Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
2-8 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 22-23
“Modimo o ile a Leka Abrahama”
(Genese 22:1, 2) Jwale eitse ka mora dintho tsena Modimo wa nnete a leka Abrahama. Tumellanong le hoo a re ho yena: “Abrahama!” yaba o re: “Ke nna enwa!” 2 A tswela pele ho re: “Ka kopo, nka mora wa hao, mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo, Isaka, o nke leeto o ye naheng ya Moria mme moo o mo nyehele e le nyehelo ya setjheso ho e nngwe ya dithaba tseo ke tla o bontsha tsona.”
w12 1/1 23 ¶4-6
Ke Hobaneng ha Modimo a ile a re Abrahama a Etse Mora Hae Sehlabelo?
Nahana ka mantswe ana a Jehova ho Abrahama: “Ka kopo, nka mora wa hao, mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo, Isaka . . . o mo nyehele e le nyehelo ya setjheso.” (Genese 22:2) Hlokomela hore Jehova ha a bua le Abrahama o re Isaka ke mora “eo o mo ratang haholo.” Jehova o ne a tseba ka moo Isaka e leng wa bohlokwa ka teng ho Abrahama. Hape, Modimo o ne a tseba hore O ne a ikutlwa jwang ka Mora hae, Jesu. Jehova o ne a rata Jesu haholo hoo habedi a ileng a bua ka ho toba a le lehodimong, a re Jesu ke “Mora wa ka, ya ratwang.”—Mareka 1:11; 9:7.
Hlokomela hape hore Jehova o ile a kenyelletsa mantswe a reng “ka kopo” ha a bua le Abrahama. Setsebi se seng sa Bibele se re ha Modimo a ne a sebedisa mantswe ana seo se ne se bontsha hore “MORENA o ne a utlwisisa hore seo a se kopang se hloka boitelo bo boholo.” Jwalo ka ha re ka nahana, e tlameha ebe kopo eo e ile ya etsa hore Abrahama a sarelwe ha bohloko; ka tsela e tshwanang, re ka inahanela feela bohloko bo tebileng boo Jehova a ileng a bo utlwa ha a bona Mora wa hae ya ratwang a utlwa bohloko mme a e shwa. Ntle ho pelaelo e ne e le bohloko bo boholo ka ho fetisisa boo Jehova a kileng a bo utlwa kapa boo a tla ke a bo utlwe.
Le hoja ka sebele re ka nyaroswa ke seo Jehova a ileng a re Abrahama a se etse, ke ho utlwahalang ho hopola hore Jehova ha a a ka a dumella mopatriareka eo ya tshepahalang hore a tswele pele ka sehlabelo. O ile a qobisa Abrahama ho utlwa bohloko bo boholo ka ho fetisisa boo motswadi a ka bo utlwang; a sireletsa Isaka lefung. Empa Jehova ha a a ka a sireletsa “Mora wa hae empa a nehelana ka yena bakeng sa rona bohle.” (Baroma 8:32) Ke hobaneng ha Jehova a ile a itumella hore a hlahelwe ke ntho e bohloko hakaale? O entse seo e le hore “re ka fumana bophelo.” (1 Johanne 4:9) Eo ke kgopotso e matla hakaakang ya ka moo Modimo a re ratang ka teng! Na see ha se re susumelletse hore le rona re mo bontshe hore re a mo rata?
(Genese 22:9-12) Qetellong ba fihla sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona, yaba Abrahama o haha aletare moo mme o beha patsi ka tlhophiso yaba o tlama mora wa hae Isaka maoto le matsoho mme o mo beha aletareng hodima patsi. 10 Yaba Abrahama o ntsha letsoho o nka thipa e selakgang hore a bolaye mora wa hae. 11 Empa lengeloi la Jehova la qala ho mo bitsa le le mahodimong la re: “Abrahama, Abrahama!” yaba o a araba: “Ke nna enwa!” 12 Yaba le tswela pele ho re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana mme o se ke wa mo etsa letho ho hang, etswe jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo ka hobane ha wa nkganela ka mora wa hao, ya mong feela.”
(Genese 22:15-18) Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekgetlo la bobedi le le mahodimong 16 la re: “‘Ke hlapanya ka nna,’ ho bolela Jehova, ‘hore ka lebaka la hore u entse ntho ena mme ha wa ka wa nkganela ka mora wa hao, ya mong feela, 17 ruri ke tla u hlohonolofatsa mme ruri ke tla atisa peo ya hao Jwalo ka dinaledi tsa mahodimo le Jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle; mme peo ya hao e tla rua heke ya dira tsa yona. 18 Ka sebele ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa ka peo ya hao ka lebaka la hore u mametse lentswe la ka.’ ”
w12 10/15 23 ¶6
Mamela Modimo mme o Rue Molemo Ditshepisong Tsa Hae Tse Hlapanyeditsweng
6 Jehova Modimo o nnile a hlapanyetsa batho ba baetsadibe e le hore ba ka kgodiseha hore ditshepiso tsa hae di tla phethahala. O nnile a hlapanya ka ho sebedisa dipolelo tse kang “‘Ka nna ya phelang,’ ho bolela Mmusi Morena Jehova.” (Ezek. 17:16) Bibele e bua ka makgetlo a fetang 40 moo Jehova Modimo a ileng a etsa dikano tse hlapanyeditsweng. Mohlomong mohlala o tsebahalang haholo ke wa se ileng sa etsahala ha a ne a sebedisana le Abrahama. Ka dilemo tse ngata, Jehova o nnile a etsa dilekane tse mmalwa le Abrahama tseo ha di kopana di bontshang hore Peo e tshepisitsweng e ne e tla tswa lelokong la Abrahama, ka mora wa hae Isaka. (Gen. 12:1-3, 7; 13:14-17; 15:5, 18; 21:12) Ka mora moo, Jehova o ile a leka Abrahama ka teko e kgolo, a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora wa hae eo a mo ratang. Abrahama o ile a potlaka, a mamela seo Jehova a neng a mo laela sona, mme o ne a le mothating wa ho nyehela Isaka ha lengeloi la Modimo le ne le mo thiba. Modimo o ile a mo hlapanyetsa a re: “Ke hlapanya ka nna . . . hore ka lebaka la hore o entse ntho ena mme ha o a ka wa nkganela ka mora wa hao, ya mong feela, ruri ke tla o hlohonolofatsa mme ruri ke tla atisa peo ya hao jwalo ka dinaledi tsa mahodimo le jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle; mme peo ya hao e tla rua heke ya dira tsa yona. Ka sebele ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa ka peo ya hao ka lebaka la hore o mametse lentswe la ka.”—Gen. 22:1-3, 9-12, 15-18.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 22:5) Jwale Abrahama a re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le esele, empa nna le moshanyana re batla ho ya mane ho ya rapela mme re tla kgutlela ho lona.”
w16.02 7 ¶13
Jehova o ile a mo Bitsa Motswalle wa Hae
13 Pele Abrahama a siya bahlanka ba hae, o ile a re: “Salang mona le esele, empa nna le moshanyana re batla ho ya mane ho ya rapela mme re tla kgutlela ho lona.” (Genese 22:5) Abrahama o ne a bolelang? Na o ne a ba thetsa ha a re o tla kgutla le Isaka, empa a tseba hore o ilo etsa sehlabelo ka yena? Tjhe. Bibele e re Abrahama o ne a tseba hore Jehova a ka kgona ho tsosa Isaka bafung. (Bala Baheberu 11:19.) Abrahama o ne a tseba hore Jehova o mo file matla a hore a be le ngwana, le hoja yena le Sara ba ne ba se ba tsofetse. (Baheberu 11:11, 12, 18) Ka hoo, o ile a hlokomela hore ha ho letho le ka hlolang Jehova. Abrahama o ne a sa tsebe hore na ho tla etsahalang letsatsing leo. Empa o ne a dumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora wa hae, e le hore ditshepiso tsohle tsa Modimo di ka phethahala. Ke ka lebaka leo Abrahama a bitswang “ntata bohle ba nang le tumelo.”
(Genese 22:12) Yaba le tswela pele ho re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana mme o se ke wa mo etsa letho ho hang, etswe jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo ka hobane ha o a nkganela ka mora wa hao, ya mong feela.”
it-1-E 853 ¶5-6
Ho Tseba Dintho Esale Pele
Jehova o a kgetha hore na o sebedisa bokgoni ba hae jwang ba ho tseba dintho esale pele. Ha Modimo a kgetha ho sebedisa bokgoni ba hae ba ho tseba dintho esale pele, o etsa bonnete ba hore seo se dumellana le melao ya hae e lokileng le seo re ithutang sona ka yena ka Lentsweng la hae. Ho fapana le thuto ya hore ka mehla Modimo o sebedisa bokgoni ba hae ba ho tseba dintho esale pele, mangolo a mangata a bontsha hore Modimo o hlahloba boemo pele, ebe o etsa qeto ka mora ho bo hlahloba.
