LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr17 September maq. 1-9
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Dihloohwana
  • 4-​10 SEPTEMBER
  • 11-​17 SEPTEMBER
  • 18-​24 SEPTEMBER
  • 25 SEPTEMBER–1 OCTOBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
mwbr17 September maq. 1-9

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

4-​10 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 42-​45

“Borapedi bo Hlwekileng bo a Tsosoloswa!”

(Ezekiele 43:​10-​12) “Ha e le wena, mora motho, tsebisa ba ntlo ya Iseraele ka Ntlo eo, e le hore ba ka ikutlwa ba tlotlolohile ka lebaka la diphoso tsa bona, mme ba tla lekanya mohlala. 11 Haeba ba ikutlwa ba tlotlolohile ka lebaka la sohle seo ba se entseng, o ba tsebise polane ya motheo ya Ntlo, tlhophiso ya yona le menyako ya yona ya ho tswa le ditsela tsa yona tse kenang, le dipolane tsohle tsa yona tsa motheo le dintlha tsohle tsa yona tse tobileng, le dipolane tsohle tsa yona tsa motheo le melao yohle ya yona mme o e ngole ka pela mahlo a bona, e le hore ba ka boloka polane yohle ya yona ya motheo le dintlha tsohle tsa yona tse tobileng mme ba di phethe. 12 Ona ke molao wa Ntlo. Ka hodima thaba sebaka sohle sa yona se e pota potileng ka hohle ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. Bonang! Ona ke molao wa Ntlo.

w99 3/1 8 ¶3

‘Beha Pelo ya Hao’ Tempeleng ya Modimo!

3 Pono ena e telele, e nkang dikgaolo tse robong tsa buka ya Ezekiele, e ile ya fa Bajuda ba botlamuweng tshepiso e matlafatsang tumelo. Borapedi bo hlwekileng bo ne bo tla tsosoloswa! Dilemo tse makgolo ho tloha ka nako eo, ho tla fihlela mehleng ya rona, pono ena e nnile ya e ba mohlodi wa kgothatso ho ba ratang Jehova. Jwang? A re hlahlobeng seo pono ya Ezekiele ya boprofeta e ileng ya se bolela ho Baiseraele ba neng ba le botlamuweng. E na le dikarolo tse ka sehloohong tse nne: tempele, baprista, morena le naha.

it-⁠2 1082 ¶2

Tempele

Pono ya Ezekiele ya tempele. Ka 593 B.C.E., lekgolong la bo14 la dilemo, kamora ho timetswa ha Jerusalema le tempele ya Solomone, moprofeta Ezekiele, o ile a ba le pono eo ho yona a neng a le hodima thaba e phahameng haholo, mme a bona tempele ya Jehova. (Eze 40:​1, 2) Ezekiele o ile a laelwa hore a bolele sohle seo a se boneng ka “ntlo ya Iseraele”, e le hore Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba tle ba hlajwe ke dihlong le hore ba tle ba bake, le hore a tle a kgothatse ba neng ba tshepahala. (Eze 40:⁠4; 43:​10, 11) Pono eo ile ya bontsha ka ho hlaka dimejamente tsa tempele. Dimejamente e be ditswe tse tsheletseng, le ditswe tsa bophara ba seatla. (Eze 40:⁠5) Ba bang ba ne ba nahana hore pono ena ya tempele e ne e le mohlala wa kamoo Zorobabele a neng a lokela ho haha tempele nakong e tlang. Le ha ho le jwalo, ha hona bopaki bo bontshang hore seo ke nnete.

(Ezekiele 44:​23) “ ‘Ba lokela ho rupela setjhaba sa ka ka phapang pakeng tsa ntho e halalelang le ntho e silafetseng; mme ba se tsebise phapang pakeng tsa se sa hlwekang le se hlwekileng.

(Ezekiele 45:​16) “ ‘Ha e le batho bohle ba naha, ba tla ikarabella ka monehelo ona ho morenana wa Iseraele.

w99 3/1 10 ¶10

‘Beha Pelo ya Hao’ Tempeleng ya Modimo!

10 E tlameha ebe see sohle se ile sa kgothatsa ba botlamuweng hakaakang! Lelapa ka leng le ne le kgodisehile hore le tla ba le lefa naheng ena. (Bapisa le Mikea 4:⁠4.) Borapedi bo hlwekileng bo ne bo tla nka sebaka se phahameng le se ka sehloohong moo. Hlokomela hore ponong ya Ezekiele, morena, jwaloka baprista, o ne a tla dula naheng e nehetsweng ke setjhaba. (Ezekiele 45:​16) Kahoo, naheng e tsosolositsweng, setjhaba se ne se lokela ho tlatsetsa mosebetsing wa bao Jehova a ba kgethileng hore ba etelle pele, se ba tshehetse ka ho latela tataiso eo ba fanang ka yona. Ka kakaretso, naha ena e ne e le tshwantshetso ya tlhophiso, tshebedisano mmoho le tshireletseho.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Ezekiele 43:​8, 9)Ka ho beha monyako wa bona le monyako wa ka le kosene ya monyako wa bona ka thoko ho kosene ya monyako wa ka, ho e na le lerako pakeng tsa ka le bona. Ba silafaditse lebitso la ka le halalelang ka dintho tsa bona tse manyala tseo ba di entseng, hoo ke ileng ka ba fedisa bohaleng ba ka. Jwale ba ke ba suthisetse bohlola ba bona le ditopo tsa marena a bona hole le nna, mme ka sebele ke tla dula hara bona ho isa nakong e sa lekanyetswang.

it-⁠2 467 ¶4

Lebitso

Baiseraele ba ile ba tlisetsa lebitso la Modimo thohako hobane ha ba a ka ba phela ke melao ya hae e lokileng jwalo ka ha e ne e le setjhaba sa Modimo. (Eze 43:⁠8; Amo 2:⁠7) Ka ha Modimo o ile a ahlola Baiseraele ka lebaka la ho se tshepahale, sena se ile sa fa ditjhaba tse ding monyetla wa ho bua lebitso la Modimo hampe. (Bapisa le Pes 74:​10, 18; Esa 52:⁠5.) Ka ha ditjhaba tsena di ne di sa tsebe hore kotlo e ne e tswa ho Jehova, di ile tsa nahana hore Modimo o hloleha ho sireletsa sethjaba sa hae, ke kahoo se tlelwang ke tlokotsi. E le hore Jehova a tle a halaletse lebitso la hae, o ile a kgutlisetsa masala a Baiseraele naheng ya bona.​​—⁠Eze 36:​22-​24.

