LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 20 leq. 52-leq. 53 ser. 3
  • Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Dikotlo Tse Tharo Tse Qalang
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Kotlo ya Leshome
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 20 leq. 52-leq. 53 ser. 3
Ditsie tse ngata

THUTO YA 20

Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng

Moshe le Arone ba ile ba ya ho Faro ba mo bolella hore Modimo o re: ‘Haeba o sa tlohelle batho ba ka hore ba tsamaye, ke tla romela diboba naheng ya hao.’ Yaba ho ba le diboba tse ngata, tsa kena ka matlong a Baegepeta bohle. Naha yohle ya tlala diboba. Empa naheng ya Goshene moo Baiseraele ba neng ba dula teng, ho ne ho se na diboba. Kotlo ena ya bone le tse ding tse latelang, di ile tsa hlahela Baegepeta feela. Faro a re ho Moshe le Arone: ‘Kopang Jehova hore a tlose diboba tsena. Ke tla lokolla batho ba heno.’ Empa ka mora hore Jehova a fedise diboba tseo, Faro a fetola maikutlo. Na Faro o ne a tla ke a bake?

Jehova a re: ‘Haeba Faro a sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaye, diphoofolo tsa Baegepeta di tla shwa.’ Ka le hlahlamang, diphoofolo tsa qala ho shwa. Empa tsa Baiseraele tsona tsa se ke tsa shwa. Faro a nna a etsa manganga mme a hana ho lokolla Baiseraele.

Jwale Jehova a re Moshe a kgutlele ho Faro mme a hasanye molora moyeng. Yaba molora oo o fetoha lerole mme la tlala hohle. Lerole leo la etsa hore Baegepeta ha mmoho le diphoofolo tsa bona ba tswe mathopa a bohloko. Empa Faro a nna a hana ho lokolla Baiseraele.

Kotlo ya bone ho isa ho ya botshelela Egepeta: diboba, ho shwa ha diphoofolo, mathopa

Jehova a boela a roma Moshe ho Faro a re: ‘Na o ntse o hana ho lokolla batho ba ka? Hosane ho tla na sefako naheng ya hao.’ Letsatsing le latelang, Jehova a etsa hore ho ne sefako, ho be le diaduma le mollo. Baegepeta ba ne ba qala ho bona ntho e jwalo. Dimela le difate tsohle tsa senyeha ntle le tse Goshene feela. Faro a re: ‘Kopa Jehova hore a emise kotlo ena. Ke tla le lokolla.’ Empa hang feela ha sefako le pula di emisa, Faro a boela a fetola maikutlo.

Yaba Moshe o re: ‘Jwale ditsie di tla ja dimela tsohle tse siilweng ke sefako.’ Yaba ho ba le ditsie tse ngata mme tsa ja dimela tsohle tse masimong le ditholwana tse difateng. Faro a re: ‘Kopang Jehova hle hore a tlose ditsie tsena.’ Empa le ka mora hore Jehova a tlose ditsie, Faro a nna a ba manganga.

Jehova a re ho Moshe: ‘Otlollela letsoho la hao lehodimong.’ Hanghang lehodimo la fifala. Baegepeta ba qeta matsatsi a mararo ba sa bone letho ka lebaka la lefifi. Ke Baiseraele feela ba neng ba ena le kganya matlong a bona.

Kotlo ya bosupa ho isa ho ya borobong Egepeta: sefako, ditsie, lefifi

Faro a re ho Moshe: ‘Nka batho ba heno le tsamaye empa le siye diphoofolo tsa lona.’ Yaba Moshe o re: ‘Re lokela ho tsamaya le diphoofolo tsa rona hore re kgone ho etsetsa Modimo sehlabelo ka tsona.’ Faro a halefa haholo a re: ‘Tloha ka pela ka. Ha nka o bona hape ke tlo o bolaya.’

“Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ya lokileng le ya kgopo le pakeng tsa motho ya sebeletsang Modimo le ya sa mo sebeletseng.”​—Malakia 3:18

Dipotso: Jehova o ile a tlisa dikotlo dife hape? Dikotlo tsee di ne di fapane jwang le tse tharo tse qalang?

Exoda 8:​20–10:29

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share