Ke ka hoo Genese 11:5-8 e bontshang hore Modimo o ile a theoha ho ya hlahloba se neng se etsahala Babele, mme ka nako eo a etsa qeto ya hore na o tla senya moaho oo ba neng ba o etsa jwang. Ka mora hore motse wa Sodoma le Gomora o tlale bokgopo, Jehova o ile a bolella Abrahama ka qeto ya hae ya ho hlahloba motse oo (a sebedisa mangeloi a hae) e le hore a ‘bone hore na ba etsa ho ya ka mohoo o etswang mabapi le bona o tlileng ho yena, mme haeba ho se jwalo, a tle a tsebe.’ (Ge 18:20-22; 19:1) Ha Modimo a bua ka Abrahama o ile a re, ‘ke tsebile Abrahama,’ mme ka mora hore Abrahama a be mothating wa ho etsa Isaka sehlabelo, Jehova o ile a re, “Etswe jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo ka hobane ha o a nkganela ka mora wa hao, ya mong feela.”—Ge 18:19; 22:11, 12; bapisa le Ne 9:7, 8; Gal 4:9.
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
it-1-E 604 ¶5
Ke hobaneng ha Abrahama a ile a bitswa Ya Lokileng pele ho Lefu la Kreste?
Abrahama o ile a bitswa ya lokileng ka lebaka la tumelo ya hae le mesebetsi ya hae. (Bar 4:20-22) Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore yena le banna ba tshepahalang ba phetseng pele ho lefu la Kreste ba ne ba phethahetse kapa ba se na sebe. Ho e na le hoo, Modimo o ne a sa ba nke e le batho ba sa lokang jwalo ka batho ba neng ba phela mehleng eo hobane ba ne ba e na le tumelo tshepisong ya Modimo e mabapi le “peo” mme ba mamela ditaelo tsa hae. (Ge 3:15; Pes 119:2, 3) Jehova o ne a ba tadima e le batho ba se nang phoso, ha ba bapiswa le batho ba neng ba sa mamele Modimo ka nako eo. (Pes 32:1, 2; Ef 2:12) Ka hoo, Modimo o ne a ka sebedisana le banna bana ba sa phethahalang mme a ba hlohonolofatsa ka lebaka la tumelo ya bona, a ntse a tshepahalletse melao ya hae e phethahetseng ya toka. (Pes 36:10) Le ha ho le jwalo, banna bana ba ne ba hlokomela hore ba hloka ho lopollwa sebeng mme ba ne ba emetse Modimo hore a etse seo ka nako ya hae.—Pes 49:7-9; Heb 9:26
Mmalo wa Bibele
(Genese 22:1-18) Jwale eitse ka mora dintho tsena Modimo wa nnete a leka Abrahama. Tumellanong le hoo a re ho yena: “Abrahama!” yaba o re: “Ke nna enwa!” 2 A tswela pele ho re: “Ka kopo, nka mora wa hao, mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo, Isaka, o nke leeto o ye naheng ya Moria mme moo o mo nyehele e le nyehelo ya setjheso ho e nngwe ya dithaba tseo ke tla o bontsha tsona.” 3 Ka hoo Abrahama a tsoha hoseng haholo a qhaneha esele ya hae yaba o nka bahlanka ba hae ba babedi le mora wa hae Isaka; yaba o ratha patsi bakeng sa nyehelo ya setjheso. Jwale a ema yaba o nka leeto ho ya sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona. 4 E ne e le letsatsing la boraro ha ka lekgetlo la pele Abrahama a phahamisa mahlo mme a qala ho bonela sebaka seo hojana. 5 Jwale Abrahama a re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le esele, empa nna le moshanyana re batla ho ya mane ho ya rapela mme re tla kgutlela ho lona.” 6 Ka mora moo Abrahama a nka patsi ya nyehelo ya setjheso a e jarisa mora wa hae Isaka mme yena matsohong a hae a nka mollo le thipa e selakgang, yaba ka bobedi ba tsamaya ha mmoho. 7 Isaka a qala ho re ho ntatae Abrahama: “Ntate!” Yaba o re: “Ke nna enwa, mora wa ka!” Ka hoo a tswela pele: “Mollo le patsi ke tsena, empa nku ya nyehelo ya setjheso e hokae?” 8 Yaba Abrahama o re: “Modimo o tla iphumanela nku ya nyehelo ya setjheso, mora wa ka.” Mme ka bobedi ba tsamaya ha mmoho. 9 Qetellong ba fihla sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona, yaba Abrahama o haha aletare moo mme o beha patsi ka tlhophiso yaba o tlama mora wa hae Isaka maoto le matsoho mme o mo beha aletareng hodima patsi. 10 Yaba Abrahama o ntsha letsoho o nka thipa e selakgang hore a bolaye mora wa hae. 11 Empa lengeloi la Jehova la qala ho mo bitsa le le mahodimong la re: “Abrahama, Abrahama!” yaba wa araba: “Ke nna enwa!” 12 Yaba le tswela pele ho re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana mme o se ke wa mo etsa letho ho hang, etswe jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo ka hobane ha o a nkganela ka mora wa hao, ya mong feela.” 13 Abrahama a phahamisa mahlo a tadima, mme pele mane harehare, ho ne ho e na le pheleu e tshwasitsweng ka dinaka moferong. Ka hoo Abrahama a ya mme a nka pheleu a e nyehela e le nyehelo ya setjheso sebakeng sa mora wa hae. 14 Abrahama a qala ho reha sebaka seo lebitso la Jehova-jire. Ke ka lebaka leo kajeno ka tlwaelo ho thweng: “Ho tla etswa tokisetso thabeng ya Jehova.” 15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekgetlo la bobedi le le mahodimong 16 la re: “ ‘Ke hlapanya ka nna,’ ho bolela Jehova, ‘hore ka lebaka la hore o entse ntho ena mme ha o a ka wa nkganela ka mora wa hao, ya mong feela, 17 ruri ke tla o hlohonolofatsa mme ruri ke tla atisa peo ya hao jwalo ka dinaledi tsa mahodimo le jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle; mme peo ya hao e tla rua heke ya dira tsa yona. 18 Ka sebele ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa ka peo ya hao ka lebaka la hore o mametse lentswe la ka.’ ”
9-15 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 24
“Isaka o Batlelwa Mosadi”
(Genese 24:2-4) Ka hoo Abrahama a re ho mohlanka wa hae, e moholo ho ba ntlo ya hae, eo e neng e le motsamaisi wa sohle seo a nang le sona: “Ka kopo, beha letsoho la hao tlasa serope sa ka, 3 Ka ha ke tla o hlapantsha ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke dulang hara bona, 4 empa o tla ya naheng ya heso le ho beng ka nna, mme ka sebele o nkele mora wa ka Isaka mosadi.”
wp16.3 14 ¶3
“Ke Ikemiseditse ho Tsamaya”
Abrahama o ile a re Eliezere a etse kano ya hore a ke ke a kgethela Isaka mosadi hara Bakanana. Hobaneng? Hobane Bakanana ba ne ba sa rapele Jehova ebile ba sa mo hlomphe. Abrahama o ne a tseba hore qetellong Jehova o tlo otla setjhaba seo ka lebaka la diketso tsa sona tse kgopo. O ne a sa batle hore mora wa hae eo a mo ratang e be karolo ya batho bao ba mekgwa e mebe. Hape o ne a tseba hore mora hae o tla phetha karolo ya bohlokwa ho phethahetseng ditshepiso tsa Modimo.—Genese 15:16; 17:19; 24:2-4.
