LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb17 January leq. 8
  • Hopola ho Rapella Bakreste ba Hloriswang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hopola ho Rapella Bakreste ba Hloriswang
  • Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Thabang le ha le Hloriswa
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Hopola ho Rapella Batho ba Bang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Tseba ho Sebedisa JW.ORG
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
mwb17 January leq. 8

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Hopola ho Rapella Bakreste ba Hloriswang

Bibele e boletse esale pele hore Satane o tla re sitisa ho sebeletsa Modimo ka hore a re hlorise. (Joh 15:20; Tše 12:17) Re ka thusa Bakreste mmoho le rona ba hloriswang dinaheng tse ding jwang? Re ka ba rapella. “Thapedi ya motho ya lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.”—Jak 5:16.

Morabo rona o iswa teronkong mme o kentswe mahlaahlela; sehlopha sa bara le baradibabo rona; morabo rona o a rapela

Re ka bua ka eng dithapelong tsa rona? Re ka kopa Jehova hore a fe Bakreste mmoho le rona sebete le hore ba se ke ba tshoha. (Esa 41:10-13) Ra rapella le hore batho ba busang ba se ke ba thibela mosebetsi wa rona “e le hore re ka tswela pele re phela bophelo bo kgutsitseng le bo thotseng.”—1Ti 2:1, 2.

Ha Pauluse le Petrose ba ne ba hloriswa, Bakreste ba bang ba ile ba ba bitsa ka mabitso ha ba ba rapella. (Lik 12:5; Bar 15:30, 31) Le haeba re sa tsebe mabitso a Bakreste mmoho le rona ba hloriswang, re ka rapella diphutheho tseo ba leng ho tsona kapa dibaka tseo ba phelang ho tsona.

  • Ditaba tsa moraorao tsa Dipaki Tsa Jehova tse hloriswang li hlaha ho jw.org/sot. (Kena ho DITABA > DITABA TSA MOLAO.)

  • Sehlooho se hlahang ho jw.org se reng “Dipaki Tsa Jehova di Tshwaretswe Tumelo ya Tsona—Ho ya ka Dibaka” se bontsha mabitso a batho ba kwaletsweng teronkong dinaheng tse sa tshwaneng. (Kena ho DITABA > DITABA TSA MOLAO. Kena naheng eo o batlang ho fumana dintlha tse eketsehileng ka yona mme o tla fumana leqephe la lethathamo la batho ba tshwerweng.)

Ngola dibaka tse nang le Bakreste ba hloriswang bao o batlang ho ba rapella

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share