LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 87 leq. 204-leq. 205 ser. 3
  • Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Fepa Batho ba Dikete
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 87 leq. 204-leq. 205 ser. 3
Jesu o theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena le baapostola ba hae ba 11 ba tshepahalang

THUTO YA 87

Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

Bajuda ba ne ba keteka Paseka selemo se seng le se seng ka la 14 Nisane. E ne e le hore ba hopole ka moo Jehova a ileng a ba thusa hore ba tswe bokgobeng ba Egepeta mme a ba isa Lefatsheng le Tshepisitsweng. Ka selemo sa 33 mehleng ya Kreste, Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba keteka Paseka Jerusalema ka kamoreng e ka hodimo ya ntlo. Ha ba qeta ho ja, Jesu o ile a re ho bona: “E mong wa lona o tlo nthekisa.” Baapostola ba ne ba maketse mme ba botsa Jesu ba re: “Morena, na ke nna?” Jesu a re: ‘Ke eo ke tla mo fa bohobe bona.’ Yaba o fa Judase Iskariota bohobe. Hanghang, Judase a ema mme a tsamaya.

Jesu o ile a rapela, ka mora moo a fa baapostola ba hae ba setseng bohobe. A re ho bona: “Nkang, le je. Bohobe bona bo emela mmele wa ka.” Ka mora moo a rapella veine mme a e fa baapostola ba hae. Yaba Jesu o re: ‘Nkang le nwe kaofela ha lona. E emela madi a ka ao ke tla fana ka ona e le hore dibe tsa lona di ka tshwarelwa. Ke a le tshepisa hore le tla ba marena ha mmoho le nna lehodimong. Etsang sena selemo le selemo ho nkgopola.’ Balatedi ba Jesu ba ntse ba kopana mantsiboyeng a la 14 Nisane selemo le selemo. Hona jwale mokete oo o bitswa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena.

Ka mora ho ja, baapostola ba neng ba setse ba ile ba buisana ka hore na e moholo ke mang. Empa Jesu o ile a re ho bona: ‘Ya inkang e le e monyenyane hara lona, ke yena e moholo.

‘Le metswalle ya ka hobane ke le boleletse dintho tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate. Haufinyane ke tla ya ho Ntate lehodimong. Le tla sala mona mme haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka. Le lokela ho ratana feela jwalo ka ha ke le rata.’

Qetellong, Jesu o ile a rapela mme a kopa Jehova hore a sireletse barutuwa ba hae bohle. A boela a mo kopa hore a ba thuse ho sebetsa ha mmoho ka kgotso. A rapella hore lebitso la Jehova le halaletswe. Ka mora moo, Jesu le baapostola ba hae ba binela Jehova mme ba tswela ka ntle. Nako ya hore Jesu a tshwarwe e ne e se e le haufi.

“Lona mohlatswana, le se ke la tshoha hobane Ntate wa lona o thabela ho le fa Mmuso.”​—Luka 12:32

Dipotso: Keng seo Jesu a ileng a se tshepisa baapostola? Ke dintho dife tsa bohlokwa tseo Jesu a ileng a di ruta baapostola ba hae nakong ya dijo tsa shwalane tsa ho qetela a le lefatsheng?

Matheu 26:​20-30; Luka 22:​14-26; Johanne 13:​1, 2, 26, 30, 34, 35; 15:​12-19; 17:​3-26

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share