LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 2 maq. 8-9
  • 2. Na ke Rona ba Ipakelang Mathata?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 2. Na ke Rona ba Ipakelang Mathata?
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso Ena?
  • Nahana ka sena
  • Seo Bibele e se Rutang
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • 4. Na Modimo o ne a Batla Hore re be le Mathata?
    Fadimehang!—2020
  • 1. Na ke Modimo ya re Bakelang Dintho Tse Bohloko?
    Fadimehang!—2020
Tse Ding
Fadimehang!—2020
g20 No. 2 maq. 8-9
Monna ya dutseng ka tlung ya hae, o tshwere kwae mme ka letsohong le leng o tshwere jwala.

2. Na Ke Rona Ba Ipakelang Mathata?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso Ena?

Haeba ke rona ba ipakelang mathata, seo se bontsha hore re ka kgona ho fedisa mathata a rona.

Nahana ka sena

Batho ba ka ipakela mathata ho ya boholeng bofe?

  • Letsoho ke e entseng feisi le tshwantshetsang tlhekefetso.

    Tlhekefetso.

    World Health Organization (WHO) e hakanya hore bathong ba bane, a le mong wa bona o ile a hlekefetswa ka ho shapuwa bophelong ba hae, athe ho Bomme ba bararo a le mong wa bona o ile a hlekefetswa ka thobalano bophelong ba hae kapa ka ho shapuwa.

  • Setshwantsho se bontshang lejwe le tshwantshetsang mabitla.

    Ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang.

    World Health Statistics 2018 e ngotsweng ke WHO e hakanya hore batho ba ka bang 477 000 ba ile ba bolawa lefatsheng lohle ka selemo sa 2016. Ho ekelletsa moo, ba boetse ba hakanya hore batho ba ka bang 180 000 e ka nna yaba ba ile ba bolawa ntweng kapa ka lebaka la dikgohlano.

  • Setshwantsho se bontshang pelo se tshwantshetsang ho kula.

    Ho Kula.

    Mongodi e mong ya bitswang Fran Smith wa makasine wa National Geographic o re: “Batho ba fetang dibillione ba a tsuba mme kwae ke e nngwe ya dintho tse etsang hore batho ba tshwarwe ke mafu a bolayang a kang: lefu la pelo, setorouku, ho thatafallwa ke ho hema, mafu a amanang le matshwafo le kankere ya matshwafo.”

  • Setshwanstho se bontshang sekala se sa lekaneng se tshwantshetsang ho se be le tekatekano.

    Ho se Tshwarwe ka Tekatekano.

    Setsebi se seng sa kelello Jay Watts se re: “Dintho tse kang tshotleho, ho se tshwarwe ka tekatekano, kgethollo ya morabe, kgethollo ya bong, ho se amohelwe dibakeng tse itseng le setso di ka bakela motho kgatello ya kelello.”

    ITHUTE HO EKETSEHILENG

    Shebella video ya Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe? ho jw.org/st-za.

Seo Bibele e se Rutang

Monna eo re buileng ka yena pejana o se a le sepetlele mme mosadi wa hae o mo furalletse, o utlwile bohloko ha ngaka e ba bolella hore monna wa hae o a kula.

Mathata a mangata a teng lefatsheng kajeno a bakilwe ke batho.

A mang a ona a bakilwe ke mebuso e hatellang e ipolelang hore e sebeletsa setjhaba.

‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’​—MOEKLESIA 8:9.

Mathata a ka fela.

Melaomotheo ya Bibele e ka re thusa hore re phele hantle mme re be le setswalle se setle le ba bang.

“Pelo e nang le kgutso ke bophelo ba sebopuwa sa nama, empa poulelo ke ho bola masapong.”​—LIPROVERBIA 14:30.

“Lehloyo le nang le lonya le bohale le kgalefo le ho tleroha le puo e nyefolang di ke di tloswe tsohle ho lona ha mmoho le bobe bohle.”​—BAEFESE 4:31.

Na ke rona ba ipakelang mathata?

Bibele e re: “Seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Diqeto tse ding tseo re di etsang, ke tsona tse re tlisetsang mathata. Ke ka hoo dingaka di kgothalletsang batho hore ba je dijo tse nang le phepo e ntle, ba ikwetlise ebile ba qobe mekgwa e kotsi e jwalo ka ho tsuba. Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore mathata ohle a bakilwe ke batho. Batho ba bangata ba lokileng ba hlahelwa ke dintho tse bohloko tse kang ho hlahelwa ke kotsi, dikoduwa le dintho tse ding tse ngata.

Ke hobaneng ha batho ba lokileng ba hlahelwa ke dintho tse bohloko?

Sehlooho sa boraro sa makasine ena se tla araba potso ena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share