LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr17 August maq. 1-2
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
  • Dihloohwana
  • 7-​13 AUGUST
  • 14-​20 AUGUST
  • 21-​27 AUGUST
  • 28 AUGUST–3 SEPTEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2017)
mwbr17 August maq. 1-2

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

7-​13 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 28-​31

“Jehova o ile a Putsa Setjhaba sa Bahetene”

(Ezekiele 29:​18) “Mora motho, Nebukadrezare, morena wa Babylona, o entse hore lebotho la hae la sesole le etse tshebeletso e kgolo kgahlanong le Tyre. Hlooho e nngwe le e nngwe e entswe lefatla, mme lehetla le leng le le leng le phumohile. Empa ha e le moputso, ha wa ka wa e ba teng bakeng sa hae le lebotho la hae la sesole le tswang Tyre bakeng sa tshebeletso eo a e entseng kgahlanong le yona.

it-⁠2 1136 ¶4

Tyre

Ho Timetswa ha Motse. Nakong e telele eo Nebukadnezare a neng a thibelletse Tyre, dihlooho tsa masole a hae di ile tsa ‘etswa lefatla’ ke dihelmete tse neng di ba hohla, le mahetla a bona a ne a “phumohile” ka lebaka la ho jara dintho tse boima bakeng sa mosebetsi wa ho thibella. Ka ha Nebukadnezare ha a ka a fumana “moputso” ka lebaka la ho nka bohato bakeng sa Jehova kgaghlanong le Tyre, Jehova o ile a mo tshepisa hore o tla mo putsa ka leruo la Egepeta. (Eze 29:​17-​20) Ho ya ka rahistori wa Mojuda e leng Josephus, ho thibella ho nkile dilemo tse 13 (Against Apion, I, 156 [21]), mme Bababylona ba ile ba hula ka thata. Histori ya lefatshe ha e hlalose ka botlalo matsapa ao Nebukadnezare a a entseng a ho thibella motse. Ebile tahlehelo e kgolo hore ebe masole a mangata a Nebukadnezare a ile a shwa le ho lahlehelwa ke matlo ha a ntse a thibelletse Tyre.​​—⁠Eze 26:​7-​12.

(Ezekiele 29:​19) “Ka hona sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang, ke nehelana ka naha ya Egepeta ho Nebukadrezare morena wa Babylona, mme o tla nka leruo la yona a hape thepa e ngata ya yona le ho e tlatlapa haholo; mme e tla ba moputso bakeng sa lebotho la hae la sesole.’

it-⁠1 698 ¶5

Egepeta, Moegepeta

Mongolo o mong wa Babylona, o ngotsweng ka selemo sa bo37 sa Nebukadnezare (588 B.C.E.), o ile wa bontsha hore ho ne ho ena le letsholo le ileng la etswa kgahlanong le Baegepeta. Ha ho a hlaloswa hore na ebe ho buuwa ka ho hlola motse kapa ka kgato eo masole a ileng a e nka. Le ha ho le jwalo, Nebukadnezare o ile a fumana Egepeta e le moputso wa hae ka ho fana ka sesole sa hae hore se phethise kahlolo ya Jehova kgahlanong le Tyre, e neng e hanyetsa batho ba Modimo.​​—⁠Eze 29:​18-​20; 30:​10-​12.

(Ezekiele 29:​20) “ ‘Ke mo file naha ya Egepeta e le puseletso ya hae bakeng sa tshebeletso eo a e entseng kgahlanong le yona, hobane ba nkile bohato bakeng sa ka,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova.

g86 11/8 27 ¶4-⁠5

Na re Lokela ho Patala Lekgetho?

Ho araba seo, nahana ka seo Mmopi wa rona a se entseng ka hore a patale sekoloto sa tshebeletso eo a ileng a e etsetswa. Kgalefo ya Jehova e nang le toka e ile ya mo susumelletsa hore a tlise kahlolo ho Tyre ya boholoholo. E le ho finyella seo, Modimo o ile a sebedisa sesole se matla sa Babylona se neng se etellwa pele ke moemphera Nebukadnezare. Le hoja Babylona e ile ya hlola, ho ne ho se bonolo. Jehova o ile a bona ho hlokahala hore Bababylona ba lefuwe ka lebaka la seo ba se entseng. Mantswe a hae a hlaha ho Ezekiele 29:​18, 19: “Mora motho, Nebukadrezare, morena wa Babylona, o entse hore lebotho la hae la sesole le etse tshebeletso e kgolo kgahlanong le Tyre. . . . Empa ha e le moputso, ha wa ka wa eba teng bakeng sa hae le lebotho la hae la sesole le tswang Tyre bakeng sa tshebeletso eo a e entseng kgahlanong le yona. Ka hona sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang, ke nehelana ka naha ya Egepeta ho Nebukadrezare morena wa Babylona, mme o tla nka leruo la yona a hape thepa e ngata ya yona le ho e tlatlapa haholo; mme e tla ba moputso bakeng sa lebotho la hae la sesole.’ ”

Baithuti ba Bibele ba tseba hantle hore Nebukadnezare e ne e le motho ya ikgohomosang, ya nang le boithati ebile e le mohetene. Babylona hammoho le sesole sa yona e ne e tsebahala ka hore e tshwara batshwaruwa ba yona hampe. Jehova o ne a sa amohele boitshwaro bo jwalo, empa ho yena sekoloto ke sekoloto, mme o ile a fela a se patala.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Ezekiele 28:​12-​19) “Mora motho, bina kodi ya malla malebana le morena wa Tyre, mme o re ho yena, ‘Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “ ‘ “O tiisa mohlala, o tletseng bohlale le o phethahetseng ka botle. 13 O ne o le Edene, serapeng sa Modimo. Lejwe le leng le le leng la bohlokwa le ne le o kwahetse​​—⁠rubi, topaze le jaspere; krysodite, onyxe le jade; safire, thekoise le emeralde; mme didulwana tsa dintho tsa hao tseo o di entseng le mekoti e ho wena e ne e le kgauta. Di ile tsa lokiswa letsatsing la ho boptjwa ha hao. 14 O kerubime e tlotsitsweng ya mosireletsi, mme ke o behile. O ne o le thabeng e halalelang ya Modimo. O ne o tsamaya hara majwe a mollo. 15 O ne o se na molato ditseleng tsa hao ho tloha letsatsing la ho boptjwa ha hao ho fihlela ho fumanwa ho se loke ho wena. 16 “ ‘ “Ka lebaka la thepa ya hao e ngata e rekiswang ba tlatsitse pefo ka hare ho wena, yaba o qala ho etsa sebe. Ke tla o tlosa o le ya silafetseng thabeng ya Modimo, mme ke tla o timetsa, Wena kerubime ya mosireletsi, bohareng ba majwe a mollo. 17 “ ‘ “Pelo ya hao e ile ya ikgohomosa ka lebaka la botle ba hao. O ile wa senya bohlale ba hao ka lebaka la botle ba hao bo kganyang. Ke tla o lahlela fatshe. Ke tla o beha ka pela marena, e le hore a o tadime. 18 “ ‘ “Ka lebaka la diphoso tsa hao tse ngata, ka lebaka la ho hloka toka ha thepa ya hao e rekiswang, o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke tla hlahisa mollo ka hare ho wena. Ke wona o tla o timetsa. Ke tla o etsa molora hodima lefatshe ka pela mahlo a bohle ba o bonang. 19 Ha e le bohle ba o tsebang hara ditjhaba, ka sebele ba tla o sheba ka ho makala. O tla fetoha matshabeho a tshohanyetso, mme ha o sa tla hlola o e ba teng ho isa nakong e sa lekanyetswang. .” ’ ”

