September 25–October 1
DANIELE 4-6
Pina ya 67 le Thapelo
Seo re Tlo Ithuta Sona (3 mets. kapa ka tlase ho moo)
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG
“Na o Sebeletsa Jehova o sa Kgaotse?”: (10 mets.)
Dan 6:7-10—Daniele o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sebeletse Jehova a sa kgaotse (w10 11/15 6 ¶16; w06 11/1 24 ¶12)
Dan 6:16, 20—Morena Dariuse o ile a hlokomela hore Daniele o na le kamano e haufi le Jehova (w03 9/15 15 ¶2)
Dan 6:22, 23—Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele ka lebaka la tumelo ya hae e sa thekeseleng (w10 2/15 18 ¶15)
Batlisisa Matlotlo a Patilweng: (8 mets.)
Dan 4:10, 11, 20-22—Sefate se seholohadi seo Nebukadnezare a ileng a se lora se ne se tshwantshetsang? (w07 9/1 18 ¶5)
Dan 5:17, 29—Ke hobaneng qalong ha Daniele a sa ka a amohela dimpho tsa Morena Belshatsare empa a di amohela hamorao? (w88 10/1 30 ¶3-5; dp 109 ¶22)
O ithutileng ka Jehova mmalong wa Bibele wa bekeng ena?
O fumane matlotlo kapa dintlha dife tse ding mmalong wa Bibele wa bekeng ena?
Mmalo wa Bibele: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Dan 4:29-37
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlase ho moo) Mo fe Memo ya ho Tla Dibokeng
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlase ho moo)—Memo ya ho Tla Dibokeng e ile ya fanwa leetong la pele. Bontsha hore na leeto la ho boela le etswa jwang.
Thuto ya Bibele: (6 mets. kapa ka tlase ho moo) bh 120 ¶16—Kgothalletsa moithuti hore a dule a tshepahala le haeba a hanyetswa ke e mong wa lelapa.
PHELA JWALO KA MOKRESTE
“Ba Kwetlise Hore ba Sebeletse Jehova ba sa Kgaotse”: (15 mets.) Puisano. Ka mora moo, bapala video e bontshang mohweletsi ya nang le boiphihlelo ya sebetsang tshimo le mohweletsi ya motjha ebe le buisana ka yona.
Thuto ya Bibele ya Phutheho: (30 mets.) kr kgao. 18 ¶9-20, lebokose “Menehelo ya Rona e Sebediswa Jwang?,” le lebokose la dipotso “Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?”
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona Mme o Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ya 73 le Thapelo