SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26
Tshehetsa ba Bang ha ba Tobane le Mathata
“Kaofela ha lona le be le kelello e jwalo, le bontsha ho utlwelana bohloko, le ena le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le ena le qenehelo e bonolo, le ikokobeditse kelellong.”—1 PET. 3:8.
PINA YA 107 Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1. Re ka etsisa Ntate wa rona ya lerato Jehova jwang?
JEHOVA o re rata haholo. (Joh. 3:16) Ke ka hoo re batlang ho mo etsisa. Re leka ho bontsha batho bohle “[kutlwelobohloko], boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le qenehelo e bonolo” empa haholoholo ho ba “amanang le rona tumelong.” (1 Pet. 3:8; Bagal. 6:10) Ka hona, ha Bakrestemmoho le rona ba tobane le maemo a boima, re batla ho ba thusa.
2. Re tlo ithutang sehloohong sena?
2 Bohle ba batlang ho ba bahlanka ba Jehova, ba tla hlahelwa ke dintho tse bohloko. (Mar. 10:29, 30) Re ka nna ra lokela ho mamella diteko tse ngata ka ha re phela mehleng ya ho qetela. Jwale re ka thusana jwang? A re ke re bone hore na re ka ithutang ditlalehong tsa Bibele tse buang ka Lota, Jobo le Naomi. Re tla boela re hlahlobe a mang a mathata ao bara le baradibabo rona ba tobanang le ona kajeno mme re bone ka moo re ka ba thusang ka teng ho a mamella.
E BA LE MAMELLO
3. Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho 2 Petrose 2:7, 8, ke qeto efe e bowatla eo Lota a ileng a e etsa, hona diphello e ile ya ba dife?
3 Lota o ile a etsa qeto e bowatla ka ho kgetha ho dula Sodoma, moo batho ba neng ba itshwere hampe ka ho fetisisa. (Bala 2 Petrose 2:7, 8.) Ke nnete hore sebaka seo se ne se le setle, empa Lota o ile a kopana le diphephetso tse ngata ka lebaka la ho dula moo. (Gen. 13:8-13; 14:12) Ho ka etsahala hore ebe mosadi wa hae o ne a rata sebaka seo haholo kapa batho ba dulang ho sona, hoo a ileng a hloleha ho mamela Jehova. Ka lebaka leo, o ile a lahlehelwa ke bophelo ba hae ha Modimo a ne a nesa mollo le sebabole ho timetsa sebaka seo. Lota o ile a lahlehelwa ke lehae la hae, dintho tseo neng a ena le tsona mme ntho e bohloko ka ho fetisisa, a lahlehelwa ke mosadi wa hae. Nahana ka baradi ba hae babedi, bao banna ba neng ba tlo ba nyala, ba ileng ba shwa ha ho ne ho timetswa Sodoma. (Gen. 19:12-14, 17, 26) Na Jehova o ile a fella Lota pelo ha dintho tsee di ntse di etsahala? Ha ho bonahale jwalo.
Ka mosa Jehova o romela mangeloi hore a pholose Lota le lelapa la hae (Sheba serapa sa 4)
4. Jehova o ile a bontsha jwang hore ha a felle Lota pelo? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
4 Le hoja e le Lota ya kgethileng ho lo dula Sodoma, ka mosa Jehova o ile a romela mangeloi hore a ilo mo pholosa ha mmoho le lelapa la hae. Empa, ho ena le hore Lota a mamele taelo e potlakileng ya mangeloi mme a tswe Sodoma, o ile a nna a “dieha.” Mangeloi a ile a ba a lokela ho ba tshwara ka matsoho ho ba ntsha motseng. (Gen. 19:15, 16) Yaba a mo bolella hore a balehele sebakeng se dithaba. Ho ena le hore Lota a mamele Jehova, o ile a kopa ho balehela motseng o haufi. (Gen. 19:17-20) Le lekgetlong lena Jehova o ile a bontsha mamello mme a mo dumella ho ya motseng oo. Ha morao Lota o ile a tshaba ho dula motseng oo mme a ya sebakeng se dithaba, hona moo Jehova a neng a itse a ye teng ho tloha qalong. (Gen. 19:30) Ka sebele Jehova o ile a bontsha mamello ka tsela e ikgethang. Ebe re ka mo etsisa jwang?