it-⁠2 604 ¶4-⁠5

Ho Phethahala

Motho wa pele wa ho etsa sebe le morena wa Tyre. Sebe le ho se phethahale di qadilwe ke dibupuwa tsa moya jwalo ka ha Jesu a buile ho Johanne 8:​44 le jwalo ka ha tlaleho e ho Genese kgaolo ya 3 e bontsha. Pina ya kodi ya malla e tlalehilweng ho Ezekiele 28:​12-​19, eo le hoja e neng e tobisitswe ho “morena wa Tyre,” e bontsha ka ho hlaka tsela eo mora wa Modimo wa moya a ileng a e nka. Boikgohomoso ba “morena wa Tyre,” ho iketsa ha hae modimo, le hore o bitswa “kerubime,” le se etsahetseng “Edene, tshimong ya Modimo,” ho bapiswa hantle le boitsebiso bo ka Bibeleng bo mabapi le Satane Diabolose, ya ileng a ikgohomosa, ya tshwantshwang le noha ya Edene, ya boetseng a bitswang “modimo wa tsamaiso ena ya dintho.”​​—⁠1Ti 3:⁠6; Ge 3:​1-5, 14, 15; Tše 12:⁠9; 2Ko 4:⁠4.

Morena wa Tyre ya sa tsejweng, ya dulang motseng oo a reng o “phethahetse ka botle,” o ‘tletse bohlale, o phethahetse ka botle,’ ebile a “se na molato” ditseleng tsa hae ho tloha ha a ne a boptjwa ho fihlela ho se loke ho fumanwa ho yena. (Eze 27:⁠3; 28:​12, 15) Kodi ena ya malla e ka nna yaba e tobisitswe ho leloko la babusi ba Tyre ho ena le ho morena ofe kapa ofe ya itseng. (Bapisa boprofeta bona bo tobisitsweng ho “morena wa Babylona” lengolong la Esa 14:​4-​20.) Kahoo, sena se bontsha setswalle le tshebedisano mmoho e neng e le teng pusong ya Tyre ha ho ne ho busa Marena a kang Davida le Solomone, ha Tyre e ne e thusa ho haha temple ya Jehova Thabeng ya Moria. Qalong, Tyre e ne e sebedisana hantle le setjhaba sa Jehova e leng Iseraele. (1Ma 5:​1-​18; 9:​10, 11, 14; 2Likr 2:​3-​16) Le ha ho le jwalo, marena a latelang a ile a tlohela tsela ena e ‘se nang molato’, yaba baprofeta ba Modimo e leng Joele le Amose le Ezekiele ba fana ka kahlolo ho Tyre. (Joe 3:​4-⁠8; Amo 1:​9, 10) Kantle le hore hona le ho tshwana ho teng pakeng tsa “morena wa Tyre” le Mohanyetsi wa Modimo, boprofeta bona bo bontsha hantle hore “phethetho” le “ho hloka molato” ke mantswe a ka sebediswang haholo.

(Ezekiele 30:​13, 14) “Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke senye ditshwantsho tse rapelwang tse nyonyehang mme ke fedise medimo ya lefeela Nofe, mme ha ho sa tla hlola ho e ba le morenana ya tswang naheng ya Egepeta; ka sebele ke tla tlisa tshabo naheng ya Egepeta. 14 Ke tla etsa hore Pathrose e be lesupi ke hotetse mollo Zooane mme ke phethise diketso tsa kahlolo No.

w03 7/1 32 ¶1-⁠3

Ho Etsahetseng ka Yona?

NOFE le No ke mabitso a ka Bibeleng a metsemoholo e kileng ya tuma ya Egepeta, e leng Memphis le Thebes. Nofe (Memphis) e ne e le dikhilomithara tse ka bang 23 ka borwa ho Cairo, ka bophirimela ho Noka ya Nile. Le ha ho le jwalo, qetellong Memphis ha e ya ka ya hlola e le motsemoholo wa Egepeta. Hoo e ka bang ka selemo sa 1500 B.C.E., Egepeta e ile ya e ba le motsemoholo o motjha, No (Thebes), o ka bang dikhilomithara tse 500 ka borwa ho Memphis. Karnak ke e nngwe ya ditempele tse ngata tse entsweng dithako Thebes, eo ho nkwang hore ke mohaho o moholo ka ho fetisisa o kileng wa hahwa ka dipilara. Thebes le tempele ya yona ya Karnak di ne di nehetswe borapeding ba Amone, modimo ya ka sehloohong wa Baegepeta.

Boprofeta ba Bibele bo ile ba bolelang esale pele mabapi le Memphis le Thebes? Ho ile ha phatlalatswa kahlolo kgahlanong le Faro wa Egepeta le medimo ya teng, haholoholo modimo ya ka sehloohong, “Amone ya tswang No.” (Jeremia 46:​25, 26) Letshwele la barapedi ba neng ba kgobokana moo le ne le tla ‘fediswa.’ (Ezekiele 30:​14, 15) Sena se ile sa fela sa etsahala. Se setseng borapeding ba Amone ke marako a tempele feela. Toropo ya kajeno ya Luxor e moo Thebes ya boholoholo e neng e le hona teng, ho boetse ho na le metse e meng moo.

Memphis teng, ha ho a sala letho haese feela mabitla. Louis Golding, eo e leng setsebi sa Bibele, o re: “Ka dilemo tse makgolo tseo Maarabe a ileng a hapa Egepeta, a ile a sebedisa dithako tse kgolo tsa Memphis, e le moo a nkang majwe teng bakeng sa ho haha motsemoholo wa wona [Cairo] ka mose ho noka. Dihahi tsa Nile le tsa Maarabe di ile tsa etsa mosebetsi o tswileng matsoho hoo karolong e kgolo ya motse ona wa boholoholo ho sa bonahaleng lejwe le hlaheletseng ka hodima mobu wa teng wa selokwe.” Ka sebele, jwalo ka ha ho boletswe esale pele ka Bibeleng, Memphis e ile ya fetoha “ntho e makallwang . . . hoo e ke keng ya e ba le moahi.”​​—⁠Jeremia 46:⁠1.

