LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr17 October maq. 1-9
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Dihloohwana
  • 2-8 OCTOBER
  • 9-​15 OCTOBER
  • 16-​22 OCTOBER
  • 23-​29 OCTOBER
  • 30 OCTOBER–​5 NOVEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
mwbr17 October maq. 1-9

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

2-8 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DANIELE 7-9

“Boprofeta ba Daniele bo ile ba Bolela Esale Pele ka ho Tla ha Mesia”

(Daniele 9:​24) “Ho na le dibeke tse mashome a supileng tse etseditsweng qeto hodima setjhaba sa heno le hodima motse wa heno o halalelang, e le hore ho fediswe tlolo, le ho fedisa sebe, le ho kwahela phoso, le ho tlisa ho loka ho isa dinakong tse sa lekanyetswang, le ho beha tiiso ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Dihalalelo.

it-⁠2 902 ¶2

Dibeke Tse 70

Tlolo le sebe di a fediswa. Ho bolawa ha Jesu, tsoho ya hae, le ho bonahala ha hae lehodimong ho entse hore “ho fediswe tlolo, le ho fedisa sebe, le ho kwahela phoso.” (Dan 9:​24) Selekane sa molao se ile sa pepesa Bajuda hore ke baetsadibe mme sa ba ahlola, sa ba sa ba tlisetsa thohako ka lebaka la hore e be ba robile selekane. Empa ha sebe se “ata” jwalo ka ha molao wa Moshe o ile wa bontsha, mosa o sa tshwanelang wa Modimo le ona o ile wa ata haholo ka Mesia. (Bar 5:​20) Ka lebaka la sehlabelo sa Mesia, tlolo le sebe tsa baetsadibe ba bakileng di ka hlakolwa mme ba se ke ba fumana kotlo.

(Daniele 9:​25) O lokela ho tseba mme o be le temohisiso hore ho tloha ha ho tswa lentswe la hore Jerusalema e tsosoloswe mme e hahuwe hape ho fihlela ho Mesia Moetapele, ho tla ba le dibeke tse supileng, le dibeke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi. E tla kgutla mme e tla hahuwa hape, e e na le lepatlelo le foro e thibellang, empa e le dinakong tsa mahlomola.

it-⁠2 900 ¶7

Dibeke Tse 70

Mesia o ne a Tla Hlahella ka Mora ‘Dibeke Tse 69.’ “Dibeke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi” (Dan 9:​25), e ne ele karolo ya dibeke tse 70 mme tsona di bitswa karolo ya bobedi, di ne di tla tswella pele ho tloha qetellong ya “dibeke tse supileng.” Kahoo, “ho tloha ha ho tswa lentswe la hore Jerusalema e tsosoloswe ho fihlela ho Mesia Moetapele, ho tla ba le dibeke tse supileng, le dibeke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi” kapa “dibeke” tse mashome a tsheletseng a metso e robong e leng dilemo tse 483 ho tloha ka selemo sa 455 B.C.E. ho fihlela ka sa 29 C.E. Ho latela tlhaloso e fanweng, Jesu o ile a kolobetswa metsing, a tlotswa ka moya o halalelang mme a qala tshebeletso ya hae e le “Mesia Moetapele” ka hwetla ya selemo sa 29 C.E.​​—⁠Lu 3:​1, 2, 21, 22.

(Daniele 9:​26, 27a) “Ka mora dibeke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi Mesia o tla tloswa, ho se letho bakeng sa hae. “Setjhaba sa moetapele ya tlang se tla senya motse le sebaka se halalelang. Se tla fediswa ka morwallo. Ho fihlela bofelong ho tla ba le ntwa; se etseditsweng qeto ke ho etsa masupi. 27 “O tla boloka selekane se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le nngwe; halofong ya beke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo ya mpho.

it-⁠2 901 ¶2

Dibeke Tse 70

O tla bolawa halofong ya beke. Gabriele o ile a tswela pele hore ho Daniele: “Ka mora dibeke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi Mesia o tla tloswa, ho se letho bakeng sa hae.” (Dan 9:​26) Ebile ka mora ‘dibeke tse supileng le tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi,’ e leng nako ya dilemo tse tharo le halofo ha Kreste a bolaelwa thupeng ya tlhokofatso, a tela ntho enngwe le enngwe e le hore e be sehlabelo sa moloko ohle wa batho. (Esa 53:⁠8) Bopaki bo bontsha hore Jesu o qetile halofo ya “beke” ya pele a bolela ditaba tse molemo. Ka lekgetlo le leng hoo e neng e ka ba ka hwetla ya selemo sa 32 C.E., Jesu o ile a etsa papiso, a tshwantsha Bajuda le sefate sa feiga (bapisa le Mat 17:​15-​20; 21:​18, 19, 43) se neng se sa behe ditholwana ka nako e ka etsang “dilemo tse tharo.” Jwale molemi wa morara a re ho monga serapa, ‘‘Monghadi, se tlohele le selemong sena, ho fihlela ke tjheka ho se potoloha mme ke tshela monontsha; mme haeba jwale se hlahisa ditholwana ka moso, e tla ba hantle; empa haeba se sa di hlahise, o tla se rema.” (Lu 13:​6-⁠9) Mohlomong mona o ne a bua ka nako ya tshebeletso ya hae ho setjhaba se neng se sa amohele molaetsa wa hae, e nkileng dilemo tse tharo le halofo.

it-⁠2 901 ¶5

Dibeke Tse 70

“Halofo ya beke” e ne e tla ba mahareng a dilemo tse supileng, kapa ka mora dilemo tse tharo le halofo tsa “beke” ya dilemo. Ka ha “beke” ya bo70 e qadile ka hwetla ya selemo sa 29 C.E. ha Jesu a kolobetswa le ho ba Kreste, halofo ya beke eo (e leng dilemo tse tharo le halofo) e ne e tla tswella ho fihlela nakong ya selemo ka 33 C.E., kapa ka Paseka (14 Nisane) ya selemo seo. Ho latela khalendara ya Gregory, letsatsi leo ho bonahala e le ka di 1 tsa April 33 C.E. Moapostola Pauluse o re hlalosetsa hore Jesu o ne a “tlile ho etsa thato ya Modimo,” e leng ho “fedisa sa pele [mahlabelo a nyehelwang ho ya ka Molao] e le hore a ka tlisa sa bobedi.” Sena o se entse ka ho nehela mmele wa hae e le sehlabelo.​​—⁠Heb 10:​1-​10.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Daniele 9:​24) “Ho na le dibeke tse mashome a supileng tse etseditsweng qeto hodima setjhaba sa heno le hodima motse wa heno o halalelang, e le hore ho fediswe tlolo, le ho fedisa sebe, le ho kwahela phoso, le ho tlisa ho loka ho isa dinakong tse sa lekanyetswang, le ho beha tiiso ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Dihalalelo.

w01 5/15 27

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

“Sehalalelo sa Dihalalelo” se ile sa tlotswa neng jwalo ka ha ho boletswe ho Daniele 9:⁠24?