5-6. Keletso e ho 1 Bathesalonika 5:14 e re thusa jwang hore re etsise Modimo?
5 Jwalo ka Lota, Mokrestemmoho le rona a ka etsa diqeto tse bowatla mme a ipakela mathata. Re tla etsang ha seo se etsahala? Re ka nna ra batla ho mo jwetsa hore o kotula seo a se jetseng. (Bagal. 6:7) Le hoja ho mo bolella seo e le nnete, re ka kgetha ho etsa se molemo mme re mo thuse, feela jwalo ka ha Jehova a ile a thusa Lota. Empa re ka etsa seo jwang?
6 Jehova o ile a romela mangeloi hore a lemose Lota le ho mo thusa hore a balehe tlokotsi e neng e tla tlela Sodoma. Ka tsela e tshwanang, ho ka hlokahala hore re eletse le ho thusa Mokrestemmoho ya etsang ntho e ka nnang ya mo kenya mathateng. Le hoja ho ka bonahala e ka o nka nako ho sebedisa keletso ya Bibele eo re mo fang yona, ha re a lokela ho mo fella pelo. Empa re lokela ho etsisa mangeloi a ileng a thusa Lota, ka hore re batle ditsela tseo re ka mo thusang ka tsona. (1 Joh. 3:18) Re ka nna ra lokela ho mo tshwara ka letsoho ka tsela ya tshwantshetso mme re mo thuse ho sebedisa keletso e molemo eo a e fuweng.—Bala 1 Bathesalonika 5:14.
7. Re ka etsisa tsela eo Jehova a ileng a sheba Lota ka yona jwang?
7 Jehova a ka be a ile a sheba diphoso tseo Lota a di entseng. Ho ena le hoo, o ile a susumetsa moapostola Petrose hore a re Lota ke monna ya lokileng. Ke ntho e thabisang hakaakang hore ebe Jehova ha a shebe diphoso tsa rona. (Pes. 130:3) Na re ka etsisa tsela eo Jehova a ileng a sheba Lota ka yona? Haeba re sheba dintho tse ntle tseo bara le baradibabo rona ba di etsang, ho tla ba bonolo hore re se ke ra ba fella pelo. Sena se tla etsa hore le bona ba amohele thuso eo re ba fang yona.
BONTSHA KUTLWELOBOHLOKO
8. Ho ba le kutlwelobohloko ho tla re susumelletsa hore re etseng?
8 Ho fapana le Lota, Jobo ha a ka a etsahallwa ke dintho tse bohloko hobane a ne a entse qeto e bowatla. Ho ntse ho le jwalo, o ile a tobana le mathata a mangata. O ile a lahlehelwa ke dintho tseo a neng a ena le tsona, boemo ba hae setjhabeng le ho tshwarwa ke lefu le bohloko. Ho hobe le ho feta ke hore yena le mosadi wa hae ba ile ba hlokahallwa ke bana bohle ba bona. Jobo o ile a boela a qoswa ke batho ba neng ba ipitsa metswalle ya hae. Ebe ke hobaneng ha metswalle eo ya Jobo e ile ya hloleha ho mo bontsha kutlwelobohloko? Lebaka ke hore ba ne ba sa utlwisise se neng se hlile se etsahalla Jobo. Ke ka hoo ba ileng ba iketsetsa qeto mme ba mo ahlola. Re ka qoba ho etsa phoso e tshwanang le eo jwang? Hopola hore ke Jehova feela ya utlwisisang mathata a batho. Ka hona, mamela ka hloko ha motho ya utlwileng bohloko a o bolella ka moo a ikutlwang ka teng. Leka ho ipeha boemong ba hae ho ena le ho mamela feela seo a se buang. Sena se tla o thusa hore o bontshe Mokrestemmoho le wena kutlwelobohloko ya nnete.
