kabelo eo e fuwe Paul, e leng mohlankana ya ileng a kwetliswa ke Morabo rona Peter. Ha Peter a botswa hore na o ikutlwa jwang ka phetoho ena, o ile a re: “Ke thabela ho bona hore ho na le bara babo rona ba kwetlisitsweng ho etsa mosebetsi o eketsehileng, ebile ba o etsa hantle.”

ANANELA BA HODILENG

12. Re ithutang tlalehong ya Bibele e buang ka Roboame?

12 Ka mora lefu la Solomone, mora wa hae Roboame e ile ya e ba morena. Ha Roboame a hloka keletso o ile a e kopa ho banna ba baholo. Empa o ile a hana ho e sebedisa! Ho e na le hoo, o ile a latela keletso ya bahlankana ba neng ba hotse le yena, bao e neng e boetse e le bahlokomedi ba hae. Diphello e ile ya eba tse bohloko. (2 Likron. 10:​6-​11, 19) Re ithutang tabeng ee? Ke hantle ho kopa keletso ho batho ba hodileng le ba nang le tsebo. Ba batjha ha ba a lokela ho ikutlwa eka ba lokela ho etsa dintho ka tsela ya kgale. Leha ho le jwalo, ha ba a lokela ho potlakela ho se mamele keletso ya ba hodileng.

13. Ba batjha ba lokela ho sebedisana jwang le ba hodileng?

13 Ho ka etsahala hore ba batjha ba abelwe ho etella pele mosebetsi o itseng, moo ho nang le bara babo rona ba hodileng bao eleng kgale ba o etsa. Ba batjha ba ka rua molemo haholo ha ba ka kopa keletso ho bona pele ba etsa diqeto. Paul, eo re buileng ka yena, ya ileng a fuwa kabelo e neng e etswa ke Morabo rona Peter, o re: “Ke ile ka batla keletso ho Morabo rona Peter, mme ka kgothalletsa le ba bang lefapheng ho etsa se tshwanang.”

14. Re ithutang ka tshebedisano mmoho e neng e le pakeng tsa Timothea le Pauluse?

14 Timothea e motjha dilemong, o ile a sebetsa le moapostola Pauluse ka dilemo tse ngata. (Bala Bafilipi 2:20-22.) Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe, a re: ‘Ke romela Timothea ho lona, kaha ke ngwana wa ka ya ratwang le ya tshepahalang Moreneng; o tla le hopotsa mekgwa ya ka mabapi le Kreste Jesu, feela jwalokaha ke ruta hohle phuthehong e nngwe le e nngwe.’ (1 Bakor. 4:​17) Mantswe ana a bontsha hore Pauluse le Timothea ba ne ba sebedisana hammoho. Pauluse o ne a rutile Timothea ‘mekgwa ya hae mabapi le Kreste.’ Kannete Timothea o ile a ithuta, mme ke kahoo Pauluse a neng a mo rata a bile a kgodisehile hore o tla hlokomela bara babo ba Korinthe hantle hore ba be le kamano e ntle le Jehova. E se eka baholo ba ka etsisa mohlala ona ha ba ntse ba kwetlisa ba bang hore ba etelle phutheho pele.

BOHLE RE NA LE KAROLO EO RE E PHETHANG

15. Keletso ya Pauluse e ka re thusa jwang ha re sebetsana le diphetoho?

15 Re phela dinakong tse thabisang. Karolo e lefatsheng ya mokgatlo wa Jehova e ntse e hola, mme kgolo ena e etsa hore ho be le diphetoho. Haeba diphetoho tseo di re ama ka ho toba, e se eka re ka ikokobetsa mme ra beha dithahasello tsa Jehova pele ho tsa rona. Seo se tla etsa hore re momahane. Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Roma, o ile a re: “Ke bolella e mong le e mong moo hara lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Modimo a mo abetseng tekanyo ya tumelo. Etswe feela jwalokaha mmeleng o le mong re e na le ditho tse ngata, empa e se ditho tsohle tse nang le mosebetsi o tshwanang, kahoo rona, le hoja re le bangata, re mmele o le mong bonngweng le Kreste.”​—Bar. 12:3-5.

