LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr18 October leq. 1
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 1-7 OCTOBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 October leq. 1

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

1-7 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 9-​10

“Jesu o Hlokomela Dinku Tsa Hae”

(Johanne 10:​1-3) “Kannetenete ke re ho lona, Ya sa keneng ka lesakeng la dinku ka monyako empa a hlwa sebakeng se seng, ke leshodu le motlatlapi. 2 Empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku. 3 Molebedi wa monyako wa mo bulela, dinku di mamela lentswe la hae, mme o bitsa dinku tsa hae ka mabitso o di etella pele ha di tswa.

(Johanne 10:11) Ke nna modisa ya kgabane; modisa ya kgabane o nehelana ka moya wa hae molemong wa dinku.

(Johanne 10:14) Ke nna modisa ya kgabane, mme ke tseba dinku tsa ka le dinku tsa ka di a ntseba,

nwtsty media

Lesaka la Dinku

Lesaka la dinku ke sebaka se etseditsweng ho sireletsa dinku ho mashodu le ho diphoofolo tse hlaha. Badisa ba ne ba kenya mehlape ya bona ka sakeng bosiu e le hore e sireletsehe. Mehleng ya Bibele, masaka a ne a se na marulelo, a sa lekane, a entswe ka ditsela tse fapaneng, mme hangata a ne a hahuwa ka majwe ebile a na le monyako o le mong. (Nu 32:16; 1Sa 24:3; Sof 2:6) Johanne o bua ka ho kena “ka monyako” wa lesaka la dinku, le neng le sireleditswe ke “molebedi wa monyako.” (Joh 10:​1, 3) Motseng oo ho ona ho neng ho e na le mehlape e mengata empa ho se na masaka a lekaneng, badisa ba ne ba ka kgona ho isa mehlape ya bona lesakeng la motho a le mong ebe molebedi wa monyako o lebela mehlape eo bosiu kaofela. Hoseng, molebedi o ne a bulela badisa monyako. Modisa e mong le e mong o ne a bitsa mohlape wa hae mme mohlape o ne o utlwa lentswe la hae ebe o mo sala morao. (Joh 10:​3-5) Jesu o ile a sebedisa mohlala ona ha a ne a bontsha ka moo a neng a hlokomela barutuwa ba hae ka teng.​—Joh 10:​7-​14.

w11 5/15 7-8 ¶5

Malapa a Bakreste—‘Dulang le Fadimehile’

5 Ka tsela ya tshwantshetso, modisa o na le kamano e ntle le dinku tsa hae ka ha o a di tseba mme di a mo tshepa. Modisa o tseba ntho e nngwe le e nngwe ka dinku tsa hae, dinku le tsona di tseba modisa ebile di a mo tshepa. Di tseba lentswe la hae ebile di a le mamela. Jesu o ile a re: “Ke tseba dinku tsa ka le dinku tsa ka di a ntseba.” O tseba phutheho hantle. Lentswe la Segerike leo mona le fetoletsweng e le “tseba” le bolela “ho tseba motho hantle.” Ha e le hantle, Modisa ya Kgabane o tseba nku e nngwe le e nngwe. O tseba ditlhoko, bofokodi le matla a tsona. Ha ho ntho eo Mmehimohlala wa rona a sa e tsebeng ka dinku tsa hae. Dinku le tsona di tseba modisa wa tsona hantle ebile di tshepa tataiso ya hae.

(Johanne 10:​4, 5) Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o tsamaya ka pela tsona, mme dinku di a mo latela, hobane di tseba lentswe la hae. 5 Ho hang di ke ke tsa latela osele empa di tla mo baleha, hobane ha di tsebe mantswe a basele.”

cf 124-​125 ¶17

“O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”

17 George A. Smith o ngotse seo a se hlokometseng bukeng ya hae e reng The Historical Geography of the Holy Land: “Ka dinako tse ding re ne re thabela ho roba monakedi hara mpa ya motshehare haufi le didiba tseo tsa Judea, tseo badisa ba bararo kapa ba bane ba neng ba tlisa mehlape ya bona ho tsona. Mehlape e ne e tswakana, mme re ipotsa hore na modisa ka mong o tla arola mohlape wa hae jwang ho e meng. Empa ha dinku di se di qetile ho nwa metsi le ho tlolaka, modisa ka mong o ne a ya lehlakoreng le itseng la phula, a di bitsa ka tsela ya hae e kgethehileng; mme dinku di ne di ikarola di ya ho modisa wa tsona, ebe mehlape e tsamaya ka tsela e hlophisehileng eo e tlileng ka yona.” Jesu o ile a kgetha papiso e loketseng ho bontsha hore haeba re tseba dithuto tseo a di rutang re bile re di mamela, re ka ba tlhokomelong ya “modisa ya kgabane.”

(Johanne 10:16) “Ke na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla di tlisa, mme di tla mamela lentswe la ka, e tla ba mohlape o le mong, modisa a be mong.

nwtsty study note se ho Joh 10:16

di tlisa: Kapa “tataisa.” Leetsi la Segerike le sebedisitsweng mona e leng aʹgo le ka bolela “ho tlisa” kapa “ho tataisa,” ho itshetlehile ka taba eo ho buuwang ka yona. E nngwe ya dibuka tsa Segerike e ngotsweng ka letsoho dilemong tsa bo 200 e sebedisitse lentswe la Segerike (sy·naʹgo) leo hangata le bolelang ho “ho bokella.” Jesu Modisa ya Kgabane, o bokella dinku tsa lesaka lena (tseo hape di bitswang “mohlatswana” ho Lu 12:32) le dinku tse ding, o a di tataisa, o a di sireletsa ebile o a di fepa. Dinku tsena e tla ba mohlape o le mong, modisa a be mong. Papiso ena ya Jesu e hatisa bonngwe bo leng teng pakeng tsa Jesu le balatedi ba hae.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 9:​38) Jwale a re: “Ke hlile ke beha tumelo ho yena, Morena.” Yaba wa mo inamela.

