Selelekela sa Karolo ya 10
Jehova ke Morena ya phahameng ka ho fetisisa. Haesale e le yena ya laolang dintho mme o tla dula a di laola. Ka mohlala, o ile a pholosa Jeremia hore a se ke a shwella ka sekoting se seretse. O ile a sireletsa Shadrake, Meshake le Abednego hore ba se ke ba shwella ka seboping sa mollo a ba a pholosa Daniele hore a se ke a bolawa ke ditau. Jehova o ile a sireletsa Esthere e le hore a ka pholosa batho ba habo. A ke ke a dumella hore bokgopo bo nne bo tswele pele ka ho sa feleng. Boprofeta ba setshwantsho se seholo le sefate se seholo bo bontsha hore Mmuso wa Jehova o tla fedisa bokgopo bohle bo teng lefatsheng mme o buse lefatshe.