Mmalo wa Bibele

(Ezekiele 29:​1-​12) Ka selemo sa leshome, ka kgwedi ya leshome, ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi, lentswe la Jehova la hlaha ho nna, la re: 2 “Mora motho, lebisa sefahleho sa hao kgahlanong le Faro morena wa Egepeta mme o profete kgahlanong le yena le kgahlanong le Egepeta kaofela. 3 Bua, mme o re, ‘Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke kgahlanong le wena, Faro, morena wa Egepeta, phoofolo ya tonanahadi ya lewatle e thakgaletseng bohareng ba melatswana ya Nile, ya itseng, ‘Noka ya ka ya Nile ke ya ka, mme nna​—⁠ke iketseditse yona.’ 4 Ke tla kenya dihakisi mehlahareng ya hao ke etse hore ditlhapi tsa melatswana ya hao ya Nile di kgomarele makgakgapha a hao. Ke tla o ntsha ka hara melatswana ya hao ya Nile le ditlhapi tsohle tsa melatswana ya hao ya Nile tse kgomaretseng makgakgapha a hao. 5 Ke tla o tlohela lefeelleng, wena le ditlhapi tsohle tsa melatswana ya hao ya Nile. O tla wela hodima naha. O ke ke wa phuthwa kapa wa bokellwa. Ke tla nehelana ka wena hore o be dijo tsa dibata tsa lefatshe le tsa dibopuwa tse fofang tsa mahodimo. 6 Baahi bohle ba Egepeta ba tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova, ka lebaka la hore e bile lehlaka la ba ntlo ya Iseraele, e le setshehetso. 7 Ha ba o tshwara ka letsoho, o ile wa tletlerana, mme wa tabola lehetla lohle la bona. Ha ba itshetleha ka wena, o ile wa robeha, mme wa tetemisa matheka ohle a bona.” 8 “ ‘Ka hona sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Bona, ke tlisa sabole hodima hao, ke tla fedisa motho wa lefatshe le diphoofolo tse ruuwang ho wena. 9 Naha ya Egepeta e tla fetoha lesupi le sebaka se ripitlilweng; mme ba tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova, ka lebaka la hore o itse, ‘Noka ya Nile ke ya ka, mme ke e entse.’ 10 Ka hona ke kgahlanong le wena mme ke kgahlanong le melatswana ya hao ya Nile, mme ke tla etsa hore naha ya Egepeta e be dibaka tse ripitlilweng, komello, lesupi, ho tloha Migdole ho ya Siene le ho ya moeding wa Ethiopia. 11 Leoto la motho wa lefatshe le ke ke la feta ho yona, le ha e le hore leoto la diphoofolo tse ruuwang le tla feta ho yona, mme e ke ke ya e ba le baahi ka dilemo tse mashome a mane. 12 Ke tla etsa hore naha ya Egepeta e be lesupi hara dinaha tse entsweng lesupi; metse ya yona e tla fetoha lesupi hara metse e ripitlilweng ka dilemo tse mashome a mane; ke tla hasanya Baegepeta hara ditjhaba ke ba qhalakanye hara dinaha.”

14-​20 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 32-​34

“Boikarabelo bo Boima ba Molebedi”

(Ezekiele 33:⁠7) “Jwale ha e le wena, mora motho, ke o entse molebedi ho ba ntlo ya Iseraele, o tla utlwa lentswe molomong wa ka mme o ba fe temoso e tswang ho nna.

it-⁠2 1172 ¶2

Molebedi

Tsela ya Tshwantshetso. Jehova o ile a etsa hore ho be le baprofeta ba neng ba sebeletsa jwalo ka balebedi ba tshwantshetso setjhabeng sa Iseraele (Jer 6:​17), le bona ka dinako tse ding ba ile ba bua ka balebedi ka tsela ya tshwantshetso. (Esa 21:​6, 8; 52:⁠8; 62:⁠6; Hos 9:⁠8) Balebedi bana ba baprofeta ba ne ba e na le boikarabelo ba ho lemosa batho ka tlokotsi e tlang, mme haebe ba ne ba hloleha ho ba lemosa, ba ne ba behwa molato. Haeba ho ne ho ka etsahala hore batho ba se ke ba mamela temoso, molato wa madi o ne o tla ba hodima bona. (Eze 3:​17-​21; 33:​1-⁠9) Baprofeta ba neng ba sa tshepahale ba ne ba tshwana le moledi ya foufetseng kapa ntja e sa kgoneng ho bohola.​—⁠Esa 56:⁠10.

(Ezekiele 33:​8, 9) Ha ke re ho ya kgopo, ‘Wena ya kgopo, ka sebele o tla shwa!’ empa o sa bue ho lemosa ya kgopo tseleng ya hae, jwalo ka ya kgopo o tla shwa ka lebaka la phoso ya hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao. 9 Empa ha e le wena, haeba o lemosa ya kgopo tseleng ya hae hore a e furalle empa a sa furalle tsela ya hae, o tla shwa ka lebaka la phoso ya hae, athe ka sebele o tla lopolla moya wa hao.

w88 1/1 28 ¶13

Tswelang Pele le Bolela ka Mmuso

Ho Qoba Molato wa Madi

13 Dipaki Tsa Jehova tse inehetseng di na le boikarabelo ba ho lemosa batho ka kahlolo e tlang ya Modimo jwalo ka Ezekiele mehleng ya hae. O ne a kgethetswe ho ba molebedi wa ntlo ya Iseraele. Kabelo ya hae e ne e le ho lemosa Baiseraele hore kahlolo e ne e le hodima bona, haeba ba ne ba ke ke ba furalla ditsela tsa bona tse mpe. Haeba yena jwalo ka molebedi a ne a hloleha ho hweletsa temoso, kahlolo e ne e ntse e tla tlela batho ba kgopo, empa madi a bona a ne a tla ba hloohong ya molebedi ya sa tsotelleng. Ka tsela ena Jehova o bontsha boikutlo ba hae mabapi le ho diha kahlolo: “E re ho bona, ‘ “Ka nna ya phelang,” ho bolela Mmusi Morena Jehova, “ha ke kgahlwe ke lefu la ya kgopo, empa ke kgahlwa ke ha ya kgopo a furalla tsela ya hae mme a dula a phela. Furallang, furallang ditsela tsa lona tse mpe, etswe ke hobaneng ha le lokela ho shwa, Lona ba ntlo ya Iseraele?”​​—⁠Ezekiele 33:​1-​11

(Ezekiele 33:​11) E re ho bona, ‘ “Ka nna ya phelang,” ho bolela Mmusi Morena Jehova, “ha ke kgahlwe ke lefu la ya kgopo, empa ke kgahlwa ke ha ya kgopo a furalla tsela ya hae mme a dula a phela. Furallang, furallang ditsela tsa lona tse mpe, etswe ke hobaneng ha le lokela ho shwa, Lona ba ntlo ya Iseraele?” 