(Ezekiele 45:​9, 10) “Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho lekane ka lona, marenana a Iseraele!’ “ ‘Tlosang pefo le tlatlapo, mme le etse toka le ho loka. Tlosang ho tlatlapa ha lona ho setjhaba sa ka,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova. 10 ‘Le lokela ho ba le sekala se nepahetseng le efa e nepahetseng le tekanyo ya bate e nepahetseng.

it-⁠2 140

Toka

Kahoo, Jehova o lebelletse hore ba batlang ho amohelwa ke yena ba phele ka melao ya hae e lokileng. (Esa 1:​17, 18; 10:​1, 2; Jer 7:​5-⁠7; 21:​12; 22:​3, 4; Eze 45:​9, 10; Amo 5:​15; Mik 3:​9-​12; 6:⁠8; Zak 7:​9-​12)

Mmalo wa Bibele

(Ezekiele 44:​1-⁠9) A nkgutlisa ka tsela ya heke ya sehalalelo, e ka ntle e shebileng ka botjhabela, mme e ne e kwetswe. 2 Jwale Jehova a re ho nna: “Ha e le heke ena, e tla dula e kwetswe. E ke ke ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona; etswe Jehova, Modimo wa Iseraele, o kene ka yona, mme e tla dula e kwetswe. 3 Le ha ho le jwalo, morenana​—⁠e le morenana o tla dula ho yona, e le hore a je bohobe ka pela Jehova. O tla kena ka tsela ya mathule a heke, mme o tla tswa ka yona.” 4 Jwale a ntlisa ka tsela ya heke e ka leboya ho tla ka pela Ntlo, e le hore ke bone, mme, bonang! kganya ya Jehova e ne e tletse ntlo ya Jehova. Ka qala ho itihela fatshe ka sefahleho. 5 Jwale Jehova a re ho nna: “Mora motho, beha pelo mme o bone ka mahlo, mme o utlwe ka ditsebe sohle seo ke o bolellang sona mabapi le ditaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsweng tsa ntlo ya Jehova le mabapi le melao yohle ya yona, mme o behe pelo ya hao tseleng e kenang ya Ntlo ka menyako yohle ya ho tswa ya sehalalelo. 6 O tla re ho Borabele, ho ba ntlo ya Iseraele, ‘Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Ho lekane ka lona ka lebaka la dintho tsohle tsa lona tse manyala, Lona ba ntlo ya Iseraele, 7 ha le tlisa basele ba sa bollang dipelong le ba sa bollang nameng, e le hore ba tle sehalalelong sa ka hore ba se silafatse, e leng ntlo ya ka; ha le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, ha ba ntse ba tlola selekane sa ka ka lebaka la dintho tsohle tsa lona tse manyala. 8 Ha le a hlokomela mosebetsi wa dintho tsa ka tse halalelang, le ha e le hore le tla ipehela ba bang e le ba hlokomelang mosebetsi wa ka ka sehalalelong sa ka.” ’ 9 “  ‘Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ho osele, ya sa bollang pelong le ya sa bollang nameng, ya ka kenang ka sehalalelong sa ka, ke hore, motho leha e le ofe osele ya hara bara ba Iseraele.” ’

11-​17 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG|EZEKIELE 46-​48

“Ditlhohonolofatso Tseo Iseraele e Tsosolositsweng e Neng e Tla di Thabela”

(Ezekiele 47:⁠1) Butlebutle a nkgutlisetsa monyakong wa Ntlo, mme, bonang! ho ne ho e na le metsi a tswang ka tlasa monyako wa Ntlo ka nqa botjhabela, ka ha karolo e ka pele ya Ntlo e ne e le ka botjhabela. Metsi a ne a theoha a tswa ka tlaase, a tswa ka letsohong le letona la Ntlo, ka borwa ho aletare.

(Ezekiele 47:​7-​12) Ha ke kgutlile, bonang! ho ne ho e na le difate tse ngata haholo lebopong la molapo o phoroselang, ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. 8 A tswela pele ho re ho nna: “Metsi ana a ya sebakeng se ka botjhabela mme a tla theohela Araba. A tla fihla lewatleng. Ka ha a tlisitswe lewatleng, metsi a lona le ona aa fodiswa. 9 Moya o mong le o mong o phelang o nyekenyehang, sebakeng se seng le se seng seo molapo o phoroselang o iphetang habedi ka boholo o fihlang ho sona, o tla fumana bophelo. Ho tla ba le ditlhapi tse ngata haholo, hobane ke moo metsi ana ka sebele a fihlang teng, mme metsi a lewatle a tla fodiswa, mme moo molapo o phoroselang o fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela. 10 “Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema haufi le wona ho tloha Ene-gedi ho fihlela Ene-eglaime. Ho tla ba le sebaka seo ho omisetswang matlowa a hulwang ho sona. Ho tla ba le ditlhapi ka mefuta ya tsona, jwalo ka ditlhapi tsa Lewatle le Leholo, tse ngata haholo. 11 “Ho na le dibaka tsa wona tse qhafu qhafu le mekgwabo ya ona, mme di ke ke tsa fodiswa. Ka sebele di tla nehellwa letswai. 12 “Haufi le molapo o phoroselang, haufi le lebopo la wona le ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane, ho tla hlaha difate tsa mefuta yohle bakeng sa dijo. Makgasi a tsona a ke ke a pona, kapa ditholwana tsa tsona di fele. Dikgweding tsa tsona di tla beha ditholwana tse ntjha, hobane metsi a tsona a tswa sehalalelong. Ditholwana tsa tsona e tla ba dijo mme makgasi a tsona e be a ho fodisa”

w99 3/1 10 ¶11-​12

‘Beha Pelo ya Hao’ Tempeleng ya Modimo!

11 Na Jehova o ne a tla hlohonolofatsa naha ya bona? Boprofeta bo arabela potso ena ka tlhaloso e thobang pelo. Noka e phallang e tswa tempeleng, e ntse e pharalla ha e ya pele, e fetoha molapo o phoroselang ha e kena Lewatleng le Shweleng. Ha e fihla moo e tsosolosa metsi a se nang bophelo, mme mosebetsi wa ho tshwasa ditlhapi wa atleha mabopong a yona. Mabopong a noka ho na le difate tse ngata tse behang ditholwana selemo ho pota, tse fanang ka dijo le tse phekolang.​​—⁠Ezekiele 47:​1-​12.