Daniele 9:​24-​27 e bua ka boprofeta bo mabapi le “Mesia Moetapele” e leng Kreste. Ho tlotswa ha “Sehalalelo sa Dihalalelo,” ho boletsweng esale pele, ha ho bolele ho tlotswa ha Sehalaledisiso sa tempele e Jerusalema. Ho e na le hoo, polelo e reng “Sehalalelo sa Dihalalelo” e bua ka sehalalelo sa Modimo se lehodimong e leng Sehalaledisiso se tempeleng ya Jehova e kgolo e lehodimong.​​—⁠Baheberu 8:​1-⁠5; 9:​2-​10, 23.

Tempele ya Modimo e lehodimong e qadile neng ho sebetsa? Nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu a kolobetswa ka 29 C.E. Ho tloha ka nako eo, Jesu o ile a phethahatsa mantswe a hlahang ho Pesaleme ya 40:​6-⁠8. Hamorao moapostola Pauluse o ile a bontsha hore Jesu o ile a rapela Modimo a re: “Ha wa ka wa batla sehlabelo le nyehelo, empa o ile wa ntokisetsa mmele.” (Baheberu 10:⁠5) Jesu o ne a tseba hore Modimo o ne a sa “batle” ha mahlabelo a diphoofolo a tswela pele a nehelwa tempeleng e Jerusalema. Ho e na le hoo, Jehova o ne a lokiseditse mmele o phethahetseng bakeng sa Jesu e le sehlabelo. Ha a hlalosa tsela eo a ratang ho etsa thato ya Jehova ka yona, Jesu o ile a re: “Bona! Ke tlile (moqolong wa buka ho ngodilwe ka nna) ho etsa thato ya hao, Modimo.” (Baheberu 10:⁠7) Jehova o ile a arabela jwang? Kospele ya Matheu e re: “Ka mora hore Jesu a kolobetswe kapelepele a nyoloha a tswa ka metsing; mme, bonang! mahodimo a buleha, mme a bona moya wa Modimo o theoha jwalo ka leeba o tla hodima hae. Bonang! Hape, ha e ba le lentswe le tswang mahodimong le reng: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng.’ ”​​—⁠Matheu 3:​16, 17.

Ha Jehova Modimo a ne a amohela mmele wa Jesu e le sehlabelo, seo se ne se bolela hore ho ne ho se ho e na le aletare ya boleng bo hodimo ho feta aletare e neng e le teng tempeleng e Jerusalema. E ne e le aletare ya “thato” ya Modimo kapa tokisetso ya hore a amohele bophelo ba Jesu e le sehlabelo. (Baheberu 10:​10) Ha Jesu a ne a tlotswa ka moya o halalelang, seo se ne se bolela hore Modimo o ne a se a kentse tempele ya hae e lehodimong tshebetsong. Kahoo, nakong eo Jesu a neng a kolobetswa, sebaka sa bodulo sa Modimo se lehodimong se ile sa tlotswa, kapa sa kgethwa, e le “Sehalalelo sa Dihalalelo” tempeleng e kgolo e lehodimong.

(Daniele 9:​27) “O tla boloka selekane se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata ka beke e le nngwe; halofong ya beke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo ya mpho “Lepheong la dintho tse nyonyehang ho tla ba le se bakang lesupi; mme ho fihlela phedisong, ntho e etseditsweng qeto e tla tshollelwa le hodima seo e leng lesupi.”

w07 9/1 20 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Daniele

9:​27​​—⁠Ke selekane sefe se ileng ‘sa dula se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata’ ho fihlela qetellong ya beke ya bo70 ya dilemo, kapa ka 36 C.E.? Selekane sa Molao se ile sa tloswa ka 33 C.E. ha Jesu a kgokgothelwa thupeng. Empa ka ho boloka selekane sa Abrahama se ntse se sebetsa ho Iseraele ya nama ho fihlela ka 36 C.E., Jehova o ile a eketsa nako ya ho bontsha Bajuda mohau o kgethehileng ka hobane e ne e le ditloholo tsa Abrahama. Selekane sa Abrahama se tswela pele se ntse se sebetsa mabapi le “Iseraele ya Modimo.”​​—⁠Bagalata 3:​7-9, 14-​18, 29; 6:⁠16.

Mmalo wa Bibele

(Daniele 7:​1-​10) Selemong sa pele sa Belshatsare morena wa Babylona, Daniele a bona toro le dipono tsa hlooho ya hae a le betheng ya hae. Ka nako eo a ngola toro eo fatshe. A bolela tlaleho e feletseng ya ditaba. 2 Daniele o ne a phatlalatsa mme a re: “Ke ile ka bona diponong tsa ka bosiu, mme, bonang! meya e mene ya mahodimo e ne e fuduha lewatle le leholo. 3 Dibata tse nne tsa ditonanahadi di ne di nyoloha lewatleng, se seng le se seng se fapane le tse ding. 4 “Sa pele se ne se tshwana le tau, mme se ne se e na le mapheo a ntsu. Ka nna ka tadima ho fihlela mapheo a sona a hlothilwe, mme sa phahamiswa lefatsheng ya ba se emiswa ka maoto a mabedi feela jwalo ka motho, mme sa fuwa pelo ya motho. 5 “Bonang! sebata se seng, sa bobedi, se tshwanang le bere. Se ne se phahame ka lehlakoreng le leng, mme ho ne ho e na le dikgopo tse tharo molomong wa sona pakeng tsa meno a sona; mme sena ke seo ba neng ba se bolella sona, ‘Tsoha, o je nama e ngata.’ 6 “Ka mora sena ka nna ka tadima, mme, bonang! sebata se seng, se tshwanang le lengau, empa se ne se e na le mapheo a mane a Sebopuwa se fofang mokokotlong wa sona. Sebata seo se ne se e na le dihlooho tse nne, mme sa fuwa bobusi. 7 “Ka mora sena ka nna ka tadima diponong tsa bosiu, mme, bonang! sebata sa bone, se tshosang le se tshabehang le se matla ka ho sa tlwaelehang. Se ne se e na le meno a tshepe, a maholo. Se ne se harola le ho robokela, mme ho setseng se ne se ho hatakela ka maoto. Se ne se fapane le dibata tse ding tsohle tse bileng teng pele ho sona, mme se ne se e na le dinaka tse leshome. 8 Ka nna ka tadima dinaka, mme, bonang! lenaka le leng, le lenyenyane, la hlaha hara tsona, mme ho ne ho e na le dinaka tse tharo ho tsa pele tse ileng tsa ntshwa ka pela lona. Bonang! Ho ne ho e na le mahlo a kang mahlo a motho lenakeng lena, mme ho ne ho e na le molomo o buang dintho tse kgolo. 9 “Ka nna ka tadima ho fihlela diterone di behwa mme Moholoholo wa Matsatsi a dula fatshe. Diaparo tsa hae di ne di le tshweu jwalo ka lehlwa, mme moriri wa hlooho ya hae o ne o le jwalo ka boya bo hlwekileng. Terone ya hae e ne e le malakabe a mollo; mabidi a yona e ne e le mollo o tukang. 10 Ho ne ho e na le molapo wa mollo o phallang mme o tswa ka pela hae. Ho ne ho e na le ba dikete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa, le ba dikete tse leshome tse iphetileng ka makgetlo a dikete tse leshome ba ntseng ba eme ka pela hae. Lekgotla la dula, mme ha e ba le dibuka tse ileng tsa phetlwa.

