LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 21 leq. 54-leq. 55 ser. 2
  • Kotlo ya Leshome

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kotlo ya Leshome
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Dikotlo Tse Tharo Tse Qalang
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Seo Paseka e se Bolelang ho Bakreste
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 21 leq. 54-leq. 55 ser. 2
Monna wa Moiseraele o tlotsa madi koseneng

THUTO YA 21

Kotlo ya Leshome

Moshe o ile a tshepisa Faro hore a ke ke a hlola a tla ho yena. Empa pele a tsamaya a re ho Faro: ‘Bosiung bona matsibolo ohle a Baegepeta a tla shwa, ho akarelletsa le mora wa hao.’

Jehova o ile a bolella Baiseraele hore na ba je eng ka ho kgetheha letsatsing leo. A re ho bona: ‘Hlabang nku e nang le selemo kapa podi mme le tlotse dikosene tsa lona ka madi a yona. Le bese nama ya yona mme le e je ka bohobe bo se nang tomoso. Le itokisetse ho tsamaya. Bosiung bona ke tlo le lokolla.’ O ka inahanela hore na Baiseraele ba ne ba thabile hakaakang ha ba utlwa seo.

Bosiung bona boo, lengeloi la Jehova la ya matlong ohle a Baegepeta. Bana bohle ba matsibolo ba ka matlong ao dikosene tsa wona di sa tlotswang ka madi ba shwa. Empa lengeloi la feta matlong ao dikosene tsa wona di neng di tlotsitswe ka madi. Malapa ohle a Baegepeta a shwellwa ke bana ba matsibolo. Empa ba Baiseraele bona ha ba a ka ba shwa.

Mora wa Faro le yena o ile a shwa. Faro a utlwa bohloko haholo. Yaba hanghang o bitsa Moshe le Arone o re ho bona: ‘Tsamayang. Tswang mona. Tsamayang le yo sebeletsa Modimo wa lona. Nkang diphoofolo tsa lona le tsamaye!’

Baiseraele ba tloha Egepeta e le bosiu kgwedi e kgantshitse. E ne e le banna ba 600 000, basadi le bana ba bangata. Batho ba bang ba bangata ba tsamaya le bona hobane ba batla ho sebeletsa Jehova. Qetellong Baiseraele ba ne ba lokolohile.

E le hore ba ikgopotse ka moo Jehova a ileng a ba pholosa ka teng, selemo le selemo ba ne ba lokela ho ja dijo tseo ba di jeleng bosiung boo Jehova a ba pholositseng ka bona. Ketsahalo eo e ne e bitswa Paseka.

Baiseraele ba tswa Egepeta

“Ke o bolokile o phela ka lebaka lena: Hore ke bontshe matla a ka ka wena le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.”​—Baroma 9:17

Dipotso: Kotlo ya leshome e ne e le efe? Baiseraele ba ne ba lokela ho etsang e le hore ba itshireletse kotlong eo?

Exoda 11:1–12:​42; 13:​3-10

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share