nwtsty study note se ho Joh 9:​38

wa mo inamela: Kapa “o itihela fatshe, ho hlompha.” Leetsi la Segerike e leng pro·sky·neʹo le fetolelwa e le “ho rapela” ha ho buuwa ka borapedi bo iswang ho modimo. (Mat 4:10; Lu 4:8) Le ha ho le jwalo, tabeng ena monna ya tswetsweng a foufetse ya ileng a fodiswa, o ile a hlokomela hore Jesu ke moemedi wa Modimo yaba o a mo inamela. O ne a sa mo nke e le Modimo empa jwalo ka ha ho boletswe esale pele, e le “Mora wa motho” Mesia, ya nang le matla. (Joh 9:​35) Ho bonahala monna eo a inametse Jesu jwalo ka batho bao Mangolo a Seheberu a reng ba ne ba inamela batho ka yona. Ba ne ba inama ha ba kopana le baprofeta, marena kapa baemedi ba bang ba Modimo. (1Sa 25:23, 24; 2Sa 14:4-7; 1Ma 1:16; 2Ma 4:36, 37) Maemong a mangata, ha batho ba inamela Jesu ba ne ba bontsha kananelo ka seo Jesu a ba etseditseng sona.​—Sheba study note se ho Mat 2:2; 8:2; 14:33; 15:25.

(Johanne 10:22) Ka nako eo mokete wa nehelo wa e ba teng Jerusalema. E ne e le mariha,

nwtsty study note se ho Joh 10:22

Mokete wa Nehelo: Lebitso la mokete ona ka Seheberu ke Hanukkah (chanuk·kahʹ) e bolelang “Nehelo.” Mokete ona o ne o nka matsatsi robedi, ho tloha ka di 25 tsa kgwedi ya Chislev ha mariha a qala ho kena. (sheba study note se buang ka mariha temaneng ena le App. B15) Ho ne ho ketekwa ho nehelwa hape ha tempele e Jerusalema ka selemo sa 165. Morena wa Syria Antiochus IV Epiphanes o ile a bontsha hore o tella Jehova, Modimo wa Bajuda ka ho silafatsa Tempele ya Hae. Ka mohlala, o ile a haha aletare hodima aletare e kgolo moo ho neng ho nyehelwa mahlabelo a tjhesitsweng. Ka di 25 tsa Chislev selemong sa 168, Antiochus o ile a silafatsa tempele ya Jehova ka ho felletseng ha a ne a nyehela dikolobe aletareng le ho fafatsa moro wa tsona hohle tempeleng. O ile a tjhesa heke ya tempele, a heletsa dikamore tsa baprista, a tlosa aletare ya kgauta, tafole ya bohobe ba pontsho le sedulwana sa lebone sa kgauta. Ka mora moo, o ile a nehela tempele ya Jehova hape ho modimo wa bohata e leng Zeuse wa Olympus. Dilemo tse pedi ha morao, Judas Maccabaeus o ile a hapa motse le tempele hape. Tempele e ile ya hlwekiswa yaba ya nehelwa ka di 25 tsa Chislev, selemong sa 165 hantle feela ka mora dilemo tse tharo Antiochus a entse sehlabelo se nyonyehang aletereng bakeng sa Zeuse. Batho ba ile ba qalella ho etsetsa Jehova mahlabelo letsatsi le letsatsi. Ha ho na mantswe a tobileng ka Bibeleng a bontshang hore Jehova o ile a laela Judas Maccabaeus hore a tsosolose tempele kapa hona ho mo thusa hore a hlole. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a sebedisa banna ba ditjhaba tse ding ba kang Cyruse wa Persia ho ntshetsa pele merero ya Hae mabapi le borapedi. (Esa 45:1) Ka hoo, ke ho utlwahalang ho fihlela qeto ya hore haeba Jehova a ka sebedisa Cyruse ho phethahatsa thato ya Hae, a ka sebedisa motho le leha e le ofe ya inehetseng ho yena. Mangolo a bontsha hore tempele e ne e lokela ho ba teng le ho sebediswa e le hore boprofeta bo buwang ka Mesia, tshebeletso ya hae le sehlabelo sa hae bo phethahale. Hape Balevi ba ne ba lokela ho fana ka dihlabelo ho fihlela Mesia a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo se seholo molemong wa batho bohle. (Dan 9:27; Joh 2:17; Heb 9:11-14) Balatedi ba Jesu ba ne ba sa laelwa hore ba keteke Mokete wa Nehelo. (Kol 2:16, 17) Le ha ho le jwalo, ha ho na tlaleho e bontshang hore Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba nyatsa ha batho ba keteka mokete oo.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 9:​1-​17) Jwale yare ha a fetela pele a bona monna ya tswetsweng a foufetse. 2 Barutuwa ba hae ba mo botsa: “Rabi, ke mang ya entseng sebe, na ke monna enwa kapa batswadi ba hae, hoo a tswetsweng a foufetse?” 3 Jesu a araba: “Ha se monna enwa ya entseng sebe kapa batswadi ba hae, empa e ne e le hore mesebetsi ya Modimo e ka bonahatswa ho yena. 4 Re tla etsa mesebetsi ya ya nthomileng ha e sa ntse e le motshehare; bosiu bo a tla ba ha ho se motho ya ka sebetsang. 5 Ha feela ke ntse ke le lefatsheng, ke nna lesedi la lefatshe.” 6 Ka mora hore a bue dintho tsena, a tshwela mathe fatshe mme a etsa seretse ka mathe, yaba o beha seretse sa hae mahlong a monna eo 7 mme a re ho yena: “E ya o itlhatswe ka letamong la Silwame” (e fetolelwang e le ‘Rometswe’). Ka hoo a tloha yaba wa itlhatswa, mme o kgutla a bona. 8 Ka hona baahelani le bao pele ba neng ba bone hore ke mokopakopa ba qala ho re: “Enwa ke monna ya neng a dula a kopa, na ha ho jwalo?” 9 Ba bang ba ne ba re: “Ke yena enwa.” Ba bang ba ne ba re: “Le hanyenyane, empa o tshwana le yena.” Monna eo o ne a re: “nna ke yena.” 10 Ka lebaka leo ba qala ho re ho yena: “Jwale, mahlo a hao a bulehile jwang?” 11 A araba: “Monna ya bitswang Jesu o ile a etsa seretse mme a se tlotsa mahlong a ka yaba o re ho nna, ‘E ya Silwame mme o itlhatswe.’ Ka hona ke ile ka ya mme ka itlhatswa yaba ke a bona.” 12 Yaba ba re ho yena: “Monna eo o hokae?” A re: “Ha ke tsebe.” 13 Ba isa monna eo e kileng ya e ba sefofu ho Bafarisi. 14 E ne e le Sabatha letsatsing leo ka lona Jesu a ileng a etsa seretse mme a bula mahlo a hae. 15 Ka hona, lekgetlong lena, Bafarisi le bona ba qala ho mo botsa hore na ho tlile jwang hore a bone. A re ho bona: “O ile a beha seretse mahlong a ka, yaba ke a itlhatswa mme ke a bona.” 16 Ka hona Bafarisi ba bang ba qala ho re: “Enwa ha se motho ya tswang ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba qala ho re: “Ke jwang motho wa moetsadibe a ka etsang dipontsho tsa mofuta oo?” Ka hoo ha e ba le karohano hara bona. 17 Ka hoo ba boela ba re ho monna eo ya foufetseng: “O reng ka yena, ka ha o butse mahlo a hao?” Monna eo a re: “Ke moprofeta.”