9-​15 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | DANIELE 10-​12

“Jehova o ile a Bona se Neng se Tla Etsahalla Marena”

(Daniele 11:⁠2) Jwale ke tla o bolella nnete: “Bona! Ho sa ntse ho tla ba le marena a mararo a tla ema bakeng sa Persia, mme wa bone o tla bokella maruo a maholo ho feta a mang ohle. Hang ha a se a le matla maruong a hae, o tla tsosa ntho e nngwe le e nngwe kgahlanong le mmuso wa Greece.

dp 212-​213 ¶5-⁠6

Marena a Mabedi a Lwantshanang

5 Marena a pele a mararo e ne e le Cyruse e Moholo, Cambyses II le Dariase I. Ka ha Bardiya (kapa mohlomong moikgakanyi e mong ya bitswang Gaumata) o ile a busa ka dikgwedi tse supileng feela, boprofeta bo ne bo sa akarelletse puso ya hae ya nakwana. Ka 490 B.C.E., morena wa boraro, Dariase I, o ile a leka ho futuhela Greece ka lekgetlo la bobedi. Le ha ho le jwalo, Bapersia ba ile ba hlolwa ka ho feletseng Marathoneng ya ba ba kgutlela Asia Minor. Le hoja Dariase a ile a lokisetsa ka hloko ho futuhela Greece hape, o ile a sitwa ho phethahatsa hona pele ho lefu la hae dilemo tse nne hamorao. Hoo ho ile ha salla mora wa hae eo e neng ebile e le mohlahlami wa hae, e leng morena “wa bone,” Xerxes I. E ne e le Morena Assueruse ya ileng a nyala Esthere.​​—⁠Esthere 1:⁠1; 2:​15-​17.

6 Xerxes I o ile a fela a “tsosa ntho e nngwe le e nngwe kgahlanong le mmuso wa Greece,” ke hore, sehlopha sa diprofinse tse ipusang tsa Greece. Buka e bitswang The Medes and Persians​—⁠Conquerors and Diplomats, e re: “Ka lebaka la ho hlohlelletswa ke matona a hae a ratang bophahamo, Xerxes o ile a hlasela naheng le lewatleng.” Rahistori wa Mogerike Herodotus, wa lekgolong la bohlano la dilemo B.C.E., o re “ha ho na phutuho e nngwe e ka fetang ena.” Tlaleho ya hae e bolela hore mabotho a lewatleng “ka kakaretso e ne e le banna ba 517 610. Palo ya masole a maoto e ne e le 1 700 000; ya banna ba dipere e le 80 000; e lokelang ho phaellwa ka Maarabia a neng a palame dikamele, le Balybia ba neng ba lwana ka dikoloi tsa ntwa, bao ho hakangwang hore ba ne ba le 20 000. Ka hona, palo kakaretso ya mabotho a naheng le a lewatleng ha e kopanngwa hammoho e ba banna ba 2 317 610.”

(Daniele 11:⁠3) “Ka sebele morena ya matla o tla ema mme a buse ka puso e pharaletseng mme a etse ho ya ka thato ya hae.

dp 213 ¶8

Marena a Mabedi a Lwantshanang

8 “Lengeloi le ile la re: “Ka sebele morena ya matla o tla ema mme a buse ka puso e pharaletseng le ho etsa ho ya ka thato ya hae.” (Daniele 11:⁠3) Alexandere ya dilemo tse 20 o ile a “ema” e le morena wa Macedonia ka 336 B.C.E. E ile ya fela ya e ba “morena ya matla”, Alexandere e Moholo. A susumeditswe ke morero wa ntatae, Philip II, o ile a hapa diprofinse tsa Persia tse Botjhabela bo Hare. Ha a tshela noka ya Eufrate le ya Tigris, banna ba hae ba 47 000 ba ile ba qhalakanya masole a Dariase III a 250 000 Gaugamela. Ka mora moo, Dariase o ile a baleha mme a bolawa, e leng ho ileng ha fedisa lesika la borena la Persia. Jwale Greece e ile ya fetoha mmuso wa lefatshe, mme Alexandere o ile a ‘busa ka puso e pharaletseng le ho etsa ho ya ka thato ya hae.’

(Daniele 11:⁠4) Etlare ha a eme, mmuso wa hae o tla rojwa mme o arolelwe meyeng e mene ya mahodimo, empa o ke ke wa arolelwa ditloholo tsa hae mme o ke ke wa arolwa ho ya ka puso ya hae eo a busitseng ka yona; hobane mmuso wa hae o tla fotholwa, esita le bakeng sa ba bang ntle ho bana.

dp 214 ¶11

Marena a Mabedi a Lwantshanang

11 Ka mora lefu la Alexandere, mmuso wa hae o ile wa ‘arolwa meyeng e mene.’ Balaodi ba hae ba bangata ba ntwa ba ile ba lwantshana ha ba tsekisana dibaka. Molaodi wa Ntwa ya neng a na le leihlo le le leng Antigonus I o ile a leka ho inkela mmuso oohle wa Alexandere hore o be taolong ya hae. Empa o ile a bolawa ntweng Ipsus, Phrygia. Ka selemo sa 301 B.C.E., balaodi ba bane ba ntwa ba Alexandere ba ne ba busa sebaka se seholo seo molaodi wa bona a neng a se hapile. Cassander o ile a busa Macedonia le Greece. Lysimachus Antigonus I a laola Asia Minor le Thrace. Seleucus I Nicator a fumana Mesopotamia le Syria. Ptolemy Lagus a nka Ege­peta le Palestina. Tumellanong le lentswe la boprofeta, mmuso o moholo wa Alexandere o ile wa arolwa hore e be mebuso e mene e buswang ke Bagerike.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Daniele 12:⁠3) “Ba nang le temohisiso ba tla kganya jwalo ka ho kganya ha sepakapaka; mme ba tlisang ba bangata ho lokeng, ba tla kganya jwalo ka dinaledi ho isa nakong e sa lekanyetswang, esita le ka ho sa feleng.