(Genese 24:11-15) Qetellong a etsa hore dikamele di kgumame ka ntle ho motse sedibeng sa metsi hoo e ka bang mantsiboya, hoo e ka bang ka nako eo basadi ba kgang metsi ba tlwaetseng ho tswa ka yona. 12 Yaba o tswela pele ho re: “Jehova Modimo wa monga ka Abrahama, ka kopo, etsa hore ho etsahale ka pela ka letsatsing lena, mme o etse monga ka Abrahama ka mosa o lerato. 13 Bona! ke eme sedibeng sa metsi, mme baradi ba banna ba motse ona ba tswa ho tla kga metsi. 14 Morwetsana eo ke tla re ho yena, ‘Ka kopo, theola nkgo ya hao ya metsi e le hore ke Noe,’ mme ebe ruri o re, ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ enwa ke yena eo o tla mo abela mohlanka wa hao, Isaka; etsa hore ke tsebe ka sena hore o sebedisitse lerato le tshepahalang ho monga ka.” 15 Jwale, eitse pele a qeta ho bua, bonang! Rebeka a tswa, ya tswaletsweng Bethuele mora wa Milka mosadi wa Nakore, morabo Abrahama, mme nkgo ya hae ya metsi e ne e le lehetleng la hae.
wp16.3 14 ¶4
“Ke Ikemiseditse ho Tsamaya”
Eliezere o ile a phetela ba habo Rebeka hore o ile a rapela Jehova Modimo ha a fihla sedibeng se haufi le Harane. A mo kopa hore a kgethele Isaka mosadi. Jwang? O ile a mo kopa hore a etse hore ngwanana eo a mo kgethetseng Isaka a tlo kga metsi sedibeng. Le hore a mo fe metsi ha a mo kopa, mme a se ke a fa yena feela empa a fe le dikamele tsa hae. (Genese 24:12-14) Ke mang ya ileng a tla sedibeng mme a etsa dintho tseo kaofela? Ke Rebeka. Nahana feela hore na Rebeka o ne a tla ikutlwa jwang ha a utlwa pale eo Eliezere a ntseng a e bolella batswadi ba hae!
(Genese 24:58) Jwale ba bitsa Rebeka ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna enwa?” Yaba o re: “Ke ikemiseditse ho tsamaya.”
(Genese 24:67) Ka mora moo Isaka a mo tlisa ka tenteng ya mmae Sara. Ka hona a nka Rebeka ya eba mosadi wa hae; a mo rata, mme Isaka a fumana matshediso ka mora ho shwelwa ke mmae.
wp16.3 14 ¶6-7
“Ke Ikemiseditse ho Tsamaya”
Dibeke pele ho moo, Eliezere o ile a re ho Abrahama: “Ho thweng haeba mosadi eo a ke ke a tla le nna?” Abrahama a re ho yena: “O tla lokollwa boitlamong boo o bo entseng ho nna ka kano.” (Genese 24:39, 41) Bethuele le yena o ne a batla hore moradi wa hae a ntshe maikutlo tabeng ena. Eliezere o ne a thabetse hore ebe o atlehile ho phetha seo monga hae a neng a mo rometse sona, hoo letsatsing le hlahlamang a ileng a kopa ho kgutlela Kanana le Rebeka. Empa lelapa labo Rebeka le ne le batla hore a dule bonyane matsatsi a leshome pele a tsamaya. Qetellong ba ile ba rarolla taba ena ka ho re: “A re bitseng morwetsana mme re utlwe se tswang molomong wa hae.”—Genese 24:57.
Jwale Rebeka o ne a lokela ho kgetha. O ne a tla kgethang? Na o ne a tla etsa hore ntate wa hae le moenae ba mo hauhele e le hore a se ke a ya moo a sa tsebeng? Kapa na o ne a utlwisisa hore ha a tsamaya o kenya letsoho ho phethahaleng ha diketsahalo tseo ho totobetseng hore di laolwa ke Jehova? Tsela eo a ileng a araba ka yona e ile ya bontsha hore na o ikutlwa jwang. O ile a re: “Ke ikemiseditse ho tsamaya.”—Genese 24:58.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 24:19, 20) Ha a qeta ho mo fa se nowang, jwale a re: “Le dikamele tsa hao ke tla di kgella metsi ho fihlela di qetile ho nwa.” 20 Ka hoo ka potlako a tshollela nkgo ya hae ka senwelong yaba o matha ka makgetlo a mangata ho ya kga metsi, mme a kgella dikamele tsohle tsa hae.
wp16.3 12-13
“Ke Ikemiseditse ho Tsamaya”
Mantsiboyeng a mang ha a qeta ho tlatsa nkgo, o ile a bona monnamoholo e mong a tla ho yena. Monnamoholo eo o ile a re ho yena: “Ka kopo, mphe metsinyana ka nkgong ya hao.” O ne a bua le Rebeka a ikokobeditse. Rebeka o ile a elellwa hore monnamoholo eo o tswa hole. Ka hoo a theola nkgo lehetleng mme a mo fa metsi, eseng metsinyana feela, empa a lekaneng ho mo nyorolla. O ile a bona hore monnamoholo eo o tsamaya ka dikamele tse leshome yaba o a hlokomela hore senwelo se ne se se na metsi e le hore di ka nwa. Hape o ile a hlokomela tsela e mosa eo monnamoholo eo a mo shebileng ka yona, mme a batla ho mo thusa ka hohle ka moo a ka kgonang. Ka hoo o ile a re: “Le dikamele tsa hao ke tla di kgella metsi ho fihlela di qetile ho nwa.”—Genese 24:17-19.
Rebeka ha a a ka a tshella dikamele tseo metsinyana feela, empa o ile a di tshella metsi a lekaneng hore di kgotsofale. Kamele e le nngwe e nyorilweng e ka nwa dilithara tse fetang 95 tsa metsi! Haeba dikamele tseo tse leshome di ne di nyorilwe kaofela, Rebeka o ne a tla lokela ho qeta dihora tse ngata a ntse a di kgella metsi. Le ha ho le jwalo, ha ho bonahale eka di ne di nyorilwe haholo. Empa na Rebeka o ne a tseba seo? Tjhe. O ne a ikemiseditse ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa monnamoholo eo. Le yena o ile a amohela thuso ya Rebeka. O ne a shebile Rebeka ka hloko ha a ntse a ya hodimo le tlase a tshela metsi ka senwelong.—Genese 24:20, 21.
wp16.3 13, ftn.
“Ke Ikemiseditse ho Tsamaya”
Letsatsi le ne le se le diketse. Tlaleho ena ha e bue ka hore Rebeka o ile a qeta dihora tse ngata a le sedibeng. Hape ha e bolele hore Rebeka o ile a fihla habo ba se ba robetse kapa hore ho ile ha tla motho ya tlo sheba hore na o diehisitswe keng.
(Genese 24:65) Jwale a re ho mohlanka: “Monna elwa ya tsamayang tshimong ho tla re kgahlanyetsa ke mang?” mme mohlanka a re: “Ke monga ka.” Yaba o nka lesela le rwalwang hloohong wa ikgurumetsa.
wp16.3 15 ¶3
“Ke Ikemiseditse ho Tsamaya”
Qetellong, ho ile ha fihla letsatsi leo re buileng ka lona qalong ya sehlooho sena. Ha ba kena naheng ya Negebe letsatsi le ne le se le dikela mme Rebeka a bona monna a ntse a tsamaya tshimong. Ho ne ho bonahala eka o ntse a nahana. Bibele e re: ‘A theoha kameleng’ mohlomong le pele e kgumama, yaba o re ho monnamoholo: “Monna elwa ya tsamayang tshimong ho tla re kgahlanyetsa ke mang?” Ha a utlwa hore ke Isaka, a ikwahela ka lesela hloohong. (Genese 24:62-65) Hobaneng? O ne a bontsha hore o hlompha monna ya tlo mo nyala. Batho ba ka nna ba re ho bontsha tlhompho ka tsela eo ho tswile fesheneng. Empa banna le basadi ba ka ithuta ho ikokobetsa ho Rebeka, hobane kaofela ha rona re lokela ho ba le boikokobetso.
