THUTO YA 83
Jesu o Fepa Batho ba Dikete
Nakwana pele ho Paseka ya selemo sa 32 mehleng ya Jesu, baapostola ba ile ba kgutla ba kgathetse ba tswa mosebetsing wa ho ruta batho ka Modimo. Jesu o ile a ba isa motseng wa Bethsaida ka sekepe hore ba phomole. Empa ha sekepe se fihla pela lebopo, Jesu o ile a bona hore ho ne ho ena le batho ba dikete. Le hoja Jesu a ne a batla ho qeta nako le baapostola ba hae feela, o ile a amohela batho bao ka mosa, a fodisa ba kulang a ba a qalella ho ba ruta. Letsatsi lohle, Jesu o ile a ba ruta ka Mmuso wa Modimo. Ha e ba mantsiboya, baapostola ba ile ba tla ho yena ba re: ‘E tlameha e be batho bana ba lapile, e re ba tsamaye e le hore ba ka fumana seo ba ka se jang.’
Jesu a re: ‘Ha ho hlokahale hore ba tsamaye. Lona ba feng dijo.’ Baapostola ba re ho yena: ‘Re ba rekele bohobe?’ Filipi, e leng e mong wa Baapostola a re: ‘Le ha re ne re ka ba le tjhelete e ngata, re ne re ke ke ra ba le tjhelete e lekaneng ho reka bohobe bakeng sa batho bana kaofela.’
Jesu a ba botsa: ‘Re na le dijo tse kae?’ Andrease a re: ‘Re na le mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi. Dijo tsena di nyenyane haholo.’ Jesu a re: “Di tliseng.” A bolella batho hore ba dule hodima jwang ka dihlopha tsa batho ba 50 le ba 100. Jesu a nka bohobe le ditlhapi, a sheba lehodimong, a rapela yaba o fa baapostola dijo mme baapostola bona di fa. Banna ba 5 000, basadi le bana ba ile ba ja mme ba kgora. Ka mora moo baapostola ba ile ba nka dijo tse setseng hore ho se ke ha eba le tse senyehang. Ho ne ho ena le dibaskete tse 12 tse tletseng. Ona e ne e le mohlolo, na ha ho jwalo?
Batho ba ne ba thabile hoo ba neng ba batla ho etsa Jesu morena. Empa Jesu o ne a tseba hore e ne e se nako eo a e kgethetsweng ke Jehova hore e be morena. A re batho ba tsamaye yaba o romela baapostola ka lehlakoreng le leng la lewatle la Galilea. Ba kena sekepeng mme Jesu a ya thabeng a le mong. Hobaneng? Hobane o ne a batla ho rapela Ntate wa hae. Ho sa tsotellehe hore na o ne a phathahane hakae, ka mehla Jesu o ne a ipha nako ya ho rapela.
“Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang empa le sebeletse dijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le fa tsona.”—Johanne 6:27