LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 84 leq. 196-leq. 197 ser. 4
  • Jesu o Tsamaya Hodima Metsi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Tsamaya Hodima Metsi
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Fepa Batho ba Dikete
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 84 leq. 196-leq. 197 ser. 4
Jesu o tsamaya hodima metsi mme o re Petrose a tle ho yena

THUTO YA 84

Jesu o Tsamaya Hodima Metsi

Ha se feela hore Jesu o ne a kgona ho fodisa batho ba kulang le ho tsosa bafu empa o ne a kgona le ho laola difefo le pula. Ha Jesu a qeta ho rapela thabeng, o ile a sheba tlase Lewatleng la Galilea a bona sefefo. Baapostola ba hae ba ne ba le ka sekepeng mme maqhubu a matla a se isa kwana le kwana. Jesu o ile a theoha a tla lewatleng mme a qala ho tsamaya hodima metsi a ya sekepeng sa barutuwa ba hae. Ha ba bona motho a tsamaya hodima metsi, ba ile ba tshoha haholo. Empa Jesu a re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”

Jesu o tsamaya hodima metsi mme o re Petrose a tle ho yena

Petrose a re: ‘Morena, haeba ka nnete ke wena, ere ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.’ Jesu a re ho Petrose: ‘Tloo.’ Hara sefefo seo, Petrose o ile a tswa ka sekepeng mme a qala ho tsamaya hodima metsi a lebile ho Jesu. Empa eitse ha a ntse a atamela ho Jesu, Petrose a sheba sefefo yaba o a tshoha mme o qala ho teba. Petrose a hweletsa: “Morena, mpholose!” Jesu a otlolla letsoho a mo tshwara mme a re ho yena: “Tumelo ya hao e fokola hakaakang! Ke hobaneng ha o ile wa belaela?”

Jesu le Petrose ba kena ka sekepeng mme kapelepele sefefo sa thola. O nahana hore baapostola ba ne ba ikutlwa jwang? Ba ile ba re ho Jesu: “Ka nnete o Mora Modimo.”

Lena e ne e se lekgetlo la pele Jesu a laola boemo ba lehodimo. Ka lekgetlo le leng, o ne a tsamaya ka sekepe lewatleng le baapostola ba hae yaba Jesu o ya karolong e ka morao ya sekepe o a robala. Ha a ntse a kgalehile, ho ile ha e ba le sefefo se matla haholo. Maqhubu a lewatle a ne a otla sekepe mme metsi a qala ho kena ka hare. Baapostola ba tsosa Jesu, ba hweletsa ba re: ‘Mosuwe, re a shwa! Re thuse!’ Jesu a tsoha mme a bua le lewatle a re: “Kgutsa!” Ka yona nako eo, lewatle le sefefo tsa thola tu! Jesu a botsa baapostola a re: “Ke hobaneng ha le se na tumelo?” Ba qala ho buisana ba le bang ba re: “Esita le sefefo le lewatle di a mo mamela.” Baapostola ba ile ba ithuta hore haeba ba ne ba tshepile Jesu, ba ne ba sa lokela ho tshaba.

“Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo ya hore ke tla bona ka moo Jehova a leng molemo ka teng ha ke ntse ke phela?”​—Pesaleme ya 27:13

Dipotso: Ke hobaneng ha Petrose a ile a qala ho teba? Baapostola ba ile ba ithutang ho Jesu?

Matheu 8:​23-27; 14:​23-34; Mareka 4:​35-41; 6:​45-52; Luka 8:​22-25; Johanne 6:​16-21

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share