w13 7/15 13 ¶16, naletsana

“Bonang! Ke na le Lona ka Matsatsi Ohle”

Daniele 12:⁠3 e re “ba nang le temohisiso” ke Bakreste ba tlotsitsweng. Ha ba ntse ba le lefatsheng, ba “kganya jwalo ka ho kganya ha sepakapaka” ha ba bolela ditaba tse molemo. Le ha ho le jwalo, Matheu 13:​43 e bua ka nako eo ka yona ba tla beng ba kganya ka ho phatsimang Mmusong wa lehodimo.

(Daniele 12:​13) “Ha e le wena, e ya bofelong; mme o tla phomola, empa o tla ema bakeng sa kabelo ya hao bofelong ba matsatsi.”

dp 315 ¶18

Jehova o Tshepisa Daniele Moputso o Babatsehang

18 Buka ya Daniele e qetella ka tshepiso e thabisang ka ho fetisisa eo Modimo a kileng a e tsetsa motho. Lengeloi la Jehova le ile la re ho Daniele: “O tla ema bakeng sa kabelo ya hao bofelong ba matsatsi.” Lengeloi lee le ne le bolelang? Ka ha ‘phomolo’ eo le neng le sa tswa bua ka yona e ne e le lefu, tshepiso ya hore Daniele o ne a tla “ema” e ne e ka bolela ntho e le nngwe feela e leng tsoho! Ha e le hantle, ditsebi tse ding di nnile tsa tiisa hore Daniele kgaolo ya 12 ke yona ya pele e bolelang tsoho ka ho hlaka ka Mangolong a Seheberu. (Daniele 12:⁠2) Le ha ho le jwalo, tabeng ena teng di fositse. Daniele o ne a tlwaelane haholo le tshepo ya tsoho.

Mmalo wa Bibele

(Daniele 11:​28-​39) “O tla kgutlela naheng ya hae ka thepa e ngata haholo, mme pelo ya hae e tla ba kgahlanong le selekane se halalelang. O tla sebetsa ka mokgwa o atlehileng mme ka sebele a kgutlele naheng ya hae. 29 “Ka nako e behilweng o tla kgutla, mme o tla futuhela borwa; empa lekgetlo la ho qetela le ke ke la tshwana le lekgetlo la pele. 30 Ka sebele dikepe tsa Kitime di tla mo futuhela, mme o tla lokela ho nyahama. “O tla kgutla mme a nyatse selekane se halalelang mme a sebetse ka mokgwa o atlehileng; o tla lokela ho kgutla mme o tla nahanela ba furallang selekane se halalelang. 31 Ho tla ba le matsoho a tla ema, a tlohang ho yena; a tla silafatsa sehalalelo, qhobosheane, mme a tlose tshobotsi ya kamehla. “Ka sebele ba tla beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi. 32 “Ba etsang bokgopo kgahlanong le selekane, o tla ba lebisa bokwenehing ka mantswe a qhekellang. Empa ha e le setjhaba se tsebang Modimo wa sona, se tla hlola mme se sebetse ka mokgwa o atlehileng. 33 Ha e le ba nang le temohisiso hara setjhaba, ba tla fana ka kutlwisiso ho ba bangata. Ka sebele ba tla etswa hore ba kgoptjwe ka sabole le ka malakabe, ka kgoleho le ka ho tlatlapuwa, ka matsatsi a itseng. 34 Empa ha ba etswa hore ba kgoptjwe ba tla thuswa ka thuso e nyenyane; mme ka sebele ba bangata ba tla ikopanya le bona ka qhekello. 35 Ba bang ba ba nang le temohisiso ba tla etswa hore ba kgoptjwe, e le hore ho etswe mosebetsi wa ho tsheka ka lebaka la bona le ho hlwekisa le ho sweufatsa, ho fihlela ka nako ya bofelo; hobane e sa ntse e le bakeng sa nako e behilweng. 36 “Morena o tla etsa ho ya ka thato ya hae, mme o tla iphahamisa le ho itlotlisa hodima modimo e mong le e mong; mme o tla bua dintho tse hlollang kgahlanong le Modimo wa medimo. Ka sebele o tla atleha ho fihlela nyatso e fedile; hobane ntho e etseditsweng qeto e tla etswa. 37 A ke ke a nahana ka Modimo wa bo ntatae; mme a ke ke a nahana ka takatso ya basadi le ka modimo e mong le e mong, empa o tla itlotlisa hodima e mong le e mong. 38 Empa a le boemong ba hae o tla tlotlisa modimo wa diqhobosheane; mme ka kgauta le ka silevera le ka majwe a bohlokwa le ka dintho tse lakatsehang o tla tlotlisa modimo eo bo ntatae ba sa kang ba mo tseba. 39 O tla sebetsa ka mokgwa o atlehileng kgahlanong le diqhobosheane tse tiisitsweng ka ho fetisisa, hammoho le modimo osele. Mang kapa mang ya mo etseng hloko o tla etsa hore a atelwe ke kganya, mme o tla etsa hore a buse hara ba bangata; mme o tla arola naha ka tefello.

16-​22 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | HOSEA 1-⁠⁠7

“Na o Bontsha Mosa o Lerato Jwalo ka Jehova?”

(Hosea 6:​4, 5) “Ke tla etsang ho wena, Efraime? Ke tla etsang ho wena, Juda, ha mosa wa lona o lerato o le jwalo ka maru a hoseng le jwalo ka phoka e tlohang kapele? 5 Ke ka lebaka leo ke tla lokela ho ba otla ka baprofeta; ke tla lokela ho ba bolaya ka dipolelo tsa molomo wa ka. Dikahlolo tse hodima lona di tla ba jwalo ka lesedi le hlahang.

w10 8/15 25 ¶18

“Molao wa Mosa o Lerato” o ke o Sireletse Leleme la Hao

18 Lerato le lokela ho bonahala ditshebedisanong tsohle tsa rona le bao re rapelang Jehova le bona. Esita le maemong a thata, molao wa mosa o lerato ha wa lokela ho tloha malemeng a rona. Ha lerato la Baiseraele le ne le e ba “jwalo ka phoka e tlohang kapele,” Jehova o ne a sa thabe. (Hos. 6:​4,6) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o thabela ha re e na le lerato le bontshwang ka dinako tsohle. Nahana kamoo a hlohonolofatsang ba le phehellang kateng.