8-​14 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 11-​12

“Etsisa Qenehelo ya Jesu”

(Johanne 11:23-​26) Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” 24 Maretha a re ho yena: “Ke a tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” 25 Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo. Ya bontshang tumelo ho nna, esita le hoja a ka shwa, o tla phela; 26 e mong le e mong ya phelang mme a bontsha tumelo ho nna ho hang a ke ke a shwa le ka mohla. Na o dumela see?”

nwtsty study notes tse ho Joh 11:24, 25

Ke a tseba hore o tla tsoha: Maretha o ne a nahana hore Jesu o bua ka tsoho e tla etsahala nakong e tlang, e leng ka letsatsi la ho qetela. (Sheba study note se ho Joh 6:​39.) Taba ya hore o ne a dumela thuto ya tsoho e ne e ikgetha. Baetapele ba bang ba bodumedi ba mehleng ya hae ba bitswang Basaduse, ba ne ba hana hore ho tla ba le tsoho le hoja Mangolo a buduletsweng a ne a bontsha ka ho hlaka hore e tla ba teng. (Dan 12:13; Mar 12:18) Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ne ba na le tumelo ya hore moya ha o shwe. Le ha ho le jwalo, Maretha o ne a tseba hore Jesu o ile a ruta ka tshepo ya tsoho le hore o ile a tsosa batho le hoja ba ne ba shwele nako e kgutshwanyane ha ba bapiswa le Lazaro.

Ke nna tsoho le bophelo: Lefu la Jesu le ho tsoha ha hae di ile tsa bula monyetla wa hore batho ba tsoswe. Ka mora hore Jesu a tsoswe, Jehova o ile a mo fa matla a ho tsosa bafu le ho fana ka bophelo bo sa feleng. (Sheba study note se ho Joh 5:​26.) Ho Tše 1:​18, Jesu o ipitsa “ya phelang,” ya nang le ‘dinotlolo tsa lefu le tsa Lebitla.’ Ka hoo, Jesu ke tshepo ya ba phelang le ba shweleng. O tshepisitse ho tsosa bafu ba mabitleng, e leng ba tla busa le yena lehodimong le ba tla phela lefatsheng le letjha ha ho busa Mmuso wa hae.​—Joh 5:​28, 29; 2Pe 3:​13.

(Johanne 11:33-​35) Ka hona, ha Jesu a mo bona a lla le Bajuda ba tlileng le yena ba lla, a bobola moyeng mme a kgathatseha; 34 yaba o re: “Le mo behile hokae?” Ba re ho yena: “Morena, tloo mme o bone.” 35 Jesu a ntsha meokgo.

nwtsty study notes tse ho Joh 11:33-​35

ho lla: Lentswe la Segerike e leng ho “lla” hangata le bolela ho bokolla. Ho sebedisitswe leetsi le tshwanang ha Jesu a ne a bua ka ho re Jerusalema e ne e tla timetswa.​—Lu 19:41.

a bobola . . . mme a kgathatseha: Mantswe ana a mabedi a hlalosa kamoo Jesu a neng a utlwile bohloko kateng. Leetsi la Segerike e leng “ho bobola” (em·bri·maʹo·mai) hangata le fetisa boikutlo bo matla empa tabeng ena le bontsha hore Jesu o ne a amehile haholo hoo a ileng a bobola. Lentswe la Segerike e leng ta·rasʹso le bolelang “mme a kgathatseha” ha e le hantle le bolela ho tshwenyeha. Ho ya ka mongodi e mong, tabeng ena a bolela “ho dubeha maikutlo le ho utlwa bohloko haholo.” Ho sebedisitswe leetsi le tshwanang ho Johanne 13:21 ha ho hlaloswa tsela eo Jesu a neng a ikutlwa ka yona ha a ne a nahana ka taba ya hore Judase o tlo mo eka.​—Sheba study note se ho Joh 11:35.

ka hare ho yena: Ha e le hantle mantswe ana a bolela “moyeng.” Ho bonahala lentswe la Segerike e leng pneuʹma le sebedisitswe ka kutlwisiso ya hore ho na le boikutlo bo matla bo ka hare ho motho bo etsang hore a bue kapa a itshware ka tsela e itseng.​—Sheba Glossary, “Spirit.”

a ntsha meokgo: Lentswe le sebedisitsweng mona da·kryʹo ke leetsi la Segerike e leng “meokgo” mme le sebedisitswe mangolong a kang Lu 7:38; Lik 20:19, 31; Heb 5:7; Tše 7:17; 21:4. Taba ya bohlokwa mona ke ho ntsha meokgo eseng ho bokolla. Mangolong a Segerike a Bakreste, leetsi lena la Segerike le sebedisitswe mona feela mme le fapane le le sebedisitsweng ho Johanne 11:33 (sheba study note) ha le hlalosa tsela eo Maria le Bajuda ba neng ba lla ka yona. Jesu o ne a tseba hore o tlo tsosa Lazaro empa o ile a utlwa bohloko bo tebileng ha a bona metswalle ya hae e utlwile bohloko. Ka ha Jesu o ne a rata metswalle ya hae ebile a e utlwela bohloko, o ile a lla moo batho ba neng ba mo bona. Tlaleho ena e bontsha ka ho hlaka hore Jesu o utlwela batho ba hlokahallwang ke baratuwa ba bona bohloko ka lebaka la Adama.

