SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 22
PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?
Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Jwang?
‘Le bontshe botle ba lona ka seo le leng sona pelong hobane ke yona ntho ya bohlokwa.’—1 PET. 3:4.
NTLHAKGOLO
Batho ba ratanang ba ka etsa qeto e nepahetseng jwang, hona batho ba bang ka phuthehong ba ka ba tshehetsa jwang?
1, 2. Batho ba bang ba ikutlwa jwang ka ho ratana?
HA BATHO ba babedi ba ratana eo ke nako e monate le e thabisang haholo. Haeba ho na le motho eo o ratanang le yena hona jwale, ha ho pelaelo hore o batla ho thabela nako ena. Hangata batho ba ratanang ba thabela nako ena. Moradi wa bo rona Tsiona ya dulang Ethiopia o re: “Nako e thabisang ka ho fetisisa eo nkileng ka ba le yona ke ha nna le mohatsaka re ntse re ratana. Re ne re bua ka dintho tsa bohlokwa ebile re qeta nako re tsheha. Ke ne ke thabile ha ke hlokomela hore ke fumane motho ya nthatang jwalo ka ha le nna ke mo rata.”
2 Morabo rona Alessio ya dulang Netherlands yena o re: “Ke ne ke thabela ho tseba mosadi wa ka haholwanyane ha re ntse re ratana empa re ne re boetse re ena le mathata.” Sehloohong sena re tlo bua ka mathata a mang a ka hlahelang batho ba ratanang le melaomotheo e meng e tswang ka Bibeleng e ka ba thusang hore ba atlehe. Re tla boela re bue ka hore na bara le baradi ba bo rona ka phuthehong ba ka thusa batho ba ratanang jwang.
MORERO WA HO RATANA KE OFE?
3. Morero wa ho ratana ke ofe? (Diproverbia 20:25)
3 Le hoja nako eo batho ba ratanang ka yona e le e monate, nako eo ke ya bohlokwa haholo hobane ba ka qetella ba nyalane. Ka letsatsi la lenyalo, monna le mosadi ba ikana ho Jehova hore ba tla ratana le ho hlomphana ha feela ba ntse ba phela. Re lokela ho nahana ka hloko pele re etsa kano le ha e le efe. (Bala Diproverbia 20:25.) Ka ho tshwanang, re lokela ho nahana ka hloko ha re nahana ka ho etsa kano ya lenyalo. Ha batho ba ntse ba ratana, ba tsebana haholwanyane mme ba ka etsa qeto e nepahetseng. Ka dinako tse ding ba ka etsa qeto ya ho nyalana empa ka dinako tse ding ba ka etsa qeto ya hore ba arohane. Haeba ba arohana, sena ha se bolele hore ho na le ntho e phoso eo ba e entseng. Ho ena le hoo, nako eo ba e qetileng ba tsebana e ba thusitse hore ba etse qeto e nepahetseng ya hore na ba tla nyalana kapa tjhe.
4. Ke hobaneng ha re lokela ho tseba hore na morero wa ho ratana ke ofe?
4 Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore batho ba batlang ho ratana ba tsebe hore na morero wa ho ratana ke ofe? Ha motho ya eso nyale a tseba morero wa ho ratana, a ke ke a kgetha ho ratana le motho eo a sa ikemisetsang ho mo nyala. Le ha ho le jwalo, batho ba sa nyalang ha se bona feela ba lokelang ho utlwisisa hore na morero wa ho ratana ke ofe. Kaofela ha rona re lokela ho tseba hore na morero wa ho ratana ke ofe. Ka mohlala, batho ba bang ba nahana hore ha batho ba ratana jwang kapa jwang ba lokela ho nyalana. Taba ee e etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutlwe jwang? Moradi wa bo rona Melissa ya dulang United States ya sa nyalwang o re: “Dipaki tse ding di lebeletse hore ha mora le moradi wa bo rona ba ratana ba nyalane. Ka lebaka leo, batho ba bang ba ratanang ha ba batle ho arohana le hoja dintho di sa tsamaye hantle. Batho ba bang ba sa nyalwang bona ba qoba ho ratana ka ho feletseng. Taba ena e ka etsa hore ba tshwenyehe haholo.”