(Hosea 6:⁠6) Etswe ke kgahlilwe ke mosa o lerato, eseng sehlabelo; le tsebo ya Modimo ho ena le dinyehelo tse feletseng tsa setjheso.

w07 9/15 16 ¶8

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Hosea

6:⁠6. Haeba re tlwaetse ho etsa sebe seo se bontsha hore ha re rate Modimo. Ho sa tsotellehe hore na re etsa mahlabelo a mangata hakae, a ke ke a kwahela dibe tsa rona.

w07 6/15 27 ¶7

Jehova o a Thaba ha o Mamela

7 Tabeng ena, hopola hore nakong e fetileng Jehova o ile a bolella batho ba hae ba boholoholo hore ho mamela ke habohlokwa ho feta mahlabelo a diphoofolo. (Liproverbia 21:​3, 27; Hosea 6:⁠6; Matheu 12:⁠7) Ke hobaneng ha ho ne ho le jwalo, empa e le Jehova ya neng a laetse batho ba hae hore ba etse mahlabelo? Ha e le hantle, sepheo sa motho ya etsang sehlabelo ke sefe? Na o se etsa hore a kgahlise Modimo? Kapa na o mpa a se etsa feela ho phetha molao? Haeba morapedi a hlile a batla ho kgahlisa Modimo, o tla etsa bonnete ba hore o mamela ditaelo tsohle tsa hae. Modimo ha a hloke mahlabelo a diphoofolo, empa ntho ya bohlokwa eo re ka mo etsetsang yona ke ho mo mamela.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Hosea 1:⁠7) Empa ke tla bontsha mohau ho ba ntlo ya Juda, mme ke tla ba pholosa ka Jehova Modimo wa bona; empa nke ke ka ba pholosa ka seqha kapa ka sabole kapa ka ntwa, ka dipere kapa ka banna ba dipere.”

w07 9/15 14 ¶7

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Hosea

1:7​​—⁠Ntlo ya Juda e ile ya bontshwa mohau le ho pholoswa neng? Sena se ile sa phethahala ka 732 B.C.E., mehleng ya Morena Ezekiase. Ka nako eo, Jehova o ile a lwanela Jerusalema e neng e sokelwa ke Baassyria ka ho romela lengeloi la hae hore le bolaye lebotho la Sankeribe le 185 000 ka bosiu bo le bong. (2 Mar 19:34, 35) Ka tsela eo, Jehova o ile a lopolla Bajuda, eseng “ka seqha kapa ka sabole kapa ka ntwa, ka dipere kapa ka banna ba dipere,” empa ka lengeloi la hae.

(Hosea 2:​18) Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha le sebopuwa se fofang sa mahodimo le sehahabi sa lefatshe, mme ke tla fedisa seqha le sabole le ntwa naheng, mme ke tla ba robatsa ka tshireletseho.

w05 11/15 20 ¶16

Boprofeta ba Hosea bo re Thusa ho Tsamaya le Modimo

16 Modimo o ile a phethahatsa le tshepiso e latelang: “Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha le Sebopuwa se fofang sa mahodimo le sehahabi sa lefatshe, mme ke tla fedisa seqha le sabole le ntwa naheng, mme ke tla ba robatsa ka tshireletseho.” (Hosea 2:​18) Masala a Bajuda a neng a kgutletse naheng ya habo ona a ile a dula a sireletsehile, a sa tshabe dibata tsa naha. Boprofeta bona bo ile ba boela ba phethahala ka 1919 C.E., ha masala a Baiseraele ba moya a lokollwa ho “Babylona e Moholo,” e leng Mmuso wa bodumedi ba bohata o laolang lefatshe lohle. Hona jwale a dula a sireletsehile a bile a phela paradeiseng ya moya hammoho le bo mphato ba ona, ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. Mekgwa ya bophoofolo ha e yo hara Bakreste bana ba nnete.​—⁠Tšenolo 14:⁠8; Esaia 11:​6-⁠9; Bagalata 6:​16.

g05 9/8 12 ¶2

Nakong eo ho Tla Beng ho Rena Kutlwano Lefatsheng Lohle

Ha e le hantle, batho ba tla latswa mofuta o motjha wa kutlwano, hobane Modimo o tla ruta batho ba hae ba tshepahalang hore ba hlokomele lehae la bona la lefatshe. O tla “hlaba selekane” le dibatana tsohle, a etse hore di phele ka kgotso ka ho ikokobelletsa batho.​—⁠Hosea 2:​18; Genese 1:​26-28; Esaia 11:​6-⁠8.

Mmalo wa Bibele

(Hosea 7:​1-​16) “Nakong eo ka yona ke neng ke tla fodisa Iseraele, le phoso ya Efraime ya senolwa, le dintho tse mpe tsa Samaria; etswe ba sebedisitse leshano, mme leshodu le a kena; sehlopha sa bafutuhi se hlile se potlakela ka ntle. 2 Ha ba bolelle dipelo tsa bona hore ke tla hopola bobe bohle ba bona. Jwale ba pota-potilwe ke mesebetsi ya bona. Ba ka pela sefahleho sa ka. 3 Ka bobe ba bona ba thabisa morena, mme, ka thetso ya bona, ba thabisa dikgosana. 4 Kaofela ha bona ke bafebi, jwalo ka sebopi se hoteditsweng ke moapehi, ya kgaotsang ho fata ka mora ho duba hlama ho fihlela e betse. 5 Letsatsing la morena wa rona, dikgosana di ikudisitse​—⁠ho na le kgalefo ka lebaka la veine. O ntshitse letsoho la hae hammoho le ba fetolang ba bang ditsheho. 6 Etswe ba tlisitse dipelo tsa bona haufi jwalo ka seboping; di a tjhesa ka hara bona. Moapehi wa bona o robala bosiu bohle; hoseng sebopi se tjhesa jwalo ka ha eka ho tjhesa mollo o tukang. 7 Ba a tjhesa, kaofela ha bona, jwalo ka sebopi, mme ba tjhesa baahlodi ba bona. Marena a bona a wele kaofela; ha ho le ya mong ho ona ya hweletsang ho nna. 8 “Ha e le Efraime, o itswakanya le ditjhaba. Efraime o fetohile polokwe e sa fetolelwang ka lehlakoreng le leng. 9 Basele ba jele matla a hae, mme ha a tseba seo. Hape, moriri wa hae o moputswa o sweufetse, empa ha a tseba seo. 10 Boikakaso ba Baiseraele bo fane ka bopaki mahlong a bona, mme ha baa kgutlela ho Jehova Modimo wa bona, le ha e le hore ba mo batlile ka lebaka la sena sohle. 11 Baefraime ba jwalo ka leeba le hlokang kelello le se nang pelo. Ba ipileditse ho Egepeta; ba ile Assyria. 12 “Tseleng le ha e le efe eo ba yang ka yona, ke tla ala letlowa la ka hodima bona. Ke tla ba theola jwalo ka dibopuwa tse fofang tsa mahodimo. Ke tla ba laya tumellanong le tlaleho ya phutheho ya bona. 13 Ho madimabe bona, ka ha ba mpalehile! Ba tla tlatlapuwa, ka ha ba ntshitetswe! Ke ile ka ba lopolla, empa ba buile mashano ka nna. 14 Ha ba a ka ba hweletsa ho nna ho kopa thuso ka dipelo tsa bona, le hoja ba ile ba nna ba bokolla ba le hodima dibethe tsa bona. Ka lebaka la dijothollo tsa bona le veine e monate ba nnile ba dula ba sa etse letho; ba nnile ba mphetohela. 15 Ke ile ka laya; ke ile ka matlafatsa matsoho a bona, empa ba nnile ba ntherela se sebe. 16 Ha ba a ka ba kgutlela nthong leha e le efe e phahameng; ba ne ba tshwana le seqha se sa tiyang. Dikgosana tsa bona di tla wa ka sabole ka lebaka la nyatso ya maleme a bona. Sena e tla ba ho fetoha ha bona ditsheho naheng ya Egepeta.”