Mmalo wa Bibele
(Genese 24:1-21) Jwale Abrahama o ne a tsofetse, a ile dilemong; mme Jehova o ne a hlohonolofaditse Abrahama nthong e nngwe le e nngwe. 2 Ka hoo Abrahama a re ho mohlanka wa hae, e moholo ho ba ntlo ya hae, eo e neng e le motsamaisi wa sohle seo a nang le sona: “Ka kopo, beha letsoho la hao tlasa serope sa ka, 3 Ka ha ke tla o hlapantsha ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke dulang hara bona, 4 empa o tla ya naheng ya heso le ho beng ka nna, mme ka sebele o nkele mora wa ka Isaka mosadi.” 5 Le ha ho le jwalo, mohlanka a re ho yena: “Ho thweng haeba mosadi eo a sa lakatse ho tla le nna naheng ena? Na ke tiise hore ke kgutlisetsa mora wa hao naheng eo o tlohileng ho yona?” 6 Yaba Abrahama o re ho yena: “Itebele hore o se ke wa kgutlisetsa mora wa ka moo. 7 Jehova Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng ntlong ya Ntate le naheng ya beng ka nna le ya buileng le nna le ya ntlhapanyeditseng, a re, ‘Ke tla fa peo ya hao naha ena,’ o tla romela lengeloi la hae hore le o etelle pele, mme ka sebele o tla nkela mora wa ka mosadi moo. 8 Empa haeba mosadi eo a sa lakatse ho tla le wena, le wena o tla be o lokolohile kanong ena eo o nketseditseng yona. O mpe o se ke wa kgutlisetsa mora wa ka moo.” 9 Yaba mohlanka o beha letsoho la hae tlasa serope sa monga hae Abrahama mme o mo hlapanyetsa malebana le taba ena. 10 Ka hoo mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae yaba o tsamaya a nkile ntho e ntle ya mofuta o mong le o mong ya monga hae letsohong. Jwale a tloha a ya Mesopotamia motseng wa Nakore. 11 Qetellong a etsa hore dikamele di kgumame ka ntle ho motse sedibeng sa metsi hoo e ka bang mantsiboya, hoo e ka bang ka nako eo basadi ba kgang metsi ba tlwaetseng ho tswa ka yona. 12 Yaba o tswela pele ho re: “Jehova Modimo wa monga ka Abrahama, ka kopo, etsa hore ho etsahale ka pela ka letsatsing lena, mme o etse monga ka Abrahama ka mosa o lerato. 13 Bona! ke eme sedibeng sa metsi, mme baradi ba banna ba motse ona ba tswa ho tla kga metsi. 14 Morwetsana eo ke tla re ho yena, ‘Ka kopo, theola nkgo ya hao ya metsi e le hore ke nwe,’ mme ebe ruri o re, ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ enwa ke yena eo o tla mo abela mohlanka wa hao, Isaka; etsa hore ke tsebe ka sena hore o sebedisitse lerato le tshepahalang ho monga ka.” 15 Jwale, eitse pele a qeta ho bua, bonang! Rebeka a tswa, ya tswaletsweng Bethuele mora wa Milka mosadi wa Nakore, morabo Abrahama, mme nkgo ya hae ya metsi e ne e le lehetleng la hae. 16 Jwale morwetsana enwa o ne a e na le ponahalo e kgahlehang, e le morwetsana, mme ho ne ho se monna ya kileng a kopanela diphate le yena; yaba o theohela sedibeng mme o qala ho tlatsa nkgo ya hae ya metsi a ntano nyoloha. 17 Hanghang mohlanka a matha ho ya mo kgahlanyetsa mme a re: “Ka kopo, mphe metsinyana ka nkgong ya hao.” 18 Yaba o re: “Nwa, morena ka.” Ka potlako a theola nkgo ya hae ya metsi a e tshwara ka letsoho mme a mo fa se nowang. 19 Ha a qeta ho mo fa se nowang, jwale a re: “Le dikamele tsa hao ke tla di kgella metsi ho fihlela di qetile ho nwa.” 20 Ka hoo ka potlako a tshollela nkgo ya hae ka senwelong yaba o matha ka makgetlo a mangata ho ya kga metsi, mme a kgella dikamele tsohle tsa hae. 21 Ka nako ena yohle monna enwa o ne a ntse a mo tadimisisa ka ho makala, a kgutsitse hore a tsebe hore na ebe Jehova o atlehisitse leeto la hae kapa tjhe.
16-22 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 25-26
“Esau o ile a Fana ka Tokelo ya Hae Jwalo ka Letsibolo”
(Genese 25:27, 28) Bashanyana ba hola, mme Esau ya eba monna ya tsebang ho tsoma, monna wa naheng, empa Jakobo ya e-ba monna ya sa tshwauweng phoso, ya dulang ditenteng. 28 Isaka o ne a rata Esau, hobane ho ne ho bolela hore ho tla ba le nama ya phoofolo e tsonngweng ka hanong la hae, athe Rebeka o ne a rata Jakobo.
it-1-E 1242
Jakobo
Esau ya neng a ratwa ke ntate wa hae e ne e le setsomi se hlaha mme o ne a fapane le Jakobo eo Bibele e reng e ne e le “monna ya sa tshwauweng phoso [Heb., tam], ya dulang ditenteng.” Jakobo e ne e le modisa hape a etsa mesebetsi ya lapeng mme Mme wa hae o ne a mo rata. (Ge 25:27, 28) Lentswe lena la Seheberu e leng tam le sebedisitswe ditemaneng tse ding bakeng sa ho hlalosa batho bao Modimo a ba amohelang. Ka mohlala Bibele e re, “batho ba nyoretsweng madi ba hloya mang kapa mang ya sa tshwauweng phoso,” empa Jehova o fana ka kgodiseho ya hore “bokamoso ba motho [ya sa tshwauweng phoso] bo tla ba le kgotso.” (Lipr 29:10; Pes 37:37) Jobo ya tshepahalang e ne e le monna ya ‘sa tshwauweng phoso [Heb., tam] a bile a lokile.’—Jobo 1:1, 8; 2:3.
(Genese 25:29, 30) Ka nako e nngwe Jakobo o ne a phehile setjhu, ha Esau a fihla a tswa naheng mme a kgathetse. 30 Ka hoo Esau a re ho Jakobo: “Ka kopo, potlaka o mphe ke je bofubelu, bofubelu boo, etswe ke kgathetse!” Ke ka lebaka leo a rehilweng lebitso la Edomo.
(Genese 25:31-34) Yaba Jakobo o re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ya hao jwalo ka letsibolo!” 32 Yaba Esau o tswela pele: “Bona! ke tlilo shwa, mme tokelo ya tswalo e na le molemo ofe ho nna?” 33 Yaba Jakobo o a eketsa: “Pele ho tsohle, ntlhapanyetse!” Yaba o a mo hlapanyetsa mme o rekisetsa Jakobo tokelo ya hae jwalo ka letsibolo. 34 Jakobo a fa Esau bohobe le setjhu sa lensisi, yaba o a ja o a nwa. Jwale a ema mme a tsamaya. Ka hoo Esau a nyedisa tokelo ya tswalo.
Ke Hobaneng ha o Lokela ho ba Motho ya Ananelang?
11 Ka maswabi, batho ba bang bao Bibele e buang ka bona ba ile ba hloleha ho bontsha kananelo. Ka mohlala, le hoja Esau a hodisitswe ke batswadi ba neng ba rata Jehova ba bile ba mo hlompha, o ile a hloleha ho bontsha kananelo bakeng sa dintho tse halalelang. (Bala Baheberu 12:16.) Ebe boikutlo boo ba hae ba ho hloka kananelo bo ile ba totobala jwang? Ka lepotlapotla Esau o ile a rekisetsa moena wa hae Jakobo tokelo ya hae ya ho ba letsibolo ka lebaka la sekotlolwana feela sa setjhu. (Gen. 25:30-34) Yaba ha morao o ikwahlaela kgetho eo a e entseng. Empa ka ha o ne a hlolehile ho bontsha kananelo, o ne a se na lebaka la ho tletleba ha a sa fumane ditlhohonolofatso tse neng di tshwanela ho fuwa letsibolo.
it-1-E 835
Letsibolo
Mehleng ya pele mora wa letsibolo o ne a e na le boemo bo hlomphehang ka lapeng mme ke yena eo e neng e eba hlooho ya lelapa ha ntate a hlokahala. O ne a fumana lefa le habedi la ntate wa hae. (De 21:17) Rubene o ne a dutse pela Josefa dijong ho ya ka tokelo ya hae jwalo ka letsibolo. (Ge 43:33) Empa ha se ka mehla Bibele e tlotlang mora wa letsibolo ka ho thathamisa bara ho ya ka nako eo ba hlahileng ka yona. Hangata mora ya tsebalahalang haholo kapa ya tshepahalang ke yena ya bolelwang pele ho e na le hore ho bolelwe letsibolo.—Ge 6:10; 1Likr 1:28; bapisa le Ge 11:26, 32; 12:4; sheba BIRTHRIGHT; INHERITANCE.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 25:31-34) Yaba Jakobo o re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ya hao jwalo ka letsibolo!” 32 Yaba Esau o tswela pele: “Bona! ke tlilo shwa, mme tokelo ya tswalo e na le molemo ofe ho nna?” 33 Yaba Jakobo wa eketsa: “Pele ho tsohle, ntlhapanyetse!” Yaba wa mo hlapanyetsa mme o rekisetsa Jakobo tokelo ya hae jwalo ka letsibolo. 34 Jakobo a fa Esau bohobe le setjhu sa lensisi, yaba wa ja wa nwa. Jwale a ema mme a tsamaya. Ka hoo Esau a nyedisa tokelo ya tswalo.