(Johanne 11:43, 44) Ha a buile dintho tsena, a hweletsa ka lentswe le phahameng: “Lazaro, tswa!” 44 Monna ya neng a shwele a tswa a thatetswe maoto le matsoho ka masela a thatelang, mme sefahleho sa hae se ne se thatetswe hohle ka lesela. Jesu a re ho bona: “Mo lokolleng mme le mo tlohele a tsamaye.”

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 11:49) Empa e mong wa bona, Kaifase, eo e neng e le moprista ya phahameng selemong seo, a re ho bona: “Ho hang ha le tsebe letho,

nwtsty study note se ho Joh 11:49

moprista ya phahameng: Nakong eo Iseraele e neng e le setjhaba se ikemetseng, motho e ne e ba moprista ya phahameng bophelo bohle ba hae. (Nu 35:25) Le ha ho le jwalo, nakong eo Roma e neng e busa Iseraele, babusi ba neng ba kgethilwe ke Roma ba ne ba na le matla a ho kgetha le ho theola moprista ya phahameng. (Sheba Glossary, “High priest.”) Kaifase, ya neng a kgethilwe ke Baroma, e ne e le modiplomate ya nang le bokgoni mme e bile moprista ya phahameng nako e telele ho feta batho ba tlileng pele ho yena. O kgethilwe ka selemo sa 18 C.E mme e bile moprista ya phahameng ho fihlela ka selemo sa 36 C.E. Taba ya hore e be Johanne o re Kaifase e ne e le moprista ya phahameng selemong seo, e leng ka 33 C.E., e bontsha hore Kaifase e ne e ntse e le moprista ya phahameng le nakong eo Jesu a neng a ahlolelwa lefu.​—Sheba App. B12 ho bona hore na e ka ba ntlo ya Kaifase e ne e le hokae.

(Johanne 12:42) Le ha ho le jwalo, ba bangata esita le ho babusi ba hlile ba beha tumelo ho yena, empa ka lebaka la Bafarisi ba ne ba sa bolele hore ba na le tumelo ho yena, e le hore ba se ke ba lelekwa synagogeng;

nwtsty study notes tse ho Joh 12:42

babusi: Ho bonahala mona lentswe la Segerike e leng “babusi” le bua ka ditho tsa lekgotla le phahameng la Bajuda la Sanhedrine. Lentswe lena le sebedisitswe ho Johanne 3:1 ha le bua ka Nikodemase e leng setho sa lekgotla leo.​—Sheba study note se ho Joh 3:1.

ho lelekwa synagogeng: Kapa “ho tebelwa; ho thibelwa ho kena ka synagogeng.” Lekgethi la Segerike e leng a po·sy·naʹgo·gos le sebedisitswe ho Johanne 12:42 le 16:2 feela. Setjhaba se ne se qoba ebile se nyatsa motho ya lelekuweng. Lelapa la hae le ne le tla sokola ka lebaka la hore o ne a ke ke a hlola a kopana le Bajuda ba bang. Morero o ka sehloohong wa disynagoge e ne e le ho ruta batho empa ka dinako tse ding di ne di sebedisetswa ho ba makgotla a motse a neng a fana ka kotlo le ho leleka batho synagogeng.​—Sheba study note se ho Mat 10:17.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 12:35-​50) Ka hona Jesu a re ho bona: “Lesedi le tla ba hara lona ka nakwana e eketsehileng. Tsamayang ha le sa na le lesedi, e le hore lefifi le se ke la le hlola ka matla; mme ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang. 36 Ha le sa na le lesedi, le bontshe tumelo leseding, e le hore le be bara ba lesedi.” Jesu a bua dintho tsena yaba wa tloha mme o ipatela bona. 37 Empa le hoja a ne a entse dipontsho tse ngata hakaalo ka pela bona, ba ne ba sa behe tumelo ho yena, 38 hoo lentswe la moprofeta Esaia le ileng la phethahala leo a ileng a le bua: “Jehova, ke mang ya behileng tumelo nthong eo re e utlwileng? Ha e le letsoho la Jehova, le senoletswe mang?” 39 Lebaka leo ka lona ba neng ba sa kgone ho dumela ke hore hape Esaia o itse: 40 “O foufaditse mahlo a bona mme o thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le ho utlwisisa ka dipelo tsa bona le ho sokoloha mme ka ba fodisa.” 41 Esaia o buile dintho tsena hobane a bone kganya ya hae, mme a bua ka yena. 42 Le ha ho le jwalo, ba bangata esita le ho babusi ba hlile ba beha tumelo ho yena, empa ka lebaka la Bafarisi ba ne ba sa bolele hore ba na le tumelo ho yena, e le hore ba se ke ba lelekwa synagogeng; 43 Ka ha ba ne ba rata thoriso ya batho esita le ho feta thoriso ya Modimo. 44 Le ha ho le jwalo, Jesu a hweletsa mme a re: “Ya behang tumelo ho nna ha a behe tumelo ho nna feela, empa o e beha le ho ya nthomileng; 45 mme ya mponang o bona le ya nthomileng. 46 Ke tlile jwalo ka lesedi lefatsheng, e le hore e mong le e mong ya behang tumelo ho nna a se ke a dula lefifing. 47 Empa haeba le ha e le mang a utlwa dipolelo tsa ka mme a sa di boloke, ha ke mo ahlole; ka ha ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, empa ke tletse ho pholosa lefatshe. 48 Ya ntlhokomolohang mme a sa amohele dipolelo tsa ka o na le ya tla mo ahlola. Lentswe leo ke le buileng ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la ho qetela; 49 hobane ha ke a bua ka tshusumetso e tswang ho nna, empa Ntate ya nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua. 50 Hape, ke a tseba hore taelo ya hae e bolela bophelo bo sa feleng. Ka hona dintho tseo ke di buang, feela jwalo ka ha Ntate a mpoleletse tsona, ke di bua jwalo.”