TSEBANANG HANTLE
5, 6. Ke dintho dife tseo batho ba ratanang ba lokelang ho di bolellana? (1 Petrose 3:4)
5 Haeba ho na le motho eo o ratanang le yena, keng e tla le thusa hore le etse qeto ya hore na le tla nyalana kapa tjhe? Le ka thuswa ke ho tsebana hantle. E ka nna yaba ho na le dintho tse ding tseo o ileng wa di tseba ka motho eo o ratanang le yena pele le qala ho ratana. Empa hona jwale o na le monyetla wa hore o tsebe ‘seo a leng sona pelong.’ (Bala 1 Petrose 3:4.) Taba ena e akareletsa ho tseba hore na kamano ya hae le Jehova e matla hakae, o na le botho bo jwang le hore o nahana jwang. Ha nako e ntse eya, o lokela ho tseba dikarabo tsa dipotso tse kang: ‘Na motho eo e tla ba molekane ya ntoketseng?’ (Diprov. 31:26, 27, 30; Baef. 5:33; 1 Tim. 5:8) ‘Na re a ratana le ho hlokomelana? Na re kgona ho hlokomoloha diphoso tseo re di etsang?’b (Bar. 3:23) Ha le ntse le tsebana, hopola hore ntho ya bohlokwa ha se hore na ke dintho dife tseo le tshwanang ka tsona empa ke hore na le kgona ho mamellana haeba ho ena le dintho tseo le sa tshwaneng ka tsona.
6 Ke dintho dife tse ding tseo o lokelang ho di tseba ka motho eo o ratanang le yena? Pele o ka mo rata haholo, o ka nna wa batla hore le buisane ka dintho tsa bohlokwa tse kang hore na o batla ho finyellang bophelong. Empa ho na le dintho tse ding tseo o ka lokelang ho di tseba tse kang hore na o a kula, na o na le mathata a ditjhelete kapa na ho na le dintho tse bohloko tse mo etsahalletseng nakong e fetileng? Ha se hore le lokela ho buisana ka dintho tsohle ha le qala ho ratana. (Bapisa le Johanne 16:12.) Haeba o utlwa eka ha o eso lokele ho araba dipotso tse ding tseo motho eo o ratanang le yena a o botsang tsona, mo bolelle. Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse e ya o tla lokela ho mo bolella dintho tsena e le hore le ka kgona ho etsa qeto e nepahetseng. Ka hoo, ho na le nako eo le tla lokela ho buisana ka dintho tsena ka bolokolohi.
7. Batho ba ratanang ba ka etsang e le hore ba tsebane hantle? (Sheba lebokose le reng “Ha o Ratana le Motho ya Dulang Hole le Wena.”) (Sheba ditshwantsho.)
7 O ka etsang e le hore o tsebe motho eo o ratanang le yena hantle? Ntho e ka le thusang ke hore le buisane ka bolokolohi, le botsane dipotso mme le mamelane ka hloko. (Diprov. 20:5; Jak. 1:19) Le ka thuswa le ke ho etsa dintho tse tla le thusa hore ho be bonolo hore le qoqe, jwalo ka ho ja ha mmoho, ho otlolla maoto ha mmoho le ho etsa mosebetsi wa boboledi ha mmoho. Le ka boela la tsebana haholwanyane ha le qeta nako le ena le metswalle le ba lelapa. Hape le ka rera ho etsa dintho tse tla le thusa ho bona hore na le itshwara jwang ha le ena le batho ba sa tshwaneng le ha le le maemong a sa tshwaneng. Utlwa hore na Morabo rona Aschwin ya dulang Netherlands o ile a leka ho etsang. Ha a bua ka nako eo a neng a ratana le Moradi wa bo rona Alicia ka yona, o re: “Re ne re etsa dintho tse tla re thusa hore re tsebane haholwanyane. Hangata re ne re etsa dintho tse bonolo tse kang ho pheha dijo ha mmoho kapa ho etsa mesebetsi e meng ha mmoho. Ha re etsa dintho tsena, re ne re kgona ho bona hore na ke makgabane afe ao re nang le ona le hore na ke dintho dife tseo re fokolang ho tsona.”
