LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 1 maq. 8-9
  • Ho Bososela​—⁠Mpho eo o ka e Arolelanang le ba Bang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Bososela​—⁠Mpho eo o ka e Arolelanang le ba Bang
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO BOSOSELA “HO ILE HA ETSA HORE KE KGOTHALE”
  • Ho ile ha Etsahala Ntho e Thabisang ka Lebaka Feela la ho Bososela
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • O Ntse o ka Kgona ho Thaba le Kajeno
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Kutlwelo Bohloko
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 1 maq. 8-9

Ho Bososela​—⁠Mpho eo o ka e Arolelanang le ba Bang

HA motho e mong a bososela le wena, o ye o etseng? Hangata le wena o a bososela. Ebe o ikutlwa o thabile. Ka sebele ho ba monate ha batho ba bang ba bososela le rona, ho sa tsotellehe hore na ke metswalle kapa ke batho bao re sa ba tsebeng. Mosadi e mong ya bitswang Magdalena o re: “Monna wa ka Georg o ne a dula a bososela. Ha re ne re shebana, ke ne ke ikutlwa ke phutholohile hape ke sireletsehile.”

Ha motho a bososela o bontsha hore o thabile le hore o kgotsofetse. Makasine ya Observer ya Association for Psychological Science e re: “Ho bonahala eka ho bososela ho bopelletswe ka hare ho rona. Le bana ba qetang ho hlaha ba kgona ho bona hore na motho o ikutlwa jwang ka ho mo sheba sefahlehong feela”. E tswela pele ka ho re: “Ha re bona batho ba bang ba bososela re susumelletseha hore le rona re bososele.”

Bafuputsi ba Harvard University e United States ba ile ba etsa dipatlisiso ho bona hore na ho etsahalang ka bakudi ba seng ba hodile ha bahlokomedi ba bona ba bososela le ha ba sa bososele. Bafuputsi ba bontshitse hore ha bahlokomedi ba ne ba bososela, bakudi ba ne ba kgotsofala hape ba ikutlwa ba le betere. Empa ho ne ho etsahala se fapaneng haeba ba ne ba sa bososele.

Ho bososela ho na le melemo e meng. Diphuputso di bontsha hore ho bososela ho ka o thusa hore o itshepe haholwanyane, o thabe mme o se ke wa tshwenyeha haholo. Ho fapana le hoo haeba o sa bososele ho ka etsahala hore o se ke wa thaba.

HO BOSOSELA “HO ILE HA ETSA HORE KE KGOTHALE”

Magdalena eo ho builweng ka yena pejana e ne e le Paki ya Jehova nakong ya Ntwa ya II ya Lefatshe. O ile a iswa kampong ya mahloriso ya Ravensbrück e Germany le ba lelapa labo hobane ba sa dumellane le dithuto tsa Manazi. Magdalena o ile a re: “Ka dinako tse ding balebedi ba ne ba re thibela ho bua le batshwaruwa ba bang. Empa ba ne ba sa kgone ho re thibela ho bososela. Ho bona ha mme le ausi wa ka ba bososela, ho ile ha etsa hore ke kgothale mme ha nthusa hore ke mamelle.”

Ho ka etsahala hore ebe o na le mathata mme seo se etsa hore o se ke wa thaba. Hopola hore hangata maikutlo a bakwa ke dintho tseo o di nahanang. (Liproverbia 15:​15; Bafilipi 4:​8, 9) Kahoo, ke hobaneng ha o sa leke ho nahana ka dintho tse tla etsa hore o thabe?a Ho bala Bibele le ho rapela ho thusitse batho ba bangata ho nahana ka dintho tse tla etsa hore ba thabe. (Matheu 5:⁠3; Bafilipi 4:​6, 7) Haele hantle, mantswe ana “ho thaba” a hlaha ka makgetlo a makgolo ka Bibeleng! Ikemisetse ho bala leqephe le leng la Bibele kapa a mabedi letsatsi ka leng. Ho tseba mang? Mohlomong le wena o ka iphumana o bososela kamehla.

O se ke wa emela hore ba bang ba bososele le wena pele. Ho e na le hoo, bososela pele mme o etse hore ba bang le bona ba thabe. Ruri ho bososela ke mpho e tswang ho Modimo eo re ka e arolelanang le ba bang.

a Sheba sehlooho se reng “Na ‘U ba le Mokete Kamehla’?” ho Tsoha! ya November 2013.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share