15-​21 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 13-​14

“Ke le Behetse Mohlala”

(Johanne 13:5) Ka mora moo a tshela metsi ka beisineng mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.

nwtsty study note se ho Joh 13:5

ho hlatswa maoto a barutuwa: Mehleng ya Iseraele, meqathatso e ne e le dieta tse tlwaelehileng tse rwalwang. Maoto a motho a ne a ka ba ditshila ka lebaka la ho tsamaya ditseleng tse lerwele kapa tse seretse. Ke ka hoo ho neng ho tlwaelehile hore motho a role meqathatso ya hae ha a fihla lelapeng la motho e be monga ntlo o etsa bonnete ba hore motho eo o hlatsuwa maoto. Bibele ena le mehlala e mengata e buang ka tlwaelo ena. (Ge 18:​4, 5; 24:32; 1Sa 25:41; Lu 7:⁠37, 38, 44) Ha Jesu a ne a hlatswa maoto a barutuwa ba hae, o ile a sebedisa tlwaelo eo e le ha a ba ruta boikokobetso le ho sebeletsa ba bang.

(Johanne 13:12-​14) Jwale, ha a hlatswitse maoto a bona mme a apere diaparo tsa hae tsa ka ntle mme a sekame tafoleng hape, a re ho bona: “Na le tseba seo ke se entseng ho lona? 13 Le mpitsa, ‘Mosuwe,’ le, ‘Morena,’ mme le bua ka nepo, etswe ke yena. 14 Ka hona, haeba nna, le hoja ke le Morena le Mosuwe, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanela ho hlatswana maoto.

nwtsty study note se ho Joh 13:12-​14

tshwanela: Kapa “ho tlameha.” Leetsi la Segerike le sebedisitsweng mona le sebediswa ha ho buuwa ka tjhelete, e leng “ho kolota motho.” (Mat 18:28, 30, 34; Lu 16:​5, 7) Tabeng ena le maemong a mang, leetsi lena le sebedisitswe ka kutlwisiso ya hore motho o tlameha kapa o tshwanela ho etsa ho itseng.​—1Jo 3:​16; 4:​11; 3Jo 8.

(Johanne 13:15) Etswe ke le behetse mohlala, e le hore, feela jwalo ka ha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tshwanang.

w99 3/1 31 ¶1

Motho e Moholo ka ho Fetisisa o Etsa Mosebetsi o Bontshang Boikokobetso

Ka ho hlatswa maoto a baapostola ba hae, Jesu o ile a fana ka thuto e matla ya boikokobetso. Ka sebele, Bakreste ha ba a lokela ho inka e le ba bohlokwa hoo ba bang ba lokelang ho ba sebeletsa ka dinako tsohle, kapa hona hore ba hahamalle maemo a phahameng le botumo. Ho e na le hoo, ba lokela ho latela mohlala o behilweng ke Jesu ya neng “a sa ka a tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moya wa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Balatedi ba Jesu ba lokela ho ikemisetsa ho etsetsana mesebetsi e bontshang boikokobetso bo boholo ka ho fetisisa.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 14:6) Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela le nnete le bophelo. Ha ho ya tlang ho Ntate ha e se ka nna.

nwtsty study note se ho Joh 14:6

Ke nna tsela le nnete le bophelo: Jesu ke tsela hobane ke ka yena feela re ka kgonang ho atamela ho Modimo ka thapelo. Hape “ke tsela” bakeng sa hore batho ba boelane le Modimo. (Joh 16:23; Bar 5:8) Jesu ke nnete hobane o ne a bua nnete e bile a e phelela. O ile aphethahatsa boprofeta bohle bo neng bo bua ka karolo eo a e phethang morerong wa Modimo. (Joh 1:​14; Tše 19:10) Boprofeta bona bo ile ba fetoha “ ‘e’ ka yena [kapa ba phethahala].” (2Ko 1:20) Jesu ke bophelo hobane o ile a fana ka sehlabelo se ileng sa etsa hore moloko wa batho o kgone ho fumana “bophelo ba sebele,” e leng “bophelo bo sa feleng.” (1Ti 6:12, 19; Ef 1:7; 1Jo 1:7) E tla boela e be “bophelo” ho batho ba dimilione ba tla tsoswa ka tshepo ya ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.​—Joh 5:​28, 29.

(Johanne 14:12) Kannetenete ke re ho lona, Ya bontshang tumelo ho nna, eo ka ho tshwanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena, hobane ke ya ho Ntate.

nwtsty study note se ho Joh 14:12

mesebetsi e meholo ho ena: Jesu o ne a sa bolele hore barutuwa ba hae ba ne ba tla etsa mehlolo e fetang eo a e entseng. Le ha ho le jwalo, ka boikokobetso o ne a bolela hore barutuwa ba hae ba ne ba tla ruta le ho bolela ditaba tse molemo ho feta kamoo yena a e entseng. Balatedi ba hae ba ne ba tla bolela dibakeng tse ngata, ba finyelle batho ba bangata ba be ba bolele nako e telele ho feta kamoo yena a neng a tla etsa kateng. Mantswe a Jesu a bontsha ka ho hlaka hore o ne a lebelletse hore bataladi ba hae ba tswele pele ka mosebetsi wa hae wa ho bolela.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 13:​1-​17) Jwale, kahobane a ne a tseba pele ho mokete wa paseka hore hora ya hae ya hore a tlohe lefatsheng lena ho ya ho Ntate e fihlile, Jesu, ka ha a ratile ba hae ba neng ba le lefatsheng, o ile a ba rata ho isa bofelong. 2 Ka hoo, ha dijo tsa shwalane di ntse di tswela pele, Diabolose a se a ho kentse ka pelong ya Judase Iskariota, mora wa Simone, hore a mo eke, 3 Jesu, ka ha a tseba hore Ntate o ne a nehelane ka dintho tsohle matsohong a hae le hore o tswa ho Modimo mme o ya ho Modimo, 4 a ema dijong tsa shwalane mme a behella diaparo tsa hae tsa ka ntle ka thoko. Ha a nka thaole, a itlama. 5 Ka mora moo a tshela metsi ka beisineng mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona. 6 Ka hoo a tla ho Simone Petrose. A re ho yena: “Morena, na o hlatswa maoto a ka?” 7 Ha Jesu a araba a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se utlwisise hona jwale, empa o tla utlwisisa ka mora dintho tsena.” 8 Petrose a re ho yena: “Ka sebele o ke ke wa hlatswa maoto a ka le ka mohla.” Jesu a mo araba: “Ntle le hore ke o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.” 9 Simone Petrose a re ho yena: “Morena, eseng maoto a ka feela, empa le matsoho a ka le hlooho ya ka.” 10 Jesu a re ho yena: “Ya itlhatswitseng ha ho hlokahale hore a hlatsuwe ho hong haese maoto, empa o hlwekile ka ho feletseng. Lona le hlwekile, empa eseng kaofela.” 11 Ka sebele, o ne a tseba monna ya mo ekang. Ke ka lebaka lena a ileng a re: “Hase lona kaofela ba hlwekileng.” 12 Jwale, ha a hlatswitse maoto a bona mme a apere diaparo tsa hae tsa ka ntle mme a sekame tafoleng hape, a re ho bona: “Na le tseba seo ke se entseng ho lona? 13 Le mpitsa, ‘Mosuwe,’ le, ‘Morena,’ mme le bua ka nepo, etswe ke yena. 14 Ka hona, haeba nna, le hoja ke le Morena le Mosuwe, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanela ho hlatswana maoto. 15 Etswe ke le behetse mohlala, e le hore, feela jwalo ka ha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tshwanang. 16 Kannetenete ke re ho lona, Lekgoba ha le leholo ho monga lona, le ha e le hore ya romilweng o moholo ho ya mo romileng. 17 Haeba le tseba dintho tsena, le a thaba haeba le di etsa.