Haeba wena le motho eo o ratanang le yena le etsa dintho tse tla le thusa hore le qoqe, le tla kgona ho tsebana haholwanyane (Sheba serapa sa 7 le 8)
8. Ke melemo efe eo batho ba ratanang ba ka e fumanang haeba ba ithuta ha mmoho?
8 Tsela e nngwe eo le ka tsebanang haholwanyane ka yona ke ka ho ithuta dihlooho tse thehilweng Bibeleng ha mmoho. Haeba le nyalana, le tla lokela ho etsa borapedi ba lelapa e le hore Modimo e be karolo ya bohlokwa lenyalong la lona. (Moek. 4:12) Ka hoo, mohlomong le ka etsa nako ya ho ithuta ha mmoho hona jwale ha le ntse le ratana. Ke nnete hore batho ba ratanang ha eso be lelapa mme morabo rona ha eso be hlooho ya moradi wa bo rona. Le ha ho le jwalo, ha le dula le ithuta ha mmoho o tla tseba hore na motho eo o ratanang le yena o rata Jehova hakae. Banyalani ba dulang United States e leng Morabo rona Max le Moradi wa bo rona Laysa, ba ile ba hlokomela molemo o mong wa ho etsa sena. Morabo rona Max o re: “Ha re qala ho ratana, re ile ra qala ho bala dingolwa tse buang ka ho ratana, lenyalo le bophelo ba lelapa. Dingolwa tseo di ile tsa re thusa hore re kgone ho buisana ka dintho tse ngata tsa bohlokwa tseo ho ka beng ho bile thata hore re buisane ka tsona.”
DINTHO TSE DING TSEO LE LOKELANG HO NAHANA KA TSONA
9. Ke dintho dife tseo batho ba ratanang ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba etsa qeto ya hore na ba tla bolella bomang hore ba a ratana?
9 Le tla bolella mang hore le a ratana? Ke lona ba lokelang ho iketsetsa qeto. Ha le qala ho ratana le ka nna la kgetha ho bolella batho ba mmalwa feela. (Diprov. 17:27) Ha le etsa jwalo, le ka qoba ho botswa dipotso tse ngata le ho ba tlasa kgatello ya hore le etse qeto ya hore na le tla nyalana kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, haeba ho se na motho eo le mo bolellang le ka qetella le batla ho ba bang hobane le tshaba hore batho ba bang ba tla bona hore le a ratana. Ntho eo e ka ba kotsi. Ka hoo, e ka ba bohlale hore le bolelle batho ba ka le fang dikeletso tse nepahetseng le ba tla le thusa ka ditsela tse ding. (Diprov. 15:22) Ka mohlala, le ka bolella ba malapa a lona, metswalle e nang le boiphihlelo kapa baholo hore le a ratana.
10. Batho ba ratanang ba ka etsang e le hore ba dule ba itshwere hantle? (Diproverbia 22:3)
10 Le ka etsang e le hore le itshware hantle ha le ntse le ratana? Ha le ntse le ratana, maikutlo a lerato a ba matla haholo. Keng e tla le thusa hore le se ke la etsa dintho tse sa thabiseng Jehova? (1 Bakor. 6:18) Qobang ho bua ka thobalano, ho ba bang le ho nwa haholo. (Baef. 5:3) Dintho tsena di ka etsa hore takatso ya lona ya ho etsa thobalano e be matla mme ho be thata hore le etse se nepahetseng. Ho ka ba molemo hore le dule le buisana ka hore na le ka etsang e le hore le dule le itshwere hantle ha le ntse le ratana. (Bala Diproverbia 22:3.) Hlokomela hore na banyalani ba dulang Ethiopia e leng Morabo rona Dawit le Moradi wa bo rona Almaz ba ile ba thuswa ke eng. Ba re: “Re ne re qeta nako ha mmoho re le dibakeng tseo ho nang le batho ba bangata kapa re ena le metswalle e meng ya rona. Ha ho mohla re kileng ra ba bang ka koloing kapa ka tlung. Ka hoo, re ile ra qoba ho ipeha maemong a neng a ka etsa hore re etse boitshwaro bo bobe.”
11. Ke dintho dife tseo batho ba ratanang ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba etsa qeto ya hore na ba tla bontshana lerato jwang?
11 Na batho ba ratanang ba lokela ho bontshana hore ba a ratana? Ha le ntse le ratana haholwanyane, le ka kgetha ho bontshana lerato ka tsela e loketseng. Le ha ho jwalo, haeba le eba le takatso e matla ya ho etsa thobalano ho tla ba thata hore le etse qeto e nepahetseng. (Sefela 1:2; 2:6) Hape ho bontshana lerato ho ka etsa hore le thatafallwe ke ho itshwara hantle ebe le etsa boitshwaro bo bobe. (Diprov. 6:27) Ka hoo, ha le qala feela ho ratana le lokela ho buisana ka hore na ke dintho dife tseo le tla di etsa le tseo le ke keng la di etsa e le hore le ka mamela melaomotheo ya Bibele.c (1 Bathes. 4:3-7) Le lokela ho ipotsa: ‘Batho ba moo re dulang teng ba tla ikutlwa jwang ha ba bona tsela eo re bontshanang lerato ka yona? Na tsela eo re bontshanang lerato ka yona e tla etsa hore re be le takatso ya ho etsa thobalano?’
