LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 95 leq. 222-leq. 223 ser. 1
  • Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • “Modimo ke Yena Mmusi wa Rona, re Tla Mamela Yena”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • “Batho Feela ba Tlwaelehileng ba sa Rutehang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Jesu o Fepa Batho ba Dikete
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 95 leq. 222-leq. 223 ser. 1
Petrose le Johanne ba ile ba ile ba eba sebete mme ba ruta batho lentswe la Modimo le ha ba ne ba hloriswa ke baprista le Basaduse

THUTO YA 95

Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

Ntate e mong ya neng a sa kgone ho tsamaya o ne a dula monyako wa tempele ka mehla mme a kopa batho tjhelete. Ka letsatsi le leng o ile a bona Petrose le Johanne ba ya ka tempeleng. A re ho bona: ‘Ke kopa le mphe tjhelete.’ Petrose a re: ‘Nka o fa ho betere ho feta tjhelete. Ka lebitso la Jesu, ema o tsamaye!’ Yaba Petrose o a mo phahamisa mme ntate eo a qala ho tsamaya! Ha batho ba bona mohlolo oo, ba ile ba thaba hoo bongata ba bona e ileng ya eba barutuwa ba Jesu.

Empa baprista le Basaduse ba ile ba halefa. Yaba ba tshwara baapostola, ba ba isa lekgotleng mme ba re: ‘Ke mang ya le fileng matla a ho fodisa monna eo?’ Petrose a re: ‘Jesu Kreste eo le mo bolaileng, o re file matla.’ Baprista le Basaduse bao ba halefa ba re: ‘Kgaotsang ho bua ka Jesu enwa!’ Empa baapostola ba re: ‘Re tlameha ho bua ka yena. Re ke ke ra kgaotsa.’

Ka mora hore Petrose le Johanne ba lokollwe, ba ile ba ya ho baapostola ba bang ho ba bolella se etsahetseng. Yaba ba rapela Jehova ba re: ‘Re kopa o re thuse ho ba sebete e le hore re tswele pele ho etsa mosebetsi wa hao.’ Jehova o ile a ba fa moya wa hae o halalelang mme ba tswela pele ho ruta batho Lentswe la hae le ho ba fodisa. Batho ba bangata e ile ya eba barutuwa. Ka ha Basaduse ba ne ba le mona, ba ile ba laela hore baapostola ba kwallwe teronkong. Bosiu Jehova a romela lengeloi yaba le bula mamati a teronko. La re ho baapostola: ‘Kgutlelang tempeleng le yo ruta teng.’

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, ditho tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda tsa bolellwa hore banna ba neng ba tshwerwe ha ba yo empa mamati a teronko a ntse a notletswe, le hore ba ntse ba ruta batho ka tempeleng. Baapostola ba tshwarwa hape yaba ba iswa Lekgotleng le Phahameng la Bajuda. Moprista ya phahameng a re: ‘Re itse le kgaotse ho bua ka Jesu!’ Petrose a re: “Modimo ke yena mmusi wa rona, re tla mamela yena eseng batho.”

Baetapele ba bodumedi ba ne ba halefile hoo ba neng ba batla ho bolaya baapostola. Mofarisi ya bitswang Gamaliele a re: ‘Le be hlokolosi! E ka nna yaba Modimo o tshehetsa mosebetsi wa banna bana. Na ka nnete le batla ho lwana le Modimo?’ Ba ile ba mo mamela. Ka mora ho otla baapostola ka melamu, ba ba laela hape hore ba tlohele ho bua le batho ka Lentswe la Modimo mme ba ba tlohela hore ba tsamaye. Empa baapostola ba ile ba nna ba tswela pele ho bua le batho ka Lentswe la Modimo. Ka sebete ba ile ba tswela pele ho bua le batho ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.

“Modimo ke yena mmusi wa rona, re tla mamela yena eseng batho.”​—Diketso 5:29

Dipotso: Ke hobaneng ha barutuwa ba sa ka ba emisa ho bua le batho ka Lentswe la Modimo? Jehova o ile a ba thusa jwang?

Diketso 3:1–4:​31; 5:​12-42

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share