22-​28 OCTOBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 15-​17

“Ha le Karolo ya Lefatshe”

(Johanne 15:19) Haeba le ne le le karolo ya lefatshe, lefatshe le ka be le rata sa lona. Jwale kahobane ha le karolo ya lefatshe, empa ke le kgethile lefatsheng, ka lebaka lena lefatshe le le hloile.

nwtsty study note on Joh 15:19

lefatshe: Tabeng ena, lentswe la Segerike e leng koʹsmos le bolela moloko wa batho, batho ba sa lokang ba ikarotseng ho Modimo eseng bahlanka ba Modimo. Johanne ke yena feela mongodi wa Kospele ya qotsang mantswe a Jesu reng ha le karolo ya lefatshe kapa ha le ba lefatshe. Jesu o bua ka taba ena ka makgetlo a mabedi thapelong ya hae ya ho qetela le baapostola ba hae.​—Joh 17:14, 16.

(Johanne 15:21) Empa ba tla etsa dintho tsena tsohle kgahlanong le lona ka lebaka la lebitso la ka, hobane ha ba tsebe ya nthomileng.

nwtsty study note se ho Joh 15:21

ka lebaka la lebitso la ka: Mehleng ya Bibele, ka dinako tse ding lentswe “lebitso” le ne le ka emela monga lebitso, botumo ba hae le seo a se emelang. (Sheba study note se ho Mat 6:9.) Boemong ba Jesu, lebitso la hae le emela matla le boemo boo Ntate wa hae a mo fileng bona. (Mat 28:18; Fil 2:​9, 10; Heb 1:​3, 4) Jesu o hlalosa lebaka leo ka lona batho ba neng ba tla etsa dintho tse kgahlanong le balatedi ba hae: hobane ha ba tsebe ya mo romileng. Ho tseba Modimo ho ne ho tla etsa hore ba utlwisise ba be ba ananele seo lebitso la Jesu le se emelang. (Lik 4:​12) Ba ne ba tla tseba hore Modimo o kgethile Jesu hore e be Mmusi, Morena wa marena eo batho ba lokelang ho ikokobelletsa yena e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.​—Joh 17:3; Tše 19:11-​16; bapisa le Pes 2:​7-​12.

(Johanne 16:33) Ke le boleletse dintho tsena e le hore le ka ba le kgotso ka nna. Lefatsheng le ba le matshwenyeho, empa le be sebete! Ke hlotse lefatshe.”

it-1 516

Sebete

Bakreste ba hloka sebete e le hore ba se ke ba tshwaetswa ke mekgwa le diketso tsa lefatshe lena le sa rateng Jehova Modimo hape ba hloka sebete e le hore ba dule ba tshepahala le hoja ba hloilwe. Jesu Kreste o ile a bolella barutuwa ba hae a re: “Lefatsheng le ba le matshwenyeho, empa le be sebete! Ke hlotse lefatshe.” (Joh 16:33) Ha hona le ka mohla Mora wa Modimo a ileng a itumella ho susumetswa ke lefatshe empa o ile a le hlola ka hore a se ke a tshwana le lona ka hohlehohle. Mohlala wa Jesu Kreste o babatsehang jwalo ka mohlodi le tsela eo a ileng a atleha ka yona di re thusa hore re be sebete mme re etsise mohlala wa hae ka ho ikarola lefatsheng lena le silafetseng.​—Joh 17:16.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 17:21-​23) e le hore kaofela ba ka ba bang, feela jwalo ka ha wena, Ntate, o le bonngweng le nna mme nna ke le bonngweng le wena, e le hore le bona ba ka ba bonngweng le rona, e le hore lefatshe le ka dumela hore o nthomile. 22 Hape, ke ba file kganya eo o mphileng yona, e le hore ba ka ba bang feela jwalo ka ha re le bang. 23 Nna ke be bonngweng le bona le wena o be bonngweng le nna, e le hore ba ka ba bang ka botlalo, e le hore lefatshe le ka ba le tsebo ya hore o nthomile le hore o ba ratile feela jwalo ka ha o nthatile.

nwtsty study notes tse ho Joh 17:21-​23

bonngweng: Jesu o ile a rapella hore balatedi ba hae ba nnete ba be “bonngweng” mme ba sebetse mmoho bakeng sa morero o tshwanang jwalo ka ha yena le Ntate wa hae ba le “bonngweng.” (Joh 17:22) Ho 1 Bakorinthe 3:6-9, Pauluse o hlalosa mofuta ona wa bonngwe o teng hara Bakreste ha ba sebetsa ha mmoho le ha ba sebetsa le Modimo.​—Sheba 1Ko 3:8 le study notes tse ho Joh 10:30; 17:11.