12. Batho ba ratanang ba lokela ho nahana ka eng ha ba sa dumellane ka dintho?
12 Le lokela ho etsang haeba le sa dumellane ka dintho tse itseng? Haeba ka dinako tse ding le sa dumellane ka dintho tse itseng, na taba eo e bolela hore le lokela ho arohana? Ha ho jwalo hobane batho ba ratanang kaofela ba na le ho se dumellane. Haeba banyalani ba hlomphana ba bile ba ikemiseditse ho mamellana, lenyalo la bona le tla tshwarella le hoja ho ena le dintho tseo ba sa tshwaneng ka tsona. Ka hoo, tsela eo le lokisang dintho ka yona ha le ena le mathata hona jwale e ka bontsha hore na lenyalo la lona le tla atleha kapa tjhe. Le lokela ho ipotsa dipotso tse latelang: ‘Na re kgona ho buisana ka dintho ka tsela e bonolo le e bontshang tlhompho? Na re potlakela ho amohela ha re entse phoso le ho leka ho ntlafatsa? Na re a ikokobetsa, re kope tshwarelo le ho tshwarelana?’ (Baef. 4:31, 32) Le ha ho le jwalo, haeba le dula le sa dumellane ka dintho kapa le ngangisana ha le ntse le ratana, ho ka etsahala hore le ntse le tla etsa ntho e tshwanang ha le se le nyalane. Haeba o hlokomela hore motho eo o ratanang le yena ha se yena ya o loketseng, ho arohana e ka ba qeto e le tswelang molemo le le babedi.d
13. Keng e ka thusang batho ba ratanang ho etsa qeto ya hore na ba tla ratana nako e kae?
13 Le lokela ho ratana nako e kae? Hangata dintho ha di tsamaye hantle ha batho ba potlakela ho etsa qeto. (Diprov. 21:5) Ka hoo, le lokela ho ratana nako e lekaneng e le hore le ka tsebana hantle. Le ha ho le jwalo, ha le a lokela ho ratana nako e telele ho sa hlokahale. Bibele e re: “Ha ntho eo motho a e lebeletseng e dieha ho phethahala, e kudisa pelo.” (Diprov. 13:12) Hape ha le ntse le ratana, ho ka ba thata hore le lwantshe takatso ya ho etsa thobalano. (1 Bakor. 7:9) Ka hoo, ho ena le ho nahana ka hore na ho se ho fetile nako e kae le ratana, o ka nna wa ipotsa potso ena e reng, ‘Ke eng eo ke ntseng ke hloka ho e tseba ka motho eo ke ratanang le yena e le hore nka etsa qeto ya hore na re tla nyalana kapa tjhe?’
BATHO BA BANG BA KA THUSA BATHO BA RATANANG KA DITSELA DIFE?
14. Batho ba bang ba ka thusa batho ba ratanang ka ditsela dife? (Sheba setshwantsho.)
14 Haeba ho ena le batho ba ratanang bao re ba tsebang re ka ba thusa jwang? Re ka ba memela dijong, ra etsa borapedi ba lelapa le bona kapa ra ithabisa le bona. (Bar. 12:13) Ka tsela eo ba ka kgona ho tsebana le ho feta. Mohlomong o ka ba thusa ka hore o tsamaye le bona haeba ba batla ho intsha, o be le bona ka koloing kapa o ba memele moo o dulang teng e le hore ba se ke ba eba bang. (Bagal. 6:10) Moradi wa bo rona Alicia eo ho buuweng ka yena qalong o re o hopola ka moo yena le Morabo rona Aschwin ba neng ba ananela thuso ya batho ba bang ka teng. O re: “Re ne re thaba haholo ha bara le baradi ba bo rona ba bang ba re re ka ba tjhakela haeba re hloka sebaka seo re ka qetang nako ha mmoho ho sona empa re sa ikarole ho batho ba bang.” Haeba batho ba ratanang ba o kopa hore o qete nako le bona, nka seo e le tsela ya bohlokwa eo o ka thusang metswalle ya hao ka yona. Etsa bonnete ba hore ha o ba siye ba le bang feela empa o ba fe nako ya hore ba ke ba bue.—Bafil. 2:4.