(Ezekiele 33:​14-​16) “ ‘Ha ke re ho ya kgopo: “Ka sebele o tla shwa,” mme a furalla sebe sa hae mme a etsa toka le ho loka, 15 mme ya kgopo a kgutlisa ntho e lebeleditsweng, a busetsa dintho tse nkilweng ka tlatlapo, mme a tsamaya ditaelong tsa ka tse hlomamisitsweng tsa bophelo ka ho se etse ka ho hloka toka, ka sebele o tla dula a phela. A ke ke a shwa. 16 Ha ho dibe tsa hae tseo a sitilweng ka tsona tse tla hopolwa kgahlanong le yena. O entse toka le ho loka. Ka sebele o tla dula a phela.’

w12 3/15 15 ¶3

Dula o Hopola Hore Metsotso

e se e Jele Babedi

KE HOBANENG HA MOSEBETSI WA RONA WA BOBOLEDI O POTLAKILE?

3 Ha o nahana ka tsela eo mosebetsi wa rona wa boboledi o ka pholosang bophelo ba batho ka yona, ho ka etsahala hore ebe wa hlokomela hore ho potlakile ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo. (Bar 10:​13, 14) Lentswe la Modimo le re: “Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ka sebele o tla shwa,’ mme a furalla sebe sa hae mme a etsa toka le ho loka, . . . ka sebele o tla dula a phela. A ke ke a shwa. Ha ho dibe tsa hae tseo a sitilweng ka tsona tse tla hopolwa kgahlanong le yena.” (Eze 33:​14-16) Bibele e re ho batho ba bolelang molaetsa wa Mmuso: ‘Le tla ipholosa mme le pholose le ba le mamelang.’​—⁠1 Tim 4:​16; Eze 3:​17-⁠21.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Ezekiele 33:​32, 33) Bona! Ho bona o jwalo ka pina e tsosang maikutlo a lerato, jwalo ka motho ya nang le lentswe le letle mme a letsa seletsa se dikgwele hantle. Ka sebele ba tla utlwa mantswe a hao, empa ha ho le ya mong ya a phethang. 33 Ha e phethahala​​—⁠bona! e tla phethahala​​—⁠le bona ba tla lokela ho tseba hore moprofeta o ne a le hara bona.”

w91 3/15 17 ¶16-⁠17

Tsamaisana le Koloi ya Lehodimo

Ho se Nyahamiswe ke ho Iphapanya

16 Ezekiele o ile a boela a beha mohlala o motle ka ho mamela le ka ho se itumelle hore a nyahamiswe ke ho iphapanya kapa ho songwa. Ka ho tshwanang, ka ho tsamaisana le tswelopele ya puo e hlwekileng, re tsamaisana le tsela eo Mopalami wa Koloi wa morena a tsamayang ka yona. Ka hona re hlomellwa ho arabela ditaelong tsa hae, re matlafaletswa hore re se nyahamiswe ke ho iphapanya kapa ho songwa ke bao re ba bolellang molaetsa wa Jehova wa kahlolo. Jwalo ka tabeng ya Ezekiele, Modimo o re lemositse esale pele hore batho ba bang ba ne ba tla hanyetsa ka matla, e be ba hlooho di thata le ba pelo di thata. Ba bang ba ne ba ke ke ba utlwa hobane ba sa batle ho mamela Jehova. (Ezekiele 3:​7-⁠9) Esita le ba bang e ne e tla ba baikaketsi, jwaloka ha Ezekiele 33:​31, 32 e bontsha: “Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona. Ho bona o ka sebini se kgahlehang, se lentswe le letle, se tsebang ho letsa harepa. Ba mamela mantswe a hao jwalo, empa ha ba ye ka wona.”

17 Phello e ne e tla ba efe? Temana ya 33 ya eketsa: “Empa mohla taba e etsahalang​​—⁠bonang, e se e le yona​​—⁠ba tla tseba hoba moprofeta o na a le teng hara bona.” Mantswe ao a senola hore Ezekiele ha aa ka a nyahama ka lebaka la ho se arabele ha batho. Ho se tsotelle ha bona ha ho a ka ha mo fetola ya sa tsotelleng. O ile a utlwa Modimo mme a phetha thomo ya hae ho sa tsotellehe hore na batho ba a mamela kapa tjhe.

(Ezekiele 34:​23) Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di fepa, yena mohlanka wa ka Davida. O tla di fepa, mme e tla ba modisa wa tsona.

w07 4/1 26 ¶3

Ho Ikokobelletsa Badisa ba Lerato

3 Boprofeta ba Esaia 40:​10, 11 bo bua haholo ka hore Jehova o disa batho ba hae ka bonolo. (Pesaleme ya 23:​1-⁠6) Jesu le yena o ne a amehile ka barutuwa ba hae le batho ka kakaretso ebile a le bonolo, nakong ya tshebeletso ya hae lefatsheng. (Matheu 11:​28-​30; Mareka 6:​34) Jehova le Jesu ba ne ba hloile bokgopo boo badisa, kapa baetapele ba Iseraele, ba neng ba e na le bona hobane ba ile ba lahla mehlape ya bona le ho e tlatlapa. (Ezekiele 34:​2-​10; Matheu 23:​3, 4, 15) Jehova o ile a tshepisa: “Ke tla pholosa dinku tsa ka, mme ha di sa tla hlola di fetoha ntho e ka tlatlapuwang; mme ke tla ahlola pakeng tsa nku le nku. Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di fepa, yena mohlanka wa ka Davida. O tla di fepa, mme e tla ba modisa wa tsona.” (Ezekiele 34:​22, 23) Mehleng ena ya bofelo, Jesu Kreste, e leng Davida e Moholo, ke “modisa a le mong” eo Jehova a mo behileng hore a okamele bahlanka bohle ba Hae lefatsheng, e leng Bakreste ba tlotsitsweng ka moya le “dinku tse ding.”​​—⁠Johanne 10:⁠16.

