LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 February leq. 25
  • Ho ile ha Etsahala Ntho e Thabisang ka Lebaka Feela la ho Bososela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho ile ha Etsahala Ntho e Thabisang ka Lebaka Feela la ho Bososela
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dintlha tse Ding
  • Melemo ya ho Paka ka Diteroli Lefatsheng ka Bophara
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Lerato le Kgetholla Bakreste ba Nnete—Sireletsa Bonngwe
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Ho Bososela​—⁠Mpho eo o ka e Arolelanang le ba Bang
    Fadimehang!—2017
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?
    Batjha ba a Botsa
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 February leq. 25

Ho ile ha Etsahala Ntho e Thabisang ka Lebaka Feela la ho Bososela

Moradiwabo Helen o eme pela teroli mme o a bososela. Banana ba babedi ba feta pela yona.

BANANA ba bang ba babedi ba ne ba tsamaya ha mmoho toropong ya Baguio e Philippines. Ba ile ba bona teroli empa ha ba a ka ba ya ho yona. Moradiwabo rona Helen ya neng a eme pela teroli o ile a ba sheba yaba o a bososela. Banana bao ba ile ba tswela pele ho tsamaya empa ba ne ba kgahlilwe ke tsela eo moradiwabo rona Helen a ileng a bososela ka yona.

Ha morao ha ba le ka beseng ba ya hae, ba ile ba hlokomela letshwao le leholo la jw.org le neng le le Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova. Ba ile ba hopola hore ba ile ba bona letshwao leo teroling ha ba ne ba le toropong. Ba ile ba theoha beseng yaba ba ilo sheba keiting ya Holong ya Mmuso hore diboka di kena neng.

Banana bao ba babedi ba a bososela ha ba bona moradiwabo rona Helen Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova.

Ba ile ba ya dibokeng tse latelang yaba ba makala haholo ha ba bona moradiwabo rona Helen. Ba ile ba mo hopola kapele ka lebaka la tsela eo a neng a bososela ka yona. Moradiwabo rona Helen o re: “Ke ile ka ikutlwa ke tshohile ha ba tla ho nna. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le ntho e phoso eo ke e entseng.” Empa banana bao ba ile ba hlalosetsa moradiwabo rona Helen hore ba ile ba mo bona ha a ne a le teroling.

Ba ile ba thabela diboka haholo le ho ikutlwa ba phuthulohile ha ba na le bara le baradibabo rona. Ha ba bona batho ba bang ba hlwekisa ka mora diboka ba ile ba kopa ho thusa. E mong wa bona ha a sa dula Philippines empa e mong yena o ntse a dula teng mme o ntse a ya dibokeng ebile o se a qadile ho ithuta Bibele, ka lebaka feela la moradiwabo rona ya ileng a bososela.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share