12 Ho ba botlamuweng, tshepiso ena e ile ya tiisa boprofeta bo ileng ba bolelwa esale pele ka tsosoloso boo ba neng ba bo nka e le ba bohlokwa haholo. Ka makgetlo a mmalwa, baprofeta ba buduletsweng ba Jehova ba ile ba hlalosa Iseraele e tsosolositsweng, e nang le baahi hape, ba sebedisa mantswe a hlalosang paradeise. Ho tsosoloswa ha masupi e ne e bile taba e hlahang kgafetsa boprofeteng. (Esaia 35:​1, 6, 7; 51:⁠3; Ezekiele 36:​35; 37:​1-14) Kahoo, batho ba ne ba ka lebella hore ditlhohonolofatso tsa Jehova tse phedisang di ne di tla phalla jwaloka noka e tswang tempeleng e tsosolositsweng. Ka hona, setjhaba se neng se se se sena kamano e ntle le Modimo se ne se tla tsosoloswa. Setjhaba se tsosolositsweng se ne se tla hlohonolofatswa ka banna ba nang le tumelo e matla e leng banna ba lokileng le ba tiileng jwaloka difate tse mabopong a noka eo ya ponong, banna ba neng ba tla etella pele tsosolosong ya naha e senyehileng. Esaia le yena o ile a ngola ka “difate tse kgolo tsa ho loka” tse neng di “tla haha hape dibaka tseo e leng kgale di ripitlilwe.”​​—⁠Esaia 61:​3, 4.

(Ezekiele 47:​13, 14) Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Sena ke sebaka seo le tla ikabela sona hore e be lefa e le naha bakeng sa meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme Josefa a fumane dikarolo tse pedi tsa naha. 14 Le tla e rua, e mong le e mong ho tshwana le morabo, e leng naha eo ke phahamisitseng letsoho ka kano hore ke tla e fa baholoholo ba lona; mme naha ena e tla wela ho lona ka lotho e le lefa.

w99 3/1 10 ¶10

‘Beha Pelo ya Hao’ Tempeleng ya Modimo!

10 E tlameha ebe see sohle se ile sa kgothatsa ba botlamuweng hakaakang! Lelapa ka leng le ne le kgodisehile hore le tla ba le lefa naheng ena. (Bapisa le Mikea 4:⁠4.) Borapedi bo hlwekileng bo ne bo tla nka sebaka se phahameng le se ka sehloohong moo. Hlokomela hore ponong ya Ezekiele, morena, jwaloka baprista, o ne a tla dula naheng e nehetsweng ke setjhaba. (Ezekiele 45:​16) Kahoo, naheng e tsosolositsweng, setjhaba se ne se lokela ho tlatsetsa mosebetsing wa bao Jehova a ba kgethileng hore ba etelle pele, se ba tshehetse ka ho latela tataiso eo ba fanang ka yona. Ka kakaretso, naha ena e ne e le tshwantshetso ya tlhophiso, tshebedisano mmoho le tshireletseho.

(Ezekiele 48:​9, 10) “Mabapi le monehelo oo le lokelang ho o nehela ho Jehova, bolelele e tla ba ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano mme bophara e be dikete tse leshome. 10 Mabapi le tsona ho lokela ho ba le monehelo o halalelang bakeng sa baprista, ka leboya e be ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, mme ka bophirimela e be bophara ba tse dikete tse leshome, mme ka bophirimela e be bophara ba tse dikete tse leshome, mme ka borwa e be bolelele ba tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Sehalalelo sa Jehova se tla ba hara ona.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Ezekiele 47:⁠1) Butlebutle a nkgutlisetsa monyakong wa Ntlo, mme, bonang! ho ne ho e na le metsi a tswang ka tlasa monyako wa Ntlo ka nqa botjhabela, ka ha karolo e ka pele ya Ntlo e ne e le ka botjhabela. Metsi a ne a theoha a tswa ka tlase, a tswa ka letsohong le letona la Ntlo, ka borwa ho aletare.

(Ezekiele 47:⁠8) A tswela pele ho re ho nna: “Metsi ana a ya sebakeng se ka botjhabela mme a tla theohela Araba. A tla fihla lewatleng. Kaha a tlisitswe lewatleng, metsi a lona le ona aa fodiswa.

(Ezekiele 48:​30) “Tsena e tla ba dikgoro tsa motse: Moeding o ka leboya, tekanyo e tla ba ditswe tse dikete tse nne le makgolo a mahlano.

(Ezekiele 48:​32-​34) “Moeding o ka botjhabela e tla ba ditswe tse dikete tse nne le makgolo a mahlano, le diheke tse tharo, esita le heke ya Josefa, e le nngwe; heke ya Benjamine, e be nngwe; heke ya Dane, e be nngwe. 33 “Moedi o ka borwa e tla ba ditswe tse dikete tse nne le makgolo a mahlano, ka diheke tse tharo, heke ya Simeone, e be nngwe; heke ya Isakare, e be nngwe; heke ya Zabulone, e be nngwe. 34 “Moedi o ka bophirimela e tla ba ditswe tse dikete tse nne le makgolo a mahlano, ho be le diheke tse tharo, heke ya Gade, e be nngwe; heke ya Ashere, e be nngwe; heke ya Nefthali, e be nngwe.

w99 3/1 11 ¶14

‘Beha Pelo ya Hao’ Tempeleng ya Modimo!

14 Na diketsahalo tsee e ne e le tsona feela phethahatso ya pono ya Ezekiele? Tjhe; di bontsha ntho e nngwe e kgolwanyane. Nahana: Tempele eo Ezekiele a ileng a e bona e ne e ke ke ya hahuwa feela jwalo ka ha e hlalositswe. Ke nnete hore Bajuda ba ile ba nka pono ena ka ho teba mme ba phethahatsa dikarolo tse ding tsa yona. Le ha ho le jwalo, tempele eo ya ponong e ne e le kgolo haholo hore e ka fella Thabeng ya Moria, sebaka seo tempele ya pele e neng e le ho sona. Ho feta moo, tempele ya Ezekiele e ne e se motseng empa e ne e le thokwana sebakeng sesele, athe tempele ya bobedi e ile ya hahuwa moo ya pele e neng e le teng, motseng wa Jerusalema. (Esdrase 1:​1, 2) Ho feta moo, ha ho noka ya sebele e kileng ya tswa tempeleng ya Jerusalema. Kahoo, Iseraele ya boholoholo e ile ya bona feela phethahatso e nyenyane ya boprofeta ba Ezekiele. Sena se fana ka maikutlo a hore ho tlameha ho be ho e na le phethahatso e kgolwanyane ya pono eo.

