LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 76 leq. 180-leq. 181 ser. 2
  • Jesu o Hlwekisa Tempele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Hlwekisa Tempele
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 76 leq. 180-leq. 181 ser. 2
Jesu o etsa sephadi ho leleka diphoofolo tempeleng ebile o phethola ditafole tsa batho ba rekisang

THUTO YA 76

Jesu o Hlwekisa Tempele

Jesu o ile a ya Jerusalema ka selemo sa 30. Batho ba bangata le bona ba ne ba tlile Jerusalema moketeng wa Paseka. Ba etsa mahlabelo ka diphoofolo tempeleng. Ba bang ba ne ba tla le diphoofolo ho tloha hae, ha ba bang bona ba ne ba di reka Jerusalema.

Ha Jesu a fihla tempeleng, a fumana batho ba ntse ba rekisa diphoofolo. Ba ne ba etsa tjhelete ka ntlong ya Jehova! Jesu o ile a etsang? A etsa sephadi ka diropo yaba o leleka dinku le dikgomo ka tempeleng ka sona. A phethola ditafole tsa batho ba rekisang mme a qhala tjhelete ya bona fatshe. Jesu a re ho ba rekisang maeba: ‘Ntshang maeba ana ka mona! Le se ke la fetola ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!’

Batho ba ka tempeleng ba makatswa ke seo Jesu a se etsang. Barutuwa ba hae ba hopola boprofeta bo buang ka Mesia, bo reng: ‘Ke tla tjhesehela ntlo ya Jehova.’

Jesu o ile a boela a hlwekisa tempele ka selemo sa 33. Ha a ka a dumella hore batho ba iketsetse borata ntlong ya Ntate wa hae.

“Le ke ke la sebeletsa Modimo le Maruo.”​—Luka 16:13

Dipotso: Jesu o ile a etsang ha a bona batho ba rekisa diphoofolo ka tempeleng? Ke hobaneng ha Jesu a ile a etsa jwalo?

Matheu 21:​12, 13; Mareka 11:​15-17; Luka 19:​45, 46; Johanne 2:​13-17; Pesaleme ya 69:9

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share