LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 2 maq. 12-13
  • Ha o Ikutlwa o Imetswe

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha o Ikutlwa o Imetswe
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • O KA FUMANA THUSO HO KAE?
  • NA BOHLOKO BO TLA FELA?
  • Ke Hobaneng ha Batjha ba e na le Kgatello ya Maikutlo? Ba ka Thuswa Keng?
    Fadimehang!—2017
  • Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke e na le Maikutlo a ho Ipolaya?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • 2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 2 maq. 12-13
Mosadi o tshwere Bibele e phetlilweng, o dutse tafoleng mme o shebetse hole

Ha o Ikutlwa o Imetswe

Na o kile wa ikutlwa o imetswe hoo o neng o batla ho ipolaya? Adriana ya dulang Brazil o re: “Ke ne ke dula ke ikutlwa jwalo, hoo ke neng ke bona ho le betere ho ipolaya.”

E KA NNA yaba le wena o ikutlwa jwalo ka Adriana. O ne a dula a tshwenyehile, a sa thaba ebile a sena tshepo. Ho ile ha fumanwa hore Adriana o na le kgatello ya maikutlo.

Nahana hape ka monna wa Mojapane e leng Kaoru, ya neng a hlokomela batswadi ba hae ba kulang. O re: “Ka nako eo ke ne ke imetswe ke mosebetsi o mongata wa moo ke sebetsang teng. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka fellwa ke takatso ya dijo hape ke ne ke sa kgone le ho robala hantle bosiu. Ke ile ka qala ho nahana hore haeba nka shwa, mathata aka a tla fela.”

Ojebode ya hlahang Nigeria o re: “Ke ne ke dula ke utlwile bohloko hoo ke neng ke dula ke lla, ka hoo ke ile ka batla ditsela tsa ho ipolaya.” Le hoja selemo le selemo batho ba dikete tse makgolo ba ipolaya, ntho e thabisang ke hore Ojebode, Kaoru, le Adriana ha ba a ka ba ipolaya.

O KA FUMANA THUSO HO KAE?

Batho ba bangata ba ipolayang ke batho ba bontate mme boholo ba bona ke ba neng ba swabela ho kopa thuso. Jesu o ile a re batho ba kulang ba hloka ngaka. (Luka 5:31) Haeba o utlwa o imetswe hoo o batlang ho ipolaya, o se ka wa swabela ho kopa thuso. Batho ba bangata ba nang le kgatello ya maikutlo ba hlokometse hore meriana e ba thusa hore ba mamelle. Hona jwale Ojebode, Kaoru, le Adriana ba ikutlwa ba le betere hobane ba ile ba amohela thuso e tswang dingakeng.

Dingaka di ka fa motho ya nang le kgatello ya maikutlo meriana kapa tsa mo fetisetsa ho ngaka e ithutetseng ho buisana le batho ba nang le kgatello ya maikutlo. Batho ba nang le kgatello ya maikutlo ba hloka tshehetso ya ba lelapa le metswalle. Motswalle wa bohlokwa eo motho a ka bang le yena, ke Jehova Modimo ya fanang ka thuso ka Lentsweng la hae Bibele.

NA BOHLOKO BO TLA FELA?

Batho ba nang le kgatello ya maikutlo ho ka hlokahala hore ba nwe meriana ka nako e telele mme sena se ka hloka hore ba fetole tsela eo ba neng ba etsa dintho ka yona pele. Empa haeba o na le kgatello ya maikutlo, mohlomong jwalo ka Ojebode o ka thabela ho tseba seo Modimo a tla se etsa nakong e tlang. Ojebode o re: “Ke lebelletse ho bona ha ho phethahala mantswe a hlahang Lengolong la Esaia 33:24, a reng ho tla ba le nako eo ho seng motho ya tla re ‘Ke a kula.’” Jwalo ka Ojebode o ka kgothatswa ke tshepiso ya Modimo ka “lefatshe le letjha,” e leng moo “bohloko” bo tla beng bo fedisitswe. (Tšenolo 21:1, 4) Tshepiso ena e akarelletsa ho fediswa ha dintho tse re utlwisang bohloko maikutlong le kelellong. Dintho tse utlwisang bohloko di ke ke tsa hlola di “hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong [ya hao.]”—Esaia 65:17.

Ditemana Tsa Bibele Tse ka o Thusang

Modimo o utlwisisa ka moo o ikutlwang ka teng.

“Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona, . . . ya reng ho wena. ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’”—Esaia 41:13.

Jehova o utlwisisa ka moo re ikutlwang ka teng ho feta motho le ha e le ofe mme o batla ho re thusa.

Nahanisisa ka seo o ithutileng sona ka Bibeleng.

“[Elia] a qala ho kopa hore moya wa hae o shwe. A re: ‘ . . . Jehova, tlosa moya wa ka.’”—1 Marena 19:4.

Ojebode o re: “Ho nahanisisa ka seo ke ithutileng sona ka Bibeleng ho ile ha nthusa haholo. Ke ile ka hlokomela hore moprofeta Elia le yena o ne a ikutlwa ka moo ke neng ke ikutlwa ka teng.”

Ithute ka mehlala e ka Bibeleng.

‘[Jesu] o entse thapedi hore tumelo ya [Petrose] e se ke ya fela.’—Luka 22:32.

Ka mora hore Petrose a latole Jesu ka makgetlo a mararo, o ile a tshwenyeha haholo mme a lla ha bohloko. Kaoru o re: “Se ileng sa etsahalla Petrose, se ile sa nthusa ho bona hore Jehova le Jesu ba ne ba kgathalla hore na Petrose o ikutlwa jwang. Sena se ile sa nkgothatsa haholo.”

Dintho tse utlwisang bohloko di ke ke tsa hlola di “hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong [ya hao.]”—Esaia 65:17

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share