(Ezekiele 47:6) A re ho nna: “Na o bone see, Wena mora motho?”

Jwale a ntsamaisa le ho nkgutlisetsa lebopong la molapo o phoroselang.

it-2 1001

Mora Motho

Mangolong a Seheberu, mantswe a reng “mora motho” a hlaha ka makgetlo a fetang 90 lengolong la Ezekiele, moo Modimo a bitsang moprofeta wa hae ka tsela ena. (Eze 2:1, 3, 6, 8) Jehova o sebedisa tlotla ena e le ha a batla ho hatisa hore moprofeta enwa empa feela e le motho, e leng se bontshang phapang e kgolo pakeng tsa mmuelli wa motho le moo mohlodi wa molaetsa o tswang teng e leng Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa. Tlotla ena e boetsa e sebediswa le ho moprofeta Daniele ho Daniele 8:17

Mmalo wa Bibele

(Ezekiele 48:​13-​22) “Haufi le sebaka sa baprista, Balevi ba lokela ho ba le bolelele ba ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, mme bophara e be dikete tse leshome; bolelele kaofela e be dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano mme bophara e be dikete tse leshome. 14 Ha ba a lokela ho rekisa le ha e le efe ya yona, le ha e le hore motho o lokela ho etsa phapanyetsano, kapa motho a etse hore karolo e ntle ka ho fetisisa ya naha e tlohe ho bona; etswe ke ntho e halalelang ho Jehova. 15 “Ha e le bophara ba ditswe tse dikete tse hlano tse setseng haufi le tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ke ntho e silafetseng bakeng sa motse, bakeng sa sebaka sa bodulo le bakeng sa lekgulo. Motse o tla ba hara yona. 16 Tsena ke ditekanyo tsa motse: moedi o ka leboya ke ditswe tse dikete tse nne le makgolo a mahlano, mme moedi o ka borwa ke dikete tse nne le makgolo a mahlano, mme moedi o ka botjhabela ke dikete tse nne le makgolo a mahlano, mme moedi o ka bophirimela ke dikete tse nne le makgolo a mahlano. 17 Motse o tla ba le lekgulo, ka leboya e be ditswe tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme ka borwa e be tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme ka botjhabela e be tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme ka bophirimela e be tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. 18 “Bolelele ba se setseng bo tla lekana hantle feela le monehelo o halalelang, ditswe tse dikete tse leshome ka botjhabela, le tse dikete tse leshome ka bophirimela; mme se tla lekana hantle feela le monehelo o halalelang, mme dihlahiswa tsa sona e tla ba tsa bohobe bakeng sa ba sebeletsang motse. 19 Ba sebeletsang motse melokong yohle ya Iseraele ba tla se lema. 20 “Monehelo oohle ke ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Le lokela ho nehela karolo e nang le mahlakore a mane a lekanang e le monehelo o halalelang hammoho le motse o ruilweng. 21 “Se setseng e tla ba sa morenana, ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane la monehelo o halalelang le wa motse o ruilweng, haufi le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano tsa monehelo ho ya moeding o ka botjhabela; le ka bophirimela haufi le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano moeding o ka bophirimela. Se tla ba hantle feela jwalo ka dikabelo, bakeng sa morenana. Monehelo o halalelang le sehalalelo sa Ntlo di tla ba hara sona. 22 “Ha e le se ruilweng ke Balevi le motse o ruilweng, se lokela ho ba pakeng tsa seo e leng sa morenana. Se pakeng tsa moedi wa Juda le moedi wa Benjamine e tla ba sa morenana.

18-​24 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DANIELE 1-⁠⁠3

“Ho tshepahalla Jehova ho Tlisa Ditlhohonolofatso”

(Daniele 3:​16-​20) Shadrake, Meshake le Abednego ba araba, mme ba re ho morena: “Nebukadnezare, ntlheng ena ha ho letho le re tlamang hore re o arabe. 17 Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang o tla kgona ho re pholosa. O tla re pholosa seboping se tukang sa mollo le letsohong la hao, morena. 18 Empa haeba ho se jwalo, o tsebe, morena, hore medimo ya hao hase yona eo re e sebeletsang, mme setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng re ke ke ra se rapela.” 19 Jwale Nebukadnezare a tlala kgalefo, mme ponahalo ya sefahleho sa hae e ile ya fetohela Shadrake, Meshake le Abednego. A bua mme a re sebopi se beseletswe ka makgetlo a supileng ho feta kamoo ho neng ho tlwaelehile hore se beseletswe kateng. 20 A re banna ba itseng ba shahlileng ba mafolofolo ba neng ba le lebothong la hae la sesole ba tlame Shadrake, Meshake le Abednego, e le hore ba ba lahlele ka seboping se tukang sa mollo.

w15 7/15 25 ¶15-​16

Ikwetlisetse Ho Tshepahalla Mmuso wa Jehova

15 Re batla ho sebeletsa Jehova re e na le letswalo le hlwekileng, kahoo ka dinako tse ding re ka nna ra ba mekgelo mosebetsing, sekolong, ho baahelani esita le ho beng ka rona. (1 Pet. 2:​19) Jesu o ile a re lemosa hore ba bang ba tla re hloya hobane re sa tshwane le bona. Hopola hore ba bangata ba bahanyetsi ba rona ha ba tsebe letho ka Mmuso wa Modimo. Kahoo, ha ba utlwisise hore na ke hobaneng ha re tshepahalla Mmuso oo, ho e na le ho tshehetsa mebuso ya batho.

16 E le hore re tshepahalle bobusi ba Jehova, re lokela ho ikokobelletsa yena ho sa tsotellehe seo batho ba ka nnang ba se bua le ho se etsa. (Dan. 3:​16-​18) Batjha ka ho kgetheha ba ka nna ba thatafallwa ke ho ba mekgelo. Batswadi, thusang bana ba lona hore ba be sebete ha ba le sekolong. Ba ka nna ba tshaba ho hana ho dumedisa folakga kapa ho kopanela meketeng e itseng ya botjhaba. Ha le tshwara borapedi ba lelapa, le ka nna la buisana ka hore na Jehova o ikutlwa jwang ka dintho tsena. Ba ruteng hore na ba ka hlalosa seo ba se dumelang jwang ka tlhompho le ka tsela e hlakileng. (Bar. 1:​16) Hape haeba ho hlokahala, thusang bana ba lona ka hore le bue le matitjhere mme le a hlalosetse seo re se dumelang.