(Baheberu 12:16) e le hore ho se ke ha eba le sehlola kapa le ha e le mang ya sa ananeleng dintho tse halalelang, jwalo ka Esau, ya ileng a fana ka ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Jwale a re kgutleleng Lengolong la Baheberu 12:16, le reng: “Ho se ke ha e ba le sehlola kapa le ha e le mang ya sa ananeleng dintho tse halalelang, jwalo ka Esau, ya ileng a fana ka ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Ho ne ho hatiswa ntlha efe lengolong lee?
Mona moapostola Pauluse o ne a sa bue ka leloko la Mesia. O ne a sa tswa kgothalletsa Bakreste hore ba ‘otlolle ditsela bakeng sa maoto a bona.’ Ka ho etsa jwalo, ba ne ba tla fumana ‘mosa o sa tshwanelang wa Modimo.’ Empa haeba ba etsa boitshwaro bo bobe, ba ne ba ke ke ba fumana mosa oo. (Baheb. 12:12-16) Haeba Bakreste ba ne ba sa mamele keletso ya Pauluse, ba ne ba tla tshwana le Esau. Ha a a ka a ‘ananela dintho tse halalelang,’ empa o ile a fana ka tsona bakeng sa ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae.
Ka ha Esau e ne e le letsibolo, ho ka etsahala hore ka dinako tse ding o ne a fuwa tokelo ya ho fana ka mahlabelo. (Gen. 8:20, 21; 12:7, 8; Jobo 1:4, 5) Empa kaha o ne a sa nke kamano ya hae le Modimo e le ya bohlokwa, o ile a lahla ditokelo tseo kaofela bakeng sa setjhu. Ho ka etsahala hore o ne a batla ho qoba dintho tse bohloko tseo ho ileng ha bolelwa esale pele hore di tla hlahela bana ba Abrahama. (Gen. 15:13) Esau o ile a boela a nyala basadi ba babedi bao e neng e se Baiseraele, mme seo sa utlwisa batswadi ba hae bohloko. (Gen. 26:34, 35) Esau o ne a sa tshwane le Jakobo, ya ileng a nyala morapedi wa Modimo wa nnete!—Gen. 28:6, 7; 29:10-12, 18.
(Genese 26:7) Jwale, banna ba sebaka seo ba nna ba botsa ka mosadi wa hae, mme o ne a re: “Ke kgaitsedi ya ka.” Ka ha o ne a tshaba hore a re “Ke mosadi wa ka” esere, ho qotsa mantswe a hae, “banna ba sebaka sena ba mpolaya ka lebaka la Rebeka,” hobane o ne a e na le ponahalo e kgahlehang.
it-2-E 245 ¶6
Leshano
Le hoja Bibele e nyatsa leshano le kotsi, sena ha se bolele hore motho o lokela ho fana ka dintlha tsa nnete ho batho bao di sa ba tshwaneleng. Jesu Kreste o ile a re: “Le se ke la fa dintja se halalelang, kapa la lahlela diperela tsa lona ka pela dikolobe, e le hore le ka mohla di se ke tsa di hatakela ka maoto yaba di a reteleha mme di a le rusolla.” (Mat 7:6) Ke ka hoo maemong a mang Jesu a sa ka a fana ka dintlha tse felletseng kapa a araba dipotso tse itseng ka ho toba haeba ho etsa jwalo ho ne ho ka ntsha yena le barutuwa ba hae kotsi ho sa hlokahale. (Mat 15:1-6; 21:23-27; Joh 7:3-10) Ka hoo, taba ya hore Abrahama, Isaka, Rahaba le Elisha ha ba a a ka ba fana ka dintlha tse felletseng ho batho ba neng ba sa rapele Jehova e lokela ho tadinngwa ka tsela e tshwanang.—Ge 12:10-19; kgao 20; 26:1-10; Jos 2:1-6; Jak 2:25; 2Ma 6:11-23.
Mmalo wa Bibele
(Genese 26:1-18) Jwale ha eba le tlala naheng, ntle ho tlala ya pele e bileng teng matsatsing a Abrahama, hoo Isaka a ileng a leba Gerare ho Abimeleke, morena wa Bafilista. 2 Jwale Jehova a hlaha ho yena mme a re: “O se ke wa theohela Egepeta. Dula ka nakwana naheng eo ke o bontshang yona. 3 Dula o le mojaki naheng ena, mme ke tla ba le wena ke o hlohonolofatse, hobane ke tla fa wena le peo ya hao dinaha tsena kaofela, mme ke tla phetha polelo e hlapanyeditsweng eo ke e hlapanyeditseng ntatao Abrahama, 4 ‘Ke tla atisa peo ya hao jwalo ka dinaledi tsa mahodimo mme ke tla fa peo ya hao dinaha tsena tsohle; ka sebele ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa ka peo ya hao,’ 5 hobane Abrahama o ile a mamela lentswe la ka mme a tswela pele ho boloka tlamo ya hae ho nna, ditaelo tsa ka, ditaelo tsa ka tse hlomamisitsweng, le melao ya ka.” 6 Ka hoo Isaka a tswela pele ho dula Gerare. 7 Jwale, banna ba sebaka seo ba nna ba botsa ka mosadi wa hae, mme o ne a re: “Ke kgaitsedi ya ka.” Ka ha o ne a tshaba hore a re “Ke mosadi wa ka” esere, ho qotsa mantswe a hae, “banna ba sebaka sena ba mpolaya ka lebaka la Rebeka,” hobane o ne a e na le ponahalo e kgahlehang. 8 Ka hoo eitse ha matsatsi a hae moo a ata, Abimeleke morena wa Bafilista, o ne a shebile ka fensetere a tadimile, mme a bona Isaka a ithabisa le mosadi wa hae Rebeka. 9 Hanghang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Ke mosadi wa hao! Ka hoo ho tla jwang hore ebe o itse, ‘Ke kgaitsedi ya ka’?” Yaba Isaka o re ho yena: “Ke ho boletse esere ka shwa ka lebaka la hae.” 10 Empa Abimileke a tswela pele: “O re entseng? Ho setse hanyenyane mme ka sebele e mong wa batho a ka be a robetse le mosadi wa hao, mme o ka be o re tliseditse molato!” 11 Jwale Abimeleke a laela batho bohle, a re: “Motho le ha e le mang ya amang monna enwa le mosadi wa hae ruri o tla bolawa!” 12 Ka mora moo Isaka a qala ho jala peo naheng eo, mme selemong seo a fumana ditekanyo tse fihlang lekgolong ho e le nngwe, Ka ha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa. 13 Tumellanong le hoo monna enwa a ba moholo mme a nna a tswela pele ho hola ho fihlela a eba moholo haholo. 14 A ba le mehlape ya dinku le mehlape ya dikgomo le sehlopha se seholo sa bahlanka, hoo Bafilista ba ileng ba qala ho mo honohela. 15 Ha e le didiba tsohle tseo bahlanka ba ntatae ba di tjhekileng matsatsing a ntatae Abrahama, Bafilista ba di thiba mme ba di tlatsa ka mobu o omileng. 16 Qetellong Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha tikolohong ya rona, hobane o fetohile ya matla haholo ho re feta.” 17 Ka hoo Isaka a tloha moo yaba o hloma diahelo phuleng ya molapo o phoroselang ya Gerare mme o dula teng. 18 Isaka a boela a tjheka didiba tsa metsi tseo ba ileng ba di tjheka matsatsing a ntatae Abrahama empa tseo Bafilista ba ileng ba di thiba ka mora lefu la Abrahama; a boela a di bitsa ka mabitso ao ntatae a neng a di rehile wona.