Mmalo wa Bibele

(Ezekiele 32:​1-​16) Ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la boela la hlaha ho nna, la re: 2 “Mora motho, binela Faro morena wa Egepeta kodi ya malla, mme o re ho yena, ‘O kgutsisitswe jwalo ka tawana e moetse ya ditjhaba. “ ‘O bile jwalo ka phoofolo ya tonanahadi ya metsi mawatleng, mme o nnile wa thala dinokeng tsa hao wa nna wa duka metsi ka maoto le ho silafatsa dinoka tsa wona.’ 3 “Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke ale letlowa la ka hodima hao ke sebedisa phutheho ya ditjhaba tse ngata, mme ka sebele di tla o tlisa ka letlowa la ka le hulwang. 4 Ke tla o tlohela naheng. Ke tla o betsetsa hodima naha. Ke tla etsa hore dibopuwa tsohle tse fofang tsa mahodimo di dule hodima hao, mme ke tla kgotsofatsa dibata tsa lefatshe lohle ka wena. 5 Ke tla beha nama ya hao dithabeng mme ke tlatse diphula ka mesaletsa ya hao. 6 Ke tla etsa hore naha e nwe madi a hao, a tswileng ho wena, hodima dithaba; mme dikotopo di tla tlala wena.’ 7 “ ‘Ha o fela ke tla kwahela mahodimo ke fifatse dinaledi tsa wona. Ha e le letsatsi, ke tla le kwahela ka maru, mme kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona. 8 Mehlodi yohle ya lesedi e mahodimong​—⁠ke tla e fifatsa ka lebaka la hao, mme ke tla tlisa lefifi naheng ya hao,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova. 9 “ ‘Ke tla sitelwa pelo ya ditjhaba tse ngata ha ke tlisa baholehuwa ba tswang ho wena hara ditjhaba ke ba isa dinaheng tseo o sa kang wa di tseba. 10 Ke tla etsa hore ditjhaba tse ngata di tlale tshabo ka lebaka la hao, mme marena a tsona a tla tlakasela ka ho nyaroha ka lebaka la hao ha ke tsoka sabole ya ka difahlehong tsa tsona, mme a tla lokela ho thothomela motsotso o mong le o mong, e mong le e mong bakeng sa moya wa hae, letsatsing la ho wa ha hao.’ 11 “Etswe sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Sabole ya morena wa Babylona e tla tla hodima hao. 12 Ke tla etsa hore bongata ba hao bo we ka disabole tsa ba matla, bahatelli ba ditjhaba, kaofela ha bona; ba tla tlatlapa boikakaso ba Egepeta, mme bongata bohle ba yona bo tla fediswa. 13 Ke tla timetsa diphoofolo tsohle tsa yona tse ruuwang tse pela metsi a mangata, mme leoto la motho wa lefatshe ha le sa tla hlola le a duka, le ha e le hore dikgola tsa phoofolo e ruuwang di tla a duka.’ 14 “ ‘Ka nako eo ke tla etsa hore metsi a bona a hlweke, mme dinoka tsa bona ke tla etsa hore di phalle jwalo ka oli,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova. 15 “ ‘Ha ke etsa naha ya Egepeta lesupi mme naha e entswe lesupi ka botlalo, ha ke bolaya baahi bohle ba ho yona, le bona ba tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova. 16 “ ‘Ena ke kodi ya malla, mme ka sebele batho ba tla e bina. Esita le baradi ba ditjhaba ba tla e bina; ba tla e binela Egepeta le bongata bohle ba yona,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova.”   

21-​27 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 35-​38

“Haufinyane Gogo wa Magogo o Tla Fediswa”

(Ezekiele 38:⁠2) “Mora motho, lebisa sefahleho sa hao kgahlanong le Gogo wa naha ya Magogo, morenana ya ka sehloohong wa Mesheke le Tubale, mme o profete kgahlanong le yena.

w15 5/15 29-⁠30

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Gogo wa Magogo ke mang? Ho fumana karabo, re lokela ho batlisisa hore na Bibele e re ke mang ya hlaselang batho ba Modimo. Bibele e boetse e bua ka tlhaselo ya ‘Gogo wa Magogo,’ le ya “morena wa leboya” le ya “marena a lefatshe.” (Eze 38:​2, 10-​13; Dan 11:​40, 44, 45; Tše 17:​14; 19:​19) Na see se bolela hore ke ditlhaselo tse sa tshwaneng? Ha ho bonahale jwalo. Ho bonahala e ka Bibele e hlalosa tlhaselo e le nngwe ka ditsela tse sa tshwaneng. Ke hobaneng ha re bua jwalo? Hobane Bibele e re bolella hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla kenya letsoho tlhaselong ena ya ho qetela e tla thakgola ntwa ya Armagedone.​​—⁠Tše 16:​14, 16.

Ha re bapisa ditemana tsena tsa Bibele tse buang ka tlhaselo ya ho qetela ho batho ba Modimo, ho a hlaka hore Gogo wa Magogo ha se Satane. Ho e na le hoo, Gogo wa Magogo o emela ditjhaba tse kopaneng. Na “morena wa leboya” ke yena ya tla di etella pele? Ha re tsebe. Empa tlhaloso ena e batla e dumellana le seo Jehova a se buileng ka Gogo ha a re: “Ka sebele o tla tla o tswa sebakeng sa hao, o tswa dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa leboya, wena hammoho le ditjhaba tse ngata, kaofela di kaletse dipere, e le phutheho e kgolo, e le lebotho le leholo la sesole.”​​—⁠Eze 38:​6, 15.

(Ezekiele 38:​14-16) “Ka hona profeta, Wena mora motho, mme o re ho Gogo, ‘Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Na o ke ke wa ho tseba letsatsing leo ha setjhaba sa ka sa Iseraele se dutse se sireletsehile? 15 Ka sebele o tla tla o tswa sebakeng sa hao, o tswa dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa leboya, wena hammoho le ditjhaba tse ngata, kaofela di kaletse dipere, e le phutheho e kgolo, e le lebotho le leholo la sesole. 16 O tla tlameha ho futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, jwaloka maru a kwahelang naha. Ho tla etsahala karolong e qetellang ya matsatsi, mme ka sebele ke tla o tlisa kgahlanong le naha ya ka, ka morero wa hore ditjhaba di ntsebe ha ke ikgalaletsa ka wena ka pela mahlo a tsona, Wena Gogo.” ’

w12 9/15 5-⁠6 ¶8-⁠9

Tsela eo Lefatshe Lena le Tla Fediswa ka Yona

8 Ka mora hore bodumedi ba bohata bo fediswe, bahlanka ba Modimo ba tla fumanwa ba ntse ba ‘dutse ba sireletsehile’ ho bile “ho se lerako.” (Eze 38:​11, 14) Ho tla etsahalang ka sehlopha see sa batho ba rapelang Jehova se tla beng se bonahala se sa sireletswa? Ho bonahala e ka “ditjhaba tse ngata” di tla se hlasela. Lentswe la Modimo le bolela hore tlhaselo eo ke ya “Gogo wa naha ya Magogo.” (Bala Ezekiele 38:​2, 15, 16.) Re lokela ho tadima tlhaselo eo jwang?

9 Le hoja re tseba hore bahlanka ba Modimo ba tla hlaselwa, sena ha se etse hore re tshwenyehe ho feta tekano. Ho e na le hoo, ha rea ameha haholo ka ho pholoha ha rona, empa re amehile ka hore lebitso la Jehova le halaletswe le hore ho tloswe qoso bobusing ba hae. Ha e le hantle, ka makgetlo a fetang 60 Jehova o ile a re: “Le tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova.” (Eze 6:⁠7) Kahoo, re lebeletse ka tjantjello e kgolo ho bona ha karolo eo e ikgethang ya boprofeta ba Ezekiele e phethahala, re tshepile hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomodimo tekong.” (2 Pe 2:⁠9) Pele nako eo e fihla, re batla ho sebedisa monyetla o mong le o mong oo re nang le ona ho matlafatsa tumelo ya rona e le hore re tle re tsebe ho tshepahala ho Jehova ho sa tsotellehe hore na re thulana le diteko tsa mofuta ofe. Re lokela ho etsang? Re lokela ho rapela, ho ithuta Lentswe la Modimo, le ho nahanisisa ka lona re be re bolelle ba bang molaetsa wa Mmuso. Ha re etsa jwalo, re tla etsa hore tshepo eo re nang le yona ya ho fumana bophelo bo sa feleng e be matla jwalo ka “ankora.”​​—⁠Heb 6:​19; Pes 25:⁠21.