(Daniele 3:​26-​29) Jwale Nebukadnezare a atamela lemati la sebopi se tukang sa mollo. A bua mme a re: “Shadrake, Meshake le Abednego, lona bahlanka ba Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, tswang mme le tle mona!” Ka nako eo Shadrake, Meshake le Abednego ba ne ba tswa ka hara mollo. 27 Babusisi ba diprofinse, balaodi le babusisi le balaodi ba phahameng ba morena ba neng ba bokane ba ne ba tadimile banna bana ba shahlileng, hore mollo o ne o sa ba le matla mmeleng ya bona, mme ho ne ho se moriri ya dihlooho tsa bona o neng o tlabohile, esita le diaparo tsa bona tsa ka hodimo di ne di sa fetoha le monko wa mollo o ne o sa dula ho bona. 28 Nebukadnezare a bua mme a re: “Ho bokwe Modimo wa Shadrake, Meshake le Abednego, ya rometseng lengeloi la hae mme a pholosa bahlanka ba hae ba neng ba mo tshepile le ba ileng ba fetola lentswe la morena mme ba nehelana ka mmele ya bona, hobane ba ne ba ke ke ba sebeletsa mme ba ne ba ke ke ba rapela modimo le ha e le ofe ho hang haese Modimo wa bona. 29 Ke fana ka taelo, hore batho le ha e le bafe, setjhaba kapa puo ba buang ntho leha e le efe e fosahetseng kgahlanong le Modimo wa Shadrake, Meshake le Abednego ba lokela ho kgaolwa ditho, mme matlo a bona a lokela ho fetolwa matlwana a setjhaba; ka hobane ha ho modimo e mong ya kgonang ho lopolla ho tshwana le enwa.”

w13 1/15 10 ¶13

Le be Sebete Hobane Jehova o na le Lona!

13 Lekgolong la bosupa la dilemo B.C.E., bahlanka ba bararo ba Jehova ba Baheberu, ba ile ba fuwa bopaki bo hlakileng ba hore Modimo o putsa batho ba bontshang tumelo le sebete. Morena Nebukadnezare o ile a bokella bahlomphehi ba Babylona mme a ba laela hore ba rapele setshwantsho se se telele sa kgauta. Motho ofe kapa ofe ya neng a ke ke a etsa jwalo, o ne a tla bolawa ka hore a lahlelwe ka seboping sa mollo. Ka tlhompho Baheberu bao ba bararo ba ile ba re ho Nebukadnezare: “Modimo wa rona eo re mo sebeletsang o tla kgona ho re pholosa. O tla re pholosa seboping se tukang sa mollo le letsohong la hao, morena. Empa haeba ho se jwalo, o tsebe, morena, hore medimo ya hao hase yona eo re e sebeletsang, mme setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng re ke ke ra se rapela.” (Dan. 3:​16-​18) Tsela e hlollang eo Baheberu bao ba bararo ba ileng ba pholoswa ka yona e hlalositswe ka ho hlaka ho Daniele 3:​19-​30. Le hoja re ka nna ra se ke ra tshoswa ka hore re tla bolawa ka ho akgelwa ka seboping sa mollo, re thulana le diteko tse lekang botshepehi ba rona mme re ka kgodiseha hore Modimo o tla re hlohonolofatsa haeba re bontsha tumelo le sebete.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Daniele 1:⁠5) Ho feta moo, morena a ba abela kabelo ya letsatsi le letsatsi ya dimenyemenye tsa morena le ya veine ya hae e nowang, esita le ho ba fepa ka dilemo tse tharo, e le hore bofelong ba tsona ba ka ema ka pela morena.

(Daniele 1:⁠8) Empa Daniele a etsa qeto ka pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dimenyemenye tsa morena le ka veine ya hae e nowang. A nna a kopa molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong hore a se ke a itshilafatsa.

it-⁠2 382

Meshake

Ho na le mabaka a mararo ao ka ona ba ileng ba nahana hore dimenyemenye tsa morena ke ho ‘itshilafatsa’: (1) Bababylona ba ne ba ja diphoofolo tseo molao wa Moshe o neng o boletse hore ha di a hlweka; (2) ba ne ba sa etse bonnete ba hore diphoofolo di ntshitswe madi ka ho felletseng mme mohlomong tse ding ba ne ba di kgama; (3) bahetene ba ne ba atisa ho etsetsa medimo ya bona mahlabelo ka diphoofolo, ba nka hore ho ja nama e jwalo ke tsela e itseng ya borapedi.​​—⁠Dan 1:⁠8; bapisa le 1Ko 10:​18-​20, 28.

(Daniele 2:​44) “Matsatsing a marena ao Modimo wa lehodimo o tla emisa mmuso o ke keng wa senngwa le ka mohla. Mmuso oo o ke ke wa fetisetswa ho batho le ha e le bafe ba bang. O tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela, mme o tla ema ho isa dinakong tse sa lekanyetswang.

w12 6/15 17, lebokoso

‘MEBUSO EE KAOFELA’ KE EFE?

Boprofeta bo ho Daniele 2:​44 bo bolela hore Mmuso wa Modimo “o tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela.” Boprofeta boo bo bua feela ka mebuso e tshwantshetswang ke dikarolo tse fapaneng tsa setshwantsho.

Ho thweng ka mebuso e meng ya batho? Boprofeta bo tshwanang le boo bo bukeng ya Tšenolo, bo hlakisa taba ena ka tsela e batsi. Bo bontsha hore “marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona” a tla bokellwa kgahlanong le Jehova ka “letsatsi le leholo la Modimo ya Matla ohle.” (Tšen. 16:​14; 19:​19-​21) Kahoo, hase mebuso e tshwantshetswang ke dikarolo tse fapaneng tsa setshwantsho feela e tla fediswa empa ho tla fediswa le mebuso yohle ya batho ka ntwa ya Armagedone.

w01 10/15 6 ¶4

Tsela e Isang Lefatsheng le Thabileng

Karabo e fumanwa ho Daniele 2:​44: “Matsatsing a marena ao [a busang qetellong ya tsamaiso ya hona jwale] Modimo wa lehodimo o tla emisa mmuso o ke keng wa senngwa le ka mohla. Mmuso oo o ke ke wa fetisetswa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o fedise mebuso ena [ya batho] kaofela, mme o tla ema ho isa dinakong tse sa lekanyetswang.” Ke hobaneng ha Mmuso wa Modimo o tla lokela ho “silakanya” dipuso tsa lefatshe? Hobane mebuso ya lefatsehe e tsitlella ho ntshetsa pele moya wa ho itaola o nyefolang Modimo o kgothalleditsweng ke Satane tshimong ya Edene. Ntle le hore ba sebetsa kgahlanong le dithahasello tse molemo ka ho fetisisa tsa moloko wa batho, ba lwanelang ho ntshetsa pele moya oo ba ipeha kotsing ya ho qabana le Mmopi. (Pesaleme ya 2:​6-12; Tšenolo 16:​14, 16) Kahoo, re tlameha ho ipotsa, ‘Na re emela puso ya Modimo kapa re ya e hanyetsa?’