ba ka ba bang ka botlalo: Kapa “ba ka ba bonngweng ka ho felletseng.” Temaneng ena, Jesu o amahanya ho ba bang ka botlalo le ho ratwa ke Ntate. Sena se tumellanong le Bakolose 3:​14, e reng: “Lerato . . . ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.” Ke nnete hore balatedi ba Jesu ba na le bonngwe empa seo ha se bolele hore ba na le botho, bokgoni, mekgwa le matswalo a tshwanang. Empa se bolela hore dintho tseo ba di etsang, ba di dumelang le tseo ba di rutang di a tshwana.​—Bar 15:​5, 6; 1Ko 1:​10; Ef 4:3; Fil 1:​27

(Johanne 17:24) Ntate, ha e le ka seo o mphileng sona, ke lakatsa hore, moo ke leng teng, le bona ba ka ba le nna, e le hore ba bone kganya ya ka eo o mphileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thehwa.

nwtsty study note se ho Joh 17:24

ha lefatshe le thehwa: Lentswe la Segerike e leng “thehwa” le fetoletswe e le “emola” ho Baheberu 11:11, moo le sebedisitsweng le “peo.” ‘Ho thehwa ha lefatshe’ ho sebedisitsweng mona ho bonahala ho bolela bana bao Adama le Eva ba ba tswetseng. Jesu o amahanya ‘ho thehwa ha lefatshe’ le Abele, eo ho bonahalang e le yena wa pele wa ho rekollwa hape e le wa pele ‘ya ngotsweng moqolong wa bophelo ho tloha ho thehweng ha lefatshe.’ (Lu 11:50, 51; Tše 17:8) Mantswe ana a Jesu ha a ne a rapela Ntate wa hae a netefatsa hore pele Adama le Eva ba emola peo, Modimo o ne a rata Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 17:​1-​14) Jesu a bua dintho tsena, mme, ha a phahamisetsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, hora e fihlile; tlotlisa mora wa hao, e le hore mora wa hao a ka o tlotlisa, 2 ho ya kamoo o mo fileng matla hodima nama yohle, e le hore, mabapi le palo e feletseng eo o mo fileng yona, a ka e fa bophelo bo sa feleng. 3 Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste. 4 Ke o tlotlisitse lefatsheng, ka ha ke qetile mosebetsi oo o mphileng wona hore ke o etse. 5 Ka hoo jwale, Ntate, o ntlotlise haufi le wena ka kganya eo ke neng ke e na le yona haufi le wena pele lefatshe le e ba teng. 6  “Ke senotse lebitso la hao ho batho bao o mphileng bona lefatsheng. E ne e le ba hao, mme o mphile bona, mme ba bolokile lentswe la hao. 7 Jwale ba a tseba hore dintho tsohle tseo o mphileng tsona di tswa ho wena; 8 hobane ke ba file dipolelo tseo o mphileng tsona, mme ba di amohetse mme ka sebele ba a tseba hore ke tswile ke le moemedi wa hao, mme ba dumetse hore o nthomile. 9 Ke etsa kopo malebana le bona; ha ke etse kopo malebana le lefatshe, empa ke etsa kopo malebana le bao o mphileng bona; hobane ke ba hao, 10 mme dintho tsohle tsa ka ke tsa hao mme tsa hao ke tsa ka, mme ke tlotlisitswe hara bona. 11 “Hape, ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba lefatsheng mme ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, ba lebele ka lebaka la lebitso la hao leo o mphileng lona, e le hore ba ka ba bang feela jwalo ka ha re le bang. 12 Ha ke ne ke e na le bona ke ne ke ba lebela ka lebaka la lebitso la hao leo o mphileng lona; ke ba bolokile, mme ha ho le ya mong wa bona ya timetseng ha e se mora wa timetso, e le hore lengolo le ka phethahala. 13 Empa jwale ke tla ho wena, mme ke bua dintho tsena lefatsheng e le hore ba ka ba le thabo ya ka ka botlalo. 14 Ke ba file lentswe la hao, empa lefatshe le ba hloile, hobane ha se karolo ya lefatshe, feela jwalo ka ha ke se karolo ya lefatshe.

29 OCTOBER–​4 NOVEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 18-​19

“Jesu o ile a Pakela Nnete”

(Johanne 18:36) Jesu a araba: “Mmuso wa ka ha se karolo ya lefatshe lena. Hoja mmuso wa ka e ne e le karolo ya lefatshe lena, bahlanka ba ka ba ka be ba lwanne hore ho se ke ha nehelanwa ka nna ho Bajuda. Empa, jwale, mmuso wa ka ha o tswe mohloding ona.”

(Johanne 18:37) Ka hona Pilato a re ho yena: “Jwale, he, na o morena?” Jesu a araba: “Ke wena ya reng ke morena. Ke tswaletswe sena, mme ke tletse sena lefatsheng, hore ke pakele nnete. E mong le e mong ya leng ka lehlakoreng la nnete o mamela lentswe la ka.”

nwtsty study notes tse ho Joh 18:37

ho pakela: Mantswe a Segerike e leng ‘ho pakela’ (mar·ty·reʹo) le ho ‘paka’ (mar·ty·riʹa; marʹtys) a sebedisitswe ka tsela tse fapaneng ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Mantswe ana ka bobedi a ka sebediswa ka kutlwisiso ya hore motho o paka ntho eo a e boneng kapa eo a e tsebang empa a ka boela a bolela ho “netefatsa kapa ho tiisa taba.” Jesu o ne a pakela nnete eo a neng a kgodisehile ka yona ebile a e bolela hape o ne a phela tumellanong le lentswe la Ntate wa hae la boprofeta le ditshepiso tsa hae. (2Ko 1:​20) Dintlha tse buang ka morero wa Modimo o mabapi le Mmuso wa hae le Mmuso wa Mesia di ile tsa bolelwa esale pele ka botlalo. Jesu o ile a phethahatsa ka botlalo boprofeta bohle bo buang ka bophelo ba hae ho fihlela a shwa lefu la sehlabelo ho akarelletsa le dintho tsohle tse neng di tla etsahala tse ngotsweng selekaneng sa Molao. (Kol 2:​16, 17; Heb 10:1) Ka hoo, ka lentswe le ka ketso ho ka bolelwa hore Jesu o ile a ‘pakela nnete.’

nnete: Jesu o ne a bua ka nnete e mabapi le merero ya Modimo. Taba ya bohlokwa morerong wa Modimo ke hore Jesu “mora wa Davida,” o sebeletsa e le Moprista ya Phahameng le Mmusi Mmusong wa Modimo. (Mat 1:1) Jesu o ile a hlalosa lebaka le ka sehloohong leo a tlileng lefatsheng ka lona le leo a ileng a etsa tshebeletso ya hae, e leng ho bolela nnete ka Mmuso. Pele Jesu a tswalwa le nakong eo a neng a tswalwa ka yona Bethlehema ya Judea e leng motse oo Davida a hlahetseng ho ona, mangeloi a ile a bolela hore Jesu e ne e tla ba morena wa Mmuso wa Modimo.​—Lu 1:​32, 33; 2:​10-​14.