Haeba ho na le batho ba ratanang bao re ba tsebang, re lokela ho batla ditsela tseo re ka ba thusang ka tsona (Sheba serapa sa 14 le 15)
15. Re ka etsang hape ho thusa batho ba ratanang? (Diproverbia 12:18)
15 Re ka boela ra bontsha hore re tshehetsa batho ba ratanang ka dintho tseo re di buang le tseo re kgethang hore re se ke ra di bua. Ka dinako tse ding re ka kgetha ho ithiba mme re se ke ra bua dintho tse itseng. (Bala Diproverbia 12:18.) Ka mohlala, re ka nna ra batla ho bolella batho ba bang hore mora le moradi wa bo rona ya itseng ba a ratana. Empa ho ka etsahala hore ba ne ba ka thabela hore e be bona ba bolellang batho ba bang hore ba a ratana. Ha re a lokela ho seba ka batho ba ratanang kapa ho ba tshwaya diphoso ka dintho tse sa re ameng. (Diprov. 20:19; Bar. 14:10; 1 Bathes. 4:11) Hape, ha re a lokela ho bua dintho kapa ho botsa dipotso tse ka etsang hore batho ba ratanang ba ikutlwe ba le tlasa kgatello ya hore ba nyalane. Moradi wa bo rona Elise le monna wa hae ba re: “Re ne re swaba ha batho ba bang ba ne ba re botsa ka ditlhophiso tsa lenyalo la rona le hoja re ne re eso bue ka tsona.”
16. Re lokela ho etsang haeba batho ba ratanang ba etsa qeto ya ho arohana?
16 Re lokela ho etsang haeba batho ba ratanang ba etsa qeto ya ho arohana? Re lokela ho qoba ho kenakenana le ditaba tsa bona kapa ho beha e mong wa bona molato. (1 Pet. 4:15) Moradi wa bo rona Lea o re: “Ke ile ka utlwa hore ho na le batho ba neng ba iqapela mabaka a hore na ke hobaneng ha nna le morabo rona eo ke neng ke ratana le yena re arohane. Ke ne ke utlwile bohloko haholo.” Dirapa tse fetileng di bontshitse hore ha batho ba ratanang ba kgetha ho arohana, taba eo ha e bolele hore ba entse qeto e fosahetseng. Hangata taba eo e bolela hore nako eo ba e qetileng ba ratana e ba thusitse ho etsa qeto e nepahetseng. Le ha ho le jwalo, qeto eo e ka nna yaba e ba utlwisitse bohloko haholo mme ba ikutlwa ba jewa ke bodutu. Ka hoo, re ka batla ditsela tsa ho ba thusa.—Diprov. 17:17.
17. Ke eng eo batho ba ratanang ba lokelang ho tswela pele ba e etsa?
17 Re ithutile hore batho ba ratanang ba ka ba le nako e monate ebile ba ka ba le mathata. Moradi wa bo rona Jessica o re: “Ho bua nnete feela, re ile ra sebetsa ka thata ha re ne re ratana. Empa ke thabela hore re ile ra sebedisa nako le matla a rona e le hore re ka tsebana hantle.” Haeba ho ena le motho eo o ratanang le yena, tswelang pele le leka ho tsebana hantle. Haeba le etsa jwalo le tla atleha ebile le tla kgona ho etsa qeto e nepahetseng.
PINA YA 49 Ho Thabisa Pelo ya Jehova
a Mabitso a mang a fetotswe.
b Sheba buka ya Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, leq. 39-40 e le hore o fumane dipotso tse ding tseo o ka ipotsang tsona.
c Ha batho ba babedi ba sa nyalanang ba tshwarana kapa ba phollana ditho tsa botona le botshehadi, ba etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano mme baholo ba lokela ho theha komiti ya boahlodi. Ho tshwara matswele a motho e mong le ho qoqa ka thobalano ka melaetsa kapa fono ho ka etsa hore baholo ba thehe komiti ya boahlodi ho itshetlehile ka maemo.
d E le hore o fumane dintlha tse ding, sheba sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang Ho Babali” ho Molula-Qhooa wa August 15, 1999.