9. Ho ba le kutlwelobohloko ho tla re thusa ho qobang, hona hobaneng?
9 Ho ba le kutlwelobohloko ho tla re thusa ho qoba ho bolella ba bang ka mathata ao Bakrestemmoho le rona ba nang le ona. Motho ya sebang ha a etse hore phutheho e momahane, empa o a e arola. (Liprov. 20:19; Bar. 14:19) Ha a nahanele maikutlo a batho ba bang, hape mantswe a hae a ka lematsa motho ya ntseng a utlwile bohloko le ho feta. (Liprov. 12:18; Baef. 4:31, 32) Ho ka ba molemo hore re shebe makgabane ao motho a nang le ona mme re nahane ka hore na re ka mo thusa jwang hore a hlole mathata a hae.
Mamela ka hloko le ha Mokrestemmoho a bua “puo e hlaha” mme ka nako e loketseng o bue mantswe a mo kgothatsang (Sheba serapa sa 10-11)c
10. Mantswe a hlahang ho Jobo 6:2, 3 a re rutang?
10 Bala Jobo 6:2, 3. Ka dinako tse ding, Jobo o ne a bua “puo e hlaha.” Empa ha morao o ile a ikwahlaela dintho tseo a neng a di buile. (Jobo 42:6) Jwalo ka Jobo, motho ya mamelletseng mathata a ka nna a bua dintho tseo ha morao a tla ikwahlaela tsona. Re lokela ho etsang boemong boo? Ho ena le hore re mo ahlole, re lokela ho mo bontsha kutlwelobohloko. Hopola hore Jehova o ne a sa rera hore re hlahelwe ke dintho tse bohloko. Ka hoo, re ka utlwisisa ha mohlanka ya tshepahalang wa Jehova a bua a sa nahana ka lebaka la mathata ao a tobaneng le ona. Le haeba a ka bua dintho tse fosahetseng ka Jehova kapa ka rona, ha re a lokela ho potlakela ho kwata kapa ho mo ahlola.—Liprov. 19:11.
11. Baholo ba ka etsisa Elihu jwang ha ba fana ka keletso?
11 Ka dinako tse ding motho ya nang le mathata a ka hloka dikeletso. (Bagal. 6:1) Baholo ba ka mo eletsa jwang? Ba ka etsa sena ka ho etsisa Elihu ya ileng a mamela Jobo le ho leka ho utlwisisa boemo ba hae. (Jobo 33:6, 7) Elihu o ile a eletsa Jobo ka mora hore a utlwisise ka moo a nahanang ka teng. Ka tsela e tshwanang, baholo ba tla be ba etsisa mohlala wa Elihu haeba ba mamela ka hloko ha motho a ntsha maikutlo ebile ba leka ho utlwisisa boemo ba hae. Haeba ba etsa jwalo, ba tla kgona ho fana ka keletso e tla ama motho eo pelo.
BUA KA TSELA E KGOTHATSANG
12. Naomi o ile a ikutlwa jwang ka lefu la monna wa hae le la bara ba hae ba babedi?
12 Naomi o ne a tshepahala ebile a rata Jehova. Le ha ho le jwalo, ka mora lefu la monna wa hae le la bara ba hae ba babedi, o ile a batla ho fetola lebitso la hae hore e be “Mara” e bolelang “Bohloko.” (Ruthe 1:3, 5, 20) Ruthe o ne a dula a tsheheditse Naomi mathateng ohle a hae. O ne a thusa matsale wa hae ka dintho tseo a neng a di hloka, abile a bua ka tsela e neng e mo kgothatsa. O ile a bontsha lerato le tshehetso ya hae ka ho bua mantswe a bonolo le a tswang botebong ba pelo.—Ruthe 1:16, 17.
13. Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa batho ba hlokahalletsweng ke balekane ba bona?
13 Ha Mokrestemmoho a hlokahalletswe ke molekane, re lokela ho mo tshehetsa. Banyalani ba tshwana le difate tse pedi tse lenngweng sebakeng se le seng. Ha nako e ntse e ya, methapo ya difate tseo e a kopana. Ha sefate se seng se ka ntshwa, se haufi le sona se a ameha. Ka tsela e tshwanang, ha motho a hlokahallwa ke molekane, a ka nna a utlwa bohloko ka nako e telele. Paulab eo monna wa hae a ileng a hlokahala ka tshohanyetso, o re: “Bophelo ba ka bo ile ba kopakopana mme ke ne ke utlwa ke sena matla. Ke ne ke lahlehetswe ke motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo. Ke ne ke tlwaetse ho bua le monna wa ka ka ntho e nngwe le e nngwe. O ne a ntshehetsa ka dinako tsohle mme a dula a mmamela ha ke mo bolella dintho tse ntshwenyang. Ka mora lefu la hae, ke ile ka utlwa eka ho na le karolo e nngwe ya mmele wa ka e tlohileng.”
Re k a tshehetsa batho ba seng ba sena balekane jwang? (Sheba serapa sa 14-15)d
14-15. Re ka kgothatsa motho ya hlokahalletsweng ke molekane jwang?
14 Re ka kgothatsa motho ya hlokahalletsweng ke molekane jwang? Ntho ya pele eo re lokelang ho e etsa ke ho bua le yena, le hoja ho ka etsahala hore ebe ha re tsebe hore na re tla reng. Paula eo re buileng ka yena ka hodimo o re: “Ke a utlwisisa hore lefu le etsa hore batho ba se ke ba tseba hore na ba reng. Ba tshaba hore ba ka tloha ba bua ntho e ka utlwisang motho ya hlokahalletsweng bohloko. Empa ho bua nnete feela, ho molemo ho utlwa motho a bua mantswe a itseng ho ena le hore a thole feela.” Motho ya hlokahalletsweng ha a lebella hore batho ba mo tshedisang e be dikgeleke. Paula o re: “Ke ne ke ananela haholo ha Bakrestemmoho ba bua mantswe a bonolo a kang, ‘Re maswabi ka se o hlahetseng.’”
15 William ya ileng a hlokahallwa ke mosadi dilemo tse mmalwa tse fetileng, o re: “Ke ananela haholo ha ba bang ba bua ka dintho tse molemo tseo mosadi wa ka a neng a di etsa, seo se a mpontsha hore ba ne ba mo rata ebile ba mo hlompha. Tshehetso ena ya bona e nthusa haholo. Mantswe a bona a nkgothatsa haholo, ka ha mosadi wa ka e ne e le motho wa bohlokwa ho nna.” Bianca eo e leng mohlolohadi yena o re: “Ke kgothala haholo ha Bakrestemmoho ba rapela le nna mme ba mpalla ditemana tsa Bibele. Ke boetse ke a kgothala ha ba bua ka monna wa ka le ha ba mmamela ha ke bua ka yena.”
16. (a) Keng eo re lokelang ho tswelapele re e etsa ho kgothatsa motho ya hlokahalletsweng? (b) Ho ya ka Jakobo 1:27, ke boikarabelo bofe boo re nang le bona?