Mmalo wa Bibele

(Daniele 2:​31-​43) “Morena, o ile wa tadima, mme, bona! setshwantsho se itseng se seholohadi. Setshwantsho seo, se neng se le seholo mme ho kganya ha sona e le ho sa tlwaelehang, se ne se eme ka pela hao, mme ponahalo ya sona e ne e le e tshabehang. 32 Ha e le setshwantsho seo, hlooho ya sona e ne e le ya kgauta e ntle, sefuba sa sona le matsoho a sona e le a silevera, mpa ya sona le dirope tsa sona e le tsa koporo, 33 meomo ya sona e le ya tshepe, karolo e nngwe ya maoto a sona e le ya tshepe mme karolo e nngwe e le ya letsopa le bopilweng. 34 Wa nna wa tadima ho fihlela lejwe le kgephoha empa eseng ka matsoho, mme le otla setshwantsho seo maotong a sona a tshepe le letsopa le bopilweng mme la a silakanya. 35 Ka nako eo tshepe, letsopa le bopilweng, koporo, silevera le kgauta, kaofela ha tsona, tsa silakanngwa le ho ba jwalo ka mmoko o tswang seotlong sa lehlabula, mme moya wa di fefola hoo ho sa kang ha fumanwa mohlala wa tsona ho hang. Ha e le lejwe le ileng la otla setshwantsho, le ile la fetoha thaba e kgolo mme la tlala lefatshe lohle. 36 “Toro ke ena, mme tlhaloso ya yona re tla e bolela ka pela morena. 37 Morena, morena wa marena, wena eo Modimo wa lehodimo a o fileng mmuso, bonatla, le matla le ho hlompheha, 38 le eo a mo fileng letsohong, kae kapa kae moo bara ba moloko wa batho ba dulang teng, dibata tsa naha le dibopuwa tse nang le mapheo tsa mahodimo, le eo a mo entseng mmusi hodima tsona kaofela, o hlooho ya kgauta. 39 “Ka mora hao ho tla hlaha mmuso o mong o tlasana ho wena; le mmuso o mong, wa boraro, wa koporo, o tlang ho busa hodima lefatshe lohle. 40 “Ha e le mmuso wa bone, o tla ba matla jwalo ka tshepe. Jwalo ka ha tshepe e silakanya le ho sila ntho e nngwe le e nngwe, kahoo, jwalo ka tshepe e tamukanyang, le yona ena o tla e silakanya le ho e tamukanya kaofela. 41 “Ere ka ha o bone maoto le menwana eo karolo e nngwe ya yona e leng letsopa le bopilweng la sebopi mme karolo e nngwe e le ya tshepe, mmuso oo o tla arohana, empa o tla batla o e ba thata jwalo ka tshepe, kahobane o bone tshepe e tswakane le letsopa le mongobo. 42 Ha e le menwana ya maoto eo karolo e nngwe ya yona e leng ya tshepe mme karolo e nngwe e le ya letsopa le bopilweng, ka karolo e nngwe mmuso oo o tla ba matla mme ka karolo e nngwe e tla ba o pshatlehang. 43 Ere ka ha o bone tshepe e tswakane le letsopa le mongobo, ba tla tswakana le bana ba moloko wa batho; empa ba ke ke ba kgomarelana, enwa ho yane, feela jwalo ka ha tshepe e sa tswakane le letsopa le bopilweng.

25 SEPTEMBER–1 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DANIELE 4-6

“Na o Sebeletsa Jehova o sa Kgaotse?”

(Daniele 6:​7-​10) Balaodi bohle ba phahameng ba mmuso, balaodi le babusisi ba diprofinse, balaodi ba phahameng ba hlomphehang le babusisi, ba rerisane hore ba tiise taelo ya borena e hlomamisitsweng le ho phethahatsa molao wa thibelo, hore mang kapa mang ya etsang kopo e matla ho modimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho wena, morena, o lokela ho lahlelwa ka sekoting sa ditau. 8 Jwale, morena, e se eka o ka tiisa taelo e hlomamisitsweng le ho saena se ngotsweng, e le hore se se ke sa fetolwa, ho ya ka molao wa Bamede le Bapersia, o sa hlakolweng.” 9 Tumellanong le sena, Morena Dariuse a saena se ngotsweng le molao wa thibelo. 10 Empa Daniele, hang ha a tsebile hore se ngotsweng se ne se saennwe, a kena katlung ya hae, mme, difensetere tsa kamore ya hae e marulelong di ne di bulehetse nqa Jerusalema bakeng sa hae, esita le ka makgetlo a mararo ka letsatsi o ne a kgumama ka mangole mme a rapela le ho fana ka thoriso ka pela Modimo wa hae, jwalo ka ha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.

w10 11/15 6 ¶16

Batjha Tataiswang ke Lentswe la Modimo

16 Ke hobaneng ha o lokela ho mamela Jehova esita leha o le mong? Hopola sena: O ka utlwisa Jehova bohloko kapa o ka thabisa pelo ya hae. (Gen. 6:​5, 6; Lipr. 27:​11) Diketso tsa hao di ama Jehova hobane ‘wa o tsotella.’ (1 Pet. 5:⁠7) O batla hore o mo mamele e le hore o itswele molemo. (Esa. 48:​17, 18) Ha bahlanka ba bang ba Jehova ba Iseraele ya boholoholo ba ne ba iphapanyetsa keletso ya hae, ba ne ba mo utlwisa bohloko. (Pes. 78:​40, 41) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a rata moprofeta Daniele ka ha lengeloi le ile la re ke “monna ya kgahlehang haholo.” (Dan. 10:​11) Hobaneng? Hobane Daniele o ile a dula a tshepahala ho Modimo, eseng feela ha a ne a le hara batho empa leha a ne a le mong.​​—⁠Bala Daniele 6:⁠10.

w06 11/1 24 ¶12

Na o Tadima Dintho Tse Halalelang ka Tsela eo Jehova a di Tadimang ka Yona?