(Johanne 18:38a) Pilato a re ho yena: “Nnete ke eng?”

nwtsty study note se ho Joh 18:38a

Nnete ke eng?: Ha e le hantle, ha Pilato a ne a botsa potso eo o ne a sa botse ka “nnete” eo Jesu a neng a sa tswa bua ka yona empa o ne a botsa ka nnete ka kakaretso. (Joh 18:37) Haeba a ne a botsa ka sepheo se setle, Jesu a ka be a mo arabile. Empa ho e na le hoo, Pilato o botsa potso eo ka tsela e phoqang ebile a sa batle karabo jwalo ka ha eka o re “Nnete ke eng? Ha hona ntho e jwalo!” Pilato ha a ka a emela le karabo empa o siya Jesu a eme le monna wa mateneng yaba o tswela kantle o ya ho Bajuda.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 19:30) Jwale, ha a amohetse veine eo e bodila, Jesu a re: “Ho phethehile!” mme, ha a inamisa hlooho, a nehelana ka moya wa hae.

nwtsty study note se ho Joh 19:30

a nehelana ka moya wa hae: Kapa “a shwa; a emisa ho hema.” Lentswe la Segerike (pneuʹma) e leng “moya” le ka bolela ho “hema” kapa “matla a bophelo.” Taba ena e tshehetswa ke leetsi la Segerike e leng ek·pneʹo, ditlalehong tse tshwanang le eo tse ho Mareka 15:37 le ho Luka 23:46 (le fetoletswe e le “ho shwa” kapa “ho hema la ho qetela” ho study notes tse ditemaneng tsena.) Ba bang ba dumela hore Lentswe lena la Segerike e leng ho “nehela” le bolela hore Jesu o ile a itlohella hore a shwe, ka ha dintho tsohle di ne di se di phethehile. O ile a ithaopela ho ‘neela moya wa hae lefung.’​—Esa 53:12, Bibele ya Sesotho; Joh 10:11.

(Johanne 19:31) Jwale Bajuda, ka ha e ne e le Tokisetso, e le hore ditopo di se ke tsa sala dithupeng tsa tlhokofatso ka Sabatha, (ka ha letsatsi la Sabatha eo e ne e le le leholo,) ba kopa Pilato hore ba rojwe meomo le hore ditopo tseo di tloswe.

nwtsty study note se ho Joh 19:31

letsatsi la Sabatha eo e ne e le le leholo: Sabatha e ne e ba ka Nisane 15, ka mora Paseka ho sa tsotellehe hore na ke letsatsi le fe la beke. (Le 23:​5-7) Sabatha e ne e ba Sabatha “e kgolo” haeba e ne e ba ka letsatsi le le leng le Sabatha ya kamehla (e neng e ba ka letsatsi la bosupa la beke ya Bajuda, le qalang Labohlano ha letsatsi le dikela ho fihela Moqebelo ha letsatsi le dikela). Sabatha eo e ile ya ba ka mora lefu la Jesu le neng le le ka Labohlano. Ho tloha ka selemo sa 29 ho ya ho sa 35 C.E., selemo sa 33 C.E. ke sona feela seo Nisane 14 e ileng ya e ba ka Labohlano. Ka hoo, bona ke bopaki ba hore e tlameha e be Jesu o shwele ka Nisane 14, 33 C.E.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 18:​1-​14) Ha Jesu a boletse dintho tsena, a tswa le barutuwa ba hae ba tshelela ka mose ho molapo o phoroselang wa mariha wa Kidrone ho ya moo ho neng ho e na le serapa, mme yena le barutuwa ba hae ba kena ho sona. 2 Jwale Judase, moeki wa hae, le yena o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu o ne a ile a kopana le barutuwa ba hae moo ka makgetlo a mangata. 3 Ka hona Judase a nka sehlopha sa masole le balaodi ba baprista ba ka sehloohong le ba Bafarisi mme ba tla moo ba nkile dirumula le mabone le dihlomo. 4 Ka hona, Jesu ka ho tseba dintho tsohle tse mo tlelang, a ya mme a re ho bona: “Le batla mang?” 5 Ba mo araba: “Jesu Monazaretha.” A re ho bona: “Ke nna enwa.” Jwale Judase, moeki wa hae, le yena o ne a eme le bona. 6 Le ha ho le jwalo, ha a re ho bona: “Ke nna enwa,” ba tjhetjhela morao mme ba wela fatshe. 7 Ka hona a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” 8 Jesu a araba: “Ke le boleletse hore ke nna enwa. Ka hona, haeba ke nna eo le mo batlang, le tlohele bana ba tsamaye”; 9 e le hore lentswe le ka phethahala leo a ileng a le bua: “Ho bao o mphileng bona ha ke a lahlehelwa ke le ya mong.” 10 Jwale Simone Petrose, ka ha a ne a e na le sabole, a e tsomula mme a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng mme a le kgaola tsebe e tona. Lebitso la lekgoba leo e ne e le Malkuse. 11 Le ha ho le jwalo, Jesu a re ho Petrose: “Kenya sabole ka selateng sa yona. Na ruri ha ke a lokela ho nwa senwelo seo Ntate a mphileng sona?” 12 Jwale sehlopha sa masole le molaodi wa sesole le balaodi ba Bajuda ba tshwara Jesu mme ba mo tlama, 13 yaba ba mo isa ho Anase pele; etswe e ne e le mohwe wa Kaifase, eo e neng e le moprista ya phahameng selemong seo. 14 Ha e le hantle, Kaifase ke yena ya ileng a eletsa Bajuda hore ho ne ho le molemong wa bona hore motho a le mong a shwe molemong wa setjhaba.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share