MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 6-8
“O ile a Fela a Etsa Jwalo”
Nahana ka mosebetsi oo Noe le ba lelapa la hae ba neng ba lokela ho o etsa wa ho aha areka ba se na dintho tsa sejwalejwale tsa ho haha.
Areka e ne e le kgolo, e le boholo ba dimithara tse 133 le bophara ba dimithara tse 22, mme e le bolele ba dimithara tse 13.
Difate di ne di tlameha ho rengwa e le hore di lekane hantle mme di be boemong bo botle
Moaho wohle o ne o lokela ho kwahelwa ka sekontiri ka hare le ka ntle
Noe le lelapa la hae ba ne ba tlameha ho bokella dijo tsa selemo bakeng sa bona le diphoofolo
Mosebetsi oo o ile wa ba nka dilemo tse ka bang 40 ho ya ho 50 ho re ba o qete
Tlaleho ena e ka re kgothatsa jwang ha re bona ho le thata ho etsa seo Jehova a re kopang sona?