23-​29 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | HOSEA 8-⁠​14

“Phelela ho Etsa Thato ya Jehova!”

(Hosea 14:⁠2) Inkeleng mantswe mme le kgutlele ho Jehova. E reng ho yena, kaofela ha lona, ‘E se eka o ka tshwarela phoso; mme o amohele se molemo, mme re tla nyehela e le puseletso dipohwana tsa melomo ya rona.

w07 4/1 20 ¶2

Ho Nyehela Mahlabelo a Kgahlisang Modimo

Ho feta moo, Bibele e bontsha hore dipolelo tsa rona tsa thoriso di ka nkwa e le mahlabelo a etsetswang Jehova. Moprofeta Hosea o ile a sebedisa polelo e reng “dipohwana tsa melomo ya rona,” ho bontsha hore Modimo o nka thoriso e tswang melomong ya rona e le se seng sa mahlabelo a molemo ka ho fetisisa. (Hosea 14:⁠2) Moapostola Pauluse o ile a kgothatsa Bakreste ba Baheberu a re: ‘Le nyehele kamehla ho Modimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, ditholwana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.’ (Baheberu 13:​15) Kajeno, Dipaki Tsa Jehova di dula di phathahane haholo ka ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa batho ba ditjhaba tsohle barutuwa. (Matheu 24:​14; 28:​19, 20) Di nehela mahlabelo a thoriso ho Modimo bosiu le motshehare lefatsheng lohle.​—⁠Tšenolo 7:⁠1.

(Hosea 14:⁠4) Ke tla fodisa ho se tshepahale ha bona. Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka, hobane bohale ba ka bo kgutlile ho yena.

w11 2/15 16 ¶15

Ho Fumana Kamohelo ya Modimo ho Fana ka Bophelo bo sa Feleng

15 Poho e ne e le phoofolo e turang ka ho fetisisa eo Moiseraele a neng a ka e nehela ho Jehova. Kahoo, “dipohwana tsa melomo ya rona” di ne di bolela mantswe a tswang botebong ba pelo le a nahannweng hantle, a rorisang Modimo wa nnete. Jehova o ile a ikutlwa jwang ka batho ba neng ba etsa mahlabelo a jwalo? O ile a re: “Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka.” (Hos. 14:⁠4) Jehova o ne a tshwarela batho ba neng ba nehela mahlabelo a jwalo a thoriso, a ba amohela mme e eba motswalle wa bona.

(Hosea 14:⁠9) Ke mang ya bohlale, e le hore a ka utloisisa dintho tsee? Ya masene, e le hore a ka di tseba? Etswe ditsela tsa Jehova di lokile, mme ba lokileng ke bona ba tla tsamaya ho tsona; empa batludi ke bona ba tla kgoptjwa ho tsona.

jd 87 ¶11

Sebeletsa Jehova ho ya ka Melao ya Hae e Phahameng

11 Hosea 14:⁠9 e boetse e re bontsha melemo ya ho dula tseleng e lokileng. Re fumana ditlhohonolofatso le melemo ha re etsa seo Modimo a se lebelletseng ho rona. Ka ha ke mmopi, o tseba sebopeho sa rona. Seo a batlang hore re se etse se molemong wa rona. Ka mohlala re ka tshwantsha kamano e pakeng tsa rona le Modimo le e teng pakeng tsa koloi le moetsi wa yona. Moetsi wa koloi o tseba tsela eo koloi e entsweng ka yona le tsela eo e kopantsweng ka yona. Wa tseba hore nako le nako ho hlokahala hore ho ntshwe oli ya kgale ho tshelwe e ntjha. Ho ne ho ka etsahalang haeba o ka hlokomoloha molao oo, mohlomong o re koloi e ntse e itsamaela hantle? Ho e so ye kae enjine eo e tla senyeha e be e kgaotse ho sebetsa. Ho jwalo le ka batho. Mmopi wa rona o re file ditaelo. Ho molemong wa rona ho di mamela. (Esaia 48:​17, 18) Haeba re utlwisisa hore re rua molemo ha re mamela melao ya hae, sena se re fa lebaka le matla la hore re latele ditaelo tsa hae.​​—⁠Pesaleme ya 112:⁠1.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Hosea 10:​12) Itjalleng peo ka ho loka; kotulang tumellanong le mosa o lerato. Itemeleng thite, ha ho sa na le nako ya ho batla Jehova ho fihlela a tla mme a le rupela ka ho loka.

w05 11/15 28 ¶7

“Ditsela Tsa Jehova di Lokile”

7 Haeba re rapela Jehova ka tsela e se nang boikaketsi le e lokileng, o tla re bontsha mosa wa hae o lerato. Baiseraele ba sa mameleng ba ile ba bolellwa: “Itjalleng peo ka ho loka; kotulang tumellanong le mosa o lerato. Itemeleng thite, ha ho sa na le nako ya ho batla Jehova ho fihlela a tla mme a le rupela ka ho loka.”​​—⁠Hosea 10:⁠12.