16. Ke eng seo ba hodileng, ba batjha, hammoho le basadi ba ka se etsang ho boloka kgotso le bonngwe ka hara mokgatlo wa Jehova?

16 Ho sa tsotellehe hore maemo a rona ke afe, e se eka bohle re ka tshehetsa dithahasello tsa Mmuso wa Jehova. Lona ba hodileng, thusang ba batjha hore ba kgone ho etsa mesebetsi ya lona. Lona ba batjha, amohelang boikarabelo, le ikokobetse, mme le bontshe tlhompho ho ba hodileng. Lona basadi, etsisang mohlala wa Prisilla, ya ileng a dula a tshehetsa monna wa hae Akuila leha maemo a bona a ne a fetoha.​—Lik. 18:2.

17. Jesu o ne a ikutlwa jwang ka barutuwa ba hae, mme o ile a ba kwetlisetsa ho etsa eng?

17 Tabeng ya ho kwetlisa ba bang ho fumana boikarabelo bo eketsehileng, ha ho na mohlala o motle ho feta wa Jesu. O ne a tseba hore tshebeletso ya hae ya lefatsheng e ne e tla fela le hore ba bang ba ne ba tla tswelapele ba etsa mosebetsi oo wa hae. Le hoja barutuwa ba hae ba ne ba sa phethahala, o ne a ba tshepa mme a ba bolella hore ba tla etsa mesebetsi e meholo ho ya hae. (Joh. 14:​12) O ile a ba kwetlisa hantle, mme ba ile ba hasa ditaba tse molemo lefatsheng lohle la mehleng eo.​—Bakol. 1:23.

18. Re lebelletse eng nakong e tlang, mme ke eng seo re ka se etsang hona jwale?

18 Ka mora lefu la hae, Jesu o ile a tsosetswa lehodimong moo a ileng a fuwa mosebetsi o eketsehileng le matla a “ka hodimo haholo ho mmuso le bolaodi le matla le borena bo bong le bo bong.” (Baef. 1:19-21) Haeba re shwa re tshepahala pele ho Armagedone, re tla tsoswa e le hore re tlo phela lefatsheng le letjha le lokileng, moo re tlang ho thabela mosebetsi o mongata o kgotsofatsang le o thabisang. Empa hona jwale, mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa oo re ka o etsang ke ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa barutuwa. E se eka bohle, ba batjha le ba hodileng, re ka tswela pele ho ba le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing wa Morena.’​—1 Bakor. 15:58.

SE ETSANG HORE BA BANG BA SE KE BA ABELA BA BANG MOSEBETSI

1

Ba tshaba hore ba ke ke ba roriswa ka mosebetsi o entsweng.

Leha ho le jwalo, thoriso yohle ke ya Jehova.​—Pes. 115:1.

2

Ha ba batle ho tlohela mosebetsi oo ba o ratang.

Leha ho le jwalo, ho kwetlisa ba bang ho tlisa thabo.​—Lik. 20:35.

3

Ba tshaba hore mosebetsi o ke ke wa etswa hantle.

Leha ho le jwalo, Modimo o thusa ba bang ho etsa mosebetsi.​—Pes. 37:5.

4

Ha ba batle ho lahlehelwa ke ho laola mosebetsi.

Leha ho le jwalo, ke ha bohlokwa ho hopola hore Jehova ke yena ya laolang.​—Esa. 45:6, 7.

5

Ba nahana hore ha ba na nako ya ho kwetlisa ba bang.

Leha ho le jwalo, ho kwetlisa ba bang hona jwale ho tla re bolokela nako nakong e tlang.​—Baef. 5:15, 16.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share