(Ezekiele 38:​21-​23) “ ‘Ke tla mo bitsetsa sabole sebakeng sohle sa ka se dithaba,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova. ‘Sabole ya e mong le e mong e tla ba kgahlanong le morabo. 22 Ke tla kena kahlolong le yena, ka lefu la sewa le ka madi; le pula e tsholohang ya ditlwebelele le majwe a sefako, mme ke tla nesa mollo le sebabole hodima hae le hodima dihlopha tsa hae le hodima ditjhaba tse ngata tse tla beng di e na le yena. 23 Ka sebele ke tla itlotlisa ke ikgalaletse mme ke itsebahatse ka pela mahlo a ditjhaba tse ngata; mme di tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova.’

w14 11/15 27 ¶16

“Jwale le Setjhaba sa Modimo”

16 Ka mora hore Babylona e Moholo e timetswe, batho ba Jehova ba tla hlaselwa ka mabifi mme ka nako eo ho tla hlokahala hore ba be tlasa tshireletso eo Jehova a e fang bahlanka ba hae. Ka ha tlhaselo ena e tla qala “matshwenyeho a maholo,” ke Jehova ya tla tsamaisa dintho le ho kgetha nako e loketseng ya ho bonahatsa matla a hae. (Mat 24:​21; Eze 38:​2-⁠4) Ka nako eo, Gogo o tla hlasela “batho ba bokeletsweng ho tswa ditjhabeng,” e leng setjhaba sa Jehova. (Eze 38:​10-​12) Tlhaselo eo e tla tshwaya ho phethahala ha dikahlolo tsa Jehova kgahlanong le Gogo le mabotho a hae. Jehova o tla tlotlisa bobusi ba hae mme a halaletse lebitso la hae, kaha o re: ‘Ka sebele ke tla itsebahatsa ka pela mahlo a ditjhaba tse ngata; mme di tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova.”​​—⁠Eze 38:​18-​23.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Ezekiele 36:​20, 21) Kahoo ba ile ba kena ditjhabeng tseo ba keneng ho tsona, mme batho ba qala ho hlompholla lebitso la ka le halalelang ka ho re mabapi le bona, ‘Bana ke batho ba Jehova, mme ba tswile naheng ya hae.’ 21 Ke tla qenehela lebitso la ka le halalelang, leo ba ntlo ya Iseraele ba le hlompholotseng hara ditjhaba tseo ba keneng ho tsona.”

w02 6/15 20 ¶12

Ithute Boitshwaro bo Botle ba Bokreste o be o bo Rute ba Bang

12 Moapostola o ile a totobatsa lebaka la sehlooho la ho ithuta, le ho phela ka melao ya boitshwaro eo re e ithutileng yona ka Bibeleng. Boitshwaro bo bobe ba Bajuda bo ne bo ama tsela eo Jehova a neng a tadingwa ka yona: “Wena ya motlotlo ka molao, ka ho tlola ha hao Molao na o hlompholla Modimo? Etswe ‘lebitso la Modimo le ntse le nyefolwa ka lebaka la lona hara ditjhaba.’ ” (Baroma 2:​23, 24) Le kajeno e ntse e le nnete hore haeba re sa ele hloko boitshwaro bo botle ba Bokreste, re hlompholla Moqapi wa bona. Ka lehlakoreng le leng, haeba re kgomarela melaomotheo ya Modimo, sena se mo hlahisa hantle, sea mo tlotlisa. (Esaia 52:⁠5; Ezekiele 36:​20) Ho elellwa sena ho ka matlafatsa boikemisetso ba hao ha o tobane le diteko kapa maemo ao ho ona ho ka bonahalang ho le bonolo kapa ho le molemo ho lahla boitshwaro bo botle ba Bokreste. Ho feta moo, mantswe a Pauluse a re ruta taba e nngwe. Ntle le ho hlokomela hore boitshwaro ba hao bo ama tsela eo Modimo a tadingwang ka yona, ha o ruta ba bang, ba thuse hore ba hlokomele hore tsela eo ka yona ba sebedisang melaomotheo ya boitshwaro bo botle eo ba ithutang yona, e tla ama tsela eo Jehova a tadingwang ka yona. Hase feela taba ya hore na boitshwaro bo botle ba Bokreste bo tlisa kgotsofalo mme bo sireletsa bophelo ba motho. Bo boetse bo ama tsela eo ya faneng ka boitshwaro boo bo botle le ya bo kgothalletsang, a tadingwang ka yona.​​—⁠Pesaleme ya 74:​10; Jakobo 3:⁠17.

(Ezekiele 36:​33-36) “Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka letsatsi leo la ha ke le hlwekisa diphosong tsohle tsa lona ke tla boela ke etse hore metse e be le baahi, mme dibaka tse ripitlilweng di tla tsosoloswa. 34 Naha e entsweng lesupi e tla lengwa, le hoja e ne e fetohile lesupi ka pela mahlo a e mong le e mong ya fetang ka tsela. 35 Ka sebele batho ba tla re: “Naha yane e neng e entswe lesupi e jwaloka serapa sa Edene, mme metse e neng e le lefeella le e neng e entswe lesupi le e neng e qhaqhilwe e etseditswe diqhobosheane; e na le baahi.” 36 Ditjhaba tse tla siuwa ho le potapota di tla lokela ho tseba hore nna, Jehova, ke hahile dintho tse qhaqhilweng, ke lemme se neng se entswe lesupi. Nna, Jehova, ke boletse mme ke ho entse.’

w88 9/15 24 ¶11

“Ba Tla Tseba Hoba ke Nna Jehova”

11 Ka mora hore masala a kgutlele Juda, naha eo e entsweng lesupi e ile ya ntjhafatswa hore e be “tshimo ya Edene” e behang ditholwana. (Bala Ezekiele 36:​33-​36.) Ka ho tshwanang, ho tloha ka 1919 Jehova o ntjhafaditse naha ya masala a tlotsitsweng eo ka nako e nngwe e neng e le lesupi hore e be paradeise ya tshwantshetso e behang ditholwana, eo jwale a e kopanetseng le ‘bongata bo boholo ba batho.’ Ka ha baahi ba paradeise ena ya tshwantshetso ke batho ba halalelang, Mokreste ka mong ya inehetseng o lokela ho e boloka e hlwekile.​​—⁠Ezekiele 36:​37, 38.