12 Ha ho makatse hore ebe dintho tse ngata tse amanang le bophelo ba ditho tse tlotsitsweng tsa phutheho ya Bokreste le metswalle ya tsona di nkwa di halalela. Kamano ya rona le Jehova ke ntho e halalelang. (1 Likronike 28:⁠9; Pesaleme ya 36:⁠7) Ke ya bohlokwa ho rona hoo re sa dumelleng letho kapa motho leha e le ofe hore a fokodise kamano eo re nang le yona le Modimo wa rona, Jehova. (2 Likronike 15:⁠2; Jakobo 4:​7, 8) Thapelo e phetha karolo ya bohlokwa hore re be le kamano e haufi le Jehova. Thapelo e ne e le ya bohlokwa ho moprofeta Daniele hoo esita le ha a ne a behile bophelo ba hae kotsing, a ileng a tswela pele a tshepahala mokgweng wa hae wa ho rapela Jehova. (Daniele 6:​7-​11) “Dithapelo tsa bahalaledi,” kapa Bakreste ba tlotsitsweng, di tshwantshwa le dibano tse neng di sebediswa borapeding bo neng bo etswa tempeleng. (Tšenolo 5:⁠8; 8:​3, 4; Levitike 16:​12, 13) Tshwantshetso eo e hatisa kamoo thapelo e halalelang kateng. Ka sebele ke tokelo e kgolo hore re kgone ho buisana le Mmusi wa bokahohle! Hase feela thapelo e halalelang hakana bophelong ba rona!

(Daniele 6:​16) Ka lebaka leo morena a laela, mme ba tlisa Daniele mme ba mo lahlela ka sekoting sa ditau. Morena a bua mme a re ho Daniele: “Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka tiisetso, o tla o pholosa.”

(Daniele 6:​20) Ha a atamela sekoting, a hweletsa Daniele ka lentswe le hlomohileng. Morena o ne a phatlalatsa mme a re ho Daniele: “Wena Daniele, mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka tiisetso o kgonne ho o pholosa ditaung?”

w03 9/15 15 ¶2

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?

2 Jehova o ne a tadima Daniele jwang? Ha lengeloi Gabriele le tlile ho araba e nngwe ya dithapelo tsa Daniele, le ile la hlalosa moprofeta eo e le “ya kgahlehang haholo” kapa “ya ratwang haholo.” (Daniele 9:​20-​23) Boprofeteng ba Ezekiele, Jehova o ile a re Daniele ke monna ya lokileng. (Ezekiele 14:​14, 20) Bophelong bohle ba hae, ho hlakile hore dithapelo tsa Daniele di ile tsa etsa hore a be le kamano e haufi le Modimo wa hae, e leng ntlha eo Dariuse le yena a ileng a e hlokomela.​​—⁠Daniele 6:⁠16.

(Daniele 6:​22, 23) Modimo wa ka o rometse lengeloi la hae mme la kwala melomo ya ditau, mme ha dia mphedisa, kahobane ke fumanwe ke hloka molato ka pela hae; le ka pela hao, morena, ha ho ketso e kotsi eo ke e entseng.” 23 Jwale morena a nyakalla haholo, mme a laela hore Daniele a nyollwe ka sekoting. Daniele a nyollwa ka sekoting, mme ho hang ho ne ho se kotsi e fumanweng ho yena, hobane o ne a tshepile Modimo wa hae.

w10 2/15 18 ¶15

“Moya le Monyaduwa ba Ntse ba re: ‘Tloo!’ ”

15 Ka mora hore Daniele a hlole bosiu ka sekoting sa ditau, morena o ile a ya ho yena mme a hweletsa a re: “Wena Daniele, mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka tiisetso o kgonne ho o pholosa ditaung?” Daniele o ile a araba ka potlako a re: “Morena, o nne o phele esita le ho isa dinakong tse sa lekanyetswang. Modimo wa ka o rometse lengeloi la hae mme la kwala melomo ya ditau, mme ha dia mphedisa, kahobane ke fumanwe ke hloka molato ka pela hae; le ka pela hao, morena, ha ho ketso e kotsi eo ke e entseng.” Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele ka lebaka la ho mo ‘sebeletsa ka tiisetso.’​—⁠Dan. 6:​19-​22.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Daniele 4:​10, 11) “ ‘Jwale ka bona dipono tsa hlooho ya ka ha ke le betheng ya ka, mme, bonang! sefate bohareng ba lefatshe, seo bophahamo ba sona bo neng bo le boholohadi. 11 Sefate sa hola mme sa e ba matla, mme qetellong bophahamo ba sona ba fihla mahodimong, mme se ne se bonahala ho isa pheletsong ya lefatshe lohle.

(Daniele 4:​20-​22) “ ‘Sefate seo o se boneng, se ileng sa hola ,mme sa e ba matla le seo bophahamo ba sona qetellong bo ileng ba fihla mahodimong le se neng se bonahala lefatsheng lohle, 21 le seo makgasi a sona a neng a kgahlisa, le seo ditholwana tsa sona di neng di le ngata, le seo ho sona ho neng ho e na le dijo bakeng sa bohle; seo dibata tsa naha di neng di dula ka tlasa sona, le seo dinonyana tsa mahodimo di neng di dula makaleng a sona, 22 ke wena, morena, hobane o bile moholo mme wa ba matla, le boholo ba hao bo hodile mme bo fihlile mahodimong, le bobusi ba hao bo hodile ho isa pheletsong ya lefatshe.

w07 9/1 18 ¶5

Dintlha-kgolo Tsa Buka ya Daniele

4:​10, 11, 20-​22​​—⁠Sefate se seholohadi seo Nebukadnezare a ileng a se lora se ne se tshwantshetsang? Qalong sefate sena se ne se tshwantshetsa Nebukadnezare jwalo ka mmusi wa mmuso wa lefatshe. Le ha ho le jwalo, ka ha bobusi ba hae bo ne bo pharalletse “ho isa pheletsong ya lefatshe,” e tlameha ebe sefate seo se tshwantshetsa ntho e nngwe e kgolo haholo. Daniele 4:​17 e amahanya toro le bobusi ba “Ya Phahameng ka ho Fetisisa” molokong wa batho. Kahoo, sefate se ne se boetse se tshwantshetsa bobusi ba bokahohleng ba Jehova, haholoholo mabapi le lefatshe. Ka hona, toro e phethahala ka makgetlo a mabedi e leng bobusing ba Nebukadnezare le bobusing ba Jehova.