16 Feela jwalo ka ha Ruthe a ne a dula a tshehetsa Naomi, re lokela ho dula re kgothatsa batho ba hlokahalletsweng. Paula eo re buileng ka yena pejana, o re: “Hang ka mora hore monna wa ka a hlokahale, ke ile ka fumana tshehetso e kgolo. Empa ha nako e ntse e ya, ho ne ho bonahala e ka batho ba tswelapele ka bophelo ba bona, ha nna ba ka bo fetohile haholo. Ka hoo, ho ka thusa haholo ha batho ba ka hlokomela hore motho ya hlokahalletsweng, o hloka tshehetso le ha ho se ho fetile dikgwedi kapa dilemo seo se etsahetse.” Ke nnete hore batho ha ba tshwane. Ba bang ba kgona ho amohela maemo ka pele, athe ba bang bona, ha ba qala ba etsa dintho tseo ba neng ba tlwaetse ho di etsa le motho ya hlokahetseng, seo se ba utlwisa bohloko. Tsela eo batho ba utlwang bohloko ka yona, e a fapana. Ka hona, re lokela ho hopola hore Jehova o re file monyetla le boikarabelo ba ho kgothatsa bohle ba hlokahalletsweng ke balekane.—Bala Jakobo 1:27.
17. Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa batho bao balekane ba bona ba ba siileng?
17 Batho ba bang ba lokela ho mamella bohloko ba ho siuwa ke balekane ba bona. Joyce eo monna wa hae a ileng a mo siya mme a lo dula le mosadi e mong, o re: “Ke ne ke utlwa e ka ke ne ke tla kgona ho mamella bohloko ba ha monna wa ka a ne a hlokahetse, ho ena le hore a nhlale. Ke ne ke tla utlwisisa haeba a ne a hlokahetse ka tshohanyetso kapa ka lebaka la ho kula, ka ha o ne a tla be a sena boikgethelo tabeng eo. Empa boemong bona, monna wa ka o ile a kgetha ho nsiya. Ke ile ka utlwa ke tlontlollotswe haholo.”
18. Re ka etsang ho thusa batho ba seng ba sena balekane?
18 Ha re etsetsa batho ba seng ba sena balekane dintho tse bontshang mosa, seo se ba netefalletsa hore re a ba rata. Ka ha jwale ba se ba le bang, ba hloka motswalle wa nnete. (Liprov. 17:17) Empa o ka ba bontsha jwang hore o motswalle wa bona? O ka ba memela dijong, la qeta nako mmoho le ithabisa kapa le le tshimong. Kapa mohlomong ka matsatsi a itseng, o ka ba memela borapeding ba lelapa. Jwale ha o etsa dintho tsena o tla thabisa Jehova, ka ha “o haufi le ba dipelo di robehileng” hape ke mosireletsi wa bahlolohadi.—Pes. 34:18; 68:5.
19. Re ntse re nahanne ka 1 Petrose 3:8, keng seo re lokelang ho se etsa?
19 Haufinyane ha Mmuso wa Modimo o se o busa lefatsheng, “mahlomola [mathata] a tla be a lebetswe.” Ka sebele re lebeletse nako eo ka yona “dintho tsa pele di ke [keng] tsa hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:16, 17) Ho fihlela ka nako eo, a re tsweleng pele re tshehetsana le ho bontsha ka diketso le dipuo hore re rata bara le baradibabo rona.—Bala 1 Petrose 3:8.
PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba
a Lota, Jobo le Naomi, ba sebeleditse Jehova ka botshepehi le hoja ba ne ba lokela ho mamella maemo a thata bophelong ba bona. Sehloohong sena, re tlo hlahloba seo re ka ithutang sona dinthong tse ileng tsa ba etsahalla. Re tla boela re hlahlobe hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re be le mamello, kutlwelobohloko le ho bua ka tsela e kgothatsang ho Bakrestemmoho ba tobaneng le mathata.
b Mabitso a fetotswe sehlohong sena.
c DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moholo o mametse ka hloko ha morabo rona ya utlwileng bohloko a bua “puo e hlaha.” Ha morao ka mora hore morabo rona a kgobe matshwafo, ka mosa moholo o mo fa keletso.
d DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Banyalani ba batjha ba qeta nako le morabo rona ya sa tswa hlokahallwa ke mosadi. Ba bua ka dintho tse molemo tseo a ileng a di etsa.