LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w18 July maq. 30-31
  • O ka Etsang Hore o Natefelwe ke ho Ithuta Bibele?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Etsang Hore o Natefelwe ke ho Ithuta Bibele?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Dintlha tse Ding
  • O ka Fumana Molemo Ofe ha o Bala Bibele?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ntlafatsa Tsela ya Hao ya ho Ithuta!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • O ka Fumana Molemo Jwang ho Seo o se Balang Bibeleng?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
w18 July maq. 30-31
Joshua o bala Molao ka kerese

O ka Etsang Hore o Natefelwe ke ho Ithuta Bibele?

Joshua o bala Molao; mabota a Jeriko a wela empa ntlo ya Rahaba yona e sala e eme tswe; Joshua o phahamiseditse matsoho a hae hodimo o a rapela

JOSHUA o ne a tadimane le phephetso e boima. O ne a lokela ho tataisa Baiseraele ho ba isa Naheng e Tshepisitsweng mme dintho di ne di ke ke tsa mo tsamaela bolatjha feela. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a mo matlafatsa le ho mo kgothatsa ha a re: ‘O be sebete mme o be matla o mamele Molao wa ka. O o bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare, e le hore o ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngodilweng ho wona etswe ka ho etsa jwalo o tla atlehisa tsela ya hao mme ka ho etsa jwalo o tla etsa ka bohlale.’—Josh. 1:7, 8.

Le rona re thulana le mathata dinakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsang le tsona. (2 Tim. 3:1) Ka hoo, haeba re batla ho atleha jwalo ka Joshua, re lokela ho latela keletso eo Jehova a ileng a mo fa yona. Re lokela ho bala Bibele letsatsi le leng le leng mme re sebedise seo re ithutileng sona ha re etsa diqeto.

Le ha ho le jwalo, ba bangata ba rona re ka nna se ke ra tseba hore na re lokela ho qala kae, ebe jwale seo se etsa hore ho bala Bibele ho se ke ha re natefela. Ka ha ho bala Bibele ke habohlokwa, ho hlahloba lebokose le nang le sehlooho se reng “Ako Leke Ditlhahiso Tsena,” ho tla o thusa hore o bone hore na o ka etsa jwang hore o natefelwe ke ho bala Bibele.

Mongodi e mong wa pesaleme o kile a re: “Etsa hore ke hate tseleng ya ditaelo tsa hao, etswe ke kgahlilwe ke yona.” (Pes. 119:35) Ho bala Bibele ho ka o natefela. O tla fumana matlotlo a bohlokwa ha o ntse o ithuta Bibele.

Le hoja re sa etelle setjhaba pele jwalo ka Joshua, le rona re ntse re na le mathata a rona. Ka hona, o lokela ho etsisa Joshua ka hore o ithute o be o hlahlobisise seo o se ngoletsweng. Haeba o etsa jwalo, o tla atleha mme o etse dintho ka bohlale.

AKO LEKE DITLHAHISO TSENA

  • Motho o phuthile matsoho o a rapela

    Rapela pele o ithuta Bibele. Jehova Modimo o o ngoletse Bibele hore e o tswele molemo. Ka hoo, ha o e bala mo kope hore a o fe matla e le hore o e utlwisise, o hopole seo o se badileng o be o se sebedise bophelong ba hao.—Esdr. 7:10.

  • Motho o ipotsa potso

    Ako ipotse dipotso tsena tse latelang ha o ntse o bala Bibele le dingolwa tse thehilweng ho yona: ‘Ke ithutang ka Jehova tabeng ena? Taba ena e amana jwang le molaetsa o ka sehloohong wa Bibele? Ebe nka sebedisa taba ena jwang ho thusa ba bang?’

  • Motho o ja masapo a hlooho

    Ja masapo a hlooho ka taba eo o ntseng o ithuta ka yona. Ha o ntse o bala, ema hanyane mme o nahanisise ka seo o ntseng o se bala: Ebe taba ena e etsa hore ke ikutlwe jwang? Ke hobaneng ha e etsa hore ke ikutlwe jwalo? Ebe e amana jwang le dintho tse kileng tsa nketsahalla, boemo ba ka hona jwale le bokamoso ba ka? Nka sebedisa melaomotheo le keletso e hlahang tabeng ena jwang bophelong ba ka? (Jobo 23:5; Pes. 49:3) Leka ho lemoha hore na ke hobaneng ha Jehova a kgothalletsa bahlanka ba hae hore ba qobe mekgwa e itseng le hore na ditlamorao e ka ba dife haeba ba sa mo mamele.—Deut. 32:28, 29.

  • Motho o nahanisisa ka tlaleho e nngwe ya Bibele

    Sebedisa karaburetso ha o bala. Ka mohlala, haeba o bala ka tlaleho ya Josefa, na o bona ha barababo ba mo rekisetsa Baishmaele? (Gen. 37:18-28) O banang, o utlwang, o utlwa ho nkgang? Ikenye dieteng tsa batho bao o balang ka bona tlalehong eo. Ba nahana kang, hona ba ikutlwa jwang? Ho nahanisisa ka tsela ena ho tla etsa hore o rue molemo ha o ntse o bala.

  • Motho o sebedisa thulusi ya ho ithuta

    Sebedisa dithulusi tsa ho ithuta tseo mokgatlo o di entseng ho o thusa hore o natefelwe ke ho bala Bibele. Tlwaelana le dithulusi tse teng ka puo ya heno ebang di teng inthaneteng ka tjhe. O se ke wa tswafa ho kopa hore ba bang ba o bontshe hore na di sebetsa jwang. Ka mohlala, Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova, di ka o thusa hore o fumane dihlooho tse hlalosang ditemana tse itseng tsa Bibele. O ka boela wa sebedisa le bukana ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo. O tla fumana tlhahisoleseding e jwalo ka ditshwantsho, dinako, ditekanyo le tse ding tse ngata.

  • Motho o tshwarella dintlha tsa bohlokwa ka hlooho

    Akaretsa dintlha tsa bohlokwa tabeng eo o ntseng o bala ka yona e le hore o tle o di hopole. Ho ka ba molemo le ho feta haeba o bolella ba bang seo o ithutileng sona. Na ho na le ntlha eo o ka e sebedisang ha o le tshimong? Jwale ha o etsa tjena, o tla be o tiisa seo o se badileng kelellong mme o tla be o thusa le ba bang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share