Mmalo wa Bibele

(Ezekiele 35:​1-15) Lentswe la Jehova la boela la hlaha ho nna, la re: 2 “Mora motho, lebisa sefahleho sa hao kgahlanong le sebaka se dithaba sa Seire mme o profete kgahlanong le yona. 3 O tla re ho yona, ‘Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng: “Bona, ke kgahlanong le wena, sebaka se dithaba sa Seire, ke tla otlolla letsoho la ka kgahlanong le wena ke o etse lesupi, esita le tshenyeho. 4 Metse ya hao ke tla e etsa sebaka se ripitlilweng, mme o tla fetoha lesupi; o tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova, 5 ka lebaka la hore o bile le bora bo hlolang ka nako e sa lekanyetswang mme o nnile wa nehelana ka bara ba Iseraele matleng a sabole, nakong ya koduwa ya bona, nakong ya phoso ya bona ya ho qetela.” ’ 6 “ ‘Ka hona ka nna ya phelang,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova, ‘kahobane ke ne ke o lokisetsa bakeng sa madi, madi le ona a tla o lelekisa. Ka sebele o ne o hloile madi, mme madi a tla o lelekisa. 7 Ka sebele ke tla etsa sebaka se dithaba sa Seire lesupi, esita le tshenyeho, mme ke tla tlosa motho ya fetang le ya kgutlelang ho sona. 8 Ke tla tlatsa dithaba tsa sona ka babolauwa ba sona; ha e le maralla a hao le diphula tsa hao le dikotopo tsohle tsa hao, ba bolailweng ka sabole ba tla wela ho tsona. 9 Ke tla o etsa lesupi le hlolang ka nako e sa lekanyetswang, mme metse ya hao e ke ke ya e ba le baahi; mme le tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova.’ 10 “Ka lebaka la hore o itse, ‘Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi​—⁠e tla ba tsa ka, mme ka sebele re tla hapa naha ka nngwe,’ athe Jehova o ne a le moo, 11 ‘ka hona ka nna ya phelang,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova, ‘ke tla boela ke etse ho ya ka bohale ba hao le ho ya ka poulelo ya hao eo o e bontshitseng ka lebaka la maikutlo a hao a lehloyo kgahlanong le tsona; mme ke tla itsebahatsa hara tsona ha ke o ahlola. 12 O tla lokela ho tseba hore nna, Jehova, ke utlwile dintho tsohle tsa hao tse hlomphollang tseo o di boletseng malebana le dithaba tsa Iseraele, ha o re: “Di entswe lesupi. Re di filwe e le dijo.” 13 Le tswela pele ho etsa ka boikgohomoso kgahlanong le nna ka melomo ya lona, mme le atisitse mantswe a lona kgahlanong le nna. Ke a utlwile.’ 14 “Sena ke seo Mmusi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka nako e tshwanang le ya ha lefatshe lohle le thaba, ke tla o etsa lesupi. 15 Jwalo ka ha o ile wa thabela lefa la ntlo ya Iseraele kahobane e entswe lesupi, ke tla o etsa ntho e tshwanang. O tla fetoha lesupi, Wena sebaka se dithaba sa Seire, esita le Edomo yohle, kaofela ha yona; mme ba tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova.’ ”

28 AUGUST–3 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 39-​41

“Kamoo Pono ya Ezekiele ya Tempele e o Amang Kateng”

(Ezekiele 40:⁠2) Diponong tsa Modimo a ntlisa naheng ya Iseraele mme butlebutle a mpeha hodima thaba e phahameng haholo, eo hodima yona ho neng ho e na le ho hong ho kang mohaho wa motse ka borwa.

w99 3/1 11 ¶16

‘Beha Pelo ya Hao’ Tempeleng ya Modimo!

16 Ho fumana karabo, a re kgutleleng ponong ka boyona. Ezekiele o ile a ngola a re: “Diponong tsa Modimo a ntlisa naheng ya Iseraele mme butlebutle a mpeha hodima thaba e phahameng haholo, eo hodima yona ho neng ho e na le ho hong ho kang mohaho wa motse ka borwa.” (Ezekiele 40:⁠2) Sebaka seo pono e etsahetseng ho sona, “thabeng e telele haholo,” se re hopotsa Mikea 4:⁠1: “Karolong e qetellang ya matsatsi thaba ya ntlo ya Jehova e tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba, mme ka sebele e tla phahamela maralla; mme ditjhaba di tla phallela ho yona.” Boprofeta boo bo phethahala neng? Mikea 4:⁠5 e bontsha hore sena se qala ha ditjhaba di ntse di rapela medimo ya bohata. Ha e le hantle, e bile mehleng ya rona, “mehleng ya bofelo,” moo borapedi bo hlwekileng bo ileng ba phahamisetswa hodimo, ba kgutlisetswa sebakeng sa bona se loketseng bophelong ba bahlanka ba Modimo.

(Ezekiele 40:⁠3) A ntlisa moo, mme, bonang! ho ne ho ena le monna. Ponahalo ya hae e ne e tshwana le ponahalo ya koporo, mme ho ne ho ena le thapo ya folaxe letsohong la hae, le lehlaka la ho lekanya, mme o ne a eme hekeng.

(Ezekiele 40:⁠5) Bonang! Ho ne ho ena le lerako ka ntle ho ntlo ho pota pota ka hohle. Letsohong la monna eo ho ne ho ena le lehlaka la ho lekanya la ditswe tse tsheletseng, ka setswe le bophara ba seatla. A qala ho lekanya bophara ba ntho e hahilweng, lehlaka le le leng; mme bophahamo, e le lehlaka le le leng.

w07 8/1 10 ¶2

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Ezekiele​​—⁠II

40:⁠3–​43:​17​​—⁠Keng se bohlokwa ka ho lekanngwa ha tempele? Ho lekanngwa ha tempele ke pontsho ya hore morero wa Jehova mabapi le borapedi bo hlwekileng o tla phethahala e le kannete.

(Ezekiele 40:​10) Dikamore tsa balebedi tsa heke e ka nqa bochabela di ne di le tharo ka lehlakoreng lena mme di le tharo ka lehlakoreng lane. Boraro ba tsona di ne di lekana, mme ditshiya tse ka thoko di ne di lekana, ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane.

(Ezekiele 40:​14) Jwale a etsa ditshiya tse ka mahlakoreng hore e be ditswe tse mashome a tsheletseng, hammoho le ditshiya tsa lebala tse ka mahlakoreng dihekeng tse pota potileng ka hohle.