(Daniele 5:​17) Ka nako eo Daniele a bua mme a re ka pela morena: “Dimpho tsa hao e ke e be tsa hao, mme dineo tsa hao o di fe ba bang. Le ha ho le jwalo, ke tla balla morena mongolo, mme ke tla mo tsebisa tlhaloso.

(Daniele 5:​29) Ka nako eo Belshatsare a laela, mme ba apesa Daniele bopherese, ba mo rwesa sefaha sa kgauta molaleng; ba tsebahatsa malebana le yena hore o ne a tla fetoha mmusi wa boraro mmusong.

w88 10/1 30 ¶3-⁠5

Dipotso tse Tswang ho Babadi

Qetellong ha Moheberu ya bitswang Daniele a tliswa ho morena, morena o ile a bolela hape hore o tla mo fa eng​—⁠ho apesa Daniele purapera, ho mo rwesa sefaha sa kgauta, le ho mo etsa mmusi wa boraro pusong ya mmuso. Moprofeta a arabela ka tlhompho: “Dimpho tsa hao e ke e be tsa hao, mme dineo tsa hao o di fe ba bang. Le ha ho le jwalo, ke tla balla morena mongolo, mme ke tla mo tsebisa tlhaloso.”​​—⁠Daniele 5:⁠17.

Ka hona ho ne ho sa hlokahale hore Daniele a qekiswe ka dimpho kapa a patalwe e le hore a fane ka tlhaloso. Morena o ne a ka boloka dimpho tsa hae kapa a di neha e mong osele. Daniele o ne a tla fana ka tlhaloso, e seng ka lebaka la moputso, empa hobane a ne a filwe matla a ho etsa jwalo ke Jehova, Modimo wa nnete, eo a neng a le haufi le ho ahlola Babylona.

Jwalo ka ha re bala ho Daniele 5:​29, kamora hore Daniele a bale le ho hlalosa mantswe jwalo ka ha a ne a itse o tla etsa, morena o ile a laela hore le ha ho le jwalo, Daniele a nne a newe meputso oo. Hase Daniele ka boyena ya ileng a ikapesa diaparo tseo le ho ithwesa sefaha seo. O ile a di newa ka taelo ya mmusi ya neng a e na le matla a feletseng, Morena Belshatsare. Empa sena ha se bolele hore mantswe a hlahang ho Daniele 5:​17 a ne a fosahetse, moo moprofeta a ileng a hlakisa hore sepheo sa hae e ne e se sa boithati.

dp 109 ¶22

Mantswe a Mane a ileng

a Fetola Lefatshe

22 Kahoo selotho se ile sa rarollwa. Babylona e matla e ne e tla tloha e wela ho mabotho a Bamede le Bapersia. Le hoja Belshazare a ne a aparetswe ke dihlong ka lebaka la phatlalatso ena ya tlokotsi, o ile a phelela lentswe la hae. O ile a laela bahlanka ba hae hore ba apese Daniele bopherese, ba mo rwese sefaha sa kgauta mme ba phatlalatse hore ke yena mmusi wa boraro mmusong. (Daniele 5:​29) Daniele ha aa ka a hana tlotla ena ka ha o ile a hlokomela hore e bonahatsa tlotla e tshwanelang Jehova. Ha e le hantle, mohlomong Belshazare o ne a tshepile hore o fokotsa kahlolo ya Jehova ka ho tlotla moprofeta wa Hae. Haeba ho ne ho le jwalo, o ne a siilwe ke nako.

Mmalo wa Bibele

(Daniele 4:​29-​37) Bofelong ba dikgwedi tse leshome le metso e mmedi o ne a tsamaya hodima ntlo ya mmuso ya borena ya Babylona. 30 Morena a bua mme a re: “Na ena hase Babylona e Kgolo, eo ke e hahileng bakeng sa ntlo ya borena ka matla a bonatla ba ka le bakeng sa seriti sa boholo ba ka bo hlomphehang?” 31 Ha lentswe le sa ntse le le molomong wa morena, ha e ba le lentswe le theohang mahodimong le reng: “Ho thwe ho wena, Morena Nebukadnezare, ‘Mmuso o tlohile ho wena, 32 mme ba tla o leleka molokong wa batho, o tla dula le dibata tsa naha. Ba tla o fa dimela hore o di je jwalo ka dipoho, mme dinako tse supileng di tla feta hodima hao, ho fihlela o tseba hore Ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Mmusi mmusong wa moloko wa batho, le hore o o fa eo a batlang ho mo fa ona.’ ” 33 Ka motsotso oo lentswe la phethahala hodima Nebukadnezare, mme o ne a lelekwa ho moloko wa batho, mme a qala ho ja dimela jwalo ka dipoho, mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya mahodimo, ho fihlela moriri wa hae o e ba molelele jwalo ka masiba a ntsu mme manala a hae a e ba malelele jwalo ka dinala tsa nonyana. 34 “Bofelong ba matsatsi ao nna, Nebukadnezare, ka phahamisetsa mahlo mahodimong, mme kutlwisiso ya ka ya qala ho kgutlela ho nna; ka boka Ya Phahameng ka ho Fetisisa, ka rorisa le ho tlotlisa Ya phelang ho isa nakong e sa lekanyetswang, hobane bobusi ba hae ke bobusi ho isa nakong e sa lekanyetswang mme mmuso wa hae o teng ho isa molokong o mong ka mora o mong. 35 Baahi bohle ba lefatshe ba nkwa e le lefeela, mme o etsa ho ya ka thato ya hae hara makgotla a mahodimo le ho baahi ba lefatshe. Ha ho ya ka thibang letsoho la hae kapa ya ka reng ho yena, ‘O ne o ntse o etsang?’ 36 “Ka nako e tshwanang kutlwisiso ya ka ya qala ho kgutlela ho nna, mme bakeng sa ho hlompheha ha mmuso wa ka, boholo ba ka bo hlomphehang le kganya ya ka tsa qala ho kgutlela ho nna; esita le balaodi ba ka ba phahameng ba hlomphehang le matona a ka ba qala ho mpatla ka tabatabelo, ka boela ka tiiswa mmusong wa ka, mme ka ekeletswa boholo bo sa tlwaelehang. 37 “Jwale nna, Nebukadnezare, ke a rorisa mme ke phahamisa le ho tlotlisa Morena wa mahodimo, hobane mesebetsi ya hae kaofela ke nnete mme ditsela tsa hae ke toka, le hobane ba tsamayang ka boikakaso o kgona ho ba kokobetsa.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share