Selelekela sa Karolo ya 1
Bibele e qala ka ho re phetela pale ya dintho tse bopilweng. E re bolella ka dintho tse ntle tseo Jehova a di entseng lehodimong le lefatsheng. Haeba o motswadi, thusa ngwana wa hao hore a bone dintho tse ngata tse hlollang tse bopilweng. Mo bolelle hore Modimo o entse motho e le ya phahametseng diphoofolo. Motho yena o tseba ho bua, ho nahana, ho qapa dintho, ho bina le ho rapela. Thusa ngwana wa hao hore a tsebe hore Jehova o matla, o bohlale le hore o rata dintho tsohle tseo a di bopileng, ho akarelletsa e mong le e mong wa rona.