PINA YA 139
Ipone o le Teng Lefatsheng le Letjha
1. Ipone moo mme o mpone.
Bona bohle lefatsheng le letjha.
Nahana hle, ho tla ba jwang
Re se re phela re thabile.
Le ba kgopo ba le siyo.
Puso ya Jah e tla atleha.
O tla etsa hore tsohle di be ntjha.
Re tla bina ka thabo
le ka nyakallo:
(KHORASE)
“Jehova Ntate, re’a o leboha.
Dipelo tsa rona di thabile.
Re ananela tsohle tseo o di entseng.
Jehova, o tshwanelwa ke ho roriswa.”
2. Ipone moo mme o mpone,
O lebelle lefatshe le letjha.
Ha re sa tla bona tse mpe
Tse tla re tshosa re nyarohe.
Mmopi o tla phethahatsa
Tsohle tseo a di tshepisitseng.
O tla tsosa le bafu ba mabitleng.
Re tla bina le bona
re nyakaletse:
(KHORASE)
“Jehova Ntate, re’a o leboha.
Dipelo tsa rona di thabile.
Re ananela tsohle tseo o di entseng.
Jehova, o tshwanelwa ke ho roriswa.”
(Sheba le Pes. 37:10, 11; Esa. 65:17; Joh. 5:28; 2 Pet. 3:13.)