MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 42-43
Josefa o Bontsha Boitshwaro
Ako nahane ka bohloko boo Josefa a ileng a bo utlwa ha a kopana le barababo a sa nahana. A ka be a ile a kgetha ho itsebahatsa ho bona hanghang ebe o a ba haka kapa a kgetha ho iphetetsa empa ha a a ka a laolwa ke maikutlo. O tla etsang ha batho ba bang kapa ba lelapa ba o tshwara hampe? Mohlala wa Josefa o re ruta ho ba le boitshwaro le ho kgoba matshwafo ho e na le ho dumella dipelo tsa rona tse bolotsana ho re susumelletsa ho etsa dintho re sa nahana.
O ka etsisa Josefa jwang maemong ao o tobanang le wona?