(Hosea 11:⁠1) “Ha Iseraele e sa le moshanyana, ka nako eo ke ne ke mo rata, mme ke bitsitse mora wa ka Egepeta.

w11 8/15 10 ¶10

Ba ne ba Lebelletse Mesia

10 Jwalo ka Baiseraele, Mesia o ne a tla bitswa Egepeta. (Hos. 11:⁠1) Pele Heroda a ntsha taelo ya hore bana ba bolawe, lengeloi le ile la fana ka taelo ya hore Josefa le Maria le Jesu ba ye Egepeta. Ba ile ba dula moo “ho fihlela Heroda a shwa, hore ho phethahale se ileng sa buuwa ke Jehova ka moprofeta wa hae [Hosea], ha a re: ‘Ke bitsitse mora wa ka Egepeta. ’ ” (Mat. 2:​13-15) Ho hlakile hore Jesu ka boyena o ne a ke ke a laola dintho tse neng di boletswe esale pele mabapi le tswalo ya hae le bophelo ba hae ba bonyenyaneng, le ho etsa hore di phethahale ka tsela eo di ileng tsa phethahala ka yona.

Mmalo wa Bibele

(Hosea 8:​1-​14) “Molomong wa hao​—⁠lenaka! E mong o tla jwalo ka ntsu kgahlanong le ntlo ya Jehova, ka lebaka la hore ba tlotse selekane sa ka, mme ba tlotse molao wa ka. 2 Ba ntse ba hweletsa ho nna, ‘Modimo wa ka, rona, Baiseraele, re o tsebile.’ 3 “Baiseraele ba lahlile molemo. Sera se ke se ba lelekise. 4 Ba behile marena, empa eseng ka lebaka la ka. Ba behile dikgosana, empa ha ke a ka ka tseba. Ka silevera ya bona le ka kgauta ya bona ba iketseditse ditshwantsho tse rapelwang, e le hore ba ka fediswa. 5 ­Namane ya hao e lahlilwe, Wena Samaria. Bohale ba ka bo ba tuketse. Ba tla haellwa ke ho hloka molato halelele hakae? 6 Etswe esita le sena se ne se tswa Iseraele. Se entswe ke setsebi feela sa mesebetsi ya matsoho, mme hase Modimo; hobane namane ya Samaria e tla fetoha dikoto feela tse tshesaane. 7 “Etswe ba ntse ba jala moya, mme ba tla kotula moya wa sefefo. Ha ho letho le nang le dijothollo tse ntseng di le mahlakeng. Ha ho lehlomela le hlahisang phofo. Haeba mohlomong le ha e le lefe le ka e hlahisa, basele ba tla e metsa. 8 “Baiseraele ba tla metswa. Jwale ba tla ba hara ditjhaba, jwalo ka sejana se sa thabelweng. 9 Etswe ba nyolohetse Assyria, jwalo ka qwaha e nnotshi. Tabeng ya Baefraime, ba hirile ba ba ratang. 10 Hape, le hoja ba ntse ba ba hira hara ditjhaba, jwale ke tla ba phutha; mme ba tla ba bohlokong bo boholo ka nakwana ka lebaka la morwalo wa morena le dikgosana. 11 “Etswe Baefraime ba atisitse dialetare e le hore ba etse sebe. Ba na le dialetare e le hore ba etse sebe. 12 Ke ile ka ba ngolla dintho tse ngata tsa molao wa ka; di lekantswe feela jwalo ka ho hong ho sa tlwaelehang. 13 Ba nnile ba etsa sehlabelo ka nama e le mahlabelo a ka a mpho, mme ba nnile ba ja seo Jehova a sa kgahlisweng ke sona. Jwale o tla hopola phoso ya bona le ho ahlola ditaba bakeng sa dibe tsa bona. Ba ile ba kgutlela Egepeta. 14 Iseraele e ile ya qala ho lebala Moetsi wa yona mme ya haha ditempele; mme Juda e atisitse metse e etseditsweng diqhobosheane. Ka sebele ke tla romela mollo metseng ya yona mme o tla tjhesa ditora tsa bodulo tsa e nngwe le e nngwe.”

30 OCTOBER–​5 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOELE 1-⁠⁠3

“Bara ba Lona le Baradi ba Lona ba Tla Profeta”

(Joele 2:​28, 29) Ka mora moo ke tla tshollela moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong, mme ka sebele bara ba lona le baradi ba lona ba tla profeta. Ha e le banna baholo ba lona, ba tla lora ditoro. Ha e le bahlankana ba lona, ba tla bona dipono. 29 Ke tla tshollela moya wa ka esita le hodima bahlanka le hodima makgabunyane matsatsing ao.

w02 8/1 15 ¶4-⁠5

Re Susumeditswe ke “Dintho Tse Hlollang Tsa Modimo”

4 Ha barutuwa ba neng ba le Jerusalema ba se ba amohetse moya o halalelang, ba ile ba qala hanghang ho bolella ba bang ditaba tse molemo tsa poloko, ba qala ka letshwele le neng le bokane moo hoseng hoo ha Pentekonta ya 33 C.E. Boboledi ba bona bo ile ba phethahatsa boprofeta bo babatsehang, boo Joele, mora wa Pethuele, a neng a bo tlalehile dilemong tse makgolo a robedi pele ho moo, bo reng: “Ke tla tshollela moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong, mme ka sebele bara ba lona le baradi ba lona ba tla profeta. Ha e le banna baholo ba lona, ba tla lora ditoro. Ha e le bahlankana ba lona, ba tla bona dipono. Ke tla tshollela moya wa ka esita le hodima bahlanka le hodima makgabunyane matsatsing ao . . . pele letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova le fihla.”​—⁠Joele 1:⁠1; 2:​28, 29, 31; Liketso 2:​17, 18, 20.