(Ezekiele 40:​16) Ho ne ho e na le difensetere tsa dikosene tse nyenyefalang bakeng sa dikamore tsa balebedi le bakeng sa ditshiya tsa tsona tse ka mahlakoreng ho leba ka hare ho heke ho pota pota ka hohle, mme ke tsela eo mathule a neng a le ka yona. Difensetere di ne di le ka hare ka hohle, mme ditshiyeng tse ka mahlakoreng ho ne ho e na le ditshwantsho tsa sefate sa palema.

w07 8/1 11 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Ezekiele​​—⁠II

40:​14, 16, 22, 26. Ditshwantsho tsa difate tsa palema tse tseleng e kenang tempeleng di bontsha hore ke batho ba boitshwaro bo hlwekileng feela ba dumellwang ho kena. (Pesaleme ya 92:​12) Sena se re ruta hore Jehova o amohela borapedi ba rona hafeela re le batho ba lokileng.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Ezekiele 39:⁠7) Ke tla tsebahatsa lebitso la ka le halalelang hara setjhaba sa ka sa Iseraele, mme ha ke sa tla hlola ke tlohela hore lebitso la ka le halalelang le hlomphollwe; mme ditjhaba di tla lokela ho tseba hore ke nna Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.’

w12 9/1 21 ¶2

“Ditjhaba di Tla Lokela ho Tseba Hore ke Nna ­Jehova”

“Jehova o re: “Ha ke sa tla hlola ke tlohela hore lebitso la ka le halalelang le hlomphollwe.” Ha batho ba mo beha molato ka ho re ha a na toka, ba hlompholla lebitso la hae. Jwang? Ka Bibeleng, hangata “lebitso” le emela botumo ba motho. Buka e nngwe ya dipatlisiso e re, se emelwang ke lebitso la Modimo “ke seo a tsejwang ka sona, kamoo a itshenotseng kateng, le boetse le emela botumo le ho hlompheha ha hae.” Lebitso la Jehova le akarelletsa botumo ba hae. Keng eo re e tsebang ka Jehova mabapi le ho hloka toka? Ke hore o hloile ho hloka toka! O boetse o qenehela bohle ba sebetswang ka ho hloka toka. (Exoda 22:​22-​24) Ha batho ba beha Modimo molato ka ho re ke yena ya ikarabellang ka dintho tseo a di hloileng, ba senya botumo ba hae. Kahoo, ba ‘hlompholla lebitso la hae.’​​—⁠Pesaleme ya 74:⁠10

(Ezekiele 39:⁠9) Ka sebele baahi ba metse ya Iseraele ba tla tswa ba tjhese le ho besa mollo ka dihlomo le dithebe tse nyenyane le dithebe tse kgolo,​—⁠ka diqha le ka metsu le ka melamu e nang le dintlha tsa tshepe le ka marumo; mme ba tla besa mollo ka yona ka dilemo tse supileng.   

w89 8/15 14 ¶20

Ho Bula Tsela ya ho Kgutlela Paradeiseng

20 Empa ho thweng ka thepa yohle ya ntwa eo ditjhaba di tla e siya? Ho ya ka pontsho ya tshwantshetso ya bolelele ba nako e tla hlokahala ho tlosa dikarolo tsa yona tse tjhang, boholo ba tsona e tla ba bo tshabehang. (Ezekiele 39:​8-​10) Batho ba pholohileng Armagedone ba tla kgona ho fetola thepa ya dibetsa leha e le dife tse setseng tsa ditjhaba bakeng sa merero e molemo.​​—⁠Esaia 2:​2-⁠4.

Mmalo wa Bibele

(Ezekiele 40:​32-​47) Butlebutle a ntlisa lebaleng le ka hare ka tsela ya botjhabela, mme a lekanya heke ka ditekanyo tse lekanang le tsena. 33 Dikamore tsa yona tsa balebedi le ditshiya tsa yona tse ka mahlakoreng le mathule a yona di ne di e na le ditekanyo tse lekanang le tsena, mme yona le mathule a yona di ne di e na le difensetere ka hohle. Bolelele e ne e le ditswe tse mashome a mahlano, mme bophara e le ditswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano. 34 Mathule a yona a ne a tswetse ka lebaleng le ka ntle, mme ditshwantsho tsa sefate sa palema di ne di le ditshiyeng tsa tsona ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka ditepisi tse robedi. 35 A ntlisa hekeng e ka leboya, mme a lekanya, ka ditekanyo tse lekanang le tsena, 36 dikamore tsa yona tsa balebedi, le ditshiya tsa yona tse ka mahlakoreng le mathule a yona. E ne e e na le difensetere ka hohle. Bolelele e ne e le ditswe tse mashome a mahlano, mme bophara e le ditswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano. 37 Ditshiya tsa yona tse ka mahlakoreng di ne di le lebaleng le ka ntle, mme ditshwantsho tsa sefate sa palema di ne di le ditshiyeng tsa yona ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka ditepisi tse robedi. 38 Kamore ya ho jela le monyako wa yona di ne di le ditshiyeng tse ka mahlakoreng tsa diheke. Ke moo ba neng ba hlatswa nyehelo e feletseng ya setjheso teng. 39 Mathuleng a heke ho ne ho e na le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lena le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lane, tseo ho tsona ho hlabelwang nyehelo e feletseng ya setjheso le nyehelo ya sebe le nyehelo ya molato. 40 Ka lehlakoreng le ka ntle, ha motho a nyolohela monyakong wa heke e ka leboya, ho ne ho e na le ditafole tse pedi. Ka lehlakoreng le leng la mathule a heke ho ne ho e na le ditafole tse pedi. 41 Ho ne ho e na le ditafole tse nne mona le ditafole tse nne mane ka lehlakoreng la heke​​—⁠ditafole tse robedi, tseo ba neng ba hlabela ho tsona. 42 Ditafole tse nne tsa nyehelo e feletseng ya setjheso di ne di entswe ka lejwe le betlilweng. Bolelele e ne e le setswe se le seng le halofo, mme bophara e le setswe se le seng le halofo, mme bophahamo e le setswe se le seng. Hodima tsona ba ne ba boetse ba beha disebediswa tseo ka tsona ba neng ba hlaba nyehelo e feletseng ya setjheso le sehlabelo. 43 Mehaolwana ya ho beha dintho fatshe e ne e le bophara ba seatla se le seng, e tiisitswe ka thata ka hare, ho potapota ka hohle; mme hodima ditafole ba ne ba beha nama ya nyehelo ya mpho. 44 Ka ntle ho heke e ka hare ho ne ho e na le dikamore tsa ho jela tsa dibini, lebaleng le ka hare, le leng ka lehlakoreng la heke e ka leboya. Lehlakore la tsona le ka pele le ne le le ka nqa borwa. Ho ne ho e na le e nngwe lehlakoreng la heke e ka botjhabela. Karolo e ka pele e ne e le ka nqa leboya. 45 A bua le nna: “Kamore ena ya ho jela eo karolo ya yona e ka pele e leng ka nqa borwa, ke ya baprista ba hlokometseng mosebetsi wa ntlo. 46 Kamore ya ho jela eo karolo ya yona e ka pele e leng ka nqa leboya ke ya baprista ba hlokometseng mosebetsi wa aletare. Ke bara ba Tsadoke, ba tswang ho bara ba Levi, ba atamelang Jehova ho mo sebeletsa.” 47 A qala ho lekanya lebala le ka hare. Bolelele e ne e le ditswe tse lekgolo, mme bophara e le ditswe tse lekgolo, le e na le mahlakore a mane a lekanang. Aletare e ne e le ka pela ntlo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share