23-29 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 27-28
“Jakobo o Fumana Tlhohonolofatso e mo Loketseng”
(Genese 27:6-10) Rebeka a re ho mora wa hae Jakobo: “Ke utlwile ntatao a bua le moreno Esau, a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngweng mme o nketsetse dijo tse hlabosang mme ke je, e le hore nka o hlohonolofatsa ka pela Jehova pele ho lefu la ka.’ 8 Jwale, mora wa ka, mamela lentswe la ka ho seo ke o laelang sona. 9 Ka kopo eya mohlapeng mme o ntlele le dipotsanyane tse pedi, tse ntle, e le hore ke phehele ntatao dijo tse hlabosang tseo a di ratang. 10 Jwale o di ise ho ntatao mme o tla di ja, e le hore a ka o hlohonolofatsa pele ho lefu la hae.”
w04 4/15 11 ¶4-5
Rebeka Mosadi ya Neng a le Mafolofolo a Bile a Tshaba Modimo
Bibele ha e bolele hore na ebe Isaka o a tseba hore Esau o lokela ho sebeletsa Jakobo. Le ha ho le jwalo, Rebeka le Jakobo ba a tseba hore o lokela ho hlohonolofatswa. Rebeka o tlola matjato ha a utlwa hore Isaka o rera ho hlohonolofatsa Esau ha a isetsa ntatae dijo tse nang le nama ya phoofolo e tsonngweng. O ntse a e na le boikemisetso le tjheseho tseo a neng a e na le tsona ha a ne a sa le motjha. O ‘laela’ Jakobo hore a mo tlisetse dipotsanyane tse pedi. O ilo phehela monna wa hae dijo tseo a di ratang haholo. Jwale Jakobo o lokela ho iketsa eka ke Esau e le hore a fumane tlhohonolofatso. Jakobo o hana ho etsa sena. O nahana hore ntatae o tla hlokomela leqheka lena ebe wa mo rohaka! Rebeka o a phehella. O re: “Bomadimabe bo reretsweng wena bo be hodima ka, mora wa ka.” Jwale o pheha dijo, o etsa hore Jakobo a ikgakanye eka ke Esau, mme o mo romela ho monna wa hae.—Genese 27:1-17.
Ha ho a bolelwa hore na ke hobaneng ha Rebeka a etsa sena. Ba bangata ba nyatsa seo Rebeka a se entseng, empa Bibele ha e se nyatse, le Isaka ha a a ka a se nyatsa ka mora hore a hlokomele hore Jakobo o fumane tlhohonolofatso. Ho e na le hoo, Isaka o a se tiisa. (Genese 27:29; 28:3, 4) Rebeka o tseba seo Jehova a se boletseng esale pele ka bara ba hae. Ka hoo o nka mehato ya ho tiisa hore Jakobo o fumana tlhohonolofatso e mo loketseng. Ka ho hlakileng, sena se tumellanong le thato ya Jehova.—Baroma 9:6-13.
(Genese 27:18, 19) Ka hoo a kena ho ntatae mme a re: “Ntate!” yaba yena o re: “Ke nna enwa! O mang, mora wa ka?” 19 Jakobo a tswela pele ho re ho ntatae: “Ke nna Esau letsibolo la hao. Ke entse feela jwalo ka ha o mpoleletse. Ka kopo tsoha. Dula fatshe mme o je phoofolo e tsonngweng ke nna, e le hore moya wa hao o ka ntlhohonolofatsa.”
w07 10/1 31 ¶2-3
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Bibele ha e re bolelle ka botlalo hore na ke hobaneng ha Rebeka le Jakobo ba ile ba etsa sena, le ha ho le jwalo, ya re bolella hore taba ena e etsahetse ka tshohanyetso. Re lokela ho hlokomela hore Lentswe la Modimo ha le re seo Rebeka le Jakobo ba se entseng se nepahetse le teng ha le re se fosahetse, ka hoo ketsahalo ena ha e behe mohlala wa ho bua leshano kapa wa ho qhekella. Le ha ho le jwalo, Bibele e re beha leseding ka taba ena.
Taba ya pele, tlaleho eo ya hlakisa hore Jakobo o ne a e na le tokelo ya ho hlohonolofatswa ke ntate wa hae, Esau yena o ne a se na yona. Pejana, Jakobo o ne a ile a reka ka molao tokelo ya tswalo ho lefahla labo le se nang kananelo, le ileng la mo rekisetsa yona ka dijo hore le lwantshe lephako. Esau o ile “a nyedisa tokelo ya tswalo.” (Genese 25:29-34) Ka lebaka leo, ha a ne a eya ho ntate wa hae, Jakobo o ne a batla tlhohonolofatso eo e neng e le ya hae ka molao.
(Genese 27:27-29) Ka hoo a atamela a mo aka, mme a fofonela monko wa diaparo tsa hae. Yaba o a mo hlohonolofatsa o re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwalo ka monko wa naha e hlohonolofaditsweng ke Jehova. 28 E se eka Modimo wa nnete a ka o fa phoka ya mahodimo le mobu o nonneng wa lefatshe le dijothollo tse ngata le veine e ntjha. 29 Batho ba ke ba o sebeletse mme ditjhaba di ke di o inamele. Eba monghadi wa barabeno, mme bara ba mmao ba o inamele. Ho rohakwe e mong le e mong wa ba o rohakang, mme ho hlohonolofatswe e mong le e mong wa ba o hlohonolofatsang.”
it-1-E 341 ¶6
Tlhohonolofatso
Mehleng ya bapatriareka, hangata ntate o ne a hlohonolofatsa bara ba hae nakwana pele a hlokahala. Taba ena e ne e le ya bohlokwa haholo mme e nkelwa hodimo. Ka hoo Isaka o ile a hlohonolofatsa Jakobo hobane a nahana hore ke Esau, e leng mora wa letsibolo. Ho e na le hore Isaka a hlohonolofatse Esau, o ile a hlohonolofatsa Jakobo yaba o re a atlehe, mme a kopa Jehova hore a phethahatse tlhohonolofatso eo hobane o ne a se a foufetse a bile a tsofetse. (Ge 27:1-4, 23-29; 28:1, 6; Heb 11:20; 12:16, 17) Ka mora hore Isaka a tsebe hore o hlohonolofaditse Jakobo o ile a tiisa tlhohonolofatso ya hae a ba a e eketsa. (Ge 28:1-4) Pele Jakobo a hlokahala, o ile a qala ka ho hlohonolofatsa bara ba babedi ba Josefa yaba o hlohonolofatsa bara ba hae. (Ge 48:9, 20; 49:1-28; Heb 11:21) Ka ho tshwanang, Moshe o ile a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele pele a hlokahala. (De 33:1) Maemong ana ohle dintho tse ileng tsa etsahala ha morao di bontsha hore dintho tseo ba di buileng e ne e le boprofeta. Maemong a mang, ha motho a ne a hlohonolofatsa motho e mong o ne a beha letsoho hloohong ya motho eo a mo hlohonolofatsang.—Ge 48:13, 14.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 27:46–28:2) Ka mora moo Rebeka a nna a re ho Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la baradi ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo a ka nka mosadi ho baradi ba Hethe jwalo ka bana ba tswang hara baradi ba naha, bophelo bo na le molemo wa eng ho nna?”
28 Tumellanong le hoo Isaka a bitsa Jakobo mme a mo hlohonolofatsa yaba o a mo laela o re ho yena: “O se ke wa nka mosadi ho baradi ba Kanana. 2 Tloha, o ye Padane-arame ntlong ya Bethuele ntata mmao mme moo o inkele mosadi ho baradi ba malomao Labane.
w06 4/15 6 ¶3-4
Dintho Tse ka o Thusang ho Buisana le Molekane wa Hao
Na Isaka le Rebeka ba ile ba eba le tsebo e ntle ya ho buisana? Ka mora hore mora bona Esau a nyale baradi ba babedi ba Hethe, ho ile ha hlaha bothata bo boholo ka lapeng. Rebeka “a nna a re ho” Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la baradi ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo [mora bona e monyenyane] a ka nka mosadi ho baradi ba Hethe . . . , bophelo bo na le molemo wa eng ho nna?” (Genese 26:34; 27:46) Ho totobetse hore o ile a bua ka ho hlaka ka seo a neng a amehile ka sona, a sa hlathe kwana le kwana.
Isaka o ile a laela Jakobo, morabo Esau wa lefahla hore a se ke a inkela mosadi ho baradi ba Kanana. (Genese 28:1, 2) Rebeka o ne a hlakisitse maikutlo a hae. Banyalani bana ba ne ba buisane ka tsela e atlehang ka taba ya lelapa e neng e ka nna ya kgopisa molekane e mong, ka hoo ba re behela mohlala kajeno. Le ha ho le jwalo, ho thweng haeba balekane ba lenyalo ba sa dumellane? Ke eng seo ba ka se etsang?
(Genese 28:12, 13) A qala ho lora, mme, bonang! ho ne ho e na le lere e emeng lefatsheng tlhoro ya yona e fihla mahodimong; mme, bonang! ho ne ho e na le mangeloi a Modimo a ntseng a nyoloha mme a theoha ka yona. 13 Bonang! Jehova o ne a eme hodima yona, yaba o re: “Ke nna Jehova Modimo wa ntatao Abrahama le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e fa wena le peo ya hao.
w04 1/15 28 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Genese—II
28:12, 13—Toro ya Jakobo ya “lere” e ne e bontsha eng ya bohlokwa? “Lere” ena, eo e ka nnang yaba e ne e shebahala jwalo ka ditepisi tsa majwe tse nyolohelang hodimo, e ne e bontsha hore ho na le puisano pakeng tsa lefatshe le lehodimo. Ho ya hodimo le tlaase ha mangeloi a Modimo ka lere ho ne ho bontsha hore mangeloi a sebeletsa ka tsela e itseng ya bohlokwa pakeng tsa Jehova le batho bao a ba amohelang.—Johanne 1:51.
