LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 61 leq. 146-leq. 147 ser. 3
  • Ba Ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ba Ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Mmuso o Tla Dula o le Teng
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Selelekela sa Karolo ya 10
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Na o ne o Tseba?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 61 leq. 146-leq. 147 ser. 3
Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho kgumamela setshwantsho sa kgauta

THUTO YA 61

Ba Ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho

Nakwana ka mora hore Morena Nebukadnezare a be le toro, o ile a etsa setshwantsho se seholo sa kgauta. A se emisa thoteng ya Dura yaba o bitsa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa naheng eo, ba akarelletsang Shadrake, Meshake le Abednego mme a re ba eme ka pela sona. Morena a laela a re: ‘Hang ha le utlwa modumo wa diterompeta, diharepa le diphala, le kgumamele setshwantsho sena. Motho le ha e le ofe ya sa se kgumameleng o tla lahlelwa ka mollong.’ Na Baheberu bao ba bararo ba ne ba tla kgumamela setshwantsho kapa ba ne ba tla rapela Jehova feela?

Morena a laela hore ho letswe mmino. Batho bohle ba kgumama mme ba rapela setshwantsho, ntle le Shadrake, Meshake le Abednego. Batho ba ba bona, yaba ba re ho morena: ‘Baheberu bao ba bararo ba hana ho rapela setshwantsho.’ Nebukadnezare a re ba bitswe mme a re ho bona: ‘Ke tlo le fa monyetla o mong wa hore le rapele setshwantsho sena. Haeba le sa se rapele, ke tlo le lahlela ka mollong. Ha ho na modimo ya ka le pholosang diatleng tsa ka.’ Ba re: ‘Ha re batle hore o re fe monyetla o mong hape. Modimo wa rona o tla re pholosa. Empa le haeba a sa re pholose, tseba Morena hore re ke ke ra rapela setshwantsho.’

Nebukadnezare a halefa haholo. A re ho banna ba hae: ‘Besang mollo hore o tjhese haholo ho feta mehleng.’ Yaba o re ho masole: ‘Tlamang banna bana le ba lahlele mollong.’ Mollo o ne o tjhesa hoo ha masole a atamela ho wona, a ileng a shwa hanghang. Baheberu ba bararo bona ba wela ka mollong. Empa ha Nebukadnezare a sheba ka mollong, a bona ho ena le banna ba bane ba ntseng ba tsamaya hara mollo empa ho lahletswe ba bararo ka moo. A tshoha haholo mme a re ho matona a hae: ‘Na ha re a lahlela banna ba bararo ka mollong? Empa jwale ke bona ba bane mme e mong wa bona ekare ke lengeloi.’

Yaba Nebukadnezare o a atamela mme o re: ‘Tswang ka moo, lona bahlanka ba Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.’ Batho bohle ba makala ha ba bona Shadrake, Meshake le Abednego ba tswa ba sa tjha. Mollo o ne o sa ba tjhesa letlalo, moriri esita le diaparo mme ba sa nkge le ho tjha.

Ka hoo, Nebukadnezare a re: ‘Modimo wa Shadrake, Meshake le Abednego o moholo. O rometse lengeloi la hae ho ba pholosa. Ha ho na modimo ya kang yena.’

Na le wena ho tshwana le Baheberu bao ba bararo, o ikemiseditse ho dula o tshepahalla Jehova ho sa tsotellehe se o etsahallang?

Morena Nebukadnezare o maketse ha a bona Shadrake, Meshake le Abednego ba tswa mollong ba sa tswa kotsi

“Ke Jehova Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.”​—Matheu 4:10

Dipotso: Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho etsang? Jehova o ile a ba pholosa jwang?

Daniele 3:​1-30

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share