PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Pakela Batho Bohle Tshimong ya Rona
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Zakaria o ile a profeta hore batho ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba ba tla amohela ditaba tse molemo. (Zak 8:23) Empa ke mang ya neng a tla ba bolella ditaba tseo tse molemo? (Bar 10:13-15) Re na le tokelo le boikarabelo ba ho bolella batho bohle ba tshimong ya rona ditaba tse molemo.—od 84 ¶10-11.
O KA ETSA SEO JWANG:
Lokisetsa. Na o kopana le batho ba buang puo e nngwe? O ka sebedisa JW Language app ho ithuta mantswe a bonolo a seo o ka se buang ka puo eo. Kapa o ka sebedisa sesebediswa sa hao sa elektronike ho bontsha motho eo kamoo a ka fumanang boitsebiso bo eketsehileng ka puo ya hae ho jw.org
Eba hlokolosi. Haeba o sebetsa ka ntlo le ntlo, ela hloko menyetla e ka hlahang ya hore o pakele batho ba fetang ka tsela. Bua le batho ba fetang ka tsela le ba dutseng ka dikoloing. Haeba o etsa bopaki ba phatlalatsa, dula o le malala a laotswe hore o fane ka bopaki
Eba mafolofolo. Leka ho kgutlela ho batho bao o fumaneng ba le siyo hae. Etsa boiteko ba hore o kgutle ka nako e nngwe hona letsatsing leo haeba ho kgoneha kapa ka letsatsi le leng. Batho ba bang re ka ba pakela ka ho ba ngolla mangolo, ka ho ba founela kapa ka bopaki ba seterateng
Kgutlela hape. O se ke wa nka nako e telele pele o kgutlela ho batho ba bontshitseng thahasello. Haeba motho eo o kopaneng le yena a bua puo e nngwe, leka ho fumana motho ya tshwanelehang ya buang puo ya hae ya tla mo thusa. O lokela ho tswela pele o kgutlela ho motho eo ho fihlela o fumana bahweletsi ba buang puo ya hae.—od 94 ¶39-40
SHEBELLA VIDEO E RENG DITABA TSE MOLEMO DI BOLELWA “HO ISA KAROLONG E HOLE HOLE YA LEFATSHE” EBE KA MORA MOO O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke ditokisetso dife tseo bara le baradi babo rona ba ileng ba di etsa e le hore ba bolelle batho ba dibakeng tse ka thoko ditaba tse molemo? (1Ko 9:22, 23)
Ke ditshitiso dife tseo ba ileng ba lokela ho di hlola?
Ke ditlhohonolofatso dife tseo ba ileng ba di thabela?
O ka etsa boiteko bofe ba hore o bue le batho ba bangata tshimong ya heno?