Mmalo wa Bibele
(Genese 27:1-23) Jwale eitse ha Isaka a tsofetse le mahlo a hae a fifetse hoo a sa boneng a bitsa Esau mora wa hae e moholo mme a re ho yena: “Mora wa ka!” yaba o re ho yena: “Ke nna enwa!” 2 Yaba o tswela pele ho re: “Bona! jwale ke tsofetse. Ha ke tsebe letsatsi la lefu la ka. 3 Ka hoo lekgetlong lena, ka kopo, nka disebediswa tsa hao, kgohlopo ya hao le seqha sa hao, mme o ye naheng o ntsomele phoofolo. 4 Jwale o nketsetse dijo tse hlabosang tseo ke di ratang mme o di tlise ho nna, ke je, e le hore moya wa ka o ka o hlohonolofatsa pele ke shwa.” 5 Le ha ho le jwalo, Rebeka o ne a mametse ha Isaka a bua le mora wa hae Esau. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo mme a e tlisa. 6 Rebeka a re ho mora wa hae Jakobo: “Ke utlwile ntatao a bua le moreno Esau, a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngweng mme o nketsetse dijo tse hlabosang mme ke je, e le hore nka o hlohonolofatsa ka pela Jehova pele ho lefu la ka.’ 8 Jwale, mora wa ka, mamela lentswe la ka ho seo ke o laelang sona. 9 Ka kopo eya mohlapeng mme o ntlele le dipotsanyane tse pedi, tse ntle, e le hore ke phehele ntatao dijo tse hlabosang tseo a di ratang. 10 Jwale o di ise ho ntatao mme o tla di ja, e le hore a ka o hlohonolofatsa pele ho lefu la hae.” 11 Yaba Jakobo o re ho mmae Rebeka: “Empa moreso Esau ke monna ya mohwete mme nna ke monna ya lehwete. 12 Ho thweng haeba Ntate a mphopholetsa? Jwale ka sebele mahlong a hae ke tla tshwana le ya somang, mme ka sebele ke tla itlisetsa bomadimabe eseng tlhohonolofatso.” 13 Yaba mmae o re ho yena: “Bomadimabe bo reretsweng wena bo be hodima ka, mora wa ka. O mpe o mamele lentswe la ka mme o tsamaye, o ntlisetse tsona.” 14 Tumellanong le hoo a tsamaya yaba wa di nka o di tlisa ho mmae, yaba mmae o pheha dijo tse hlabosang tseo ntatae a di ratang. 15 Ka mora moo Rebeka a nka diaparo tsa mora wa hae e moholo Esau, tse kgahlehang ka ho fetisisa tseo a nang le tsona ka tlung, a di apesa mora wa hae e monyenyane Jakobo. 16 A beha matlalo a dipotsanyane matsohong a hae le karolong e lehwete ya molala wa hae. 17 Jwale dijo tse hlabosang le bohobe boo a bo entseng a fana ka tsona letsohong la mora wa hae Jakobo. 18 Ka hoo a kena ho ntatae mme a re: “Ntate!” yaba yena o re: “Ke nna enwa! O mang, mora wa ka?” 19 Jakobo a tswela pele ho re ho ntatae: “Ke nna Esau letsibolo la hao. Ke entse feela jwalo ka ha o mpoleletse. Ka kopo tsoha. Dula fatshe mme o je phoofolo e tsonngweng ke nna, e le hore moya wa hao o ka ntlhohonolofatsa.” 20 Yaba Isaka o re ho mora wa hae: “Ho tla jwang hore ebe o e fumane kapele hakaale, mora wa ka?” Yaba o re: “Hobane Jehova Modimo wa hao o entse hore e kopane le nna.” 21 Jwale Isaka a re ho Jakobo: “Ka kopo, atamela e le hore ke o phopholetse, mora wa ka, e le hore ke tsebe hore na ka sebele o mora wa ka Esau kapa tjhe.” 22 Ka hoo Jakobo a atamela ntatae Isaka, mme a qala ho mo phopholetsa, ka mora moo a re: “Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.” 23 Mme ha a a ka a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a le mohwete jwalo ka matsoho a Esau morabo. Ka hoo a mo hlohonolofatsa.
30 MARCH–5 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 29-30
“Jakabo o a Nyala”
(Genese 29:18-20) Jakobo o ne a rata Ragele. Ka hoo a re: “Ke ikemiseditse ho o sebeletsa ka dilemo tse supileng bakeng sa moradi wa hao e monyenyane Ragele.” 19 Yaba Labane o re: “Ho molemo hore ke o fe yena ho e na le hore ke mo fe monna e mong. Tswela pele o dula le nna.” 20 Yaba Jakobo o sebeletsa Ragele ka dilemo tse supileng, empa mahlong a hae tsa eba jwalo ka matsatsi a seng makae ka lebaka la lerato la hae ho yena.
w03 10/15 29 ¶6
Jakobo o ne a Ananela Kamano ya Hae le Modimo
Tshepisano ya lenyalo e ne e tiiswa ka hore ho lefuwe bohadi ho ba habo morwetsana. Ha morao Molao wa Moshe o ile wa beha sekepele sa dishekele tse 50 tsa silevera e le tefello bakeng sa barwetsana ba ileng ba ekwa. Gordon Wenham wa setsebi o dumela hore bona e ne e le “bohadi bo phahameng ka ho fetisisa” empa hangata bo ne bo eba “ka tlase haholo” ho moo. (Deuteronoma 22:28, 29) Jakobo o ne a ke ke a kgona ho bo lefa. O ile a ithaopela ho sebeletsa Labane ka dilemo tse supileng. Wenham o tswela pele ho re: “Ka ha basebetsi ba nakwana mehleng ya Babylona ya boholoholo ba ne ba amohela pakeng tsa halofo ya shekele le shekele e le nngwe ka kgwedi (ho tloha ho dishekele tse 42 ho ya ho tse 84 ka dilemo tse feletseng tse supileng), Jakobo o ne a ithaopela ho lefa Labane bohadi bo bongata haholo bakeng sa ho nyala Ragele.” Labane o ile a dumela kapele.—Genese 29:19.
(Genese 29:21-26) Jwale Jakobo a re ho Labane: “Nnehe mosadi wa ka, hobane matsatsi a ka a phethehile, mme ke kopanele diphate le yena.” 22 Yaba Labane o bokella banna bohle ba sebaka seo mme o etsa mokete. 23 Empa yare ka shwalane a nka moradi wa hae Lea mme a mo tlisa ho Jakobo hore a kopanele diphate le yena. 24 Ho feta moo, Labane a mo fa lekgabunyane la hae Zilpa, a le fa moradi wa hae Lea, hore e be lekgabunyane la hae. 25 Ka hoo hoseng, bonang! e ne e le Lea! Ka lebaka leo a re ho Labane: “Ke eng ena eo o nkentseng yona? Na ha ke a o sebeletsa bakeng sa Ragele? Ka hoo ke hobaneng ha o nqhekeletse?” 26 Yaba Labane o re: “Ha ho a tlwaeleha ho etsa ka tsela ena sebakeng sa habo rona, ho fana ka ngwanana e monyenyane pele ho wa letsibolo.
w07 10/1 8-9
Baradi ba Motho ba Mahlomoleng “ba Hahileng Ntlo ya Iseraele”
Na Lea o ile a loha leqheka la ho qhekella Jakobo? Kapa mohlomong o ile a qobelleha ho mamela ntatae? Hona Ragele yena o ne a le hokae? Na o ne a tseba se etsahalang? Haeba ho jwalo, o ile a ikutlwa jwang? Na ntatae e ne e le motho ya bohale hoo a neng a ke ke a etsa se kgahlanong le thato ya hae? Bibele ha e arabele dipotso tsena. Ho sa tsotellehe hore na Lea le Ragele ba ile ba ikutlwa jwang ka leqheka lena, le ile la halefisa Jakobo haholo. Jakobo o ile a phehisana ka mantswe le Labane eseng le baradi ba hae, a re: “Na ha ke a o sebeletsa bakeng sa Ragele? Ka hoo ke hobaneng ha o nqhekeletse?” Labane o ile a araba ka ho reng? “Ha ho a tlwaeleha . . . ho fana ka ngwanana e monyenyane pele ho wa letsibolo. Keteka ka ho feletseng beke ya ngwanana enwa. Ka mora moo o tla fuwa le ngwanana enwa e mong bakeng sa tshebeletso eo o tla ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng.” (Genese 29:25-27) Ka tsela eo Jakobo o ile a qhekellwa hore a kene lenyalong la sethepu le neng le tla baka mona o tshabehang.