5 Na see se ne se bolela hore Modimo o ne a tla hlahisa moloko wa baprofeta, ba banna le ba basadi, ba kang Davida, Joele, le Debora, mme a ba sebedisetse ho bolela esale pele diketsahalo tsa nako e tlang? Tjhe. ‘Bara le baradi, bahlanka le makgabunyane’ ba Bakreste ba ne ba tla profeta ka kutlwisiso ya hore ba ne ba tla susumetswa ke moya wa Jehova hore ba bolele “dintho tse hlollang” tseo Jehova a di entseng le tseo e leng hona a neng a tla di etsa. Ka hona ba ne ba tla sebetsa e le babuelli ba ya Phahameng ka ho Fetisisa. Letshwele le ile la itshwara jwang?​​—⁠Baheberu 1:​1, 2.

jd 167 ¶4

“Lona Batho, Phatlalatsang Sena

Hara Ditjhaba”

4 A ko shebe taba ena ka leihlo le leng. Jehova Modimo o ile a bolella moprofeta Joele ka nako eo ka yona batho ba mefuta yohle ba tla profeta, a re: “Ka mora moo ke tla tshollela moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong, mme ka sebele bara ba lona le baradi ba lona ba tla profeta. Ha e le banna baholo ba lona, ba tla lora ditoro. Ha e le bahlankana ba lona, ba tla bona dipono.” (Joele 2:​28-32) Ka letsatsi la Pentekonta ya 33 C.E., moapostola Petrose o ile a bolela hore ditemana tsena di phethahetse ha moya o halalelang o tshollelwa hodima batho ba neng ba bokane kamoreng e ka hodimo Jerusalema le ha ho bolelwa “dintho tse hlollang tsa Modimo” ka mora moo. (Liketso 1:​12-14; 2:​1-4, 11, 14-21) Jwale bapisa sena le mehla ya rona. Boprofeta ba Joele bo nnile ba phethahala haholwanyane ho tloha qalong ya dilemo tsa bo 1900. Bakreste ba tlotsitsweng ka moya​—⁠banna le basadi, ba hodileng le ba batjha​—⁠ba ile ba qala ho “profeta”; ka mantswe a mang, ba ile ba qala ho phatlalatsa “dintho tse hlollang tsa Modimo,” ho akarelletsa ditaba tse molemo tsa Mmuso oo hona jwale o seng o thehilwe mahodimong.

(Joele 2:​30-​32) “Ke tla etsa dimakatso mahodimong le lefatsheng, madi le mollo le topallo ya mosi. 31 Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, pele letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova le fihla. 32 E mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha; ka ha Thabeng ya Sione le Jerusalema ho tla ba le baphonyohi, feela jwalo ka ha Jehova a boletse, le hara ba setseng, bao Jehova a ba bitsang.”

w07 10/1 13 ¶2

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joele le ya Amose

2:​32​​—⁠Ho bolela eng ho ‘ipiletsa lebitsong la Jehova’? Ho ipiletsa lebitsong la Modimo ho bolela ho tseba lebitso leo, ho le hlompha ka ho tebileng le ho itshetleha ka monga lebitso leo le ho mo tshepa.​​—⁠Baroma 10:​13, 14.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Joele 2:​12, 13) “Jwale hape,” ho bolela Jehova, “kgutlelang ho nna ka dipelo tsohle tsa lona, le ka ho itima dijo le ka ho lla le ka ho bokolla. 13 Le hahole dipelo tsa lona, eseng diaparo tsa lona; mme le kgutlele ho Jehova Modimo wa lona, ka ha o mosa mme o mohau, o dieha ho halefa mme o tletse mosa o lerato, mme ka sebele o tla ikutlwa a swabile ka lebaka la tlokotsi.

w07 10/1 13 ¶5

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joele le ya Amose

2:​12, 13. Pako ya sebele ke e tswang botebong ba pelo. E akarelletsa ‘ho hahola dipelo tsa rona,’ ho etswang ka hare eseng ho ‘hahola diaparo tsa rona’ ho etswang ka ntle.’

(Joele 3:​14) Bongata, bongata bo kgohlong ya qeto, ka ha letsatsi la Jehova le haufi kgohlong ya qeto.

w07 10/1 13 ¶3

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Joele le ya Amose

3:​14​​—⁠ ‘Kgohlo ya qeto’ ke eng? Ke sebaka sa tshwantshetso moo Modimo a dihang kahlolo ya hae teng. Mehleng ya Morena Josafate wa Juda, eo lebitso la hae le bolelang “Jehova ke Moahlodi,” Modimo o ile a pholosa Juda ditjhabeng tse e potolohileng ka ho ferekanya mabotho a tsona. Ke ka lebaka leo sebaka seo se boetseng se bitswang ‘kgohlo ya Josafate.’ (Joele 3:​2, 12) Mehleng ya rona, e emela sebaka sa tshwantshetso seo ho sona ditjhaba di tla hatakelwa jwalo ka morara ka hara sehatelo sa veine.—⁠Tšenolo 19:⁠15.

Mmalo wa Bibele

(Joele 2:⁠28–​3:⁠8) “Ka mora moo ke tla tshollela moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong, mme ka sebele bara ba lona le baradi ba lona ba tla profeta. Ha e le banna baholo ba lona, ba tla lora ditoro. Ha e le bahlanka­na ba lona, ba tla bona dipono. 29 Ke tla tshollela moya wa ka esita le hodima bahlanka le hodima makgabunyane matsatsing ao. 30 “Ke tla etsa dimakatso mahodimong le lefatsheng, madi le mollo le topallo ya mosi. 31 Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, pele letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova le fihla. 32 E mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha; ka ha Thabeng ya Sione le Jerusalema ho tla ba le baphonyohi, feela jwalo ka ha Jehova a boletse, le hara ba setseng, bao Jehova a ba bitsang.”

3 Etswe, bonang! matsatsing ao le nakong eo, ha ke kgutlisa baholehuwa ba Juda le Jerusalema, 2 ke tla boela ke phuthe ditjhaba tsohle mme ke di theolele kgohlong ya Josafate; mme ke tla kena kahlolong le tsona moo ka lebaka la batho ba ka le lefa la ka la Iseraele, eo di e hasantseng hara ditjhaba; mme di arotse naha ya ka. 3 Ka lebaka la batho ba ka di nnile tsa lahla lotho; mme di ne di fana ka ngwana e motona bakeng sa letekatse, mme ngwana e motshehadi di mo rekisa bakeng sa veine, e le hore di tle di nwe. 4 “Hape, taba ya lona le nna ke efe, Lona Tyre le Sidone le lona dibaka tsohle tsa Filistia? Na ke yona tshwaro eo le nnehang yona e le moputso? Haeba le ntshwara ka tshwaro e jwalo, kapele, ka potlako ke tla busetsa tshwaro ya lona dihloohong tsa lona. 5 Hobane le nkile silevera ya ka le kgauta ya ka, mme le tlisitse dintho tsa ka tse lakatsehang tse ntle ditempeleng tsa lona; 6 mme bara ba Juda le bara ba Jerusalema le ba rekiseditse bara ba Bagerike, ka morero wa ho ba suthisetsa hole le naha ya habo bona; 7 bonang! ke ba tsosa hore ba tswe sebakeng seo le ba rekisitseng ho sona, mme ke tla busetsa tshwaro ya lona dihloohong tsa lona. 8 Ke tla rekisa bara ba lona le baradi ba lona matsohong a bara ba Juda, mme ba tla ba rekisetsa banna ba Sheba, setjhabeng se hole haholo; ka ha Jehova o ho boletse.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share