LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 2 maq. 4-5
  • Ha ho Hlaha Dikoduwa Tsa Tlhaho

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha ho Hlaha Dikoduwa Tsa Tlhaho
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO TSEBA NNETE YA BIBELE HO RE FA TSHEPO
  • O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • O ka Etsang ha o Tshwenyehile?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Thusa Batho ba Bang ho Mamella Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Thabisang
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 2 maq. 4-5
Banna ba babedi ba dutse hodima ditene tsa moaho o weleng

Ha ho Hlaha Dikoduwa Tsa Tlhaho

Andrew ya dulang Sierra Leone o re: “Pele re ne re ikutlwa re sena tshepo. Dintho tsohle tseo re neng re ena le tsona di ile tsa hoholwa ke seretse le morwallo.”

David ya dulang Virgin Islands o re: “Ka mora hore ho be le lehodiotswana, re ile ra kgutlela moo re dulang. Re ile ra fumana ho sena letho. Re ne re tshohile. Moradi wa ka o ile a itihela fatshe ka mangole mme a lla ha bohloko.”

HAEBA o kile wa pholoha koduwa ya tlhaho, o ka nna wa utlwisisa hantle hore na batho ba boemong boo ba ikutlwa jwang. Ba a tshoha, ha ba dumele se etsahetseng, ba a ferekana ebile ba a tshwenyeha. Batho ba bangata ba ileng ba pholoha dikoduwa tsa tlhaho, ba ikutlwa ba nyahame ebile ba kgathatsehile ka hore na ba tla kgona ho tswelapele ka bophelo.

Haeba o ile wa lahlehelwa ke dintho tsohle ka lebaka la koduwa ya tlhaho, le wena o ka nna wa ikutlwa eka o ke ke wa kgona ho tswelapele ho mamella mathata ao o leng ho ona. O ka nna wa ikutlwa eka ha ho na lebaka la hore o phele. Le ha ho le jwalo, Bibele e hlalosa hore o na le lebaka la hore o phele le hore o na le mabaka a utlwahalang a ho ba le tshepo ya bokamoso bo molemo.

HO TSEBA NNETE YA BIBELE HO RE FA TSHEPO

Moeklesia 7:8 e re: “Qetello ya taba ha morao e molemo ho feta tshimoloho ya yona.” Ha o ntse o sebetsana le boemo bona ba ho hlahelwa ke koduwa ya tlhaho, o ka nna wa bona eka ha ho na tshepo. Empa ha o ntse o leka ho lokisa bophelo ba hao, hanyane hanyane dintho di tla loka.

Bibele e ile ya bolela hore ho na le nako ya ‘ha ho sa tlo hlola ho utluwa . . . modumo wa ho lla kapa modumo wa mohoo wa ho utlwa bohloko.’ (Esaia 65:19) Sena se tla phethahala ha lefatshe le etswa paradeise Mmusong wa Modimo. (Pesaleme ya 37:11, 29) Ho tlabe ho se ho sena dikoduwa tsa tlhaho. Dintho tsohle tse re utlwisang bohloko di tla fediswa, ka ha Modimo wa rona ya Matla Ohle o re tshepisitse a re: “Dintho tsa pele di ke ke tsa hopolwa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17.

Ako nahane feela, Mmopi wa rona o re tshepisa ho re “fa bokamoso le tshepo” e le hore re phele ka kgotso Mmusong wa hae. (Jeremia 29:11) Na ho tseba nnete ee ho ke ke ha o thusa hore o nke bophelo e le ba bohlokwa? Sally eo re buileng ka yena sehloohong se qalang o re: “Ho dula re ikgopotsa dintho tse molemo tseo Mmuso wa Modimo o tla re etsetsa tsona nakong e tlang, ho tla re thusa hore re se ke ra dula re nahana ka dintho tse bohloko tse re etsahalletseng empa re mamelle maemo ao re kopanang le ona, ha re ntse re nahanne ka bokamoso.”

Ke hobaneng ha o sa ithute hore na Mmuso wa Modimo o tla etsetsa batho eng haufinyane? Ho etsa jwalo ho ka o kgodisa hore ho sa tsotellehe dikoduwa tsa tlhaho tse ileng tsa o hlahela, bophelo ba hao ke ba bohlokwa hona jwale ha o ntse o emetse hore dikoduwa tsa tlhaho di tlo fediswa. Hona jwale ha re ntse re emetse Mmuso wa Modimo, re ka mamela keletso ya Bibele ya ka moo re ka kgonang ho mamella mathata a tliswang ke dikoduwa tsa tlhaho ka teng. Hlokomela mehlala e latelang.

Ditemana Tsa Bibele Tse ka o Thusang

Robala nako e lekaneng.

“Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.”—Moeklesia 4:6.

Dipatlisiso di bontsha hore haeba motho ya fetileng maemong a utlwisang bohloko a sa robale nako e lekaneng, seo se ka etsa hore ho be thata hore a fole. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore o robale nako e lekaneng.

Bolella ba bang hore na o ikutlwa jwang.

“Ho tshwenngwa ke dipelaelo ka pelong ya motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentswe le molemo le etsa hore e thabe.”

—Liproverbia 12:25.

Bua le e mong wa lelapa kapa motswalle. Ha ba ntse ba o mametse ba ka o kgothatsa kapa ba o thusa ka dintho tseo o di hlokang.a

Nahana ka bokamoso.

“Ho na le mahodimo a matjha le lefatshe le letjha tseo re di letetseng ho ya ka tshepiso ya [Modimo] mme ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:13.

a Motho ya dulang a tshwenyehile ka nako e telele, ho ka hlokahala hore a ye ngakeng e buang le batho ka mathata a bona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share