it-2-E 341 ¶3
Lenyalo
Mokete. Le hoja ho ne ho se na tsela e tobileng eo mokete wa lenyalo o neng o lokela ho tshwarwa ka yona Iseraele, o ne o tshwarwa ka tsela eo batho ba neng ba ka o thabela. Ka letsatsi la lenyalo, hangata monyaduwa o ne a itlhopha hantle. O ne a itlhatswa mme a itlotsa ka oli e nkgang ha monate. (Bapisa le Ru 3:3; Eze 23:40.) Ka dinako tse ding ho ne ho e na le basadi ba mo thusang ho apara dinyepa (diaparo tse kwahelang matswele) le seaparo se selelele sa ka hodimo se sesweu, seo hangata se neng se kgabiswa ho latela hore na o ruile hakae. (Jer 2:32; Tše 19:7, 8; Pes 45:13, 14) Ha a ne a kgona o ne a ikgabisa ka mabenyane (Esa 49:18; 61:10; Tše 21:2), mme o ne a ikwahela ka lesela le kang lesira le neng le mo kwahela ho tloha hloohong ho fihlela maotong. (Esa 3:19, 23) Sena se bontsha hantle hore na ke hobaneng ha Labane a ile a thetsa Jakobo ha bonolo hakana hore a nyale Lea ho e na le hore a nyale Ragele. (Ge 29:23, 25) Rebeka o ile a ikwahela hloohong ha a ne a tlo kopana le Isaka. (Ge 24:65) Sena se ne se bontsha hore monyaduwa o ikokobelletsa motho ya tlo mo nyala.—1Ko 11:5, 10.
(Genese 29:27, 28) Keteka ka ho feletseng beke ya ngwanana enwa. Ka mora moo o tla fuwa le ngwanana enwa e mong bakeng sa tshebeletso eo o tla ntshebeletsa ka yona ka dilemo tse ding tse supileng.” 28 Tumellanong le hoo Jakobo a etsa jwalo mme a keteka ka ho feletseng beke ya ngwanana enwa, ka mora moo a mo fa moradi wa hae Ragele hore e be mosadi wa hae.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 30:3) Ka hoo a re: “Bilha lekgabunyane la ka ke enwa. Kopanela diphate le yena, hore a belehele mangoleng a ka e le hore nka fumana bana ka yena.”
it-1-E 50
Ho Ikgudisetsa Ngwana eo Eseng wa Hao
Ragele le Lea ba ne ba nka bana bao makgabunyane a bona a ba tswalletseng Jakobo e le bana ba bona, ka ha ba ‘belehetswe mangoleng a bona.’ (Ge 30:3-8, 12, 13, 24) Bana bana ba ne ba fumana lefa ha mmoho le bana ba basadi ba Jakobo. E ne e le bana ba Jakobo ba madi mme ka ha basadi ke bona ba neng ba eba le makgabunyane, Ragele le Lea ba ne ba na le tokelo ya ho hodisa bana bao.
(Genese 30:14, 15) Jwale Rubene o ne a itsamaela e le nakong ya kotulo ya koro yaba o fumana dimandrake tshimong. Ka hoo a di tlisa ho mmae Lea. Jwale Ragele a re ho Lea: “Ka kopo, mphe tse ding tsa dimandrake tsa mora wa hao.” 15 Yaba o re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane hore ebe o nkile monna wa ka, mme jwale o nka dimandrake tsa mora wa ka?” Ka hoo Ragele a re: “Ka lebaka leo o tla robala le wena bosiung bona e le phapanyetsano bakeng sa dimandrake tsa mora wa hao.”
w04 1/15 28 ¶7
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Genese—II
30:14, 15—Ke hobaneng ha Ragele a ile a itima monyetla wa hore a ime ka lebaka la dimandrake? Mehleng ya boholoholo, ditholwana tsa mandrake di ne di sebediswa e le sethethefatsi ebile e le mokgwa wa ho thibela kapa wa ho phekola ho honyela ho sa tlwaelehang ha mesifa. Ho ne ho boetse ho dumelwa hore tholwana ena ke pitsa ya ho tsosa takatso, ya pelehi kapa ya ho emola. (Sefela sa Lifela 7:13) Le hoja Bibele e sa bolele hore na Ragele o entse sena ka morero ofe, mohlomong o ne a nahanne hore dimandrake di tla mo thusa hore a emole mme a itlose sekgobo sa ho ba nyopa. Le ha ho le jwalo, ho ile ha feta dilemo tse itseng pele Jehova ‘a bula popelo ya hae.’—Genese 30:22-24.
Mmalo wa Bibele
(Genese 30:1-21) Ha Ragele a bona hore ha a a tswalla Jakobo letho, Ragele a honohela moradi wabo mme a qala ho re ho Jakobo: “Mphe bana ho seng jwalo ke tla ba mosadi ya shweleng.” 2 Yaba bohale ba Jakobo bo tukela Ragele mme o re: “Na ke sebakeng sa Modimo, ya o hanetseng ka ditholwana tsa mpa?” 3 Ka hoo a re: “Bilha lekgabunyane la ka ke enwa. Kopanela diphate le yena, hore a belehele mangoleng a ka e le hore nka fumana bana ka yena.” 4 Yaba o mo fa Bilha lekgabunyane la hae hore e be mosadi wa hae, mme Jakobo a kopanela diphate le yena. 5 Jwale Bilha a ima mme ka mora nako a tswalla Jakobo mora. 6 Jwale Ragele a re: “Modimo e bile moahlodi wa ka hape o mametse lentswe la ka, hoo a mphileng mora.” Ke ka lebaka leo a mo rehileng lebitso la Dane. 7 Bilha, lekgabunyane la Ragele, a boela a ima mme ka mora nako a tswalla Jakobo mora wa bobedi. 8 Jwale Ragele a re: “Ke lwanne le moradieso ntwa e boima. Hape ke mo hlotse!” Ka hoo a mo reha lebitso la Nefthadi. 9 Ha Lea a bona hore o kgaoditse ho beleha, a nka Zilpa lekgabunyane la hae a mo fa Jakobo hore e be mosadi wa hae. 10 Ka mora nako Zilpa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora. 11 Jwale Lea a re: “Ka lehlohonolo!” Ka hoo a mo reha lebitso la Gade. 12 Ka mora moo Zilpa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora wa bobedi. 13 Jwale Lea a re: “Ke thabile hakaakang! Etswe ka sebele baradi ba tla phatlalatsa hore ke thabile.” Ka hoo a mo reha lebitso la Ashere. 14 Jwale Rubene o ne a itsamaela e le nakong ya kotulo ya koro yaba o fumana dimandrake tshimong. Ka hoo a di tlisa ho mmae Lea. Jwale Ragele a re ho Lea: “Ka kopo, mphe tse ding tsa dimandrake tsa mora wa hao.” 15 Yaba o re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane hore ebe o nkile monna wa ka, mme jwale o nka dimandrake tsa mora wa ka?” Ka hoo Ragele a re: “Ka lebaka leo o tla robala le wena bosiung bona e le phapanyetsano bakeng sa dimandrake tsa mora wa hao.” 16 Ha Jakobo a tswa tshimong mantsiboya, Lea a mo kgahlanyetsa a ntano re: “O tla kopanela diphate le nna, hobane ke o hirile ka ho toba ka dimandrake tsa mora wa ka.” Tumellanong le hoo a robala le yena bosiung boo. 17 Modimo a utlwa mme a araba Lea yaba wa ima mme ka mora nako o tswalla Jakobo mora wa bohlano. 18 Jwale Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ya ikgirisang, hobane ke file monna wa ka lekgabunyane la ka.” Ka hoo a mo reha lebitso la Isakare. 19 Yaba Lea o boetse wa ima mme ka mora nako o tswalla Jakobo mora wa botshelela. 20 Jwale Lea a re: “Modimo o ntshitsitse, e, nna, ka tshitso e ntle. Qetellong monna wa ka o tla mmamella, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Ka hoo a mo reha lebitso la Zabulone. 21 Ka mora moo a tswala moradi mme jwale a mo reha lebitso la Dina.