LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • T-32 maq. 1-4
  • Ke eng e tlisang thabo ka lapeng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke eng e tlisang thabo ka lapeng?
  • Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?
  • Dintlha tse Ding
  • O nahana hore bokamoso bo tla ba jwang?
    O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?
  • Na mahlomola a tla ke a fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
    Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
  • Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
    Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
Tse Ding
Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?
T-32 maq. 1-4

Ke eng e tlisang thabo ka lapeng?

Na o nahana hore ke . . .

  • lerato?

  • tjhelete?

  • kapa ke ntho e nngwe?

BIBELE YONA E RENG?

“Ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka!”​—Luka 11:​28, Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

O ka fumana lerato la nnete. ​—Baefese 5:​28, 29.

O ka thabela tlhompho ya sebele. ​—Baefese 5:​33.

O ka ba le tshireletseho ya nnete.​—Mareka 10:​6-9.

Ditshwantsho tsa lelapa le thabileng: Mme le moradi, banyalani, batswadi le mora wa bona

NA RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Modimo ke Moqapi wa lelapa. Bibele e re ‘lelapa le leng le le leng le teng ka lebaka la’ Jehova Modimo. (Baefese 3:​14, 15) Ka mantswe a mang, lelapa le teng hobane Jehova e le yena ya le qapileng. Ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa?

    Nahana ka sena: Ha re re o ja dijo tse hlabosang mme o batla ho tseba hore na di entswe jwang, o ne o tla botsa mang? Ke ho utlwahalang ho botsa motho ya di phehileng.

    Ka ho tshwanang, e le hore re fumane se etsang hore lelapa e be le thabileng, re lokela ho botsa Jehova, Moqapi wa lelapa.​—Genese 2:​18-24.

  • Modimo o a le tsotella. Malapa a lokela ho batla tataiso ya Jehova, eo a fanang ka yona ka Lentswe la hae. Hobaneng? “Hobane o a le tsotella.” (1 Petrose 5:​6, 7) Jehova o le batlela se molemo mme ka mehla keletso ya hae e a sebetsa. ​—Diproverbia 3:​5, 6; Esaia 48:​17,18.

O KA NNA WA IPOTSA

Banyalani ba batjha ba fumana keletso ho moholo; ba bala Bibele mmoho

O ka ba monna, mosadi, kapa motswadi ya molemo jwang?

Bibele e araba potso ena ho BAEFESE 5:​1, 2 le ho BAKOLOSE 3:​18-21.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share