LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 2 maq. 10-11
  • Ha o Kula Haholo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha o Kula Haholo
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SE ILENG SA THUSA BATHO BA BANG
  • Jehova o o Nka o le Motho wa Bohlokwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • Haeba ha ke sa Batla ho Phela
    Batjha ba a Botsa
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 2 maq. 10-11

Ha o Kula Haholo

Linda ya dilemo di 71 o re: “Ha ngaka e mpolella hore ke na le kankere ya matshwafo le ya mala, ke ile ka utlwa eka hothwe ke tlo shwa. Ha ke fihla hae ke ile ka re: ‘Ke nnete hore ke ne ke sa lebella ntho ena, empa ke lokela ho mamella.’”

Elise ya dilemo di 49 yena o re: “Ke tshwerwe ke lefu le etsang hore methapo e ka lehlakoreng le letshehadi la sefahleho sa ka, e dule e le bohloko. Ka dinako tse ding ke opelwa hore ke be ke utlwe ke tepelletse. Boholo ba nako ke ne ke utlwa eka ke mong, hoo ke neng ke batla le ho ipolaya.”

Monna ya kulang ya dutseng setulong sa bakudi o potolohilwe ke lelapa la hae

HAEBA wena kapa e mong wa lelapa a na le bolwetse bo ka etsang hore a hlokahale, seo se ka etsa hore o tshwenyehe. Ho feta moo ka lebaka la maemo, wena kapa motho ya kulang le ka utlwiswa bohloko ke dintho tse sa reng letho. Ho tshwenyeha ha mokudi le mohlokomedi wa hae, ho ka eketswa ke ho nahana hore na ngaka e tla reng, ho se fumane pheko kapa ho se kgone ho patalla meriana le ho se tshwarwe hantle ke meriana. Ho kula haholo ho ka baka kgatello ya maikutlo.

Re ka fumana thuso ho kae? Batho ba bangata ba ile ba tshediswa haholo ke ho rapela Modimo le ho bala ditemana tse kgothatsang tse hlahang ka Bibeleng. Thuso e nngwe e ka ba tshehetso eo re e fumanang ho metswalle le ba lelapa.

SE ILENG SA THUSA BATHO BA BANG

Robert ya dilemo di 58 o re: “Eba le tumelo ho Modimo mme o tla o thusa ho mamella bolwetse boo. Rapela Jehova mme o mo bolelle hore na o ikutlwa jwang. Kopa hore a o thuse ka moya o halalelang e le hore ba lelapa ba kgothale le hore o be le maikutlo a nepahetseng ha o ntse o mamelletse ho kula.

Ho kgothatsa haholo ha ba lelapa ba amehile ka hore na o ikutlwa jwang. Letsatsi le leng le le leng, batho ba dula ba founa mme ba mpotsa hore na ke ntse ke ya jwang. Ke fumana dikgothatso ho tswa ho metswalle e tswang dibakeng ka ho fapana. Ba etsa hore ke ikutlwe ke le betere, e leng se etsang hore ke se ke ka nyahama.”

Hlokomela hore na Linda o re o lokela ho etsa jwang haeba o tjhakela motswalle wa hao ya kulang, o re: “Motho ya kulang o batla ho etsa dintho ka tsela eo a neng a di etsa ka yona pele, eseng hore a dule a bua ka bokudi ba hae. Ka hoo, bua ka dintho tseo le neng le tlwaetse ho bua ka tsona.”

Ka matla ao Modimo a re fang ona, matshediso a tswang ka Bibeleng hammoho le tshehetso e tswang ho ba lelapa le metswalle, re ka kgodiseha hore re na le lebaka la ho phela le hoja re kula haholo.

Ditemana Tsa Bibele Tse ka o Thusang

Tshepa Modimo.

“Ke ile ka botsa Jehova, yaba wa nkaraba. A ntopolla dinthong tsohle tseo ke di tshabang. Enwa ya hlorileng o ile a howa, mme Jehova a utlwa.”—Pesaleme ya 34:4, 6.

Linda eo re buileng ka yena qalong o re: “Ke ne ke sa rapele Modimo hore a nthuse ‘ho re ke fole’, empa ke ne ke mo kopa hore ‘a nthuse ho re ke be matla le ho re ke mamelle bolwetse bona.’”

Bala Bibele e le hore o be matla.

“Ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’”—Esaia 33:24.

Nahana ka dintho tseo Modimo a re tshepisang tsona nakong e tlang. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore o be le tshepo mme seo se tla o fa matla a hore o mamelle hona jwale.

Kopa tshehetso ho metswalle le ho ba lelapa.

“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho ena le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Elise eo re buileng ka yena qalong o re: “Eba hara batho. dumella kapa o kope metswalle ya hao hore e o thuse. Ke nnete hore ka dinako tse ding o ka nna wa ikutlwa e ka o mong le hore Modimo ha a o mamele, empa o se ke wa iketsa mokgelo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share