LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 64 leq. 152-leq. 153 ser. 4
  • Daniele ka Sekoting sa Ditau

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Daniele ka Sekoting sa Ditau
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • O ka Ithutang Mohlaleng wa Daniele?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 64 leq. 152-leq. 153 ser. 4
Banna ba monelang Daniele ba fumana Daniele a ntse a rapela ka pela fensetere e butsweng

THUTO YA 64

Daniele ka Sekoting sa Ditau

Morena e mong ya ileng a busa Babilona ke Dariuse wa Momede. Dariuse o ile a bona hore Daniele ke motho ya ikgethang. Yaba o beha Daniele hore a okamele matona a hae. Banna bana ba ne ba sa rate Daniele, ka hoo ba batla ho mo bolaya. Ba ne ba tseba hore Daniele o rapela Jehova ka makgetlo a mararo ka letsatsi, ka hoo ba re ho Dariuse: ‘Morena, o lokela ho etsa molao o reng batho ba lokela ho rapela wena feela. Motho le ha e le ofe ya sa mameleng molao oo, o lokela ho lahlelwa ka sekoting sa ditau.’ Dariuse o ile a dumellana le taba eo, a etsa molao a ba a o saena.

Hang ha Daniele a utlwa ka molao oo, a ya ntlong ya hae. A kgumama pela fensetere e butsweng mme a rapela Jehova. Yaba banna bao ba mona ba itahlela ka tlung ya hae mme ba mo fumana a ntse a rapela. Ba mathela ho Dariuse mme ba re: ‘Daniele ha a hlomphe molao wa hao. O rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.’ Dariuse o ne a rata Daniele mme a sa batle hore a bolawe. A qeta letsatsi lohle a ntse a batla tsela ya ho sireletsa Daniele. Empa le yena morena o ne a sa kgone ho fetola molao oo a o saenneng. Ka hoo, a tlameha ho laela banna ba hae hore ba lahlele Daniele ka sekoting sa ditau tse bohale.

Bosiung boo, Dariuse ha a ka a robala kaha o ne a kgathatsehile ka Daniele. Yaba hoseng, o mathela sekoting mme o bitsa Daniele, o re: ‘Na Modimo wa hao o o pholositse?’

Dariuse a utlwa motho a araba. E ne e le Daniele! A re ho Dariuse: ‘Lengeloi la Jehova le kwetse melomo ya ditau. Ha di a nketsa letho.’ Dariuse a thaba haholo! Yaba o re banna ba hae ba ntshe Daniele ka sekoting seo. Daniele o ne a se na le mongwapo feela mmeleng. Ka hoo, morena a re: ‘Lahlelang banna ba neng ba qosa Daniele ka sekoting.’ Ha banna bao ba lahlelwa ka sekoting, ditau tsa ba ja.

Yaba Dariuse o ntsha taelo e reng: ‘Batho bohle ba lokela ho hlompha Modimo wa Daniele. O pholositse Daniele molomong wa ditau.’

Na le wena o rapela Jehova ka mehla, jwalo ka Daniele?

Daniele ka sekoting sa ditau

“Jehova o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botshepehi mathateng.”​—2 Petrose 2:9

Dipotso: Daniele o ne a etsang hararo ka letsatsi? Jehova o ile a pholosa Daniele jwang?

Daniele 6:​1-28

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share